Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 6/8 maq. 13-15
  • Na ke Shebella TV Haholo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Shebella TV Haholo?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Lekhoba la TV?
  • Litsela Tsa ho e Laola
    Tsoha!—2006
  • Na Thelevishene e U Fetotse?
    Tsoha!—1991
  • Laola Thelevishene Pele e U Laola
    Tsoha!—1991
  • Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 6/8 maq. 13-15

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Shebella TV Haholo?

“Ke ne ke nahana hore ke tla shoa!” ho buile mocha. Ke eng e bohloko eo a ileng a e mamella? O ne a sa lumelloa ho shebella thelevishene beke eohle.

HO bacha ba bangata, ho shebella TV e ka ba bokhoba bo tebileng. Bokhoba? Mohlomong. Bukeng ea hae The Plug-In Drug, Marie Winn o hlalositse: “Lekhoba ha le phehelle feela phihlelo e thabisang . . . Le hloka ho e pheta hangata.”

Marie Winn o tsoela pele ho hlokomela: “Bokhoba bo tebileng bo khetholloa phehellong e se nang kotsi ea boithabiso ka litšobotsi tsa bona tse senyang. Ka mohlala, lekhoba la herion le phela bophelo bo senyehileng: ho hloka ha lona herion ka tekanyo e tlōtseng ho le sitisa ho sebetsa, ho boloka likamano le batho ba bang, ho hōlisa litšoaneleho tsa botho. Ka ho tšoanang, le bophelo ba lekhoba la tahi bo ka khinoa le ho ba bobatana ka baka la ho itšetleha ka tahi.”

Empa ho thoe’ng ka “lekhoba la TV”? Na ‘bophelo ba lona bo ka senyeha’? Pele re araba sena, ha re lebiseng tlhokomelo ea rōna potsong ...

Na ke Lekhoba la TV?

Hopola letšoao la pele la bokhoba: Le hloka ho pheta ntho hangata hore le e thabele. Nka metsotso e se mekae ’me u leke ho kopanya pampiring hore na ke lihora tse kae ka beke tseo u li sebelisang u shebelletse TV. Kapa u leke ho boloka tlaleho ea lihora tseo u li sebelisang ka beke ka pel’a TV. Na u e bulela hang ha u fihla hae? U e tima neng? Ke mananeo afe a “sa lokelang ho u feta” beke e ’ngoe le e ’ngoe? U ka tšosoa ke liphello.

Litlhahlobo li bontša hore ha ngoana oa Amerika a le lilemo li 8 ka karolelano o tla be a shebelletse TV lihora tse fetang tse 15 000! Sena se tla bolela hore bacha ba lilemong tsa sekolo ba shebella TV lihora tse fetang tse tharo letsatsi le letsats. Ho bonahala bokhoba bo joalo bo qaleha pelenyana bophelong, hobane bana ba e-song ho kene sekolo hangata ba shebella TV lihora tse fetang tse ’nè ka letsatsi!

Empa bacha ba fumana nako ea ho shebella TV neng? Mongoli Vance Packard o’a hlalosa: “Bana ba bangata ba Maamerika, ho kopanyelletsa le ba e-song ho kene sekolo, ba shebella TV lihoreng tse qalang bosiu, hora ea borobeli le ea borobong, nako eo ho hlahisoang mananeo a bacha kapa a bana. . . . Bana ba millione ba shebella thelevishene ho tloha bosiu ho fihla ka hora ea pele Hoseng ha batho ba boholo ba U.S. e le khale ba robetse.”

Ka lebaka leo bacha ba bangata ba lokela ho ipolela e le “makhoba a TV.” Ho thoe’ng ka ‘tšenyo’ e ke keng ea qojoa eo bokhoba bo joalo bo e tlisang? Ke ana mathata a seng makae a tlisoang ke ho shebella TV haholo:

● MATŠOAO A THEOHANG: Sepetlele sa Machaba sa Bophelo bo Botle ba Kelello (U.S.) se tlalehile hore ho bonahala ho e-na le kamano pakeng tsa matla a fokolang a bohlale, boqapi, le ho shebella TV haholo. Tlaleho e tsoetse pele ho re: “Hoo e ka bang lipatlisisong tsohle ho fumanoe hore bana ba baholo ba fetileng sehlopha sa bone ba shebellang thelevishene haholo ba finyella matšoao a fokolang sekolong, haholo-holo thutong ea ho bala.” Ho ka ba le mabaka a mangata a sena.

Mocha ea bitsoang Richard o re: “Ke nahana hore thelevishene e ntšitse kotsi haholo ho feta molemo hobane ho e-na le hore ke sebelise nako ke ithuta, ke e sebelisetsa ho shebella TV.” Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore thelevishene ka boeona e sitisa ho ithuta. Paul Copperman ho The Literacy Hoax o’a bolela: “Phello ea thelevishene baneng ke ho tlisa tebello ea hore ho ithuta ke ntho e bonolo, e sa reng letho, le e ntšang bolutu.” Ka baka leo, lekhoba la TV le ka fumana ho ithuta e le teko e boima.

● MEKHOA E MEBE EA HO BALA: U ne u qetelle neng ho nka buka, ho e bala ho tloha leqepheng la pele ho isa qetellong? Moemeli oa Mokhatlo oa Jeremane Bophirima oa Mabenkele a Libuka o itse: “Re fetohile sechaba sa batho se eang hae kamor’a mosebetsi ’me se robala ka pel’a thelevishene. Re bala hanyenyane haholo.” Hobane’ng? “Ho bonolo ho bulela thelevishene le ho ithuta ntle ho boiteko ho feta ho bala, ’me ke seo liithuti li se tloaetseng.” Tlaleho ea Australia e ne e tšosa ka ho tšoanang. “Bakeng sa hora e ’ngoe le e ’ngoe e sebelisetsoang ho bala,” ho boletse mongoli e mong, “ngoana oa Australia o tla be a shebelletse thelevishene ka lihora tse supileng.”

‘Empa na u ke ke ua ithuta ho hongata ha u shebelletse TV?’ u ka botsa. Ha ho pelaelo hore TV e tlisa boitsebiso litsebeng le mahlong a hao ka potlako. Leha ho le joalo, ho shebella TV ha ho hloke boikhathatso. Ho bala ho hloka tsebo e batsi ea kelello ha leihlo la hao le kelello li sebetsa ’moho ho fetisetsa litlhaku tse ngotsoeng mantsoeng le mantsoe a fetoleloa mehopolong. Kahoo, ho bala ho bula kelello, ha ho shebella TV ho e thotofatsa.

Ho hlōleha ho bala ho na le liphello tse kotsi ka ho fetisisa ho bacha ba Bakreste. Bibele e ba laela ho bala Lentsoe la Molimo ‘ka lentsoe le phahameng motšehare le bosiu.’ (Joshua 1:8) Ntho leha e le efe e sitisang kemiso ena e kotsi kamanong ea bona le Molimo!

● BOPHELO BO SENYEHANG BA LELAPA: Mosali e mong oa Mokreste o ngotse: “Ka baka la ho shebella TV haholo . . . ke ne ke ikutloa ke le mong ’me ke arohile. E ne e ka lelapa la [ka] ke batho bao ke sa ba tsebeng kaofela.” Na le uena u iphumana u se na nako le lelapa la hao ka baka la TV?

BOTSOA: Ba bang ba nahana hore hobane TV e sa hloke boikhathatso bo boholo “hoo ho ka etsa hore bacha ba lebelle hore lintho tseo ba li hlokang bophelong li tla itlela feela ntle ho ho etsa boiteko bo boholo.”

Ha ho pelaelo, ho shebella TV haholo ho ka ‘senya bophelo ba hao.’ Empa joaloka linthong tse ling tse fetolang batho makhoba, hangata batho ba monyebe ho lumela hore ba na le bothata. Joale, nahana ka phihlelo ea mohlankana ea bitsoang Wyant, ea lumetseng phatlalatsa . . .

‘Ke ne ke le Lekhoba la TV’

Tsoha!: U ne u le lilemo li kae ha u fetoha lekhoba laTV?

Wyant: Ke ne ke le lilemo tse ka bang leshome. Kapele ha ke fihla hae ke tsoa sekolong

ke ne ke bulela TV. Pele ke ne ke shebella litšoantšo tsa metlae le

mananeo a bana. Ho latele litaba, ke ne ke sa li tsotelle hakalo,

kahona ke ne ke tsoa ’me ke

shebe seo nka se jang ka kichining. Kamor’a moo, ke khutlela ho

TV ’me ke e shebelle ho flhlela ke il’o robala.

Tsoha!: Na u ne u se na mesebetsi ea ntlo eo u lokelang ho e etsa?

Wyant: Batsoali ba ka ba ne ba sa tiea haholo melaong ea bona. Baa sebetsa ’me ’mè

o khutla mosebetsing a khathatse haholo.

Ho pheha likhaitseli tsa ka. Ntate o flhla ka

hora ea borobong kapa ea leshome bosiu.

Tsoha!: U ne u fumana nako ea metsoalle neng?

Wyant: TV e ne e le motsoalle oa ka.

Tsoha!: Kahoo, na u ne u se na nako ea ho bapala kapa lipapali?

Wyant: [a tšeha] Ha ke na litsebo tsa mabelo. Hobane ke ne ke shebella

TV ka nako tsohle, ha kea ka ka li hōlisa. Ha ke tsebe ho

bapala basketball. ’Me ba ne ba qetella ka ’na

ha ba khetha ba tla koetlisoa ’meleng. Ke lakatsa e ka mohlomong

ke ne ke hōlisitse litsebo tsa ka tsa mabelo haholoanyane—e seng

hore ke ithorisa ka tsona,

empa feela hore ke ithabisitse.

Tsoha!: Ho thoe’ng ka matšoao a hao a sekolo?

Wyant: Ke ne ke fumana matšoao a matle thutong ea puo. Ke ne ke lula ho fihlela bosiu

haholo ’me nako e ne e se e ile pele ke etsa mosebetsi oa sekolo oa hae. Empa ho ne ho le boima

sekolong se phahameng hobane ke ne ke hōlisitse mekhoa e mebe ea ho ithuta.

Tsoha!: Na ho shebella TV ho u amme?

Wyant: E. Ka nako tse ling ha ke le har’a batho, ke iphumana

ke ba shebile feela—joaloka ha e ka ke shebelletse lenaneo la puisano ho TV—ho

e-na le ho kopanela moqoqong. Ke lakatsa e ka mohlomong ke

ne ke tseba ho buisana le batho hamolemo.

Tsoha!: U entse hantle puisanong ena. Ke ho utloahalang hore u hlōtse bokhoba ba hao.

Hore na Wyant le ba bang ba entse sena joang e tla ba puisano sehloohong se latelang. Khabareng, nahana ka ho teba kamoo u shebellang TV kateng. Haeba TV ha e laoloa e ba le sebaka sa eona. Empa ea batlang ho phela ka melao-metheo ea Bibele o hlokomela kotsi ea ho shebella TV haholo. Kahoo, ha ho tluoa ho TV, e ba le boikutlo ba moapostola Pauluse ea itseng: “Nke ke ka lumella letho ho nketsa lekhoba la eona.” (Mongolo ke o tšekaletseng ke oa rōna.)—1 Ba-Korinthe 6:12, Today’s English Version

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela