Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 8/8 leq. 18
  • Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale
  • Tsoha!—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Thelevishene e U Fetotse?
    Tsoha!—1991
  • Litsela Tsa ho e Laola
    Tsoha!—2006
  • Laola Thelevishene Pele e U Laola
    Tsoha!—1991
  • Na ke Shebella TV Haholo?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 8/8 leq. 18

Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale

NOT in the Public Interest—Local TV News in America, e leng tlaleho e bokeletsoeng ke sehlopha sa bahlahlobisisi ba mecha ea litaba United States, e hlokomela hore thelevishene e sebetsa joaloka “motho ea ka sehloohong ea re phetelang lipale, motho ea salang le bana le ea susumetsang maikutlo a sechaba. TV e teng hohle . . . E teng moeeng joaloka mosi.” ’Me joalokaha ho hema mosi ho le kotsi, le ho shebella mananeo a thelevishene a sa khethoang ka masene lihora tse ngata ho na le phello e kotsi—haholo-holo baneng.

Ha e bua ka tlōlo ea molao le pefo tse hlahang ho TV, tlaleho eona eo e hlokomela hore “liphuputso tse makholo li ’nile tsa bontša hore ho shebella mananeo a pefo ho ama ho ithuta ha bana, ho ba ha bona leqhoko le kutloelo-bohloko ea bona ka tsela e fosahetseng.” Ka 1992, Mokhatlo oa Tsa Bongaka oa Amerika o ile oa bontša hore “pefo ea thelevishene ke kotsi e khōlō e sokelang bophelo ba bacha.”

U ka laola tšusumetso e kotsi ea mananeo a TV joang baneng ba hao? Tlaleho eo e thathamisa lintlha tse itseng, tse nkiloeng lipuellong tse fapaneng tsa mekhatlo ea tsa bophelo ba sechaba, tsa ho re na thelevishene e sebelisoe joang ka tsela e hlokolosi haholoanyane. Tse ling tsa lintlha tseo li akarelletsa tse latelang.

◼ Rera le hona ho lekanyetsa ho shebella ha hao TV. Beha meeli ea hore na bana ba ka e shebella neng. U se ke ua beha TV ka kamoreng ea bana.

◼ Beha ’mapa oa lefatše pel’a TV e le hore bana ba ka sheba libaka tseo ba li bonang mananeong.

◼ Shebella thelevishene le bana ba hao u tle u khone ho hlalosa lintho tse kang phapang e teng pakeng tsa lintho tse inahaneloang le lintho tsa sebele. Hase kamehla bana ba bangata ba ka tlas’a lilemo tse leshome ba ka tsebang phapang.

◼ Se ke ua beha thelevishene ’mananeng. Beha TV rakeng e koaloang. Hoo ho tla fokotsa menyetla ea ho bulela TV le ho chencha-chencha liteishene.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela