Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 2/8 maq. 4-9
  • Bophelo bo Qalile Joang Lefatšeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Qalile Joang Lefatšeng?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ha ho Hlokahale Moqapi?
  • Se Boleloang ka Boemo ba Boholo-holo
  • Mokelikeli o Nang le Likaroloana tse Etsang Bophelo ke Tšomo
  • Menyetla ea ho Bopeha ha Proteine
  • Thuto ea Limolek’hule tsa Bophelo E Bolela Tšepe ea Lefu
  • Litšupiso
  • Lipotso Tse Peli Tsa Bohlokoa
    Tsoha!—2015
  • Bophelo bo Qalile Joang?
    Lihlooho Tse Ling
  • O Etselitsoe ho Phela ka ho sa Feleng
    Tsoha!—1995
  • Ho Nyakurela ho Tse sa Bonoeng—Ho Sibolloa Eng?
    Tsoha!—2000
Tsoha!—1987
g87 2/8 maq. 4-9

Bophelo bo Qalile Joang Lefatšeng?

Monna e mong o batlisisa karabo

PELENYANA bophelong ke ne ke tseba karabo. Molimo o bo hlolile. Batsoali ba ka ba nthutile sena ka Bibeleng. Ha ke ntse ke hōla ka hlokomela bophelo bo mpota-potileng. Bo ne bo nkhohela. Pelo ea ka e ne e bo tsota haholo.

Ka lehoetla lipalesa tsa lehlabula lia shoa empa li siee peō e tla li khutlisetsa mebaleng ea tsona ka selemo. Metsi a lifate a monyela mobung empa likhoeli hamorao a nyoloha ho tla koahela makala a hlobotseng ka botala ba selemo. Masimong mesha e ikharela ka mekoting ea eona ’me e robale mariha kaofela empa e tsoe hape ha matsatsi a futhumetseng a khutla. Mafokotsane a mabeli a neng a hahile serobe mokoting oa tšepe e ka jareteng ea rōna a fofela boroa ka lehoetla empa ka selemo a khutlela ho sona ho tla etsa malinyana a mang. Ka sheba ka ho makala ligansi tse fofelang boroa li entse tlhaku ea V ’me hape ka hoheloa ke ho mamela lerata la tsona le sa khaotseng—ka ipotsa hore na le bolela eng.

Ha ke ntse ke ithuta haholoanyane ka bophelo, ka bona boqapi bo boholoanyane. ’Me ha ke ntse ke bona boqapi, ka bona ho hlokahala Moqapi e Moholo eo batsoali ba ka ba mpoleletseng ka eena.

Na ha ho Hlokahale Moqapi?

Sekolong se phahameng ke ile ka bolelloa hore ha ho hlokahale moqapi: ‘Ho iketsahaletse feela. Lik’hemikale boemong ba lefatše la boholo-holo li ile tsa otloa ke lehalima le mahlaseli a matla a letsatsi, liathomo tsa lona tsa kopana hape ho etsa molek’hule o rarahaneng ho feta pele, qetellong ha hlaha sele e phelang. Ha e ntse e ikatisa, ea ’na ea fetoha, ’me lilemo tse limillione tse likete hamorao lefatše la koaheloa ke bophelo ka libopeho tsa bona tse ngata. Motho o hlahile hamorao.’

Ba etsa hore thuto ea ho iphetola hoa lintho e utloahale e le bonolo. Mohlomong e le bonolo haholo. Ka khomarela tumelong ea ka ea pōpo, empa ke ne ke sa batle ho thetsoa habonolo. Ke ne ke batla ho amohela lintho tse utloahalang, ho lula ke butse kelello ea ka, ho tseba ’nete. Ka qala ho bala libuka tsa thuto ea mahlale. Ka ithuta lintho tse ngata. Mahlo a ka a tutuboloha haholo ho bona lintho tse hlollang tsa tlhaho ho feta leha e le neng pele. Ha ke ntse ke ithuta haholoanyane ka ’na ka tsota. Empa ha ke tsoela pele ho bona boqapi, monahano oa ka oa hana ho lumela hore ho iphetola hoa lintho ho ka etsa seo batho ba mahlale ba ke keng ba se hlahisa liphaposing tsa bona tsa liteko—leha e le likokoanyana tsa baktheria, lipalesa, mafokotsane, le ligansi tse fofang li entse tlhaku ea V.

Lilemong tsa ka sekolong se phahameng le univesithing, ka ithuta haholo thuto ea mahlale eo nka e fihlelang—thuto ea lik’hemik’hale, ea bophelo, lipalo. Kamor’a moo ka tsoela pele ho bala libuka le lihlooho tsa limakasine tsa babuelli ba thuto ea ho iphetola hoa lintho. Li ne li ntse li sa kholise. Lipolelo tsa ho iphetola hoa lintho tsa fefoloa habonolo ka baka la lipolelo tse ngata tse se nang bopaki.

E ne e le lilemong tse fetileng. Joale ke bo1980. Mohlomong ho se ho na le mabaka a eketsehileng le lipolelo tse fokolang tse se nang bopaki. Mohlomong ke nako ea ho hlahloba ho hong. Ka tsepama tabeng e le ’ngoe bophelo bo qalile joang lefatšeng. Haeba thuto ea ho iphetola hoa lintho e sa khone ho fana ka bopaki ba ho bōpeha ha sele ea pele e phelang, ke joang e ka tiisang tseko ea eona ea ho hlahisa libopuoa tse phelang tse nang le lisele tse libillione—’na le uena ka lisele tse makholo a libillione?

Bakeng sa patlisiso ka khetha libuka tsa haufinyana tse ngotsoeng ke boramahlale ba nang le mangolo a matle a lithuto—kaofela e le babuelli ba thuto ea ho iphetola hoa lintho. Ke ne ke tla etsisa tsela ea Jesu ea ho sebetsana le balumeli ba bohata: “Hobane u tla beoa ea lokileng ka lipolelo tsa hao, ’me ka lipolelo tsa hao u tla tsuoa.” (Mattheu 12:37) Patlisiso ea ka ea eba feela ka mehato e meholo ea babuelli ba thuto ea ho iphetola hoa lintho e lebisang bophelong: (1) boemo baboholo-holo, (2) mokelikeli o nang le likaroloana tse ka etsang bophelo, (3)  liproteine, (4)  metsoako ea nucleotide, (5)  liasiti tsa DNA, le (6) lera.

Se Boleloang ka Boemo ba Boholo-holo

Pele ho hlokeha boemo ba lefatše la pele, boo eitseng ha bo otloa ke lehalima kapa mahlaseli a matla a letsatsi kapa mehloli e meng ea matla, bo neng bo tla hlahisa limolek’hule tsa motheo tse hlokahalang ho qalisa bophelo. Ka 1953 Stanley Miller a tlaleha ka teko e joalo. A khetha boemo bo tletseng ka moea oa hydrogen bakeng sa lefatše la pele, a fetisa tlhase ea motlakase, ha hlaha liasiti tse 2 tsa amino ho tse 20 tse hlokahalang ho etsa liproteine.⁠1 Leha ho le joalo, ha ho ea tsebang hore na boemo ba lefatše la pele bo ne bo le joang.⁠2 Hobane’ng Miller a khethile boemo bona? O lumetse mohopolo o amoheloang o leeme hobane e ne e le ho oona feela “ho kopana ha metsoako ea bophelo ho ka etsahalang.”⁠3

Ka fumana hore hangata liteko li hlophisoa ho fana ka phello e lebeletsoeng. Boramahlale ba bangata ba lumela hore motho ea etsang liteko a ka ‘sotha lintho ka ho feletseng hore li hlahise phello eo a e lebeletseng,’ le ‘bohlale ba hae bo ka kenyeletsoa ho etsa hore teko ea hae e be leeme.’⁠4 Boemo ba Miller bo ile ba sebelisoa litekong tse ngata tse latetseng ea hae, e seng hobane bo ne bo utloahala kapa bo ka etsahala, empa hobane “bo ne bo loketse liteko tsa thuto ea ho iphetola hoa lintho,” ’me “ho atleha ha liteko tse etsetsoang ka phaposing ho etsa hore bo amohelehe.”⁠5

Leha ho le joalo, babuelli ba thuto ea ho iphetola hoa lintho ba rorisitse se flnyelletsoeng ke Miller e le katleho e khōlō. Liteko tse ngata tsa latela, li sebelisa mehloli e fapaneng ea matla le lintho tse fapaneng. Ka mesebetsi e leeme, ho hlokomolohuoa tikoloho ea tlhaho, boramahlale ba hlahisa lik’hemikale tse amanang le bophelo. Ba feteletsa tšibollo e fokolang ea Miller. Pheteletso ena ea bula tsela ea hore ho bile le mokelikeli o nang le likaroloana tsa metsoako ea bophelo o ileng oa bokellana leoatleng. Kapa na ho bile joalo?

Mokelikeli o Nang le Likaroloana tse Etsang Bophelo ke Tšomo

Tšibollo e fokolang ea Miller ea fumanoa e na le liphoso, ’me ea liha pheteletso e neng e theiloe ho eona. Miller o sebelisitse tlhase ho arola lik’hemikale ho hlahisa liasiti tsa liamino. Empa tlhase ena e ka be e pshatlile liasiti tseo tsa liamino ka potlako! Miller o ne a hlophisitse teko ea hae. Galaseng e ’ngoe a lokisetsa hore ho kene liasiti hang feela ha li bopeha, ho li sireletsa tlhaseng. Leha ho le joalo, boramahlale ba tseka hore lefatšeng la pele liasiti tsa liamino li ka be li phonyohile lehalima kapa mahlaseli a matla a letsatsi ka ho qoela ka leoatleng. Ka hona babuelli ba thuto ea ho iphetola hoa lintho ba leka ho boloka mokelikeli oo o phela.

Empa ka mabaka a mangata, ha ho thuso. Liasiti tsa liamino ha li lule metsing ’me li ne li tla ba teng ka bonyenyane bo fokolang leoatleng la boholo-holo. Haeba mokelikeli o nang le likaroloana tse etsang bophelo o kile oa eba teng, metsoako e meng ea oona e ka be e tšoasehile mafikeng, empa ho sa tsotellehe lilemo tse 20 tsa patlisiso, “mafika a pele a hlōlehile ho hlahisa bopaki leha e le bofe ba mokelikeli oa lik’hamikale tsa ho qaleha ha bophelo.” Leha ho le joalo, “ho ba teng ha mokelikeli oa lik’hemikale tsa ho qaleha ha bophelo ho bohlokoa.” Kahoo “ho a . . . tšosa ho hlokomela hore ha ho bopaki bo tiileng ba ho ba teng ha oona.”⁠6

Menyetla ea ho Bopeha ha Proteine

Lumella mokelikeli oona oo tlhaho e sa o lumelleng. Limillione tsa liasiti tsa liamino, ka mefuta e fapaneng, halofo ka letsohong le letšehali ’me halofo e ’ngoe ka ho le letona. Na joale liasiti tsa liamino li ka kopana ho bōpa liketane tse telele tsa liproteine? Na ho ka etsahala hore mefuta e 20 e hlokahalang e khethoe mefuteng e lekholo mokelikeling? ’Me mefuteng ena e 20, na ho ne ho ka iketsahalla hore ho khethoe libopeho tse ka letsohong le letona feela tse fumanoang likaroloaneng tse phelang? ’Me joale li hlophisoe ka lenaneo ho ea ka proteine e hlokahalang le ka sebopeho sa eona se nepahetseng se batlehang?⁠7 Ke ka mohlolo feela.

Proteine e tloaelehileng e na le liasiti tsa liamino tse ka bang lekholo le liatomo tse likete. Sele e phelang e sebelisa liproteine tse ka bang 200 000 libopehong tsa eona. Tse likete tse peli ke liensime, liproteine tse khethehileng tseo ka ntle ho tsona sele e ke keng ea phela. Ke monyetla ofe o teng oa hore liensime li itlhahele feela mokelikeling oa metsoako—haeba u ne u ena le mokelikeli o joalo? Ho na le monyetla o le mong ho e 1040 000. Palo ena ke 1 e lateloang ke bo-haholetho ba 40 000. Ha e ngoloa e felletse, e ka tlatsa maqephe a 14 a makasine ’ona. Kapa, ha ho boleloa ka ho fapaneng, monyetla oo o tšoana le ho liha letaese, tšelela e be kaholimo ka makhetlo a 50 000 a latellanang. ’Me palo ena ke feela 2 000 ho 200 000 ea lisele tse batlehang tse phelang.⁠8 Kahoo ho li fumana kaofela, liha letaese ’me le hlahise tšelela ka makhetlo a 5 000 000 moleng!

Joale ke ne ke ikutloa eka ke ne ke ntse ke suha lerapo la puleng. Empa ka tsoela pele. Ha re nkella feela hore mokelikeli o re nea liproteine, ho thoe’ng ka metsoako ea nucleotide? Leslie Orgel oa Sepetlele sa Salk California o bontšitse hore metsoako ea nucleotide ke “bothata bo bong ba a maholo a ho kopana ha lik’hemikale tse etsang bophe lo.”⁠9 Eea hlokeha ho etsa liasiti tsa nuclei (DNA, RNA), hape e bitsoa bothata bo ke keng ba rarolloa. Liproteine li ke ke tsa kopangoa kantle ho liasiti tsa nuclei tsa metsoako ea tsoekere, leha e le hore liasiti tsa metsoako ea tsoekere li ka bopeha kantle ho liproteine.⁠10 Ke selotho sa khale molaong oa lik’hemikale: Ke efe e tlileng pele, khoho kapa lehe?

Empa a re beeleng bothata bona kathoko ’me re nke ’muelli oa thuto ea ho iphetola hoa lintho Robert Shapiro, moprofesara oa thuto ea lik’hemikale Univesithing ea New York eo hape e leng seithuti se khethehileng patlisisong ea DNA, o latotse hore ho ka ba le monyetla oa ho bopeha ha metsoako ea nucleotide le liasiti tsa nuclei tsa metsoako ea tsoekere boemong ba lefatše la pele:

“Ha liasiti tse peli tsa amino li kopana, ho tsoa molek’hule oa metsi. Limolek’hule tse peli tsa metsi li lokela ho tlosoa ho kopanya nucleotide metsoakong ea eona, ’me ho tsoa metsi a mang ho kopanya metsoako ea nucleotide ho bopa liasiti tsa nuclei. Ka bomalimabe, ho bopeha ha metsi boemong bo tletseng ’ona ho tšoana hantle le ho tlisa lehlabathe lehoatateng la Sahara. Ha se boemo bo botle, ’me ho ka hloka matla a mangata. Ho ipōpa ha metsoako eo ha ho iketsahalle. Ho ikarola ha eona ke hona ho iketsahalla feela. Metsi a hlasela metsoako ea bophelo. A arola metsoako ea nucleotide ho e meng, a arola tsoekere ho ba metsoako ea phosphate, le metsoako e meng ea tsoekere.”⁠11

Mohato oa ho qetela ho e tšeletseng e thathamisitsoeng qalong: lera. Kantle ho lona sele e ke ke ea e ba teng. E lokela ho sireletsoa metsing, ’me ke mafura a thibelang metsi a lera a etsang sena.⁠12 Empa ho bopa lera “sesebelisoa se kopanyang liproteine” se a hlokahala, ’me “sesebelisoa sena se kopanyang liproteine” se ka sebetsa feela haeba se tšoeroe ke lera.⁠13 E boetse ke bothata bane ba khoho le lehe hape!

Thuto ea Limolek’hule tsa Bophelo E Bolela Tšepe ea Lefu

Toro ea babuelli ba thuto ea tsa mahlale e bile ho fumana sele ea pele e bonolo haholo e phelang. Thuto ea limolek’hule tsa bophelo e fetotse toro ea bona ho ba bosula haholo. Michael Denton, seithuti se khethehileng thutong ea limolek’hule tsa bophelo, o letselitse toro ea bona tšepe ea lefu:

“Thuto ea limolek’hule tsa bophelo e bontšitse hore ekasitana le tsamaiso e nyatsehang ea litsamaiso tse phelang kajeno lefatšeng, lisele tsa kokoanyana ea baktheria, ke lintho tse rarahaneng le ho feta. Leha sele tsa kokoanyana ea baktheria li le nyenyane haholo, li le boima bo katlase ho ligramo tse 10−12, sele ka ’ngoe ke sebaka sa khoebo se nang le likaroloana tse liketekete tse entsoeng hantle tsa mochine o thata oa metsoako, o entsoeng kaofela ka liatomo tse limillione tse makholo a likete, o thata ho feta mochine leha e le ofe o entsoeng ke motho ’me ha ho o tšoanang le ’ona lefatšeng la lintho tse sa pheleng.

“Thuto ea limolek’hule tsa bophelo e boetse e bontšitse hore boqapi ba motheo ba tsamaiso ea sele boa tšoana litsamaisong tsohle tsa lintho tse phelang lefatšeng ho tloha ka kokoanyana ea baktheria ho isa ho phoofolo. Libopuoeng tsohle mesebetsi ea DNA, MRNA le liproteine e’a tšoana. Boitsebiso ba liphatsa tsa lefutso boa tšoana liseleng tsohle. Boholo, sebopeho le boqapi ba motsoako ea proteine bo tšoana hantle liseleng tsohle. Ka baka la boqapi ba tsona ba lik’hemikale, ha ho tsamaiso e phelang eo ho ka nahanoang hore ke ea boholo-holo kapa e nkuoe ho ea boholo-holo, kapa hore ho na le tlhase ea leseli e lumellanang le ho iphetola hoa lintho har’a lisele tsohle tse sa tšoaneng lefatšeng.”⁠14

Kahoo, ha ho makatse hore Harold Morowitz, seithuti sa tlhaho Univesithing ea Yale, o balile hore monyetla oa ho fumana kokoanyana e phelang ea baktheria ka liphetoho feela ke o le mong ho 1 e lateloang ke bohaholetho ba 100 000 000 000. “Palo ena e khōlō haholo,” ho boletse Shapiro, “hoo ha re batla ho e ngola ka mokhoa o tloaelehileng re tla hlokang libuka tse likete tse lekholo.” O qosa hore boramahlale ba ineetseng thutong ea ho iphetola hoa lintho ha lik’hemikale tsa bophelo ba hlokomoloha bopaki bo eketsehang ’me “ba khethile ho e boloka e le ’nete e feletseng, kahoo ba e boloka e le tšomo.”⁠15

Ramahlale e mong ea khethehileng thutong ea bophelo ba lisele o re lilemong tse limillione tse fetileng “sele e le ’ngoe e ne e ka etsa libetsa, ea tšoara lijo, ea li thuisa, ea ntša litšila, ea tsamaea, ea aha matlo, ea kopanela likamanong tsa botona le botšehali ka tsela e tobileng kapa e sa tloaelehang. Libopuoa tsena li ntse li le teng. Libopuoa tse nang le sele e le ’ngoe—libopuoa tse phethehileng, tse nang le matla a sa tšoaneng, empa li se na linama, litho, lipelo le likelello—empa li na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona.” O bua ka sele e le ’ngoe e nang “le lik’hemikale tse makholo a likete tse phelang.”⁠16

Ke sephethephethe se seholo hakaakang sa lik’hemikale tse har’a lisele tse nyenyane, leha ho le joalo ha ho mohla ho emang sephethephethe! Ka ho utloahalang, sena se hloka Moqapi e Moholo ea bohlale bo fetisang. Boitsebiso bo kentsoeng karolong e nyenyane haholo ea DNA e boima “bo ka tlase ho karolo ea millione ea gramo” bo lekane ho “laela sebopuoa se rarahaneng joaloka motho.”⁠17 Esita le boitsebiso bo kentsoeng seleng e le ’ngoe, “haeba bo ngoloa, bo ne bo ka tlatsa libuka tse nang le maqephe a likete tse 600.”⁠18 Ho makatsa hakaakang! Bohlale bo fetang hōle matla a rōna a ho nahana bo loketse ho qala bophelo lefatšeng.

Kamor’a tsohle qeto ea ka ke ena: Kantle ho boemo bo nepahetseng, ho ke ke ha e ba le mokelikeli o etsang likaroloana tsa bophelo. Kantle ho mokelikeli o etsang likaroloana tsa bophelo, ho ke ke ha eba le liasiti tsa liamino. Kantle ho liasiti tsa liamino, ho ke ke ha eba le liproteine. Kantle ho liproteine, ho ke ke ha eba le metsoako ea nucleotide. Kantle ho metsoako ea nucleotide, ho ke ke ha eba le DNA. Kantle ho DNA, ho ke ke ha eba le sele e ikatisang. Kantle ho lera le sireletsang, ho ke ke ha eba le sele e phelang. ’Me kantle ho boqapi le tsamaiso e bohlale, ho ke ke ha eba le bophelo lefatšeng.

Empa boramahlale ba entse mosebetsi o moholo ho balumeli pōpong. Lintho tseo ba li sibolotseng ka bophelo li tiisa tumelo ea ka haholo pōpong, ’me joale ke bala Ba-Roma 1:20, 21, 28 ka kananelo e khōlō: “Ho tloha ha Molimo o bopa lefatše matla le bomolimo ba hae bo sa feleng—leha Ii sa bonahale—li teng hore kelello e bone lintho tseo a li entseng. Ke ka lebaka leo batho ba joalo ba se nang moitatolo . . . Ba fetotse litaba tse utloahalang tsa bothoto ’me likelello tsa bona tse thotofetseng li fifalitsoe . . . Ka mantsoe a mang, erekaha ba bone ho sa utloahale ho amohela Molimo, Molimo o ba tloheletse likhopolong tsa bona tse sa utloahaleng le boitšoarong ba bona bo khopo.”—The Jerusalem Bible.

Ho batlisisa ha ka ha nkholisa hore seo batsoali ba ka ba nthutileng sona ke ’nete: Jehova Molimo a ’notši ke eena “mohloli oa bophelo.” (Pesaleme ea 36:9, NW)—Ka mongoli oa Tsoha!

Litšupiso

1. Origins: A Skeptic’s Guide to the Creation ofLife on Earth, ea Robert Shapiro, 1986, leq. 105; Life Itself, ea Francis Crick, 1981, leq. 77.

2. Origins: A Skeptic’s Guide, maq. 96-7.

3. The Origins ofLife on the Earth, ea Stanley L. Miller le Leslie E. Orgel, 1974, leq. 33.

4. Origins:A Skeptic’s Guide, leq. 103.

5. Technology Review, April 1981, R. C. Cowen, leq. 8; Science 210, R. A. Kerr, 1980, leq. 42. (Litlhaloso ka bobeli ii nkiloe ho The Mystery ofLife’s Origin: Reassessing Current Theories, 1984, leq. 76.)

6. Evolution: A Theory in Crisis, ea Michael Denton, 1985, maq. 260-1, 263; Origins: A Skeptic’s Guide, maq. 112-13.

7. Evolution: A Theory in Crisis, maq. 234-8.

8. The Intelligent Universe, ea Fred Hoyle, 1983, maq. 12-17.

9. Origins: A Skeptic’s Guide, leq. 188.

10. Evolution: A Theory in Crisis, leq. 238; Origins: A Skeptic’s Guide, maq. 134, 138.

11. Origins: A Skeptic’s Guide, maq. 173-4.

12. Ibid., leq. 65.

13. Evolution: A Theory in Crisis, maq. 268-9.

14. Ibid., ieq. 250.

15. Origins: A Skeptic’s Guide, maq. 32, 49, 128.

16. The Center ofLife, ea L. L. Larison Cudmore, 1977, maq. 5, 13-14.

17. Evolution: A Theory in Crisis, leq. 334.

18. National Geographic, September 1976, leq. 357.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Ke Efe e Tlileng Pele

Lehe le tsoa khohong, empa khoho e tsoa leheng

Liproteine li ke ke tsa bopeha ntle ho liasiti tsa nuclei, empa liasiti tsa nuclei, li ke ke tsa bopeha ntle ho liproteine

Lera le ke ke la bopeha ntle ho sesebelisoa se kopanyang proteine, empa sesebelisoa sena se ke ke sa bopeha ntle ho lera

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Lik’hemikale tse makholo a likete li kopana ka nako e le ’ngoe seleng e ’ngoe le e ’ngoe e phelang—kantle le ho ema ha sephethephethe!

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Boitsebiso bo leng teng seleng e le ’ngoe bo ka tlatsa buka e nang le maqephe a likete tse 600

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela