O Ntša Mpa—Ke Mang ea Nepileng?
LINGAKA tse peli tse khethehileng li u bolella hore lesea la hao le na le monyetla oa 0,1 lekholong feela haeba le tlohelloa hore le phele. Haeba le tsoaloa le phela, le tla hlaha le holofetse hampe ’me le ka shoa matsatsing a seng makae kamor’a ho belehoa. U tla etsa’ng? Na u ne u tla amohela monyetlanyana oo oa hore lea phela? Kapa u ne u tla ntša mpa?
U ka ’na ua nahana hore boemo boo bo ke ke ba etsahala. Empa bo ka etsahala, ’me bo etsahetse, London, Engelane. Ka thabo, sepetlele sa tšehetsa qeto ea batsoali ea ho se ntše mpa. “Ha ho bohato boo ho bona re ileng ra bolelloa hore re ka felisa leseanyana la rōna le ntseng le hōla pōpelong,” ho hlalositse ntate. Hona joale ba na le ngoana oa moshemane, ’me ha a na likholofalo tsa ’mele tse sa tloaelehang.
“Re thabile,” ho boletse ngaka e ’ngoe, ’me ea eketsa: “Bothata ke hore ha ho letho leo ho ka boleloang hore le tiisehile ka ho phethahetseng thutong ea bophelo.” Ke ’nete, empa kahlolo e fosahetseng ea ngaka (kapa motsoali) ke karolo e le ’ngoe feela ea qeto e boima ea ho ntša mpa.
Mabaka a Loantšanang
Litseko tsa lingaka le litseko tsa ho nepahala kapa ho fosahala ha ho ntša mpa li ahloloa ka maikutlo. Khatello ea mahlakore ana a loantšanang e phahamisa mantsoe a utloahalang, ’me hangata tsekisano e ba mpe. Ke mang ea nepileng?
Ka ho hlakileng, batsoali ba boletsoeng pelenyana ba entse qeto e nepahetseng. Empa ho thoe’ng haeba lingaka li ne li nepile hlahlobong ea tsona? Ka tlas’a maemo ao, na ho ne ho nepahetse hore ’mè a ntše mpa?
Haeba u fumana potso ena e le thata, kapa e ke ke ea arabeha, ha u mong. Leha ho le joalo, ho na le melao-metheo e thusang, joaloka ha re tla bona. Empa pele a k’u bone kamoo ho ntša mpa ho atileng kateng lefatšeng lohle.