Bacha Baa Botsa . . .
Na Nka Hlōla Khatello?
NA U kile ua khoptjoa ke setulo ua ba ua oa? Kapa, na mohlomong u kile ua tenoa ke mosebetsi ua hao ua sekolo hoo u ileng ua lahlela libuka tsa hao kaofela fatše? Joale u bona hore na ke joang khatello e ka qholotsang liketso tse booatla tseo u ka ikoahlaelang tsona hamorao. Na ho teng litsela tse molemo tsa ho hlōla khatello ho ena le ho raha le ho pshatla lintho? Empa pele u lokela ho tseba ho hong ka khatello.
“Ka ho batsi, khatello e hlalosoa e le se etsahalang ’meleng ha u pepeselitsoe nthong leha e le efe—ho tepella kelellong, mafu, mohatsela, mofuthu, bohloko, le tse ling,” ho boletse bangoli ba Teenage Stress. Polelong “nthong leha e le efe” ba kopanyeletsa esita le lintho tse molemo. “Linako tse ling tseo u thabileng haholo li ka u bakela khatello e khōlō,” ba rialo.
Khatello e u ama joang? U tseba se etsahalang ha u ferekane leha u tšohile: pelo e otla ka potlako, matsoho a fufuleloa, a thothomela, sefahleho se a hloenya, u lubakana ka mpeng, le molomo oa omella. Lintho tse ngata li etsahala ’meleng oa hao ho hlahisa liphello tsena.
Lipululana tsa ’mele li qala ho tšollela maling a hao maro a susumetsang ’mele, joaloka cortisone le adrenaline. Sebete sa hao se eketsa tsoekere maling. Tsena kaofela li etsa hore pelo, methapo ea mali, le mesifa li finyele, hammoho le ho eketsa khatello ea mali.
Bacha ke Bahlaseluoa ba Khatello
Ka tlhaho bacha ba pepeseha maemong a ba hatellang haholo. Ho kena bonneng kapa bosaling ho etsa hore ’mele oa hao u be le liphetoho tse ngata. Hape re phela lefatšeng le fetohang. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 7:31.) Leha ho le joalo, batsoali ba ka iphoufaletsa sena ka hore, ‘U sa le mocha, ha u na boikarabelo, u lokela ho thaba.’ Mohlomong ba lebetse hore na ho ba mocha ho joang. Bonneteng, u hlile u na le matšoenyeho—u tšoenyehile ka ponahalo ea hao, bong, bophelo bo botle, batsoali, metsoalle, matichere, lithuto, chelete, boemo ba lefatše, lefu. Ho ba mocha ke nako ea khatello e khōlō bophelong ba hao! Empa se tšohe. Tšepo e teng.
Molemo o mong ke ’ona, khatello e nyenyane ekaba molemo ho uena. Joang? Nahana ka ho ngola hlahlobo. “Litsebi li bolela hore khatello e nyenyane e boloka monahano oa hao o falimehile le mekelikeli ea ’mele e phalla hantle,” ho ngolile Judith Kelman ho makasine Seventeen. Andrè-Michel Schub, sebapali sa piano likonsareteng le mohapi oa tlholisano e tummeng ea Van Cliburn, ka nako e ’ngoe o qotsitsoe a re: “Sebapali se seng le se seng se na le tšabo e itseng ea ho hlahella sethalleng. . . . Ke tsela ea ho ba le matla a eketsehileng le ho hlahella hore re tle re bue hantle.” Kahoo khatello ha ea lokela ho qojoa kahohle-hohle.
Bacha ba Mamella Khatello Hamolemo!
Hangata bacha ba hlomelletsoe hamolemo ka matla le boikutlo bo tletseng tšepo ba ho thulana le khatello. Bibele e re: “Khanya ea ba bacha ke matla a bona.” (Liproverbia 20:29) “Bacha . . . ba fola kapele liphellong tse kulisang tsa khatello ho feta batho ba baholo,” ho boletse bangoli ba Teenage Stress. Vincenza ea lilemo li 23 oa New York ke mohlala oa sena. O’a bolela:
“Ha ke le kaholimo ho lilemo tse 10, ’mè o ile a bolaoa ke kankere. Likhoeli tse leshome le metso e robeli hamorao, ntate a shoa ka tšohanyetso ke lefu la pelo. Ke ile ka sala ke le mong le banyane ba ka ba babeli. Joale ka teana le mohlanka enoa ’me ka ba kharebe ea hae. Empa kamor’a likhoeli li se kae ra tlohelana. Ka linako tse ling ke ne ke ipotsa, ‘Na ke ipolaee, kapa ke kopane hlooho, kapa ke qetelle ke le sepetleleng sa mahlanya?’” Na Vincenza o ne a tla phonyoha boemo bona bo hatellang? O re: “Joale ha ke ho nahana, ha ke lumele hore ke bo hlōtse. Empa ke ne ke bo hlōtse! Ke ithutile ho hongata.”
Ho phaella moo, Vincenza o ithutile ho rakhali’ae eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova ka tšepo ea Bibele ea hore bafu ba tla tsosetsoa paradeiseng nakong e tlang. (Johanne 5:28, 29) “Le hoja ke ne ke le Mok’hatholike ka nako eo, ka bea tšepo ea ka eohle tšepong ena e ncha ea Bibele. E mo thusitse haholo,” o itsalo.—Bapisa 2 Ba-Korinthe 1:9.
U ke ke oa e Hlōla Kaofela
Leha ho le joalo, motho a ke ke a hlōla khatello kaofela. “Re tlas’a khatello kamehla,” ho boletse mongoli oa Childstress! “Ha e le sieo, re shoele.” Morao mehleng ea Bibele batho ba ne ba ntse ba le tlas’a khatello. Re bala ka Anna, eo ka lilemo a llileng le ho hana lijo hobane o ne a batla ngoana empa a hloka thari. (1 Samuele 1:7) Ka ho tšoanang, Jeremia e mocha o ne a tsila-tsila ha Molimo o mo roma ho bolella batho. (Jeremia 1:6) Jobo, kamor’a ho lahleheloa ke thepa ea hae, bana, bophelo bo botle, a lakatsa e ka a ka be a sa tsoaloa. (Jobo 3:10) Ka nako e ’ngoe, Jesu o bile mahlomoleng a joalo hoo mofufutso oa hae o bileng joaloka marotholi a mali.—Luka 22:44.
Kahoo ha ho lea mong ea ka balehelang khatello. Joale u tla etsa eng? Ithute ho sebetsana le eona. U tlamehile ho etsa joalo hobane khatello e ngata haholo e ka u kulisa ’meleng le ho u tepeletsa maikutlong. E ka u ferekanya kelellong le ho u susumeletsa ho bua le ho etsa lintho tseo u tla ikoahlaea ka tsona. E ka fokolisa kelello ea hao le ’mele. Litsela tse ling tsa ho sebetsana le khatello ke tsena:
1. Fokotsa lintho tse u tšoenyang. Pompo e lutlang, monyako o hlōlieang, le tafole e thekeselang lia tšoenya. Lintho tse nyenyane tse tšoenyang li tlatsetsa khatellong. Etsa ho hong ka tsona. Tiisa lintho tse khoehlang, tšela oli moo e hlokahalang, lokisa lintho tse senyehileng. Bea lintho tse sebelisoang haholo moo li ka fihleloang habonolo. Hlophisa. Litsebi li re re qeta karolo ea 20 ho isa ho 30 lekholong ea nako ea rōna re batla lintho. Hlophisa lintho, hleka lintho, ’me u khabise. Etsa boemo e be ba boiketlo. Leha ho le joalo, u se be motho ea nang le boikutlo ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e be ka tsela e phethahetseng. Boikutlo ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahale e ka ba moroalo o boima ho e mong le e mong.
2. Hlophisa ’me u lekanyetse mesebetsi ea hao. Ho na le polelo e reng, haeba u leka ho lelekisa mebutla e ’meli ka nako e le ’ngoe, e ka ’na ea u phonyoha e le ’meli. Etsa lenaneo la lintho tseo u lokelang ho li etsa letsatsi ka leng, etsa ntho e le ’ngoe ka nako. Etsa kemiso le batsoali ba hao hore na ke neng le hona joang u ka hlokomelang mesebetsi ea lehae. Joale e etse ka boithatelo le ka thabo. Se ke ua kopanela mesebetsing e bohlasoa, e tepeletsang, e tsietsang le e tšosang. E ka thabisa ka nakoana empa ea e-ba kotsi qetellong.
3. Fokotsa tšabo ea ho hlōleha ho atleha lithutong. Lihlahlobo tsa sekolo li ka tlisa khatello ea sebele ho e mong le e mong. Leha ho le joalo, u ka fokotsa tšabo ea ho hlōleha ho atleha lithutong haeba u lokisetsa hantle, hlophisa lintho tsohle ka lenaneo letsatsi pele ho hlahlobo, robala ka nako, robala hantle. U se noe meriana e susumetsang ’mele. E ka ’na ea u hatella le ho feta. Khatholoha, empa etsa sohle se matleng a hao. Hopola hore hlahlobo e le ’ngoe ha se kamehla e tla lekanyetsa katleho kapa ho hlōleha bophelong. Haeba u sa atlehe, ho tla ba le menyetla e meng. Se nyahame. Ho Liproverbia 24:16 Bibele e khothaletsa boikutlo bo botle ka hore: “Hobane ea lokileng, leha a ka oa hasupa, o tla boela a tsohe.”
4. Buisana le motho e mong. Litanka tse belisang metsi li hloka masobana ao moea o tla tsoa ho oona ha a bela. Ho joalo le ka rōna batho. Ha u utloa lipelaelo le kameho li tletse pelong, u lokela ho buisana le motho e mong—motsoalle, motsoali, moena kapa khaitseli. Ka linako tse ling ho hlokahala hore u buisane le motho e mong ea ka u thusang ho sebelisa melao-metheo ea Molimo e lokileng, joaloka moholo phuthehong ea Bokreste. Ikutloe u lokolohile ho etsa joalo.—Liproverbia 12:15.
5. Rapela. Nahana ka mehlala e mene ea Bibele e boletsoeng pelenyana, Anna, Jeremia, Jobo, le Jesu. Ke eng se ba thusitseng haholo ho sebetsana le khatello e boima? Bohle ba buisane le Jehova Molimo ka mathata a bona. Anna o entse joalo, ’me Jehova a mo hlohonolofatsa ka mora. (1 Samuele 1:11, 20) Jeremia o ho entse, ’me Molimo oa mo etsa moprofeta ea matla le ea sa tšabeng batho. (Jeremia 1:6-10) Jobo o ho entse, ’me Jehova a mo putsa haholo bakeng sa tahleho ea hae. (Jobo 42:10-17) Jesu o ho entse, ’me Jehova a mo matlafatsa hore a nolofalloe ho tsoha le ho tsoela pele ka tsela ea hae ea sehlabelo.—Luka 22:44-46.
Ho etsahetse eng ka Vincenza kamor’a hore a lahleheloe ke ’mè oa hae, ntat’ae, le mohlankana? O re: “Ke tlameha ho fumana motho e mong ea neng a ke ke a ntahlehela. Ke ile ka tlameha ho rata motho eo ke tsebang hore a ke ke a ntahla. Joale ka nahana: ‘Motho eo ke Molimo! O teng kamehla. O lokela ho ba Ntate oa ka. Ke ’Mōpi oa Bokahohle.’ Ka rapela: ‘Jehova, haeba uena, u Molimo oa sebele, ’Mōpi oa Bokahohle, ke rata ho o sebeletsa. Ke kōpa hore u tle ’me u mpolelle seo.’ Hamorao, e mong oa Lipaki tsa Jehova a fihla monyakong oa ka ’me a re: ‘Ke mona hobane ho na le motho e mong ea u ratang.’” Vincenza a amohela thuto ea Bibele. A ithuta ho etsa se boletsoeng ho 1 Petrose 5:7: “Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona [Molimo]; hobane oa le hlokomela.” Joale Vincenza o ruta ba bang ho etsa sena.
E re re phete. U ke ke ua felisa khatello. Empa u ka ithuta kamoo u ka e fokotsang kateng, ho e laola le ho lahlela lipelaelo tsa hao ho Molimo. Joale khatello e ke ke ea u hlōla.—Pesaleme ea 55:22.