Boko Boo bo Hlollang ba Lesea!
BO hlolla ho tloha tšimolohong. Libeke tse tharo kamor’a kemolo, bo qala ka lisele tse 125 000 ’me hamorao bo eketseha ka lebelo la lisele tse 250 000 ka motsotso. Boko bona bo bonyenyane bo tsoela pele bo hōla ho fihlela bo e-na le lisele tse ka bang 100 000 000 000 ha lesea le belehoa—lisele tsena li ka lekana le Lihlophahlopha tsa Linaleli!
Empa likhoeli pele ho moo, ha lesea le sa le ka pōpelong, boko ba lona bo ne bo sebetsa. Bo lemoha tikoloho ea bona e metsi. Lea mamela, lea utloa, lea arabela ha le angoa, lea ithuta, le ho hopola. Maikutlo a ’mè a ka le ama. Mantsoe a bonolo le ’mino o bonolo oa le khutsisa. Mantsoe a bohale kapa ’mino oa rock oa le khathatsa. Ho uba ho khutsitseng ha pelo ea ’mè ho le tlisetsa khotso. Empa ha tšabo e eketsa lebelo la ho otla ha pelo ea ’mè, pelo ea lesea e tla otla ka potlako—ka makhetlo a mabeli. ’Mè ea tepeletseng maikutlong o fetisetsa tšabo leseeng le ka pōpelong. ’Mè ea khutsitseng o jere lesea le nang le khotso. ’Mè ea thabileng a ka etsa hore lesea le ka pōpelong le tlole ke thabo. Tsena kaofela li boloka boko ba lesea bo sebetsa. Ekasita le ka pōpelong boko ba lona boa hlolla.
Na methapo e meng ea boko ea bōpeha kamor’a tsoalo? Patlisiso ea morao e re che. Leha ho le joalo, methapo ea boko e tsoela pele ho hōla, e etsa makopanyi a libillione a macha. Tsoalong boko ba lesea bo etsa karolo ea bonè ea boko ba motho e moholo, empa bo hōla ka makhetlo a imenneng hararo ka selemo sa pele. Boko bo fihlela boima ba boko ba motho e moholo ba lik’hilogramo tse 1,4 pele ngoana a tšoara lilemo tse leshome. Sena ha se bolele hore le na le tsebo ea motho e moholo. Tsebo ha e lekanyetsoe ka boima ba boko kapa palo ea lisele tsa bona. Ho e-na le hoo, e amana le palo ea makopanyi a methapo ea boko.
’Me palo ea oona e khōlō haholo! Ke ’ngoe e lateloang ke bo-ha-ho-letho ba 15! Ke feela haeba boko bo susumetsoa hantle ke likutlo tse hlano kapa tse eketsehileng bo fihlang khōlong eo. Tikoloho e lokela ho susumetsa tšebetso ea kelello le boikutlo, hobane ke eona e etsang hore lifetisa-melaetsa li hōle. Lifetisa-melaetsa ke metso e menyenyane e kang mohoete e tsoang methapong ea boko ho kopana le e meng.
Hape ho nka nako ho bōpa makopanyi ana: A bōpeha ka potlako ngoaneng ho feta ho motho e moholo. Polelo ea Senyesemane e reng, “U ke ke ua ruta ntja e tsofetseng maqheka a macha,” ha e sebetse tabeng ena. Empa ho thata ho ruta ntja e tsofetseng maqheka a macha. Botsofaling, makopanyi a pakeng tsa methapo ea boko a bōpeha butle ’me a phakisa ho shoa. Ho bōpeha ha ’ona ho tšoana haholo leha ngoana—ho hloka tikoloho e molemo le e susumetsang. Kelello e lokela ho tsoela pele e sebetsa! Kelello e se khinoe ka lintho tse tšoanang kamehla! Kelello ha e phomole!
Empa khōlo e hlollang ke ea boko ba lesea. Ke seponche se monyang lintho tsohle tse se potolohileng! Ka lilemo tse peli lesea le ithuta puo e sebelisoang moo. Ha ho sebelisoa tse peli, le ithuta tsona ka bobeli. Haeba ho buuoa tse tharo, le ithuta tsona ka boraro. Monna e mong o rutile bana ba hae lipuo tse hlano ka nako e le ’ngoe—Sejapane, Setaliana, Sejeremane, Sefora, le Senyesemane. Mosali e mong a hōlisetsa morali oa hae sebakeng seo ho sebelisoang lipuo tse ngata, ’me nakong eo ngoana a leng lilemo tse hlano, o ne a bua lipuo tse robeli ha phollatsi. Hangata ho ithuta lipuo ho boima bathong ba baholo, empa ho masea ho itlela ka tlhaho.
Puo ke mohlala o le mong feela oa litsebo tse hlophisitsoeng ke lefutso bokong ba ngoana. Litsebo tsa ’mino le bonono, ho sebelisana ha mesifa, ho batla tlhaloso le morero, letsoalo le litekanyetso tsa boitšoaro, ho nahanela le ho rata, tumelo le tšusumetso ea ho rapela—ho itšetlehile ka tsamaiso e khethehileng ea boko. (Bona Liketso 17:27.) Methapo ea boko e hlophisitsoe ka ho khethehileng hore e amohele litsebo tsena le tse ling.
Leha ho le joalo, u lokela ho utloisisa hore tsoalong litsebo tsena li tšoana le lipeō tse ka jaloang ’me tsa mela. Boko bo lokela ho amohela boitsebiso hore bo khephotse lipalesa tse ntle. Bo lokela ho pepesetsoa liphihlelong tse nepahetseng kapa tikolohong kapa lithutong hore matla a bona e be a sebele. ’Me bo lokela ho koetlisoa ka nako e loketseng ho hlahisa liphello tse khōlō, haholo-holo ho masea.
Haeba tikoloho le nako li nepahetse, lintho tse hlollang lia etsahala. Lesea ha le ithute puo feela, empa le ithuta le ho bapala liletsa tsa ’mino, litsebo tsa lebelo, letsoalo lea rupeloa, lerato lea amoheloa, le motheo oa borapeli ba ’nete oa raloa. Tsena li tla ba teng ha feela boko ba lesea bo jaloa peō e molemo le ho nosetsoa ka lerato la botsoali.