Bohlokoa ba ho Hōlisa Ngoana oa Hao
SEO motho a ithutang sona kapa seo a sa ithuteng sona bongoaneng se ka ama bokhoni ba hae ba ka moso. Joale ke eng seo bana ba se hlokang ho batsoali ba bona hore ba hōle, e be batho ba baholo ba tsitsitseng le ba atlehileng? Nahana ka seo ba bang ba fihletseng qeto ka sona motheong oa phuputso e entsoeng lilemong tse mashome tsa morao tjena.
Se Phethoang ke Likheo Tsa Methapo ea Kutlo
Tsoelo-pele ea theknoloji ea ho nka boko setšoantšo e nolofalletsa litsebi tsa saense hore li ithute khōlo ea boko haholoanyane ho feta pele. Liphuputso tse joalo li bontša hore nako ea bongoana ke nako ea bohlokoahali ea ho hōla ha tšebetso ea boko e amanang le ho sebetsana le boitsebiso, ho ntša maikutlo ka tsela e tloaelehileng le ho tseba puo hantle. Makasine ea Nation ea tlaleha: “Methapo ea boko ea kutlo e hōla ka lebelo le sa tloaelehang lilemong tseo tse qalang tsa bongoana, ha boko bo ntse bo e-ba le sebōpeho motsotso le motsotso ha ngoana a bontša lintho tseo a li futsitseng le ho susumetsoa ke lintho tseo a hōletseng har’a tsona.”
Litsebi tsa saense li lumela hore boholo ba methapo ena ea kutlo ea boko e hlaha lilemong tse seng kae tse qalang tsa bophelo. Ho latela Dr. T. Berry Brazelton, setsebi lefapheng la khōlo ea ngoana, ena ke nakong eo “ho raloang seo e tlang ho ba mecha ea methapo ea boko ba ngoana e tla ama bohlale ba hae, hore a iphumane hore na ke mang, a khone ho tšepa ba bang le ho susumelletseha ho ithuta.”
Boko ba lesea bo hōla ka tsela e makatsang ka boholo, pōpehong ea bona le tsela eo bo sebetsang ka eona lilemong tse qalang tse seng kae. Tikolohong eo ho eona ho nang le tšusumetso le lintho tse ngata tseo ho ka ithutoang ka tsona, methapo ea boko moo e kopanang teng e ea eketseha, e etsa hore ho be le marangrang a litsela ka bokong. Tsamaiso ena e etsa hore motho a khone ho nahana, ho ithuta le ho beha mabaka.
Ho ka etsahala hore ha ngoana a khothalletsoa hore a sebelise boko haholoanyane, methapo ea hae ea kutlo e sebetsa le ho feta ’me e hokahana ka ho eketsehileng. Ho thahasellisang ke hore tšusumetso ena hase feela hore ke bohlale bo fumanoeng ka ho tseba linnete bophelong, lipalo kapa puo. Litsebi tsa saense li fumane hore ho hlokahala le tšusumetso ea maikutlo. Phuputso e bontša hore masea a sa koptjoeng le ho nkuoa, ’me ho sa bapaloe le ’ona kapa ho se ntho e a susumetsang maikutlong, a tla ba le methapo e fokolang ea kutlo.
Khōliso e Lerato le Seo Ngoana a ka se Finyellang
Qetellong, ha bana ba ntse ba hōla, ho hlokahala hore ho khethuloe makala a mang. Ho bonahala ’mele o lahla marangrang a methapo ea boko e ka ’nang eaba ha e hlokahale. Sena se ka ba le phello e khōlō ho seo ngoana a ka se finyellang. Mofuputsi oa boko Max Cynader o re: “Haeba ngoana a sa fumane ntho nepahetseng e mo susumetsang lilemong tse nepahetseng, joale methapo ea boko e ke ke ea hōla hantle.” Ho latela Dr. J. Fraser Mustard, phello e ka ba ho se be bohlale ka tsela e itekanetseng, tsebo e fokolang ea ho bua le ea ho tseba lipalo, mathata a bophelo ha e se e le motho e moholo, esita le mathata a boitšoaro.
Kahoo ho bonahala hore liphihlelo tseo motho a bang le tsona ha e sa le lesea li ba le phello e tobileng bophelong ba hae ha a le moholo. Ebang motho o khona ho jara maemo kapa oa tetema, ebang o ithuta ho nahana ka melao-motheo kapa oa haelloa tabeng ena, ebang o ba le kutloelo-bohloko kapa che, ho ka susumetsoa ke phihlelo ea hae ea bongoaneng. Kahoo, karolo ea batsoali ke ea bohlokoa ka ho khethehileng. Ngaka e ’ngoe ea bana e itse: “E ’ngoe ea litšobotsi tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong bona bo qalang ke ho ba le motsoali ea hlokolosi.”
Seo se ka ’na sa utloahala se le bonolo. Hōlisa bana ba hao ka lerato le ho ba hlokomela, ’me ba tla atleha. Ka bomalimabe, batsoali baa tseba hore ho utloisisa mokhoa oa ho hlokomela bana ka nepo hase kamehla ho leng bonolo hakaalo. Ho totobetse hore ho ba motsoali ea atlehang hase ntho e itlelang feela tjee ka tlhaho.
Ho latela phuputso e ’ngoe, karolo ea 25 lekholong ea batsoali bao ho builoeng le bona e ne e sa tsebe hore seo ba se entseng ka bana ba bona se ne se ka ntlafatsa kapa sa sitisa bohlale ba bona, ho itšepa le lerato la bona la ho ithuta. Hona ho hlahisa lipotso: Tsela e molemohali ea ho ntšetsa pele bokhoni boo ngoana oa hao a ka bang le bona ke efe? Hona u ka lokisetsa hore ho be le boemo bo loketseng joang? A re boneng.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Masea a tlohetsoeng ho se se a susumetsang a ka ’na a se ke a hōla joaloka a mang