Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 11/8 maq. 7-10
  • Karolo ea Hao Joaloka Motsoali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo ea Hao Joaloka Motsoali
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mang ea Bōpang Botho ba Bana?
  • Bontša Lerato ka Bolokolohi
  • E-ba Motsoalle ’Me U Bue ka Bolokolohi
  • Iphe Nako ea Hona
  • Boiteko bo Ipakang bo Atleha
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Bibele e ka U Thusa ho Koetlisa Bana ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ke Habohlokoa Hakae ho Koetlisa Bana ba sa le Banyenyane?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 11/8 maq. 7-10

Karolo ea Hao Joaloka Motsoali

PETER GORSKI oa Sekolo sa Bongaka sa Harvard, o re: “Haeba u etsa hore ngoana a ikutloe a ratoa, e le karolo ea lelapa, a hlokoa a bile a khothalletsoa ho botsa lipotso, boko ba hae bo tla hōla. Karolo ea rōna joaloka batsoali hase ho etsa hore boko bo sebetse ka ho phethahetseng, empa ho khothalletsa khōlo ea batho ba phetseng hantle, ba tsitsitseng likelellong le ba nahanelang.”

Ke ho putsang hakaakang ho uena joaloka motsoali ho bona ngoana oa hao a hōla e e-ba motho ea tšepahalang ea itšoareng hantle ea nahanelang ba bang! Hore u finyelle seo, ho itšetlehile haholo ka bohato boo u bo nkang ba ho ba mohlala, ho ba motsoalle le ho ba ea buisanang le bana hammoho le ho ba tichere. Le hoja bana bohle ba tsoaloa ba e-na le bokhoni ba ho itšoara hantle, batsoali ba tlameha ho kenya litekanyetso tsa boitšoaro ba sa khaotse ha bana ba bona ba ntse ba hōla.

Ke Mang ea Bōpang Botho ba Bana?

Bafuputsi baa fapana mabapi le hore na ke mang ea nang le tšusumetso e khōloanyane tabeng ea ho bōpa ngoana. Ba bang ba lumela hore bana ka ho khetheha ba bōptjoa ke lithaka tsa bona. Leha ho le joalo, Dr. T. Berry Brazelton le Dr. Stanley Greenspan, litsebi lefapheng la khōlo ea bana, ba lumela hore karolo ea motsoali ea ho hōlisa ngoana ka kutloelo-bohloko ho tloha boseeng ke ea bohlokoa haholo.

Liphihlelo hamorao bophelong le tšusumetso ea lithaka li tlatletsa khōlong ea ngoana. Ke habohlokoa hore bana ba bontšoe kutloelo-bohloko le ho utloisisoa tikolohong ea lelapa. Hape ho hlokahala hore ba rutoe mokhoa oa ho sebetsana ka katleho le maikutlo a bona ka tsela e bontšang hore ba hōlile. Bana ba tšoaroang ka tsela ena hangata ba hlomeletsoe hamolemo hore ba sebelisane le ba bang hantle, ka qenehelo le ka ho utloelana bohloko.

Ho koetlisa ngoana ho tloha boseeng ke mosebetsi o boima. Hore le tle le atlehe—haholo-holo haeba le batsoali ba bacha—ke bohlale ho batla tataiso ho ba bang ba nang le phihlelo haholoanyane ebe joale le latela tsela e tobileng ea ho nka bohato. Litsebi li ngotse libuka tse se nang palo ka khōliso ea bana. Hangata seo li se buang se tšoana le keletso e tšepahalang e fuperoeng ke Bibele. Ha e sebelisoa, melao-motheo e utloahalang ea Lentsoe la Molimo e thusitse batsoali ho hōlisa bana ba bona ka tsela e atlehileng. Nahana ka tataiso e latelang e sebetsang.

Bontša Lerato ka Bolokolohi

Ha ba hōlisoa ka ho bontšoa lerato le ka tlhokomelo e lerato kamehla, bana ba tšoana le limela tse nyenyane tse tlokomang. Metsi le khanya ea letsatsi li matlafatsa semela se senyenyane ’me li etsa hore se hōle ’me se be le botsitso. Ka ho tšoanang, batsoali ba sa khaotseng ho bontša bana ba bona lerato ka lipolelo le ka liketso ba tla matlafatsa khōlo ea bana ba bona kelellong le maikutlong, ’me e be ba tsitsitseng.

Bibele e beha taba tjena ka bonolo: “Lerato lea haha.” (1 Bakorinthe 8:1) Batsoali ba bontšang bana ba bona lerato ka bolokolohi, ha e le hantle ba etsisa ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo. Bibele e pheta hore nakong eo Jesu a kolobetsoang, o ile a utloa lentsoe la Ntate oa hae, le bontša ho mo amohela le ho mo rata joaloka Mora oa Hae. E ne e le mantsoe a kholisang hakaakang, esita le ho Jesu eo e neng e le motho e moholo!—Luka 3:22.

Lerato leo u le bontšang, lipale tseo u li balang pele a robala, esita le lipapali tseo u li bapalang le eena, ke lintho tsa bohlokoa khōlong ea ngoana oa hao. Dr. J. Fraser Mustard o re: ‘Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ngoana a e etsang ke phihlelo eo a e bokellang bophelong. Haeba ngoana a ithuta ho khasa, tsela eo u mo khothatsang ka eona le eo u arabelang ka eona ke tsa bohlokoa.’ Lerato le tlhokomelo ea botsoali li rala motheo o tiileng oa hore ngoana oa hao a hōle ’me e be motho e moholo ea nang le boikarabelo le ea hōlileng tsebong.

E-ba Motsoalle ’Me U Bue ka Bolokolohi

Ho qeta nako le bana ba hao ho tiisa maqhama. Ho feta moo, ho khothalletsa tsebo ea ho buisana. Ho ba haufi hona—lapeng le kae kapa kae, le nakong leha e le efe e loketseng—ho khothalletsoa ke Mangolo.—Deuteronoma 6:6, 7; 11:18-21.

Litsebi tsa khōlo ea bana lia lumela hore nako eo batsoali ba e qetang le bana ba bona ke ea bohlokoa haholo ho feta lintho tsa ho bapala tse majabajaba kapa mesebetsi leha e le efe e tobileng. Ho etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi le e sa bitseng chelete e ngata hammoho e ka ba linako tse ntle tsa ho buisana le bana ba hao. Ka mohlala, ho ea serapeng sa boikhathollo le le hammoho ho ea boha tlhaho e ka ba sebaka se setle sa hore batsoali ba botse lipotso tse tla etsa hore ba qoqe le ho khothalletsa puisano.

Mangolo a re ho na le “nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moeklesia 3:1, 4) E, ho bapala ka bolokolohi ke habohlokoa hore ngoana a hōle kelellong, maikutlong le tsebong ea ho sebelisana le ba bang. Ho latela Dr. Mustard, ho bapala hase feela hore ke ntho ea bohlokoa empa ke ntho e hlileng e hlokahalang. O re: “Ha bana ba bapala, marangrang a methapo ea bona ea kutlo ke hona ha e hōla hore ba etse lintho tse sa tšoaneng ka ho feletseng.” Lintho tsa ho bapala tseo ngoana a li sebelisang papaling e itlelang feela e ka ba tse sa rarahanang ho hang, tse kang lebokose le lephaka. Lintho tse tloaelehileng tsa ka tlung tse seng kotsi ho masea ke lintho tse thahasellisang joaloka lintho tsa ho bapala tse theko e phahameng.a

Litsebi li lumela hore ho belesa bana ka mesebetsi e se nang palo e laoloang ke batho ba baholo ho ka khina monahano oa bona le tsebo ea ho qapa lintho. Ho khothalletsoa ho itekanela. Lumella ngoana oa hao hore a ke a ikhoantlelle le hore a leke tsebo ea hae ea ho sebetsana le maemo a itseng. Hangata, ngoana o tla fumana ntho e ’ngoe eo a ka ithabisang ka eona. Leha ho le joalo, sena ha se u lokolle boikarabellong ba hore u tsebe seo ngoana oa hao a se etsang le hore na o bapalla hokae hore a tle a se ke a intša kotsi.

Iphe Nako ea Hona

Ho ruta ke karolo ea bohlokoa ea ho hlokomela ka lerato le ho hōlisa bana ba khonang ho ikamahanya hantle le maemo. Batsoali ba bangata ba behella nako ka thōko letsatsi le leng le le leng ho balla bana ba bona ka lentsoe le phahameng. Sena se fana ka monyetla oa ho ruta ka boitšoaro bo amohelehang, hammoho le ho kenya ka ho ngoana litekanyetso tsa boitšoaro tse thehiloeng ho seo ’Mōpi oa rōna a se buang. Bibele e bolela hore tichere e tšepahalang ebile e le moromuoa, Timothea, o ‘tsebile lingoliloeng tse halalelang ho tloha boseeng.’—2 Timothea 3:15.

Ho balla lesea la hao ho ka susumetsa methapo ea lona ea boko. Ntlha ea bohlokoa ke hore ho bala hoo ho etsoe ke motho ea kelo-hloko le ea tsotellang. Moprofesa oa thuto, Linda Siege, o oa lemosa mabapi le hore na se baloang se fupere eng: “Se lokela ho ba boemong boo bana ba se thabelang.” Hape, leka ho etsa ’malo oo kamehla le hona e be ka nako e tšoanang letsatsi le leng le le leng. Ka tsela eo ngoana o qala ho lula a ho lebeletse.

Ho ruta ho akarelletsa taeo. Bana ba ka rua molemo taeong e lerato. Liproverbia 13:1 e re: “Mora o ba bohlale moo ho nang le taeo ea ntate.” Leha ho le joalo, hopola hore taeo ha e akarelletse feela kotlo. E ka ba ka sebōpeho sa khalemelo e etsoang ka molomo kapa esita le ho tinngoa litokelo tse itseng. Dr. Brazelton, ea qotsitsoeng pejana, o bolela hore taeo e “bua ka ho ruta ngoana mokhoa oa ho laola maikutlo le boitšoaro bo tsoileng tseleng. Ngoana e mong le e mong o lebeletse ho etsetsoa lithibelo. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u fanang ka eona ka mor’a lerato ke taeo.”

Uena joaloka motsoali u ka fumana joang hore taeo ea hao e ea sebetsa? Taba ea pele ke hore bana ba hao ba lokela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha taeo e lokela ho sebelisoa. Ha u ba khalemela, ho etse ka tsela eo bana ba hao ba tla utloa hore u motsoali ea tsotellang le ea lerato.

Boiteko bo Ipakang bo Atleha

Fred ke ntate e mong ea ileng a etsa hore ho balla morali oa hae ho tloha boseeng e be karolo ea tšebeletso ea letsatsi le letsatsi ha a robala. Ka mor’a nako e itseng, o ile a hlokomela hore ngoana oa hae o hopola lipale tse ngata ka hlooho ’me o tsamaisana le eena ha a ntse a bala, o hlokomela mantsoe le ho a amahanya le melumo ea ’ona. Chris ke motsoali e mong ea neng a le hlokolosi ho balla bana ba hae. O ile a etsa boiteko ba ho feto-fetola boitsebiso boo a bo balang. Ha bana ba sa le banyenyane haholo, o ne a sebelisa litšoantšo tse libukeng tse kang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ho ba ruta ka boitšoaro le ka litaba tsa moea.b

Batsoali ba bang ba ikemiselitse ho leka-lekanya ho bala le mesebetsi e meng e sa tšoaneng—e kang ho toroea, ho penta, ho letsa ’mino, ho etela libaka tse kang polokelo ea liphoofolo tse hlaha joaloka lelapa, kapa ho intša ka ho ea hloma litente kae-kae. Liketsahalo tsena li sebelisoa e le menyetla ea ho ruta le ho kenya litekanyetso tse ntle tsa boitšoaro pelong le kelellong ea ngoana e susumetsoang habonolo.

Na mosebetsi oohle le boiteko boo ke tsa bohlokoa? Batsoali ba etsang sohle se matleng a bona ho sebelisa litataiso tse sebetsang tse fanoeng ka holimo tikolohong e nang le khotso le e sireletsehileng, ba boemong bo botle haholo ba ho bona bana ba bona ba e-ba le boikutlo bo botle ka lintho. Haeba lilemong tse qalang tsa bophelo ba bona u hlaolela bohlale le tsebo ea ho buisana le ba bang baneng ba hao, u tla tlatsetsa haholo boitšoarong le bomoeeng ba bona.

Makholo a lilemo a fetileng Bibele e ile ea bolela ka ho hlaka ho Liproverbia 22:6 hore: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.” Ka sebele batsoali ba phetha karolo ea bohlokoa koetlisong ea bana. Bontša bana ba hao lerato ka seatla se bulehileng. Qeta nako le bona, ba hlokomele, ’me u ba rute. Ho etsa joalo ho tla ba tlisetsa thabo hammoho le uena.—Liproverbia 15:20.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Lintho Tsa ho Bapala Tsa Afrika Tse sa Lefelloeng,” se hlahileng tokollong (ea Senyesemane) ea makasine ena ea March 22, 1993.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Buka e ’ngoe, Ithute ho Mosuoe e Moholo le eona e hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova, e sebelisoa haholo ho ruteng bana ba banyenyane.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Ho Bapala le Lesea la Hao

◼ Masea ho hang ha a khone ho tsepamisa maikutlo linthong nako e telele, kahoo a bapalise hafeela ho bonahala a ntse a ho thabela.

◼ Haeba ho sebelisoa lintho tsa ho bapala, etsa bonnete ba hore ha li kotsi ebile li susumetsa litho tsa kutlo tsa ngoana.

◼ Bapala lipapali tsa lintho tse etsang hore le finyelle ho itseng. Masea a thabela ho etsa hore u etse ntho e tšoanang hangata, joaloka hore u lule u thonaka ntho ea ho bapala eo a ntseng a e lihela.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Clinical Reference Systems

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

Litlhahiso Tsa ho Balla Ngoana oa Hao

◼ Bua ka ho hlaka ’me u bitse mantsoe hantle. Ngoana o ithuta puo ka ho utloa batsoali ba hae ba bua.

◼ Ho bana ba banyenyane haholo, supa le ho bitsa batho le lintho tse tšoantšelitsoeng libukeng tsa lipale.

◼ Ha ngoana a se a le moholoanyane, khetha libuka tse nang le lihlooho tseo a li ratang haholo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Pediatrics for Parents

[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Qeta nako boikhathollong bo thabisang le bana ba hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela