Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 11/8 maq. 3-4
  • Ke Habohlokoa Hakae ho Koetlisa Bana ba sa le Banyenyane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Habohlokoa Hakae ho Koetlisa Bana ba sa le Banyenyane?
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhaho Kapa Khōliso
  • Koetliso eo ba Lokelang ho e Fuoa
  • Karolo ea Hao Joaloka Motsoali
    Tsoha!—2004
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ka Tsela e Nepahetseng—’Me ho Etsoe ho Tloha Boseeng!
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 11/8 maq. 3-4

Ke Habohlokoa Hakae ho Koetlisa Bana ba sa le Banyenyane?

FLORENCE o ne a le lilemo li 40 ’me e le moimana. O ne a batla ngoana matleng. Ha ngaka e mo lemosa hore ngoana oa hae a ka ’na a hlaha a e-na le bothata ba ho ithuta, o ile a hana ho ntša mpa ’me a ba le ngoana ea phetseng hantle.

Nakoana ka mor’a hore mora oa hae, Stephen, a hlahe, Florence o ile a qala ho mo balla le ho bua le eena ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Ha a ntse a hōla, ba ne ba bapala lipapali, ba intša, ba ithuta ho bala le ho bina lipina. O oa hopola: “Esita leha ke ne ke mo hlatsoa re ne re bapala ho hong.” Ho ile ha putsa.

Ha a le lilemo li 14, Stephen o ile a qeta lithuto tsa hae Univesithi ea Miami a pasitse ka linaleli. Lilemo tse peli hamorao, a le lilemo li 16, o ile a qeta sekolong sa molao ’me ho ea ka pale ea bophelo ba hae, e ile ea e-ba ’muelli oa molao e monyenyane ka ho fetisisa United States. ’Mè oa hae, Dr. Florence Baccus—eo e kileng ea e-ba tichere ’me e le moeletsi oa barutoana ea seng a tlohetse mosebetsi—o ikakhetse ka setotsoana ho ithuteng ka taba ea ho ruta bana ba sa le banyenyane. O kholisehile hore tlhokomelo le tšusumetso eo a ileng a e fa mora oa hae ho tloha boseeng e ile ea fetola bokamoso ba hae.

Tlhaho Kapa Khōliso

Taba ea bohlokoa eo litsebi tsa kelello ea bana li phehisanang khang ka eona mehleng ea morao tjena e ’nile ea e-ba hore na, “tlhaho,” ke hore seo ngoana a se futsitseng, kapa “khōliso,” e leng ho hōlisoa le ho koetlisoa hoo ngoana a ho fumanang, ke tsona tse phethang karolo e khōlō khōlong ea ngoana na. Bafuputsi ba bangata ba kholisehile hore khōlo ea ngoana e susumetsoa ke lintho tsena ka bobeli.

Setsebi sa khōlo ea bana, Dr. J. Fraser Mustard, sea hlalosa: “Seo hona joale re se hlokometseng ke hore seo ngoana a fetang ho sona lilemong tsa hae tse qalang tsa bophelo se susumetsa tsela eo boko ba hae bo hōlang ka eona.” Moprofesa Susan Greenfield le eena ka ho tšoanang o re: “Ka mohlala, rea tseba hore karolo ea boko e amanang le ho tsamaea ha menoana ea letsoho le letšehali ea seletsi sa fiolo e koetlisehile haholo ho feta ea batho ba bang.”

Koetliso eo ba Lokelang ho e Fuoa

Ha ba nka bohato ka liphuputso tsena, batsoali ba bangata ha ba ikemisetse feela ho isa bana ba bona litsing tse nepahetseng tsa tlhokomelo ea bana, empa ba boetse ba senya chelete e ngata haholo ’minong le litlelaseng tsa bonono. Ba bang ba lumela hore haeba ngoana a tloaela ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ha a hōla o tla khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Mananeo a khethehileng a thuto le likolo tsa tlhokomelo ea bana ba banyenyane lia ata. Batsoali ba bang ba ikemiselitse ho etsa eng kapa eng eo ba ka e khonang ho fa bana ba bona monyetla oa ho feta ba bang.

Na mofuta oo oa boinehelo o ipaka o le molemo ka ho feletseng? Le hoja o ka ’na oa bonahala o fa bana khōliso e nang le menyetla e se nang meeli, mabakeng a mangata bana ba lahleheloa ke karolo ea bohlokoa ea ho ithuta ho tsamaeang le ha ba ipapalla feela. Matichere a re papali e etsoang feela ho sa reroa e khothalletsa bana hore ba tsebe ho iqapela lintho le ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho sebelisana le bana ba bang, tsebo ea ho sebelisa kelello le maikutlo a bona.

Litsebi tse ling tsa khōlo ea bana li lumela hore lipapali tse hlophisitsoeng ke batsoali li hlahisa mofuta o mocha oa bana ba nang le mathata—bana ba lulang ba behiloe leihlo ho tlōla tekano, ba imetsoeng kelellong le ba sa tsitsang maikutlong, ba nang le bothata ba boroko le ba lulang ba itšupa mona le mane. Setsebi se seng sa kelello se bolela hore nakong eo bana bana ba fihlang lilemong tsa bona tsa bocha, ba bangata ha ba e-s’o ithute bohlale ba ho sebetsana le mathata ka katleho ’me ba “khathetse ’meleng le maikutlong, ha ba na botsoalle le ba bang ’me ke marabele.”

Kahoo, batsoali ba bangata ba tsielehile. Ba batla ho thusa bana ba bona hore ba finyelle sohle seo kelello ea bona e ka se etsang. Leha ho le joalo, ba bona booatla ba ho lebella hore bana ba etse ho fetang se matleng a bona, le hona e le ka potlako. Na ho na le tsela ea ho ba ba nahanelang? Bana ba banyenyane ba na le matla afe a ho tseba ho etsa lintho, hona a ka hōlisoa joang? Batsoali ba ka etsa eng ho tiisa hore bana ba bona ba tla atleha? Lihlooho tse latelang li tla hlahloba lipotso tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Liphihlelo tsa pele bophelong li ka susumetsa tsela eo boko ba ngoana bo hōlang ka eona

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Papali e susumetsa tsebo ea ho iqapela lintho le ho ntlafatsa tsebo ea ngoana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela