Koetlisa Ngoana oa Hao ka Tsela e Nepahetseng—’Me ho Etsoe ho Tloha Boseeng!
“Ntle ho pelaelo nako ea bosea ke e enneng haholo. E loketse ho sebelisetsoa thuto ka tsela leha e le efe e ka nahanoang. Ha ho hōloe ho boeloa. Ho e-na le ho hlokomoloha lilemo tsa pele, ke mosebetsi oa rōna ho li hlaolela ka tlhokomelo e matla.”—Ngaka Alexis Carrel.
KELELLO le pelo li lokela ho rutoa. Batho ba ka ’na ba makatsoa ke mesebetsi e babatsehang ea kelello, empa Molimo o talima pelo. Tsebo e tsoang hloohong e hlahisa boikhohomoso; athe lerato le tsoang pelong lea hahisa. Likelello tse bohlale li hloka pelo e lerato, “hobane molomo o buisoa ke seo pelo e tletseng sona.” Pelong ena ea tšoantšetso ho boetse ho tsoa liketso tse molemo le tse khopo. (Mattheu 12:34, 35; 15:19; 1 Samuele 16:7; 1 Ba-Korinthe 8:1) Le hoja ho le bohlokoa ho susumetsa likelello tsa bana, ho bohlokoa haholo ho kenya lerato lipelong tsa bona.
Ho na le ntho e bōpeletsoeng leseeng e qalisang ho tloha tsoalong. E bitsoa kamano ea botho e atamelaneng haufi-ufi. ’Mè o tšoara lesea la hae, oa le phaphatha, oa le pholla le ho le buisa ka bonolo. Lesea le arabela ka ho talima ’m’a lona ka mahlong. Kamano eo e qala ho bōpeha, boikutlo ba tlhaho ba ’mè boa susumetsoa, ’me lesea le ikutloa le sireletsehile. Litsebi tse ling li lumela hore “nakoana kamor’a tsoalo, lesea le ba le kutlo e phahameng ea kamano e haufi-ufi le motsoali.”
Qalo e molemo empa ke qalo feela. Lesea le hloka thuso, le itšetlehile ka ho feletseng ka ’m’a lona bakeng sa litlhoko tsa kapele—’meleng le maikutlong. Ntle ho lijo lesea le tla bolaoa ke tlala; le ka shoa esita le maikutlong. Ho le phaphatha, ho le bapalisa, ho le rata—tsohle li susumetsa khōlo ea boko. Tšusumetso ena e tšoantšoa le lijo tsa boko. Ntle ho eona, boko bo tla lapa le ho holofala bophelong bohle. Ka lebaka la ho se tsotelle hona, le ka felloa ke botsoalle, le ka ba mabifl, le ka fetoha setlokotsebe. Tlhokomelo ea ’mè e nka sebaka sa pele ngoaneng ho feta sechaba—e bohlokoa haholo ho feta mosebetsi leha e le ofe oa lefatše!
Karolo ea Ntate
Ntate ha a lokela ho qheleloa thoko. Haeba a le teng nakong ea peleho, kamano ea hae le lesea e tla simolla. Ha libeke le likhoeli li feta, tšusumetso ea hae e tla eketseha ka potlako, joalokaha Ngaka T. Berry Brazelton, setsebi lefapheng la khōliso ea ngoana, e bontša.
“Ngoana e mong le e mong o hloka ’mè le ntate, ’me ntate e mong le e mong a ka etsa phapang. Ntate ea mafolofolo, ea nkenyang letsoho o etsa karolo e khōlō ngoaneng ho feta feela tlhokomelo ea ’mè,” o itsalo. O fana ka tlaleho e bontšang phapano kamoo ’mè le ntate ba tšoarang bana kateng. “Ho bonahala bo-’mè ba le bonolo empa ba lekanyetsa maikutlo a bona maseeng. Bo-ntate ba bapalisa bana ba bona ho feta kamoo bo-’mè ba etsang kateng.”
Bo-ntate ha ba bapalise bana feela. “Moo ho nang le ntate ea mahlaha-hlaha, ngoana o hōla ho ba ea atlehileng sekolong, ea tsebang ho tšeha, le ea tsebang ho bapala le bana ba bang. O itšepile ’me o rata ho ithuta. Ha ngoana a tšoara lilemo tse tšeletseng kapa tse supileng, bohlale ba hae e tla ba bo phahameng,” o boletse joalo.
Jehova Molimo o laetse hore ho be le botsoalle bo haufl-ufl bo rutang pakeng tsa ntate le mora: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” (Deuteronoma 6:6, 7) Mona ha ho lekhalo le bulehang pakeng tsa ngoana le motsoali!
Ho Koetlisa ho Tloha Boseeng
Ho na le mehato e itseng khōlong ea masea ho tloha tsoalong ho isa lilemong tse tšeletseng: ho hokahana ha tšebetso ea mesifa, tsebo ea ho bua, litšoaneleho tsa moea, matla a kelello, matla a ho nahana, letsoalo, le tse ling. Ha boko ba lesea bo hōla ka potlako ’me mehato ena e flhla nakong ea teng, eo ke nako e loketseng ea ho le koetlisa litsebong tse fapaneng.
Ke nako eo boko ba lesea bo monyang matla le litšobotsi tsena joalokaha seponche se monya metsi. Le ithuta ho rata ka ho ratuoa. Haeba le buisoa le ho balloa, le ithuta ho bua le ho bala. Haeba lesea le hōlisetsoa tikolohong e nang le toka, le monya melao-metheo e lokileng. Haeba mehato ena ea bohlokoa ea ho ithuta e feta ntle le thuto e nepahetseng, litšobotsi tsena le matla li tla ba thata ho amoheloa hamorao.
Bibele e hlokomela sena, kahoo e eletsa batsoali: “Koetlisa mohlankana ka tsela e mo tšoanetseng, le mohla a tsofalang a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6, NW) Phetolelo ea Keil-Delitzsch e re: “Neha ngoana taeo e lumellanang le tsela ea Hae.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ho “koetlisa” le boetse le bolela “ho qalisa” ’me mona le bontša qalo ea taeo ho lesea. Taeo e neheloa ka tsela e lumellanang le eena, ho latela mehato ea khōlo ea hae. Eo ke nako e loketseng, ’me seo le ithutang sona lilemong tsena tsa khōlo se tla ikahela ho lona.
Ena ke pono ea liithuti tse ngata tsa khōlo ea motho: “Ha ho moo lipatlisiso tsa khōlo ea ngoana li bontšitseng tsebo e matla ea ho fetola mekhoa ea botho e fumanoeng boseeng.” Litsebi lia lumela hore ho ka etsahala, empa “hangata tokiso e ke ke ea finyelloa.” Leha ho le joalo, mekhelo e mengata e ba teng ka baka la matla a ’nete ea Molimo.—Ba-Efese 4:22, 24; Ba-Kolosse 3:9, 10.
Puo ke mohlala o motle oa thuto e fanoang nakong e loketseng. Ka tlhaho, masea a lokiselitsoe puo, empa hore tsamaiso eo e bōpeletsoeng bokong e sebetse hantle, lesea le lokela ho rutoa melumo nakong e loketseng ea khōlo. Tsebo ea ho bua e hōla haholo likhoeling tse 6 le 12 haeba batho ba baholo ba le buisa haholo. Mahareng a likhoeli tse 12 le 18 khōlo ena ea puo e eketseha haholo ha lesea le utloisisa mantsoe ao.
Lesea le ithuta mantsoe le pele le ka a bua. Selemong sa bobeli, pokello ena e ka tloha mantsoeng a ’maloa ho ea ho a makholo. Moapostola Pauluse o hopolitse Timothea hore “ho tloha boseeng u ’nile ua tseba mangolo a halalelang.” (2 Timothea 3:15, NW) Se hlileng se boleloang ke lentsoe “boseeng” ke “ea sa buoeng.” Ho ka etsahala hore Timothea o ile a balloa Mangolo a Halalelang e sa le lesea ’me kahoo a tseba mantsoe a mangata a Bibele pele a ka bua.
Ntlha ke hore ho na le linako tse khethehileng khōlong ea ngoana moo lintho tse ling li ka ithutoang habonolo, haholo-holo ka ho mamela. Haeba linako tseo li feta ntle ho tšusumetso e hlokahalang, tsebo e ke ke ea hōla ka ho feletseng. Ka mohlala, haeba bana ba sa utloe puo ho hang ho flhlela lilemo hamorao, ba tla ithuta eona ka monyebe le ka thata, ’me hangata e seng hantle.
Balla Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
U qalisa neng? Ho tloha qalong. Balla lesea la hao. ‘Empa le ke ke la utloisisa!’ U qalile neng ho le buisa? ‘Ho tloha qalong feela.’ Na le ile la utloisisa seo u neng u se bua? ‘Che, empa . . . ’ Joale ke hobane’ng ha u sa le balle?
Ha lesea le le seropeng sa hao, u le kopile haufi-ufi, le ikutloa le sireletsehile, le ratoa. Ho le balla ke phihlelo e thabisang. Ho hatisa ho itseng kelellong. Le amanya boikutlo ba thabo le ho bala. Masea ke bonketsisane, ’me batsoali ke mehlala eo ba e etsisang. Lesea le batla ho u etsisa. Le batla ho bala. Le ipapalla ka ho bala. Hamorao le latsoa thabo ea ho bala.
Ho na le molemo o mong o moholo—ha le fetohe lekhoba la thelevishene. Le ke ke la thabela ho shebella ho hlabana, ho thunyana, ho beta, bohlola, le bofebe. A ka koala TV, a ka nka buka a bala. Ke phihlelo e tsotehang matsatsing ana ao batho ba sa tsebeng ho bala le a bokhoba ba TV!
Ho Nka Nako ho Bata Ngoana
Bonneteng, ho nka nako ho balla bana. ’Me ho nka nako ho bapalisa ngoana oa hao, ho mo shebella ha a batlisisa, ha a qala mesebetsi, a batla lintho tse ncha, a batla ho tseba, a bōpa lintho. Ho hlokomela bana ho nka nako. Ho molemo ho qalisa esale masea. Hangata ke nakong eo ho qalehang lekhalo le thibelang kamano ea batsoali le bana; ke seoelo lekhalo leo le emelang ha ba kena lilemong tsa bocha. Robert J. Keeshan, seboholi sa bana se tsejoang e le Captain Kangaroo, o re bontša kamoo sena se etsahalang kateng:
“Ngoana e monyenyane ea anyang monoana, a tšoere popi ka letsoho, o emetse hore motsoali a fihle. O rata ho pheta phihlelo ea ho bapala ka lebokosong le tletseng lehlabathe. O batla ho pheta thabo eo a bileng le eona letsatsing leo. Nako ea fihla, motsoali oa fihla. Motsoali, a khathalitsoe ke khatello ea mosebetsi o re ho ngoana, ‘E seng hona joale, moratuoa. Ke tšoarehile, tsamaea u il’o shebella thelevishene.’ Malapeng a Maamerika ho buuoa mantsoe ana, ‘Ke tšoarehile, tsamaea u il’o shebella thelevishene.’ Haeba ngoana a sa phete phihlelo ea hae nakong eo, e tla ba neng? ‘Hamorao.’ Empa hangata hamorao ha a fihle . . .
“Lilemo lia feta ’me ngoana oa hōla. Re mo neha libapalisoa le liaparo. Re mo neha liaparo tse meseho e ikhethang le sea-le-moea empa ha re mo nehe seo a hlileng a se batlang, nako ea rōna. O lilemo li leshome le metso e mene, mahlo a hae ha a khanye khotso, o tebile maikutlong. ‘Moratuoa, ho etsahala’ng? Bua le ’na, bua le ’na.’ Nako e se e ile. Nako e ile. Lerato le felile. . . .
“Ha re re ho ngoana, ‘E seng hona joale, hamorao.’ Ha re re, ‘Tsamaea u il’o shebella TV.’ Ha re re, ‘Se ke ua botsa lipotso tse ngata hakaana.’ Ha re hlōleha ho neha bacha ba rōna ntho e le ’ngoe eo ba e batlang ho rōna, nako ea rōna. Ha re hlōleha ho rata ngoana. Ha re re ha se hobane ha re tsotelle. Re tšoarehile haholo bakeng sa ho rata ngoana.”
Ke ’nete, ho rata ngoana oa hao ho nka nako. “E seng feela nako ea ho mo fepa le ho mo apesa empa nako ea ho tlatsa pelo ea hae ka lerato. E seng lerato le lekanyetsoang empa lerato le “hlokang boithati,” joalokaha Burton L. White mongoli oa The First Three Years ofLife a le bitsa. O itse: “Ke bothoto ho batsoali ba sebetsang ho fetisetsa mosebetsi oa bohlokoa oa khōliso ea ngoana ho motho e mong, haholo-holo libakeng tsa tlhokomelo ea bana. Ke nyatsitsoe haholo ka lebaka la polelo eo, empa ke amehile ka se molemo bakeng sa masea.” O talima sena e le “se molemo bakeng sa masea,” empa ho amohela keletso eo e molemo ha ho bonolo moo motsoali kapa ba babeli ba lokelang ho sebetsa ka lebaka la chelete e fokolang.
Taeo—Taba e Halefisang!
Bibele e nyatsoa ka lebaka la keletso ea eona ka taeo. “Ea hlokisang mora oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.” (Liproverbia 13:24) Temaneng ena ho New International Version Study Bible botlaaseng ba leqephe e re: “thupa. Mohlomong tšoantšetso ea puo bakeng sa taeo leha e le efe.” Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words e hlalosa “thupa” e le “letšoao la taelo.”
Taeo ea batsoali e ka ’na ea akarelletsa ho shapa, empa hangata ha ho hlokahale. Ho ea ka 2 Timothea 2:24, 25, Bakreste ba lokela ho ba “mosa ho bohle, . . . [ba] rute ka bonolo.” Lentsoe “ho ruta” le fetoletsoe lentsoeng la Segerike bakeng sa taeo. Taeo e lokela ho fanoa ho nahanela maikutlo a bana: “’Me lōna bontat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.”—Ba-Efese 6:4.
Liithuti tsa kelello tse rutang moea oa ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe li re haeba u shapa ngoana oa hao, u mo hloile. Thuto eo ha se ’nete. Ho se khalemele ke lehloeo. Boikutlo boo bo hlahisitse botlokotsebe ba bacha le bokebekoa lefatšeng ka bophara ’me bo tliselitse batsoali ba limillione masisapelo. Ho joalokaha Liproverbia 29:15 e bolela: “Mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” Tlas’a sehlooho “Batsoali ba beetseng bana melao khahlanong le batsoali ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe,” Ngaka Joyce Brothers o re:
“Phuputso ea morao tjena ho liithuti tse 2 000 tsa sehlopha sa bone le sa bohlano—tse ling li hōlisitsoe ke batsoali ba neng ba li beetse melao, tse ling ke batsoali ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe—e fane ka liphello tse makatsang. Bana ba lauoeng ka thata ba na le boitlhompho bo phahameng ’me [ba] ne ba atleha haholo likamanong le batho ba bang le lithutong.” Na ba ne ba halefisoa ke batsoali ba ba beelang melao? Che, “ba lumela hore melao ea batsoali e molemong oa bana—’me e ne e le pontšo ea lerato la batsoali.”
Mongoli White o re haeba u beetse ngoana oa hao melao, ha ho hlokahale hore u tšohe “hore a ke ke a u rata haholo ho feta ha u ne u lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Bana lilemong tse peli tse qalang tsa bophelo ha ba khaohane haholo le bahlokomeli ba bona; esita leha u ba shapa, u tla fumana ba khutlela ho uena.”
Thuto e Molemohali ho Feta Tsohle
Ke uena. Mohlala oa hao. U mohlala oa ngoana oa hao. O mamela haholo seo u leng sona e seng seo u se buang. O mamela mantsoe a hao, empa o etsisa liketso tsa hao. Ngoana oa hao ke moetsisi. Kahoo, u batla hore e be eng? Ea lerato, ea mosa, ea fanang, ea ithutang, ea masene, ea khothetseng, morutuoa oa Jesu, morapeli oa Jehova? Ho sa tsotellehe hore na ke hofe, e ba hoo.
Kahoo, koetlisa ngoana oa hao ho tloha boseeng, ha boko ba hae bo hōla ka potlako, ha bo monya boitsebiso le boikutlo ba kelello le pelo. Empa haeba lilemo tseo tsa bohlokoa tsa khōlo li fetile botho ba bomolimo bo e-s’o kenngoe ngoaneng oa hao, ho ka etsoa eng? Se nyahame. Phetoho e ka ’na ea etsahala kaha e ntse e etsahalla batho ba limillione, ba bacha le ba baholo, ka baka la matla a Molimo. “Le hlobole motho oa khale le liketso tsa hae,” ho bolela Lentsoe la Molimo, “’me le apare motho e mocha, ea nchafalang tsebong ka setšoantšo sa ea ’mōpileng.”—Ba-Kolosse 3:9, 10.
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Le Ntate:Nako ea ho bala, nako ea ho bapala
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Nako ea ho tola ekaba e thabisang