Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 7/8 maq. 18-20
  • Ke’ng se Etsang Hore ke Ikutloe ke le Bolutu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng se Etsang Hore ke Ikutloe ke le Bolutu?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Boleloang ke Bolutu
  • Ho ba Mong Empa U se Bolutu
  • Bolutu ba Nakoana
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Batho ba Bangata Hakaale ba Jeoang ke Bolutu?
    Tsoha!—2004
  • Nka Leleka Bolutu ba ka Joang?
    Tsoha!—1990
  • Bolutu—Na U Ikemiselitse ho bo Loantša ’me U bo Hlōle?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 7/8 maq. 18-20

Bacha Baa Botsa . . .

Ke’ng se Etsang Hore ke Ikutloe ke le Bolutu?

Ke bosiu ba Moqebelo. Moshemane o lutse ka kamoreng ea hae ’me o nahana ka bana ba bang sekolong ba ileng ho bapala bowling. O ile a ipha sebete sa ho kōpa haeba ba mo lumella ho tsamaea le bona. Empa le joale o utloa setšeho sa bona se somang ha ba tsamaea.

“Ke hloile mafelo-beke!” Empa ha ho ea mo arabang ka kamoreng. O nka makasine ’me o bona setšoantšo sa sehlopha sa bacha lebopong. O lahlela makasine leboteng. Likhapa li a keleketla. O itoma molomo, empa li tsoela pele ho theoha marameng. A se a sa tsebe ho li thibela, o itihela betheng ea hae, a sisa pelo, “Hobane’ng ha ke siuoa kamehla?”

NA KA linako tse ling u ikutloa joalo—u hlokomolohuoe, ’me u nkoa u se na thuso? Na u kile ua ipotsa, ‘Ke’ng se etsang hore ke ikutloe ke le bolutu, ’me ke hobane’ng ho utloisa bohloko hakaale?’

Haeba u ikutloa joalo, u se nyahame pelo. Lilemo tsa bocha li boima haholo ho ba bangata. U ka ikutloa u lahliloe ’me u sa itšepe. Ka hona, ha ho pelaelo hore lilemong tsa bocha hangata bolutu bo ba bohloko haholo.

Leha bolutu bo sa thabise, ha se lefu le bolaeang. Setsebi se seng se ile sa tšoantša bolutu le sefuba—“se u tšoara habonolo, . . . se tšohane se bolaile motho empa ha se kamehla se thabisang.” Leha ho le joalo, ho na le litsela tsa ho hlōla bolutu.

Se Boleloang ke Bolutu

Ka mantsoe a bonolo, bolutu ke letšoao la temoso. Tlala e u lemosa hore u hloka lijo. Bolutu bo u lemosa hore u hloka botsoalle, katamelo e haufi. Re hloka lijo hore re sebetse hantle. Ka ho tšoanang, re hloka botsoalle hore re ikutloe hantle.

Na u kile ua hlokomela khabo ea mashala a hlenneng? Ho etsahala’ng ha u tlosa leshala le le leng khabong? Ho hlena ha leshala leo ho tla fela. Empa ha u khutlisetsa leshala khabong, le tla hlena hape. Ka ho tšoanang, le rōna batho re ke ke ra “hlena,” kapa ho sebetsa hantle, ha re ikarotse ka nako e telele. Ke tlhaho ho lakatsa botsoalle.

Ho ne ho le joalo le ka Adama, monna oa pele. Buka ea Bibele ea Genese e bolela hore Adama o ne a beiloe tikolohong e phethahatsang litlhoko tsohle tsa hae tsa motheo. Ho ne ho e-na le lijo tse ngata ho ka jeoa, moea o hloekileng ho o hema, linoka tse phatsimang ho tola ho tsona, mosebetsi o thabisang, ’me ka holim’a tsohle, ho thabela kamano e haufi le ’Mōpi oa hae. Empa leha ho le joalo, Jehova Molimo o itse: “Ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši.” Adama o ne a hloka e mong ea tšoanang le eena ho ka buisana le eena ho kopanela maikutlo le eena. Molimo o ile oa phethahatsa tlhoko eo ka ho mo nea Eva. (Genese 2:18-23) E, ho hloka botsoalle ke karolo ea botho ba rōna. Empa na seo se bolela hore ho ba mong kamehla ho lebisa bolutung?

Ho ba Mong Empa U se Bolutu

Mongoli oa meqoqo Henry David Thoreau o itse: “Ha ke e-so ho fumane motsoalle ea botsoalle joaloka ho ba boinotšing.” Na ua lumela? “E,” ho bolela Bill, ea lilemo li 20. “Ke rata tlhaho. Ka linako tse ling ke ee ke nke seketsoana sa ka ’me ke ee letšeng. Ke lule moo ke le mong ka lihora. Sena se mpha nako ea ho bona hore ke etsa eng ka bophelo ba ka. Ho monate ka sebele.” Rafael ea lilemo li 16 oa eketsa: “Lapeng leso ho na le bana ba bang ba bararo. Ho ba le moferefere kamehla ka tlung. Ke na le khaitseli ea lilemo li ’nè; o mahlaha-hlaha haholo. Ka linako tse ling ke batla feela ho ba mong.”

Mongoli oa lithothokiso oa Lenyesemane o hlalosa ho tsoela pele: “Molimo o mamela motho boinotšing.” Steven ea lilemo li 21 o lumetse. “Ke lula mohahong o moholo, ’me ka linako tse ling ke ea marulelong hore feela ke be mong. Ke fumana nako ea ho nahana le ho rapela. Hoa khatholla.” E, haeba linako tsa boinotši li sebelisoa hantle, li ka re nea khotsofalo e tebileng. Jesu le eena, o ne a thabela linako tse joalo: “Hosasa, [Jesu] a tsoha e sa le ka meso, a tsoa tlung, ’me a ea feelleng, a rapela teng.” (Mareka 1:35) Leha ho le joalo, ke hobane’ng batho ba kang Thoreau kapa Jesu ba ne ba se bolutu leha ba ne ba le bang?

Pele, ke hobane ba bile boinotšing ka ho ikhethela. ’Me sa bobeli, ba ne ba le bang ka nakoana. Jehova ha a ka a re, ‘Ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši ka nako e khutšoaane.’ Ho e-na le hoo, Molimo o itse ha ho molemo hoba motho “a lule a ’notši.” Linako tse telele tsa boinotši li lebisa bolutung. Ke ka baka leo Bibele e lemosang: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.”—Liproverbia 18:1.

Bolutu ba Nakoana

Ka linako tse ling, motho ha a ikhethele hore a be mong. Ho ka utloisa bohloko haholo. Bolutu bo joalo hangata bo re tlela ka baka la mabaka ao re ke keng ra a laola, joalokaha ho fallela sebakeng se secha, hōle le metsoalle e haufi.

Steven oa hopola: “Ha re sa le hae ’na le James re ne re le metsoalle, e haufi ho feta bana ba motho. Ha ke falla, ke ne ke tseba hore ke tla mo hlolohela.” Steven a etsa khefu, joalokaha eka o hopola nako ea karohano. “Ha ke lokela ho palama sefofane, ka satalla. Ra tšoarana, ’me ka tsamaea. Ka utloa hore ke lahleheloa ke ntho e ’ngoe ea bohlokoa.”

Steven o ile a tsoella joang tikolohong e ncha? “Ho ne ho le boima. Ho thata ho ithuta mosebetsi o mocha. Ha ke sa le hae metsoalle ea ka e ne e nthata, empa mona batho bao ke sebetsang le bona ba nketsa hore ke ikutloe ke se molemo. Ke hopola ha ke ne ke sheba tšupa-nako ’me ke bala ho khutlela morao ka lihora tse ’nè, (nako ea moo e fapane le ea rōna joalo) ’me ka nahana seo ’na le James re ka beng re se etsa. Ka utloa bolutu.”

Ha lintho li sa tsamaee hantle, hangata re ikhopotsa mohla-monene ha re thabile. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Se re: Ke kang matsatsi a khale a bile molemo ho feta a kajeno?” (Moeklesia 7:10) Hobane’ng ha e eletsa joalo?

Hobane mabaka a ka fetoha ho ba molemo. Ke ka lebaka leo hangata babatlisisi ba buang ka “bolutu ba nakoana.” Ka lebaka leo Steven o ne a ka hlōla bolutu ba hae. Joang? “Ho bua ka maikutlo a ka le e mong ea tsotellang ho thusa. U ke ke ua nahana feela ka lintho tse fetileng. Ke ile ka iqobella ho kopana le batho ba bang, le ho bontša thahasello ho bona. Ke atlehile; ke fumane metsoalle e mecha.” Me ho thoe’ng ka James? “Ke ne ke fositse. Ho falla ha hoa ka ha felisa setsoalle sa rōna. Ka letsatsi le leng ke ile ka mo letsetsa fono-fono. Re buile hora le metsotso e 15—ke buisana le motho ea hōle haholo!”

Peter ea lilemo li 13 fana ka mohlala o mong o e ka bang sesosa sa bolutu. O lula lelapeng la motsoali a le mong. Peter o re: ‘Ha ke fihla hae ho tsoa sekolong ke lula ke le mong. Ha ho motho eo ke buang le eena.

Ha ’mè a fihla ho tsoa mosebetsing, ho ntse ho se thuso. O khathetse ’me oa ithoballa.’

Nancy ea lilemo li 18, le eena o lula lelapeng la motsoali a le mong. Ho phaella moo, o lokela ho mamella ho ba sekolong se secha. Empa Nancy ha a ikutloe a le bolutu. O ile a batla metsoalle e mecha. “Ho nthusitse hore ke tsitse hape,” o itsalo. Bolutu boa fela. E ne e le ba nakoana.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling bolutu bo tsoaloa ke kotsi e bohloko. “Derek e ne e le motsoalle oa ka Florida ho tloha re le lilemo li 11,” ho bolela Bill. “Re ne re tloaetse ho ea toropong hammoho, re je pizza, le ho raha bolo re le babeli.” Ha etsahala’ng? “Ka bosiu bo bong ba Sontaha ka amohela molaetsa oa fono-fono,” Bill o tsoela pele. “Derek o khanngoe ke metsi. Ho ne ho le boima ho lumela seo. Kamor’a moo, ho bile le linako tseo ke neng ke ikutloa ke le bolutu hoo ke ileng ka letsetsa Derek. Ea lla e sa tšoaroe ke motho, ’me ka hlaphoheloa, ‘Derek ha a sa phela.’ Ke ne ke sa kholoe. Ha u le lilemo li 17, u sa le monyenyane hore u ka shoa.”

Bibele e bua ka mosali e mong ea neng a bitsoa Naomi eo ka ho tšoanang a ileng a hlaheloa ke phihlelo e joalo e bohloko. Monna oa hae le bara ba hae ba babeli ba shoa ka ho latellana. Ha a khutlela naheng ea habo e le mohlolohali, a re: “Ke ile ke tletse, ’me Jehova o nkhutlisitse ke le feela.”—Ruthe 1:21.

Leha masoabi a ho lahleheloa ke eo u mo ratang a ke ke a fela ka ho feletseng, bolutu bo ka fela ha nako e ntse e feta le ka ho etsa setsoalle se secha. Tabeng ea Naomi, ho fetoha ha mabaka le ho bōpa likamano tse ncha ho thusitse ho ‘tšelisa moea oa hae.’ (Ruthe 4:13-15) Motho a ka inehela ka ho etsetsa ba bang lintho. Jesu o itse: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.

Empa ho thoe’ng ha bolutu ba hao bo tsoela pele? Joale u ka tšoaroa ke bolutu bo kang lefu le sa feleng. Ke bo joang, ’me u ka bo hlōla joang? Khatiso e latelang ea Tsoha! e tla araba potso ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela