Bolutu—Na U Ikemiselitse ho bo Loantša ’me U bo Hlōle?
NA U jeoa ke bolutu? Ho na le maemo a mang bophelong moo e leng ha tlhaho ho ikutloa u jeoa ke bolutu, ho sa tsotellehe hore na u kene lenyalong kapa u lesoha, hore na u monna kapa u mosali, hore na u moholo kapa u mocha. Hape hlokomela hore ho ba mong ha ho hlile ha ho bake bolutu. Setsebi se tšoarehileng patlisisong ea sona se le seng hase ikutloe se jeoa ke bolutu. Moetsi oa litšoantšo ea lutseng a le mong a etsa setšoantšo ha a na nako ea ho ikutloa a jeoa ke bolutu. Ba thabela metsotso ea ho ba bang, ’me ho ba bang e ba motsoalle oa bona e moholo ka linako tseo.
Boikutlo ba ho jeoa ke bolutu ka sebele bo hlaha ka hare ho rōna ho e-na le ho hlaha ka ntle. Bolutu bo ka bakoa ke ketsahalo e bohloko—lefu, tlhalo, ho felloa ke mosebetsi, kotsi e itseng. Ha re khantša bokahare ba rōna haholo, bolutu boo bo ka fokotseha, mohlomong ba nyamela ka mor’a nakoana, ’me tahlehelo e neng e re tšoenya e ka amoheleha, ea fela.
Maikutlo a hlaha mehopolong ea hao. Ka mor’a hore tahlehelo e fele ’me maikutlo ao e a hlahisitseng a lumelloe ho feta, ke nako ea ho lebisa tlhokomelo mehopolong e hahang e u lumellang hore u tsoele pele ka bophelo ba hao.
Itsose. Fumana tsela ea ho itaola. Ho na le lintho tse loketseng tse ka etsoang. Kahoo e-ba ea botsoalle. Letsetsa motho e mong mohala. Ngola lengolo. Bala buka. Memela batho lehaeng la hao. Arolelana maikutlo le ba bang. Ho ba le metsoalle, u tlameha ho bontša botsoalle e le uena. Itlhahlobe seo u hlileng u leng sona e le hore u tle u tsebe ho ipha ba bang. Etsa liketso tse itseng tsa mosa. Arolelana le ba bang ho hong ho khothatsang ha moea. U tla fumana hore mantsoe a Jesu ke ’nete: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” U tla boela u hlokomele ’nete e ’ngoe ea maele: “Ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.”—Liketso 20:35; Liproverbia 11:25.
Ke Boikarabelo ba Hao
Na ke ntho e thata ho etsoa? Na ho bonolo ho bua ka eona ho feta ho e etsa? Ho bonolo ho bua ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo ho feta ho e etsa. Seo ke sona se etsang hore ho e etsa e be ho khotsofatsang. U lokela ho etsa boiteko bo khethehileng. Karolo e itseng ea hao e ea ho faneng, ’me khotsofalo le thabo tse ka hare ho uena lia eketseha. Ke boikarabelo ba hao ho etsa boiteko ba ho tsetolla bolutu bo batlang ho u laola. Mongoli e mong makasineng oa Modern Maturity o ile a re: “Ha ho motho e mong hape ea ikarabellang bakeng sa bolutu ba hao, empa uena u ka etsa ho hong ka bona. U ka atolosa bophelo ba hao ka setsoalle se le seng. U ka tšoarela motho e mong eo u utloang a u sitetsoe. U ka ngola lengolo. U ka letsetsa motho e mong mohala. Ke uena feela u ka fetolang bophelo ba hao. Ha ho motho e mong ea ka u etsetsang seo.” O ile a qotsa lengolo leo a neng a le amohetse le “otlang ntlha botsekeng: ‘Ke bolella batho hore ke boikarabelo ba bona ho boloka bophelo ba bona bo se bolutu kapa bo sa khotsofatse. Etsa ho hong!’”
Metsoalle ea hao e u thusang ha ea lokela ho lekanyetsoa ho batho feela. Ngaka ea meriana ea liphoofolo e ile ea re: “Mathata a maholo ka ho fetisisa ao batho ba hōlileng ba thulanang le ’ona hase bohloko ba ’mele, empa ke bolutu le ho qheloa hoo ba ho utloang. Ka ho fana ka . . . lerato le botsoalle, liphoofolo tse ruuoang (ho akareletsa lintja) li fana ka morero le moelelo ka nako eo ba hōlileng hangata ba khetholotsoeng sechabeng.” Makasine oa Better Homes and Gardens o ile oa re: “Liphoofolo tse ruuoang li ka thusa ba khathatsehileng maikutlong; tsa susumetsa ba kulang ’meleng, liqhoala, le ba holofetseng; ’me li tsosolosa ba jeoang ke bolutu le ba hōlileng.” Sehlooho se seng sa makasine se ile sa re ka batho ba qalang ho hlaolela thahasello liphoofolong: “Matšoenyeho a bakuli a ile a fokotseha ’me ba ne ba ka bonahatsa lerato liphoofolong tsa bona tse ruiloeng ba sa tšoha hore ba tla qheloa. Hamorao ba ile ba qala ho buisana le batho, pele ba bua ka tlhokomelo ea liphoofolo tsa bona tse ruiloeng. Ba ile ba qala ho ikutloa ba na le boikarabelo. Ba ile ba ikutloa ba hlokoa, ho hong ho ne ho itšetlehile ka bona.”
Hape hangata motho ea jeoang ke bolutu a ke ke a iteka ka ho lekaneng ho ithusa, ho iphahamisa tebe-tebeng ea matšoenyeho a hae. Ho na le ho se batle ho fetoha, ho haella ha takatso ea ho ikitlaetsa ho isa bohōleng boo, empa ha a batla ho utloisisa se hlileng se bakang bolutu ba hae, seo se tlameha ho etsoa. Dr. James Lynch o ile a ngola ka ho hana ha batho ho amohela keletso eo ba fumanang ho le thata ho e amohela: “Boemo ba botho ke hore ka tloaelo re hana ho mamela, kapa bonyane re hana ho sebelisa boitšoarong ba rōna, boitsebiso boo re sa bo rateng.” Motho a ka batla ho balehela bolutu ba hae, empa a sa ikemisetsa ho bokella matla a hlokahalang ho hlahisa tokoloho eo.
Itšoare ka Tsela eo U Batlang ho Ikutloa ka Eona
Ho hlōla khatello ea maikutlo e tebileng, motho o lokela ho phehella ho hahamalla thabo ea sebele le mosa. (Bapisa le Liketso 20:35.) Sena se hloka ho sebetsana ka katleho le bolutu ka ho etsa se fapaneng le botsoa ba bona bo kotsi. E-ba ea thabileng, tantša, bina pina e thabileng. Etsa sohle se bonahatsang thabo. E fetelletse, e etse ho tlōla tekanyo, hatella boikutlo ba ho soaba ka mehopolo e thabileng. E ka ba mehopolo efe e thabileng?
E kang e ho Ba-Filippi 4:8: “Ha e le ka ho hong, banab’eso, tsohle tsee e leng tsa ’nete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hloekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tse bokhabane bo bong le poko e ’ngoe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.”
Ntho e hlokahalang ke ho etsa hore bophelo ba hao bo be le morero. Haeba u e-na le boikutlo ba hore bophelo ba hao bo na le morero, u tla matlafala hore u arabele ho seo ’me u batle ho se phethahatsa. Ho ke ke ha etsahala hore u oele boikutlong ba bolutu ba ho qheloa. Sena se hlahisoa ka ho thahasellisang bukeng ea Victor Frankl Man’s Search for Meaning. O bo tšohla mabapi le batšoaruoa ba likampo tsa mahloriso tsa Hitler. Ba neng ba se na boikutlo ba ho ba le morero bophelong ba bona ba ile ba inehela bolutung ’me ba haelloa ke takatso ea ho phela. Empa “boikutlo bo ka hare ba ho ba le bohlokoa ba motho bo thehiloe linthong tse phahameng haholoanyane, tsa moea haholoanyane, ’me bo ke ke ba sisinngoa ke bophelo ba kampo ea mahloriso.” O ile a tsoela pele: “Ho utloa bohloko ho khaotsa ho ba ho utloa bohloko ka tsela e itseng motsotsong oo ho fumanang morero, joaloka morero oa ho itela. . . . Kameho ea motho ea sehlooho hase ho fumana monyaka kapa ho qoba bohloko, empa ho e-na le hoo ke ho bona morero bophelong ba hae. Ke ka hona motho a bileng a ikemiselitseng ho utloa bohloko, hafeela, ha a ka kholiseha, ho utloa bohloko ha hae ho na le morero.”
Botsoalle bo ka Sehloohong Boo U bo Hlokang
Tsela eo u ka finyellang pono ea ’nete ea moea ke ho itlama ka ho feletseng ho Molimo le Lentsoeng la hae, Bibele. Ho ba le tumelo ho Molimo le ho mo rapela ka tieo ho ka fa bophelo ba rōna morero. Joale, esita le haeba likamano tsa rōna le batho li ka fela, ha re bang, ha rea ahloleloa bolutu. Joalokaha Frankl a boletse, ho utloa bohloko ho nang le morero hoa mamelleha, ebile ke mohloli oa thabo. ’Matlisisi e mong oa botho o ile a re: “Moshoela-tumelo ea thupeng a ka ba le thabo eo morena ea teroneng a ka e laba-labelang.”
Baapostola ba Kreste ba ile ba latsoa thabo e tsoang ho Jehova ha ba hlorisoa ke batho; ho utloa bohloko ho joalo ho ne ho e-na le morero o moholo ho bona. “Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW] ba hlorisetsoang ho loka; hobane ’muso oa maholimo ke oa bona. Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata. Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong; hobane ba hlorisitse joalo baprofeta ba bileng teng pele ho lōna.” (Mattheu 5:10-12) Karabelo e tšoanang e tlalehiloe ho Liketso 5:40, 41: “Eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla. Baapostola ba tloha khotla, ba thabile kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu.”
Moo U Hlaolelang Palesa ea Rosa, ho ke ke ha Hlaha Moutloa
Tlatsa mobu oa kelello ea hao ka peō ea botle le morero o lokileng; se ke ua siea sebaka bakeng sa peō ea ho nyahama le bolutu ba ho sareloa. (Bapisa le Ba-Kolosse 3:2; 4:2.) Na ho thata ho etsa joalo? Ka tlas’a maemo a itseng, ho bonahala ho le thata. Mongoli oa lithothokiso o ile a hlokomela: “Moo u hlaolelang rosa, . . . ho ke ke ha hlaha moutloa,” e leng seo hape se hlokang boiteko bo loketseng le ho sebelisa matla ho ikemiselitseng. Empa ho ka etsoa, ebile hoa etsoa.
Hlokomela mohlala oa Laurel Nisbet. O ile a tšoaroa ke polio ’me ha a le lilemo li 36 a kenngoa ka har’a mochine o mo thusang ho hema, moo a ileng a robala ka mokokotlo ka lilemo tse 37. O ne a qhoalile ka ho feletseng ho tloha molaleng ho ea tlaase, sohle seo a neng a ka se etsa e ne e le ho sotha hlooho ea hae feela. Qalong o ile a ikutloa a nyahame ka tsela e se nang thuso. Eaba, ka mor’a nako eo ea ho iqenehela, o etsa qeto, ‘Ke iqenehetse ho lekane!’ O ne a na le bana ba babeli bao a neng a lokela ho ba hōlisa le monna eo a neng a lokela ho mo hlokomela. O ile a qala ho haha bophelo ba hae bocha; o ile a ithuta ho hlokomela ntlo ea hae a ntse a le ka mochineng oo.
Laurel o ne a robala hanyenyane. O ne a qeta lihora tse telele tsa bosiu joang? Na o ne a li qeta a jeoa ke bolutu? Che. O ile a rapela Ntate oa hae oa leholimo, Jehova. O ile a ithapella hore a be le matla, a rapella baena le likhaitseli tsa hae ba Bakreste, ’me a rapella menyetla ea ho pakela ba bang ka ’Muso oa Molimo. O ile a batla litsela tsa ho bolela ’me o ile a ama ba bangata ka ho paka ha hae ka lebitso la Jehova. Ha a ka a lumella meutloa ea bolutu ho hōla; o ne a tšoarehile a hlaolela lipalesa tsa rosa.
Ho bile joalo ka moromuoa oa Watch Tower, Harold King. Kaha o ne a ahloletsoe lilemo tse hlano a koaletsoe a le mong teronkong ea Chaena, ho ne ho ka etsahala hore ebe mohlaseluoa ea phethahetseng oa bolutu. Leha ho le joalo, o ile a qhela pono eo e fosahetseng ’me a ikemisetsa ka matla ho kenya mohopolo oa hae tseleng e fapaneng. Hamorao o ile a e hlalosa tjena:
“Ke ile ka hlophisa lenaneo la mosebetsi oa ‘ho bolela.’ Empa motho ea koaletsoeng a le mong o bolella mang? Ke ile ka etsa qeto ea ho hlophisa likenyeletso tsa Bibele tse loketseng ho tsoa linthong tseo ke neng ke ntse ke li hopola ’me ke bolele ho batho ba inahaneloang. Ke ile ka qala mosebetsi oa ho bolela, kamoo ho leng ka teng, ’me ka kokota monyako o inahaneloang ’me ka pakela motho ea inahaneloang, ka etela menyako e ’maloa hoseng. Ka mor’a nako ke ile ka fumana Mofumahali Carter ea inahaneloang, ea ileng a bontša thahasello, ’me ka mor’a maeto a ho boela a seng makae re ile ra hlophisetsa ho ba le thuto ea ka mehla ea Bibele. Nakong ea thuto ena re ile ra akareletsa lihlooho tsa motheo ho tsoa bukeng ‘Let God Be True,’ kamoo ke neng ke ntse ke li hopola ka teng. Sena sohle ke ne ke se etsa ke bua, e le hore molumo oa lintho tsena o ka li hatisa haholoanyane mohopolong oa ka.”
Lipaki tsa Jehova tse likete tse neng li kentsoe teronkong likampong tsa mahloriso tsa Hitler li ne li ka fumana tokoloho ea tsona haeba feela li ne li ka latola tumelo ea tsona. Ke tse fokolang feela tse ileng tsa e latola. Tse likete li ile tsa shoa li tšepahala—tse ling tsa bolaoa, tse ling ke ho kula le ho se je hantle. Paki e ’ngoe e neng e tšoeroe—e bitsoang Josef—e ne e na le baholoane ba babeli likampong tse ling. E mong o ile a qobelloa ho kakalla a tle a bone lehare le leholo la mochine le neng le tla khaola hlooho ea hae ha le theoha. Josef o ile a hlalosa: “Ha ba bang kampong ba utloa ka sena ba ile ba mpabatsa. Boikutlo ba bona bo lokileng bo ile ba nkama ka ho tebileng. Ho lula re tšepahala ho ne ho bolela ho hoholo ho rōna ho feta ho pholoha.”
Moholoane oa hae e mong, a eme ka pele ho sehlopha se bolaeang ka ho thunya, o ile a botsoa hore na o lakatsa ho bua ho hong. O ile a kōpa tumello ea ho rapela, ’me o ile a e fuoa. E ne e tletse maikutlo a amang a kutloelo-bohloko le thabo e tsoang pelong hoo ha ho fetisoa taelo ea hore a thunngoe, ha ho lea mong oa sehlopha seo ea ileng a mamela. Taelo eo e ile ea phetoa, ’me ke a le mong ea ileng a thunya, ’me a mo thunya ’meleng. Ofisiri e laolang e ile ea halefisoa ke sena, ’me ea ntša pistolo ea eona ea qetella polao eo.
Se ka Etsang Hore Bophelo bo be le Morero e le Kannete
Maemo ana ’ohle a ne a ama tumelo e matla ho Molimo. Ha sohle se lekiloe ’me se hlōlehile, ka linako tsohle eona e teng ho tlisa tlhōlo holim’a bolutu le ho etsa hore bophelo bo boele bo tlale morero. Bophelo ba batho ba bangata bo nkoang bo na le morero ka tsela ea lefatše ha e le hantle ha bo na morero. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ke hobane phello ea bona ke lefu, ba boela lerōleng, ba lebaloa ka ho felletseng, tsela ea bona ea bophelo ha e siee sesupo sa ho ama batho ka kakaretso. Ho joalokaha Moeklesia 9:5 e bolela: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe.” Kutloisiso efe kapa efe ea ho fana ka morero bophelong bo pheloang ntle le merero ea Jehova ke lefeela.
Talima maholimo a tletseng linaleli, utloa boholo ba sebaka sena se ka holimo, ’me ho ikutloa u se na le morero hoa nyamela. U utloisisa maikutlo a mopesaleme Davida ha a ne a ngola: “Ha ke boha leholimo la hao, mosebetsi oa menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li bopileng, ke re: Na motho ke’ng, ha u tla mo hopola? le mor’a motho ke’ng, ha u tla mo hlokomela?” Salomone mor’a Davida o ile a hana ho amohela mesebetsi ea motho, a re, “Tsohle ke lefeela,” ’me a phethela: “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—Pesaleme ea 8:3, 4; Moeklesia 12:8, 13.
Ka lebaka leo, qetellong ke joang motho ea jeoang ke bolutu, kapa e bile motho e mong feela, a ka fanang ka morero bophelong ba hae? Ka ho phela bophelo ba hae ka tšabo ea Molimo, a mamela melao ea Molimo. Ke teng feela a ka tšoanelehelang merero ea Molimo, ’Mōpi oa bokahohle bona bo boholo, ’me e be karolo ea tokisetso eo ea bomolimo ea ka ho sa feleng.
Haeba Molimo a E-na le Uena, ho Hang ha U Mong
Paki e ’ngoe ea Jehova e tšepahalang ea Afrika, ka mor’a ho mamella mahloriso a tšabehang le ho ikutloa e lahliloe, e ile ea re le haeba likamano tsa eona le batho li hlōlehile, e ne e ntse e se ’ngoe. O ile a qotsa Pesaleme ea 27:10: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” Jesu o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang. “Bonang, nako ea tla, le joale e se e tlile, eo le tla qhalana ka eona, e mong le e mong a ee ka tsela ea hae, le ntlohele ke ’notši; empa ha ke ’notši, hobane Ntate o na le ’na.”—Johanne 16:32.
Jesu o ne a sa tšabe ho ba mong. Hangata o ne a batla ho ba mong ka morero. Ha a ne a le mong, o ne a sa jeoe ke bolutu. O ne a etsa hore a amohele moea o phallang oa Molimo ’me o ne a ikutloa a le haufi le Eena ha a pota-potiloe ke pōpo ea Hae. Ka linako tse ling o ne a qoba ho ba le batho ba bang e le hore a ka ba le kopano le Molimo. O ile a ‘atamela Molimo; Molimo o ile a mo atamela.’ (Jakobo 4:8) Ntle le pelaelo e ne e le motsoalle ea haufi-ufi oa Molimo.
Motsoalle ea kang eo Mangolo a mo hlalosang ke oa bohlokoa. (Liproverbia 17:17; 18:24) Ka lebaka la tumelo ea Abrahama e felletseng ho Jehova Molimo le ho mo mamela a sa belaele, o ile “a bitsoa ‘motsoalle oa Jehova.’” (Jakobo 2:23, NW) Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Lōna le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona. Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etsoang ke morena oa hae; ke le bitsitse metsoalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tsee ke li utloileng ho Ntate.”—Johanne 15:14, 15.
Ha ba nang le tumelo ba e-na le metsoalle e kang Jehova Molimo le Kreste Jesu, ke joang ba ka hlōlehang ho hlōla ntoa khahlanong le ho jeoa ke bolutu?
Haeba ka mor’a ho bala makasine oona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine oona. (Bona leqephe 5.)
[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Thapelo le mesebetsi e meng li ka u thusa ho qoba ho jeoa ke bolutu
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Liphihlelo tsa Harold King le Lipaki tse ling tsa Jehova tse likete likampong tsa mahloriso li bontša hore tumelo ho Molimo e ka hlōla bolutu tlas’a maemo a mabe ka ho fetisisa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. National Archives photo