Ho Ela Temoso Hloko ho ka Pholosa Bophelo ba Hao
TEMOSO e ka ba letšoao la tsela le bolelang “Fokotsa lebelo,” “Hlokomela,” kapa “Lumella ba bang ho feta,” kapa mohlomong e ka ’na ea e-ba lebone le lesehla le phatsimang. E ka boela ea fumanoa lebokosong la moriana kapa chefu. Ho ela litemoso tse joalo hloko ha se litšitiso tse khōlō tsa bophelo, ho ka pholosa bophelo ba hao.
Maemong a mang ho ka bolela ho senyeha ha merero kapa ho lahleheloa ke matlotlo a bonahalang. Litemoso tsa sefefo le leholiotsoana li ka etsa hore batšoasi ba lihlapi ba khutlele lebopong kapa ba lule boema-kepeng ’me ba se sebetse letsatsing leo. Litemoso e ka ’na ea se be feela ho senyeha ha merero empa ho tlohela ntlo le matlotlo kapa ho ea lula matlung a nakoana. Ka linako tse ling litemoso tse joalo ha li eloe hloko, ho qetella ka tahlehelo e khōlō ea bophelo.
Ka mohlala, ka nako ea selemo selemong sa 1902, lintho li ne li tsoela pele hantle sehleke-hlekeng sa Caribbean sa Martinique. Joale litemoso tsa koluoa tsa qala ho bonahala ha Thaba ea Pelée, e atisang ho thuntša seretse, hoo e ka bang lik’hilomethara tse robeli ho tloha St. Pierre, motse-moholo oa sehleke-hleke, e qala ho ntša lipontšo tsa hore e ka thuntša. Qetellong, ea thuntša mosi, molora, le moea o nkhang hampe, batho ba qala ho tšoha. Maemo a mpefala, ’me ba ne ba lokela ho elelloa hore koluoa ea sebele e haufi.
Litemoso tse sa Eloang Hloko
Ka lebaka la kotulo ea tsoekere e neng e atamela, lihoai tsa St. Pierre tsa tiisetsa batho hore ha ho kotsi. Mapolotiki a neng a tšoarehile ka likhetho, a ne a sa batle hore baahi ba balehe, kahoo a bua ka ho tšoanang. Baetapele ba bolumeli ba ile ba tšoarisana le mapolotiki le lihoai ka ho bolella batho hore tsohle li lokile. Joale, ka la 8 Motšeanong, Thaba ea Pelée ea phatloha. Maru a matšo a chesang ka ho tšabehang a theohela St. Pierre, ha shoa batho ba ka bang 30 000.
Ho meloko e mengata Thaba ea St. Helens e mane Washington, U.S.A., e ne e le setšoantšo sa khotso le khutso. Sebaka seo se ne se tletse mefuta e mengata ea liphoofolo tse hlaha, ’me se ne se loketse ho ikotlolla le ho tšoasa lihlapi. Empa ka Tlhakubele 1980, matšoao a kotsi a bonahala ka litšisinyeho tsa lefatše le ho qhoma ho fokolang ha mosi. Mathoasong a Motšeanong matšoao ao a kotsi a eketseha. Bahlokomeli ba motse le ba ’muso ba qala ho phatlalatsa litemoso tsa kotsi ho ba lulang sebakeng sa thaba ena.
Empa, batho ba bangata ba hana ho tsoa sebakeng seo, ba bang ba ile ba hlokomoloha matšoao a ba lemosang hore ba se etele sebaka seo. Ka tšohanyetso, Sontaha hoseng la 18 Motšeanong, ha utloahala ho phatloha ho hoholo ho ileng ha khefola karolo e lekanang limithara tse 400 ea qhooa ea thaba ’me seretse se chesang sa nesetsa lefu holim’a limela le liphoofolo, le batho ba 60 ba hanneng ho ela litemoso tse fanoeng hloko.
Ho fapana le moo, ka Pulungoana 1986, Thaba ea Mihara e sehleke-hlekeng sa Izu-Oshima, Japane, ea phatloha ka tšohanyetso, ea bea sehleke-hleke sohle hammoho le baahi ba sona ba likete tse leshome le baeti kotsing. Ha tsebiso, “Tsoang Motseng Hona Joale!” e utloahala, ba ile ba mamela tlhokomeliso. Lihlooho tse latelang tse tlalehoang ke mongolli oa Tsoha! Japane li pheta pale.