Temoso e sa Kang ea Eloa Hloko
KA LA 18, Motšeanong, 1980, Thaba ea St. Helens e United States ea senya khutso ea lilemo tse 123. Ho betseha ho matla hoa seretse se chesang ka nako eo hoa phatloha limithara tse 400 tlhorong ea eona, hoa senya sebaka sa lik’hilomithara tse lekanang kahohle tse 600 tsa naha e khabileng ka botle ’me hoa bolaea batho ba fetang 60.
Ho betseha hoa seretse ha ho’a ka hoa tsometsa. Hoo e ka bang likhoeli tse peli pele, tšisinyeho e khōlōanyane ea lefatše e ile ea etsahala sebakeng seo ’me ea lateloa ke litšisinyeho tse ntseng li eketsa matla. Ka la 27 Tlhakubele, thaba ea foqoha mosi le mouoane tse ileng tsa phahamela holimo ka lik’hilomethara tse 6,4. Le hoja ka ’Mesa thaba e ne e batla e khutsitse, ea bonahala ho kokomoha ka lehlakoreng le ka leboea ’me hoa ’na hoa hōla ka tekanyo ea mithara le halofo ka letsatsi.
Ho bo-ramahlale matšoao ana ka ho hlakileng a ne a bontša hore e tla tloha e phatloha. Batho ba lemosoa hore ba suthele hōle le thaba. Empa ba bangata ba hlokomoloha litemoso.
Harry Truman, mong’a ntlo ea marobalo oa Spirit Lake haufi le mosiko oa thaba, a hana ho phahloa. O ne a phetse moo ka lilemo tse 50 ’me a sa kholoe hore thaba ea habo e ratehang e ka fetola khutso ea tikoloho ea habo. Ba bang ba pota kathōko ho litsela tse koetsoeng tsa moo ho rengoang lifate ka thōko-thōko e le hore ba ka hloma litente ’me ba boha meru e khutsisitseng bohata.
Eare ha ho phatloha ka matla, molora le meea e chefu tsa ipetsa ho tloha thabeng ka lebelo la lik’hilomithara tse 320 ka hora! Lifate tsa liphaena tse limillione tsa batalla, ’me batho bana ba sa eleng hloko ba e-shoa. Ba bang ba shoa lik’hamera li le mahlong. Seretse sa bophahamo ba limithara tse 12 sa epela Harry Truman le ntlo ea hae ea marobalo.
Seretse se ne se phalla ho tloha thabeng ka lebelo la lik’hilomithara tse 80 ka hora. Eare ha moqhobi e mong oa sefofane sa seroala-nkhoana a lemosa batho ba tseleng ea seretse, ba bang ba hlokomoloha mantsoe a hae. O itse: “Ke ne ke sa kholoe. Ka ba bolella hore na ho tla eng ’me ba tšeha feela le ho ntataetsa.” Nakoana kamorao ho moo litšeho tsa bona tsa fetoha ho tlakasela.
Ho se kholoe litemoso tse tšepahalang ho tloaelehile, haholo haeba li amana le ntho eo batho ba e-song ho fete ho eona. Ba nahana hore ha ho letho le tla fetoha hobane maemo a potolohileng a itšoanela le a mehleng ea bo-ntat’a bona moholo. Boikutlo bo joalo bo tla ipaka bo le kotsi haeba bo etsa hore motho a hlokomolohe temoso ea boholo-holo ea koluoa e tlang e tla ba khōlō ho feta ho phatloha hoa Thaba ea St. Helens. Koluoa eo ke efe? Hona boikutlo ba hao ke bofe ka temoso eo? Na u tla e qhela feela ka ho se e kholoe, kapa na u utloisisa ho e ela hloko ’me u phele? Bona hore na ke efe sehloohong se latelang.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
H. Armstrong Roberts