Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 7/8 maq. 12-15
  • Leeto la Mopapa Australia—Na ke Leeto la Bohahlauli Feela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leeto la Mopapa Australia—Na ke Leeto la Bohahlauli Feela?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Talima, Mamela ’me u Ahlole’
  • “Ba Itlhakola Matsoho Sefahlehong sa Mopapa”
  • Ke Mang ea Lefeletseng Leeto?
  • Bonngoe—Tumellanong le Mang?
  • “Mohlomong O Hloka Mongoli e Mocha oa Puo”
  • “Kereke e le Amohela ka Matsoho a Mabeli”
  • Molaetsa ho Batho ba Australia
  • Ketelo ea mopapa ho Machaba a Kopaneng—e Finyelletse Eng?
    Tsoha!—1996
Tsoha!—1987
g87 7/8 maq. 12-15

Leeto la Mopapa Australia—Na ke Leeto la Bohahlauli Feela?

Ka mongolli oa “Tsoha!” Australia

KA MANTAHA, la 21 Pulungoana, 1986, Sefofane sa New Zealand, Boeing 767, sa lula Canberra, motse-moholo oa Australia. Se ne se palamisitse Mopapa John Paul II, a etela kontinente ena e nyenyane ho tsohle, e le karolo ea leeto la hae le lelelehali mose ho maoatle.

Ba mo khahlanyelitseng ebile molaoli-kakaretso le tona-khōlō ea Australia, hammoho le basali ba bona le bahlomphehi ba bangata ba Kereke ea Roma e K’hatholike, hobane ketelo eo e ne e se ea moeta-pele oa bolumeli feela, empa hape le hlooho ea naha.

Hoba kamohelo ea molao e phethoe, John Paul a tobisa mantsoe a hae a kamohelo ho baahi ba Australia e seng ho Mak’hatholike a Roma feela. A qala: “Ho batho ba Australia kaofela, batho ba lereko le ba tšepahalang, ke tlile joaloka motsoalle. . . . Ke akaretsa naha eohle: bana le batho ba baholo, ba fokolang le ba matla, ba lumelang le bao lipelo tsa bona li sithabelitsoeng ke lipelaelo.”

Haeba “ba lumelang” e le Mak’hatholike a Roma, palo ea bona ke limillione tse 4—karolo ea 25 lekholong ea baahi. Le hoja e le khale sechaba sa Australia se nkuoa se sa thahaselle bolumeli, karolelano ea batho bao e leng Mak’hatholike naheng ena e phahame. Karolo ea 35 ho ea ho 38 lekholong ea Mak’hatholike a Australia a tla ’Miseng kamehla.

Ho sa tsotellehe sena, Kereke e K’hatholike Australia e na le mathata a eona. Ka bo-1950 kereke e ile ea aroloa litsekana ke likhohlano tsa mosebetsi tse qeteletseng ka liqhoebeshano. Hape, lenane la ba bang teng ’Miseng le theohile, litulo tsa baprista lia fokotseha. Ho phaella moo, Mak’hatholike a mangata a hlokomoloha lithuto tsa kereke mabapi le tšebeliso ea lithibela-pelehi, ho ntša mpa, le tlhalo.

‘Talima, Mamela ’me u Ahlole’

Sehlooho se neng se khethetsoe leeto la mopapa e bile “Kreste, tsela, ’nete le bophelo.” Sena ebile sehlooho se setle, se nang le motheo oa Mangolo ’me ba bangata ba ile ba lebella lipuong tsa mopapa bakeng sa keletso le ’nete mathateng a kajeno a tobaneng le Mak’hatholike le baahi ba Australia ka kakaretso. Ba bang ba ne ba lebelletse hore o tla nyatsa liteko tsa nuclear Pacific—bothata bo talimaneng le Australia. Ba bang ka cheseho ba ne ba lebeletse ho utloa ha a tšehetsa litokelo tsa Batala ba Australia kapa ho bua ka likhohlano tsa mosebetsi kapa mohlomong ka litokelo tsa basali.

Mohlophisi oa leeto, Moruti e Moholo oa Australia, Brian Walsh, eo ebileng moprista ka lilemo tse 30, a lebella ka tšepo hore lintho tsa bohlokoa li tla akareletsoa Iipuong tse ling tsa Mopapa. Kahoo, a khothatsa bohle esita le ba belaelang boteng ba Molimo “ho talima, ho mamela le ho ahlola.”

“Ba Itlhakola Matsoho Sefahlehong sa Mopapa”

Mopapa John Paul o bile maetong a mose ho maoatle a fetang 30 pele a etela Australia, ’me linaheng tse fetang tse 60 tseo a li etetseng o bone litšoantšo tse ngata tsa lintho tse etselitsoeng ho keteka ketelo ea hae, le ho ruisa batšehetsi ba ketelo. Australia ha ea ba mokhelo. Kereke e lekile ho laola lithekiso tsa lintho e tšepa hore “ha ho letho le lebe le [tla] bonahala.” Empa kamehla ena e bile taba e thata. Ka mohlala, moitlami ea tsebisahalang oa Mok’hatholike o ile a tletleba ka lithaole tsa lijana tse tšoantšitsoeng batho “ba itlhakola matsoho sefahlehong sa mopapa.” O itse: “A ke le nahane ho fanoa ka Thuto ea Thabeng, ho tletse matšoele a rekisang litšoantšo le lintho tsa boikhopotso, barekisi ba mahobe a kentsoeng nama, batšoantši ba TV le matloana a jaruoang.”

Leha ho le joalo, ha se bongata ba litšoantšo, likhaba, lihempe le limemo tse entseng hore ho buuoe litlhaloso tse ngata. Ebile tšehetso ea ketelo ka kakaretso. Motšehetsi e mong e ne e le feme ea likane tsa biri tse tšoantšitsoeng katiba ea mopapa. Kaha baahi ba Australia ke banoi ba baholo ba biri, likane tseo tsa biri tsa tlisa phaello e khōlō. Hoo ha baka khohlano le nyatso.

Motšehetsi e mong e ne e le mokhatlo oa merafo oa Australia o tsebahalang ka ho hanyetsa litokelo tsa Batala tsa naha, tseko eo ho tsebahalang hantle hore mopapa oa e tšehetsa. Kahoo, ho ne ho sa makatse ha tšehetso ena e ile ea talingoa e sa tloaeleha. Ba bang ba ne ba ipelaetsa ka hore tšehetso ea ketelo ea mopapa e ne e sa hlokahale. Moitlami e mong o ile a hlahisa khanyetso ea hae ka hore: “Ha e-ba Jesu a ne a ka tla, ho ne ho se le a mong ea neng a tla mo tšehetsa. Mohlomong o ne a tla nyatsa khopolo ea ho tšehetsoa ke lifeme.”

Ke Mang ea Lefeletseng Leeto?

Le hoja limemo tse ngata li tsoa Kerekeng e K’hatholike, ho bonahala mopapa a etela feela linaha tseo memo e tsoang ho ’muso kapa hlooho ea naha. Ka hona, leeto la mopapa Australia le ne le lefeletsoe ke ’muso oa naha o kopaneng.

Ba bang bao e seng Mak’hatholike ba ikutloile ba tlatlapuoa chelete ea bona ha ba kopuoa ho kenya letsoho litšenyehelong tsa leeto kahobane ba lumela hore ketelo ea morao tjena ea Mobishopo e Moholo oa Canterbury e ile ea iphoufaletsoa. Hape ba bang ba ile ba belaela ka hore litšenyehelo tsa leeto li ne li ka ba kaholimo ka makhetlo a 12 ho tse sebelisitsoeng pelenyana leetong la Mofumahali Elizabeth oa II.

Bonngoe—Tumellanong le Mang?

Leha ho le joalo, boitekong ba ho tlisa moea oa bonngoe ba tumelo, mopapa a buisana le sehlopha sa baemeli ba 14 ba malumeli a mang Melbourne leetong la hae ’me a tšoara tšebeletso e kopaneng ea bolumeli moo, a phehella bohle ho behela thoko liphapang tsa bona esita le ho rapella khotso. A etela Kereke ea Chache ea St. Paul, Melbourne, ’me a rapella khotso, a ba a khantša kerese e supang tšepo ea poelano ea likereke tsa Bokreste.

Ka kakaretso, Maprotestanta a Australia a ne a itšoere hantle nakong ea ketelo ea mopapa naheng eo. Empa mekha e meng ea bolumeli, joaloka Machache, Mapresbetheri, le Mabaptiste, ea bontša ka ho hlakileng hore ha e amohele mopapa e le hlooho ea Bakreste bohle kapa hore moapostola Petrose e ne e le mobishopo oa Roma. Ea hatella hore taba e joalo ha e na tšehetso ea Mangolo kapa ea histori ea kereke. Ka lehlakoreng le leng, Uniting Church, e nang le balateli ba bangata Australia, ea amohela ketelo, ea bolela hore batho ba bangata ba kereke ea bona ba utloisisa hore mopapa ke oa bona.

“Mohlomong O Hloka Mongoli e Mocha oa Puo”

Ho ka etsahala hore lipuo tsohle tsa mopapa li ngotsoe Australia ’me tsa romeloa Roma moo mopapa ka boeena a Ii ngotseng ka Sepolishe, a eketsa ka seo mohlomong a fumaneng se hlokahala. E mong a li fetolela Senyesemaneng hape, ’me mobishopo oa Australia a li hlahloba. Joale mopapa a pheta lipuo tseo ka pel’a setsebi se hloahloa sa mesebetsi ea bopapa se tsoang Ireland.

Bangolli ba nang le phihlelo ba Vatican ba ile ba mamela ka makhetlo lipuo tse lokiselitsoeng tsa mopapa. Leha ho le joalo, puo eo ka bosoasi e bitsoang ea bopapa ke e thata, esita le ho baqolotsi ba litaba ba nang le phihlelo. ’Muelli e mong oa litaba oa Itali o re lithuto tsa mopapa hangata li ne li sa hlaka ebile li le lolololo. Moqolotsi oa litaba oa Australia a hlalosa hore o soabisitsoe ke lithuto tsa mopapa tse tepeletsang, tse totobatsang linnete tse sa hlokahaleng. Moqolotsi e mong, ha a ngola makasineng oa Sunday Telegraph, o itse: “Lipuo tsa hae li tloaelehile haholo, hangata li totobatsa lintho haholo, ’me ka linako tse ling li ne li sa hlake. . . . Mohlomong o hloka mongoli e mocha oa puo . . . Haeba lipuo tsa hae li ferekanya bangolli ba nang le phihlelo, e lokela e be li ferekanya motho feela ea batlang ho khantšetsoa.”

“Kereke e le Amohela ka Matsoho a Mabeli”

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe pherekano e boleloang ke bangoli ba bang, kereke ea tšepa hore lipuo tseo li ke ke tsa ferekanya motho feela oa batho ea batlang ho khantšetsoa. Sechaba se khothalelitsoe ‘ho tla, ho talima, le ho mamela,’ ’me se ile sa khorolehela moo ka likete tsa sona. Lenane le leholohali sebakeng se le seng le ne le lekanyetsoa ho kotara ea millione Lebaleng la Randwick la Lipere, Sydney. Polelong ea hae, John Paul a hla a tobisa boholo ba taba ea hae ho Mak’hatholike a khelohileng. Ka matsoho a bulehileng, a re: “Ho bohle ba khelohileng ntlo ea bona ea moea ke re, Khutlang! Kereke e le amohela ka matsoho a mabeli, Kereke e-ea le rata.”

Ebile leeto le boima bakeng sa motho ea lilemo tse 66. Ka kakaretso, mopapa o tsamaile lik’hilomithara tse 11 000 ka beke feela ’me a fana ka puo libokeng tse fapaneng tse 50, ho kopanyeletsa le moketeng oa ’Misa metseng e meholo ea naha, esita le Darwin le Alice Springs. Ho ba bangata ba tšepahalang, ebile phihlelo e amang maikutlo. Monna e mong ea tsoang Bophirima ho Australia o boletse se latelang: “Ha Mopapa a fihla [Perth] ho ne ho tšoana le ha Kreste a kena Jerusalema.” E mong Melbourne o hlalositse ka ho ba teng ha mopapa: “Mokhoa oa hae oa ho bua o tšoana le oa linohe tsa Maindia.” Ba bangata ba ile ba lla phatlalatsa.

Ka kakaretso bahlophisi ba leeto ba ne ba khotsofetse ka lenane la ba fihlang libokeng. Ba bangata ba bileng teng ba ile ba hlasimolloa ke sehlopha sa liletsa tsa ’mino oa rock ka likarolo tsa oona tse 14, lihlopha tsa libini tse koetlisitsoeng hantle, ho lla ha sethunya ka makhetlo a 21 bakeng sa kamohelo, litumeliso tsa bopapa, mekoloko ea hlompho le lifolaga. Ho ne ho boetse ho e-na le lisoasi, tseo ho boleloang hore li ne li hlophiselitsoe “ho tšehisa batho.”

Moprista oa K’hatholike, eo hape e leng moqolotsi oa litaba oa Sunday Telegraph ea Sydney, o ngotse: “Ena ke eona tsela eo Mopapa ka leeto la bolumeli a ikopanyang le batho ba Australia: bao e seng Mak’hatholike le bao e leng Mak’hatholike ka lipontšo tsa tseleng tse nkileng liranta tse limillione tse ngata.” “Mopapa o tlile e le moeti oa bolumeli har’a lipontšo tsohle tse majaba-jaba.” Mongoli oa Sydney Morning Herald o buile ka se bonahalang e le mokhoa oa “pontšo.” “Leeto la Mopapa la bolumeli le na le papali. Pontšo ea papali eo ho bonahala e le molaetsa. . . . Potso e tšoenyang maikutlo ke ena: molaetsa oa pontšo eo o tla susumetsa batho halelele hakae?”

Molaetsa ho Batho ba Australia

Ho likete-kete tse tlileng ho mamela, ke molaetsa ofe o neng o fuperoe ke lipuo (tse lokiselitsoeng Australia)?

Ho ba Qhoalileng: Lerato la Kreste le ka fetola mefokolo ea ’mele ho ba ntho e ’ngoe e molemo le e ntle ’me le ka etsa motho e be ea molemo bakeng sa morero oo a o bōpetsoeng.

Ho Hloka Mosebetsi: Ho hlokahala hore tsamaiso ea batho e hlokomele hore batho ba bohlokoa ho feta lintho. Kamehla batho ba lokela ho hopola hore mosebetsi o molemo ho feta phaello kapa mechine.

Ho Batlalehi ba Litaba: Ba lokela ho hlokomela boikarabelo boo ba nang le bona hore ba se tlalehe feela ka bobe, empa ba kenye letsoho ho bo felisa, phephetso ha se feela ho tlaleha liketso tse ntle, empa ho li khothalletsa.

Ho Batala: Se entsoeng se ke ke sa hlola se etsolloa. Bolulo ba mahae ba Batala bo teng ho fihlela kajeno ’me bo lokela ho lokisoa hantle, empa mosebetsi oo ha o e-s’o finyelloe.

John Paul o boetse a buella bohlokoa ba khotso joalokaha 1986 Selemo sa Machaba sa Khotso se le haufi le ho fèla. Ha a bua le letšoele le fetang 30 000 leo boholo e neng e le bacha Moketeng oa Bacha Sydney, mopapa o itse: “Haeba le batla khotso, sebeletsang toka, . . . sireletsang bophelo, . . . tsebahatsang ’nete, . . . tšoarang ba bang ka tsela eo le neng le tla thabela ha ba ka le tšoara ka eona.”

Puong ea hae ea tumeliso, a phehella baahi ba Australia ho hopola seo ba leng sona le hore ba lebile kae, a ba bolella hore joaloka sechaba, ba bilelitsoe lintho tse khōlō. Ha lipina “Molimo, Hlohonolofatsa Australia” le “Tsela e Lebisang Gundagai” li utloahala hasesaane, John Paul II a hloa methati ea sefofane se sesoeu se phatsimang sa Qantas se neng se khutlela Roma empa se feta le Lihlekehlekeng tsa Seychelles.

Na ho Bile le Liphello tsa Nako e Telele?

Liphello tsa leeto la mopapa ebile life? Courier Mail ea Brisbane e fihletse qeto ena e sisinya mohopolo: “Ebile leeto le nang le likarolo tse khothatsang le tse tloaelehileng, tse makatsang le tse soabisang. . . . Kereke ea K’hatholike Australia e lokela ho nahana ka botebo. Haeba Mopapa John Paul II, monna ea nang le matla a boetapele a hlōleha ho qekisa Mak’hatholike ho khutlela kerekeng, ho bonahala ho se letho le khethehileng le ka fanoang ke babishopo ba moo le ka atlehang.”

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 13]

“Haeba Jesu a ne a ka tla, ha ho lea mong ea neng a tla Mo tšehetsa”

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 14]

“Mopapa o tlile joaloka moeti oa bolumeli har’a lipontšo tse majaba-jaba”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Banna ba Batala ba kolokile ho aka letsoho la Mopapa John Paul II

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Reuters/Bettmann Newsphotos

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela