“Ke Joang Nka Mamellang Bohloko ba ho Shoeloa?”
KETSAHALO e bohloko e ile ea hlahela Bob le Diane Krych lilemo tse 18 tse fetileng. Mora oa bona ea lilemo li tšeletseng, David o ne a khathatsoa ke lefu la pelo. Diane o pheta se etsahetseng:
“Ngaka e ile ea re eletsa hore ngoana o lokela ho hlahlojoa pele selemo se fela, ’me ra lumela. David o ne a tletse bophelo, a le mafolo-folo haholo. Ke hopola hore e ne e le ka la 25 Pherekhong, ha David a ne a khathalitse khaitseli ea hae, a hlekemantse kamore ea hae. Ha a kōpa hore a ka ea ho ea bapala ka ntle, ka mo lumella.
“Nakoana hamorao ka utloa ambulanse, ’me moahelani a tla a matha ho theosa le tsela, a hoeletsa, ‘Diane, ke David, potlaka!’ Ka tsoela ka ntle, ’me ka ’mona a robalitsoe holim’a koloi e mo thutseng. Ka hatsela. Ka ikutloa eka ke holofetse. Ba mo nka ka ambulanse. Empa ho ne ho se thuso. Pelonyana ea hae e ne e se matla ’me e le maobane.”
Tsoha!: “Lefu leo le bohloko le ile la u ama joang?”
Diane: “Ke ile ka itšoara ka litsela tse ngata—ka shoa bohatsu, ka se lumele, ka ikutloa ke le molato, ’me ka halefela monna oa ka le ngaka ka ho se hlokomele boemo bo kotsi boo a neng a le ho bona. Maikutlo a ka a ne a ferekane haholo ka David letsatsing leo. Ke ne ke na le baeti le lesea le libeke tse leshome leo ke neng ke lokela ho le hlokomela. E ne e le mosebetsi o mongata. ’Me ntho e latelang eo ke ileng ka e utloa ke hore ba isitse David oa ka sepetlele.
“Ke ne ke sa kholoe hore o shoele. Ke ne ke sa amohele mantsoe ‘o shoele’ le ‘lefu.’ Ke ne ke re, o ne a nkile leeto. ‘O’a phela khopolong ea Molimo ’me o tla khutla.’ Kamor’a libeke tse supileng a shoele, ka qala ho mo ngolla mangolo. Ke ngotse mangolo ao ka lilemo li 13!”
Bohloko ba ho Shoeloa bo Tšoarella Nako e Kae?
Mokhoa oa Diane oa ho utloa bohloko ka nako e telele o tšehetsa seo Ngaka Arthur Freese e se hlalosang bukeng ea hae Help for Your Grief: “Litsebi tse ngata li nahana hore ho shoeloa ke ngoana ho hlahisa tahleho e sa feleng ho batsoali, haholo-holo ho ’mè.”
“Bohloko, bo khutla selemo le selemo,” ho boletse moqapi oa lithothokiso Shelley. Lintho tse u hopotsang moratuoa oa hao ea shoeleng li nchafatsa bohloko. Batho ba limillione kajeno ba ka tiisa hoo ’me ba botsa, ‘Nka mamella joang bohloko?’ Leha ho le joalo, ho utloa bohloko ke mohato o folisang, leha mohlomong u ke ke ua fola ka ho feletseng. Bohloko bo tebileng boa fela, leha boikutlo ba ho lahleheloa bo sala.
Boikutlo bona bo tiisoa ke Harold le Marjorie Bird ba Brithani ba shoetsoeng ke mora oa bona ea lilemo li 19, Stephen, ha a ne a khangoa ke metsi lilemo tse leshome tse fetileng. Ho mpefatsa litaba, e ne e le ngoana ea mong feela oa bona, ’me setopo sa hae ha se a ka sa tholoa. Harold o hlalosa bohloko ba bona tjena: “Ho thoe nako ea folisa, empa ha e le hantle e thotofatsa mehopolo ea moratuoa. Ho fola ha ’nete ho tla ba teng ha re kopana le eena hape tsohong ea bafu.”
Thuto e ’ngoe ea mahlale e hlalositse bohloko ba lefu ka tsela e latelang: “Motho ea shoetsoeng a ka fetoha haholo le ka potlako ho tloha boikutlong bo bong ho ea ho bo bong, a ka qoba lintho tsohle tse mo hopotsang mofu kapa a ka lula a ikhopotsa mofu. Ka tloaelo batho ba tloha butle-butle boemong ba ho se lumele lefu la moratuoa ’me ba qetella ba amohetse hore ka ’nete motho eo o shoele.”
Ngaka Freese o re hlahisa leseling ka taba ena e bohloko ea ho shoeloa. “Kamehla motho o lokela ho ba le boikutlo ba tšepo—a hlokomele hore batho ba bangata ba utloa bohloko ha ba shoeloa . . . ba ee ba atlehe ho fetela ka nģane ho bohloko ba bona, ba fole le ho khutlela bophelong bo botle boo ba bileng ho bona pele ba utloa bohloko ba ho shoeloa.”
Ha e le hantle, maemong a mangata motho a ka tsoa bohlokong boo a le matla le ho feta. Hobane’ng ho le joalo? Hobane phihlelo ea ho utloa bohloko e mo rutile ho ipea boemong ba batho ba bang—ba utloisisa ha molemo bohloko ba bona. ’Me erekaha ho ipea boemong ba e mong ho feta ho mo utloela bohloko feela, motho ea fetileng bohlokong e ka ba motho ea molemo, moeletsi, motšelisi oa ba bang ba utloileng bohloko ka baka la ho lahleheloa ke eo ba mo ratang. Ka mohlala, Bob, eo mora oa hae David a shoeleng ka lebaka la lefu la pelo, o itse: “Re fumane hore ho thusa ba bang ho mamella bohloko ba bona ho re thusitse le rōna.”
Hobane’ng Boikutlo bo Molato, Bohale, le ho Bea e Mong Molato?
Litsebi tsa bohloko bo tlisoang ke lefu la moratuoa li lumela hore boikutlo ba molato, ho halefa, le ho bea ba bang molato boo hangata bo tsamaisanang le ho lahleheloa bo tloaelehile. Ba phelang ba leka ho fumana mabaka ’me hangata ha ho na a utloahalang. ‘Ke hobane’ng ha bohloko bona bo lokela ho nketsahalla? Ke entse eng hore bo ntlhahele? Haeba feela ke ile ka . . . ’ Ke boitšoaro ba ba bang. Ba bang ba fetohela Molimo, ‘Ke joang Molimo o lumelletseng sena hore se etsahale? Ke hobane’ng ha Molimo o ka ntlhahisetsa see?’
Mona re hopola karabelo ea Bibele, “Hobane nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle.” Likotsi li ka etsahala hohle, ka nako e ’ngoe le e ’ngoe, ’me lefu ha le khethe. Ruri Molimo o lerato o ke ke oa utloisa leha e le mang bohloko ka ho mo nkela ngoana.—Moeklesia 9:11, NW; 1 Johanne 4:8.
Agustín le Valentina, bao ho buuoeng ka bona sehloohong sa pele ba ne ba ntse ba itšela ka likhapa ha ba ne ba buisana le Tsoha! ka lefu la Jonathan. Na ba ile ba beana molato? Valentina o arabetse: “Ke ne ke sa lumele le ka mohla hore a ee Long Island ka koloi ea motho e mong. Ke lokela ho tšepahala. Ke ne ke bea Agustín molato. Joale ke hlokomela hore e ne e le boitšoaro bo se nang kelello, empa ka nako eo ke ne ke lula ke nahana, ‘Haeba feela Ntat’a moshemane a sa ka a mo lumella ho tsamaea, a ka be a ntse a phela.’ Ke ne ke lula ke ’mea molato. Ke lokela ho bua taba ena hobane ha ke ntse ke e bolokile ka sefubeng e nkutloisa bohloko.”
Bohale ba Diane Krych ka lefu le sa lebelloang la David bo ile ba ipontša ka hore a hloee liphoofolo. O boleletse Tsoha!: “Ha feela ke bona ntja kapa katse seterateng, ke ne ke re, ‘Phoofolo ena e na le pelo e otlang hantle. Ke hobane’ng ha mora oa ka a ne a se na pelo e matla? Hobane’ng ha phoofolo e lokela ho tlola-tlola mona empa David oa ka a shoele?’”
Litsebi li re tiisetsa hore boitšoaro bona kaofela, leha hangata bo se na kelello ke ba tlhaho. Ho ipotsa lipotso ke tsela ea ho thea mabaka a utloahalang, karolo ea ho boelanya lintho hore li lumellane le se etsahetseng. Qetellong pono e tsitsitseng e’a finyelloa, ’me taba e qetella e utloahala. Joalokaha Ngaka Freese e bolela: “Teko ea bohloko bo nepahetseng ba ho shoeloa—ea ho jara ka katleho mathata a ho lla le masoabi, ea ho amohela lefu le ho shebana ka tieo le maikutlo ’ohle a tsamaeang le bona—ke hore qetellong ea saretsoeng a tsebe ho mamella linako tseo tse mpe ka ho utloa bohloko bo fetang kapa bo fokolang, kapa menahano e fokolang ea bohloko boo.”
Sena se lebisa ho khutleleng ha lintho malulong. Ngaka Freese o tsoela pele: “Sepheo ke ho hopola linako tse monate tse fetileng le menahano e thabisang, tsebo ea ho bua ka mofu ka botšepehi le lerato, hore qetellong li nke sebaka sa bohloko le ho tepella maikutlong.” Nakong ena, mehopolo e hōlisa lerato ho feta bohloko ba ho shoeloa.
Ho Talimana le ho Hlaha ha Ngoana ea Khathetseng
Leha mosali ea bitsoang Monna a ne a ntse a e-na le bana ba bang, o ne a talimile pele ka lerato ho beleha ngoana oa hae ea latelang. Le pele a hlaha, e ne e le “ngoana eo ke bapalang le eena, ke buang le eena, ke lorang ka eena.”
Kopano pakeng tsa ’mè le ngoana ea e-song ho hlahe e ne e le matla. O tsoela pele: “Rachel Anne ke ngoana ea neng a raha libuka ha li le mpeng ea ka, a ntsosa le bosiu. Ke sa ntse ke hopola ha a ne a qala ho raha ka tsela e bonolo joaloka motho ea batlang ho ntlhokomelisa ho itseng. Ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ha a ne a sisinyeha, ke ne ke tlala ka lerato le joalo. Ke ne ke mo tseba hantle hoo ke neng ke tseba leha a le bohloko, a kula.”
Mosali enoa ea bitsoang Monna o tsoela pele ka tlaleho ea hae: “Ngaka e ne e sa nkhole, ho fihlela ho se ho se thuso. E ile ea mpolella hore ke se khathatsehe. Ke lumela hore ke utloile ha a shoa. O ile a fetoha ka matla ka tšohanyetso. Ka letsatsi le latelang o ne a shoele.”
Phihlelo ea Monna hase ketsahalo e ikhethang. Ho ea ka bangoli ba libuka Friedman le Gradstein, bukeng ea bona Surviving Pregnancy Loss, ka selemo basali ba ka bang limillione United States feela baa senyeheloa. Batho hangata ba sitoa ho hlokomela hore ho senyeheloa kapa ho beleha ngoana ea khathetseng ke ketsahalo e bohloko ho mosali, ’me o utloa bohloko—mohlomong o tla bo utloa bophelo ba hae kaofela. Ka mohlala, Veronica, oa Motse oa New York, eo hona joale a leng lilemong tsa hae tsa bo50, o hopola ho senyeheloa ha hae ’me haholo-holo o hopola lesea le neng le ntse le phela ho fihla khoeling ea borobong ’me la hlaha le na le boima ba lik’hilogramo tse 6. O ile a le jara ka libeke tse peli tse qetellang le khathetse. Joalokaha a boletse: “Ho beleha ngoana ea khathetseng ke ntho e bohloko haholo ho ’mè.”
Bohloko ba bo-mè bana ha se kamehla bo utloisisoang, ekasita le ke basali ba bang. Seithuti sa kelello se ileng sa beleha lesea le khathetseng se ngotse: “Seo ke ithutileng sona ka tsela e bohloko haholo ke hore pele sena se nketsahalla, ke ne ke se na khopolo ea seo metsoalle ea ka e lokelang ho se mamella. Ke ne ke sa e khathalle ’me joale ke bona eka ke seo batho ba nketsang sona.”
Bothata bo bong hape ba ’mè ea utloileng bohloko ke ho nahana hore monna oa hae ha a utloe bohloko bo tšoanang le ba hae. Mosali e mong o hlalositse ka mantsoe ana: “Ka nako eo monna oa ka o ile a mphoqa haholo. Kamoo a neng a nahana kateng, ka hore ke ne ke sa ima. O ne a sa tsebe bohloko boo ke neng ke bo utloa. O ne a nkutlela bohloko ha ke tšohile empa e seng ha ke utloile bohloko.”
Mohlomong boitšoaro bona ke ba monna ba tlhaho—ha a ikutloe ’meleng joaloka mosali oa hae. Leha ho le joalo, o utloa bohloko ba ho lahleheloa. ’Me ke ha bohlokoa haholo ha monna le mosali ba hlokomela hore ba utloa bohloko ka bobeli, leha e le ka litsela tse fapaneng. Ba lokela ho kopanela bohlokong ba bona. Haeba monna a bo pata, mosali oa hae o tla nahana hore ha a mo tsotelle. (Bona leqephe 12.) Kahoo, kopanelang meokhong, menahanong, le ho tšoaraneng ka lerato. Bontšang hore le hlokana ho feta leha e le neng pele.
Sephiri sa Bohloko ba Lefu la Tšohanyetso
Bo-’mè ba limillione ba phela ka lekunutu, tšabo ea letsatsi le leng le le leng. Joalokaha ’mè e mong a bontšitse: “Ke rapela kamehla hore hoseng ke fumane lesea la ka le ntse le phela.” Seo ba se tšabang
ke Lefu la Tšohanyetso la Masea (SIDS). Ngaka Marie Valdes-Dapena, moprofesara oa maloetse Univesithing ea Miami, Florida, o bolela hore masea a 6 000 ho ea ho a 7 000 a shoa selemo le selemo kapele kamor’a ho belehoa United States feela. O’a phaella: “Ha ho pelaelo hore bona ke bothata ba sebele bophelong bo botle ba sechaba.”
Lefu la tšohanyetso le tsometsa masea bosiu, hangata pakeng tsa likhoeli tse peli le tse ’nè a hlahile. Le kajeno thuto ea mahlale ha e-s’o fane ka tlhaloso e khotsofatsang, esita le litlhahlobo tse etsoang kamor’a lefu li hlōleha ho fana ka lebaka la lefu la tšohanyetso. E sa le sephiri.a
Lefu la tšohanyetso hangata le tsoala boikutlo bo matla ba ho ikutloa molato. Ka hona, ke’ng se tla thusa batsoali tabeng ea lefu la tšohanyetso la lesea le sa tsoa belehoa? Pele ho tsohle, ba tlameha ho hlokomela hore ba ne ba ke ke ba qoba ketsahalo eo e bohloko. Lefu lena lea tšohanyetsa ’me hase kamehla le ka qojoang. Ka lebaka leo, ha ho lebaka la ho ba le maikutlo leha e le afe a molato. Sa bobeli, ho tšehetsana ha batsoali, ho tšepana, le ho utloisisana ho tla ba thusa ka bobeli ho feta bohlokong bona. Buisanang le ba bang ka lesea la lōna. Kopanelang maikutlong a lōna.
Batho ha Hōlileng le Bona ba Utloa Bohloko
Batho ba hōlileng ba utloa bohloko le bona, ka tsela e khethehileng. Joalokaha ntate e mong ea saretsoeng a hlalositse: “Ha ba utloe bohloko ka hobane feela ba hlokahaletsoe ke setloholo sa bona, empa hape ka baka la bohloko bo utluoang ke ngoana oa bona.”
Leha ho le joalo, ho na le litsela tsa ho bebofatsa boikutlo ba ho lahleheloa bo tlelang batho ba hōlileng. Pele, ba nahanele. Setloholo sa bona e ne e le lehlomela la bona. Ka lebaka leo, boikutlo ba batho ba hōlileng bo lokela ho amoheloa. E, sena hase bolele hore ba lokela ho iketsetsa lintho ka ntle ho tumello ea batsoali. Empa haeba ba batla ho kopanyeletsoa, e leng seo ba se etsang kamehla, ba lokela ho lumelloa.
Tlhalosong ena e khutšoane ka bohloko, re lekile ho utloisisa maikutlo a motho ea shoetsoeng. Empa ho na le ntlha e lokelang ho hlahlojoa. Ke joang ba bang ba ka thusang, haholo-holo ka lipolelo tsa bona? ’Me banna ba ka bontša ho utloa bohloko ha bona joang? Ka kōpo bona sehlooho se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tokollo e latelang ea Tsoha! e tla hlalosa Lefu la Tšohanyetso la Masea.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Mokhoa oa Bohloko
Sena ha se bolele hore bohloko bo na le lenaneo le tsitsitseng. Litsela tsa ho itšoara ha u utloile bohloko li ka hōla ’me tsa nka nako e telele, ho ea ka batho.
Boitšoaro ba pele:
Ho tšoha; ho se lumele; ho latola; ho shoa bohatsu; boikutlo bo molato; ho halefa
Bohloko bo tebileng bo ka akarelletsa:
Ho lebala le ho hlobaela; ho khathala kelellong ka ho feteletseng; liphetoho tsa potlako tsa kelello; kahlolo le monahano tse fosahetseng; ho bokolla; liphetoho takatsong ea lijo, ka liphello tsa ho ota kapa ho nona; matšoao a fapaneng a ho khathatseha ha bophelo; lipono, ho fokotseha ha matla a ho sebetsa; ho tepella—ho utloa, ho mamela, le ho bona mofu
Nako ea ha lintho li boetse malulong:
Masoabi a kopaneng le ho hopola linako tse monate tse fetileng; mehopolo e thabisang haholoanyane ka mofu, hangata e bile e tšehisang
(E theiloe ho Help for Your Grief, ka Ngaka Arthur Freese maqephe 23-6.)
[Lebokose le leqepheng la 9]
Mehato e tla U Thusa ho Hlōla Bohloko ba Lefu
Motho e mong le e mong o lokela ho sebetsana le bohloko ka tsela ea hae. Mohato oa bohlokoa ke ho qoba boithati le boiqenehelo. Litlhahiso tse ling tse theiloeng phihlelong ea batho ba hlokahaletsoeng bao Tsoha! e buisaneng le bona ke tsena:
■Lula u tšoarehile ’me u tsoele pele ka tšebeletso ea hao e tloaelehileng. Haholo-holo bao e leng Lipaki tsa Jehova ba hatella bohlokoa ba ho ea libokeng tsa Bokreste Ie ho kopanela tšebeletsong. Ba bangata ba hateletse thuso e khōlō eo ba e fumaneng thapelong.
■Lumella bohloko ba hao bo ipontše; u se ke ua leka ho bo koalla ka hare. Ha u ntse u tsoela pele ho utloa bohloko le ho lla, u tla phakisa ho feta nakong ea bohloko bo tebileng.
■U se ke ua itšehla thajana; ikopanye le batho ’me u ba lumelle ho ikopanya le uena. Haeba ho u thusa, bua ka bolokolohi ka moratuoa oa hao ea shoeleng.
■Kapele kamoo ho ka khonehang, e-ba le thahasello ho batho ba bang le mathata a bona. Leka ho thusa ba bang, ’me u tla ithusa.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Ba Bang ba ka Etsa Eng ho Thusa?
Bangoli ba Tsoha! ba bile le lipuisano tse ngata le batsoali ba hlokahaletsoeng linaheng tse fapaneng. Litlhahiso tse latelang ke tse ling tse ileng tsa etsoa ho thusa malapa a utloileng bohloko. Ka ho hlakileng, ho lokela ho ba le ho tenyetseha le maemo ha li sebelisoa, ho itšetlehile ka maikutlo a ea shoetsoeng.
1. Ba etele le lelapa la hao ka letsatsi la pele feela, ’me u ba memele lapeng la hao. Ba lokisetse lijo. Etsa sena ha feela ho ntse ho hlokeha, e seng feela ka libeke tse seng kae tse qalang.
2. Lumella batsoali ho etsa qeto ebang ba batla liaparo le lintho tse ling tsa ngoana ea shoeleng ho bolokoa sebakeng se seng.
3. Bua ka mofu u mo bitsa ka lebitso, haeba motho ea shoetsoeng a bontša takatso e joalo. Hopola litaba tse thabisang le tse tšehisang tsa botho le bophelo ba ngoana eo. U se ke ua thola. Batsoali ba ka rata ho utloa ho buuoa ka moratuoa oa bona.
4. Haeba u le hōle haholo ho ka fana ka thuso ea botho, ngola mangolo a khothatsang le a tšelisang. Se ke ua qoba ho bua ka mofu.
5. Ha ho tšoaneleha, khothaletsa batsoali ho lula ba tšoarehile le ho boloka tloaelo ea bona ea pele. Ba memele ho tsoa tlung ea bona ’me ba etsetse ba bang lintho.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Nkhono e Mong oa Ngola:
“Ke hlokahaletsoe ke batsoali ba ka ba ratehang, moena oa ka, khaitseli ea ka, monna eo e neng e le molekane le moratuoa, Jim oa ka, eo ke kopaneng le eena le ho mo rata ke le lilemo li 13, le setloholo sa ka sa moshemane Stuart Jamie—nka re ha ho na masoabi, bohloko, bo fetang lefu la ngoana.”
—Edna Green, Engelane, ka lefu la setloholo sa hae sa moshemane se neng se e-na le lilemo tse peli le likhoeli tse robong.
[Lebokose le leqepheng la 10]
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ka ho kopanela ka bolokolohi bohlokong ba lōna, le thusana ho bo mamella