Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?
MIKE oa hlalosa ha a hopola lefu la ntate oa hae: “Ke ile ka utloa khatello e khōlō ea hore ke hatelle maikutlo a ka.” Ho Mike, ho hatella ho sareloa ha hae e ne e le bonna ho etsa joalo. Empa hamorao o ile a hlokomela hore o ne a fositse. Kahoo ha motsoalle oa Mike a hlokahalloa ke ntat’ae moholo, Mike o ne a tseba hore na o lokela ho etsa eng. O re: “Lilemo tse ’maloa tse fetileng, nka be ke ile ka mo phaphatha lehetleng ’me ka re, ‘U be monna.’ Empa joale ke ile ka tšoara letsoho la hae ’me ka re, ‘Ikutloe feela kamoo u batlang ho ikutloa kateng. Ho tla u thusa ho sebetsana le hona. Haeba u batla ke tsamaee, ke tla tsamaea. Haeba u batla ke lule, ke tla lula. Empa u se ke ua tšaba ho bontša maikutlo a hao.’”
MaryAnne le eena o ile a utloa khatello ea hore a hatelle maikutlo a hae ha monna oa hae a e-shoa. Oa hopola, “Ke ne ke khathatsehile haholo ka ho ba mohlala o motle ho ba bang, hoo ke sa kang ka itumella ho bontša maikutlo a tloaelehileng. Empa qetellong ke ile ka ithuta hore ho leka ho ba tšiea e matla bakeng sa ba bang ho ne ho sa nthuse. Ke ile ka qala ho hlahloba boemo ba ka ’me ka re, ‘Lla haeba u lokela ho lla. Se ke ua leka ho ba matla haholo. Ntša maikutlo a hao.’”
Kahoo bobeli ba bona Mike le MaryAnne ba khothalletsa sena: Itumelle hore u sareloe! ’Me ba nepile. Hobane’ng? Hobane ho sareloa ke ho imolla kelello ho hlokahalang. Ho ntša maikutlo ho ka u imolla khatellong eo u leng tlas’a eona. Ho bontša maikutlo ka mokhoa oa tlhaho, haeba ho kopane le kutloisiso le boitsebiso bo nepahetseng, ho nolofaletsa motho ho ba boemong bo loketseng ba maikutlo.
Ho hlakile hore hase e mong le e mong ea bontšang ho sareloa ka tsela e tšoanang. ’Me lintlha tse kang hore na ea ratoang o shoele ka tšohanyetso kapa lefu le tlile ka mor’a ho kula ho holelele li ka ama hore na ba phelang ba itšoara joang maikutlong. Empa ntho e le ’ngoe e bonahala e le ’nete: Ho hatella maikutlo a hao ho ka ba kotsi ’meleng le kelellong. Ho molemo haholo ho bontša ho sareloa ha hao. Joang? Mangolo a na le keletso e ’ngoe e sebetsang.
Ho Bontša ho Sareloa—Joang?
Ho bua e ka ba thuso ea ho imoloha. Ka mor’a ho shoa ha bana bohle ba hae ba leshome, hammoho le litlokotsi tse ling tse ileng tsa mo oela holimo, mopatriareka oa boholo-holo Jobo o ile a re: “Pelo ea ka e khoboheloa ke bophelo ba ka; ha ho le joalo, e ka khona ke neele [“lokolle,” ka Seheberu] ho luma-luma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moea oa ka.” (Jobo 1:2, 18, 19; 10:1) Jobo o ne a se a sa khone ho thibela kameho ea hae. Ho ne ho hlokahala a e lokolle; o ne a lokela ho “bua.” (NW) Ka ho tšoanang, sengoli sa litšoantšiso tsa Senyesemane Shakespeare o ile a ngola ho Macbeth: “Ntša se ka sefubeng sa hao, ho shoelella le taba ho imetsa pelo ’me hoa e qhetsola.”
Kahoo ho bua ka maikutlo a hao ho “motsoalle oa ’nete” ea tla mamela ka mamello le ka kutloelo-bohloko ho ka u imolla ka tekanyo e itseng. (Liproverbia 17:17, NW) Ho hlalosa liphihlelo le maikutlo hangata ho nolofalletsa hore li utloisisoe le hore li ka sebetsoa. ’Me haeba momameli ke motho e mong ea shoetsoeng ea sebetsaneng ka katleho le ho lahleheloa ha hae, mohlomong u ka khona ho fumana litlhahiso tse sebetsang tsa kamoo u ka atlehang. Ha ngoana oa hae a e-shoa, ’mè e mong o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho ile ha mo thusa ho bua le mosali e mong ea kileng a tobana le tahlehelo e tšoanang: “Ho tseba hore motho e mong o kile a feta nthong e tšoanang, ’me o atlehile ho feta ho eona, le hore o ne a ntse a phela ’me a fumana bophelo ba hae bo ntse bo le maemong a tloaelehileng ho boetse ha ’matlafatsa haholo.”
Ho thoe’ng haeba u ikutloa u sa phuthuloha hore u ka bua ka maikutlo a hao? Ka mor’a lefu la Saule le Jonathane, Davida o ile a qapa koliamalla eo ho eona a ileng a tšolla ho sareloa ha hae. Qetellong pina ena ea ho siama e bile karolo ea tlaleho e ngotsoeng ea buka ea Bibele ea Samuele oa Bobeli. (2 Samuele 1:17-27; 2 Likronike 35:25) Ka ho tšoanang, ba bang ba ho fumana ho le bonolo ho itlhalosa ka ho ngola. Mohlolohali e mong o ile a tlaleha hore o ne a ee a ngole maikutlo a hae fatše ’me matsatsi hamorao ebe o bala seo a se ngotseng. O fumane sena e le thuso ea ho imoloha.
Ebang ke ka ho bua kapa ka ho ngola, ho buisana le ba bang ka maikutlo a hao ho ka u thusa ho ntša mesarelo ea hao. Ho ka boetse ha tlosa le ho se utloisisane. ’Mè e mong ea shoetsoeng oa hlalosa: “’Na le monna oa ka re ile ra utloela ka banyalani ba bang ba ileng ba hlalana ka mor’a ho hlokahalloa ke ngoana, ’me re ne re sa batle hore seo se re etsahalle. Kahoo nako efe le efe ha re ne re ikutloa re halefile, re batla ho behana molato, re ne re buisana ka hona. Ke nahana hore re ile ra hla ra atamelana haholoanyane ka ho etsa joalo.” Kahoo, ho etsa hore maikutlo a hao a tsejoe ho ka u thusa ho utloisisa hore le hoja u ka ba le tahlehelo e tšoanang, ba bang ba ka sareloa ka tsela e fapaneng—ka nako ea bona le ka tsela ea bona.
Ntho e ’ngoe e ka thusang ho ntša ho sareloa ke ho lla. Bibele e re “nako e teng ea ho lla.” (Moeklesia 3:1, 4) Ka sebele lefu la e mong eo re mo ratang le tlisa nako e joalo. Ho ntša meokho ea ho sareloa ho bonahala e le karolo e hlokahalang ea mokhoa ona oa ho hlaphoheloa.
Mosali e mong e monyenyane o hlalosa kamoo motsoalle ea haufi a ileng a mo thusa kateng ho sebetsana ka katleho le ho shoa ha ’mè oa hae. Oa hopola: “Kamehla motsoalle oa ka o ne a le haufi le ’na. O ne a lla le ’na. O ne a bua le ’na. Ke ne ke khona ho mo phetlela maikutlo a ka, ’me hoo e ne e le habohlokoa ho ’na. Ho ne ho sa hlokahale hore ke be lihlong ka ho lla.” (Bona Ba-Roma 12:15.) Leha e le hore u lokela ho ikutloa u le lihlong ka meokho ea hao. Joalokaha re bone, Bibele e tletse ka mehlala ea banna le basali ba tumelo—ho akarelletsa Jesu Kreste—ea ileng a ntša meokho ea ho sareloa phatlalatsa kantle le ho hlajoa ke lihlong hofe kapa hofe ho bonahalang.—Genese 50:3; 2 Samuele 1:11, 12; Johanne 11:33, 35.
U ka ’na ua fumana hore ka nako e itseng maikutlo a hao e ka ’na ea e-ba a sa tsitsang. Meokho e ka ’na ea theoha ntle le ho u lemosa esale pele. Mohlolohali e mong o ile a fumana hore ho ea reka suphamaketeng (e leng ntho eo a neng a atisa ho e etsa le monna oa hae) ho ka mo llisa, haholo-holo ha, ka tloaelo, a nanabela lintho tse neng li ratoa ke monna oa hae. Imamelle. ’Me u se ke ua ikutloa hore u lokela ho thiba meokho. Hopola, ke karolo ea tlhaho le e hlokahalang ea ho sareloa.
Ho Sebetsana le Boikutlo ba ho ba Molato
Joalokaha ho boletsoe pele, ba bang ba na le maikutlo a ho ba molato ka mor’a ho lahleheloa ke moratuoa ka lefu. Hona ho ka thusa ho hlalosa ho sareloa ho tebileng ha monna ea tšepahalang Jakobo ha a ne a etsoa hore a lumele hore mora oa hae Josefa o ne a bolailoe ke “sebatana.” Jakobo ka boeena o ne a ile a roma Josefa ho ea hloela banab’abo hore na ba ntse ba phela joang. Kahoo mohlomong Jakobo o ne a hlasetsoe ke maikutlo a ho ba molato, a kang ‘Ke hobane’ng ha ke ile ka roma Josefa a le mong? Ke hobane’ng ha ke ile ka mo romela sebakeng se tletseng libatana?’—Genese 37:33-35, BPN.
Mohlomong u ikutloa hore ho na le bohlasoa boo u bo entseng bo tlatselitseng lefung la moratuoa oa hao. Ho hlokomela hore ho ikutloa motho a le molato—ebang ke ha sebele kapa ho inahaneloang—ke boitšoaro bo tloaelehileng ba ho sareloa ho ka thusa ka bohona. Le mona hape, ha ho hlokahale hore u ipolokele maikutlo a joalo. Ho bua ka hore na u ikutloa u le molato hakae ho ka fana ka ho imoloha ho hlokahalang haholo.
Leha ho le joalo, hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na re rata motho e mong hakae, re ke ke ra laola bophelo ba hae, leha e le hore re ka thibela “nako le ketsahalo e sa lebelloang” hore li se ke tsa oela bao re ba ratang. (Moeklesia 9:11, NW) Ntle ho moo, ha ho pelaelo hore merero ea hao e ne e se mebe. Ka mohlala, na ka ho se behelane nako le ngaka kapele, u ile ua rera hore moratuoa oa hao a kule ’me a shoe? Le hanyenyane! Joale na u hlile u molato oa ho baka lefu la motho eo? Che.
’Mè e mong o ile a ithuta ho sebetsana le ho ikutloa a le molato ka mor’a hore morali oa hae a shoele kotsing ea koloi. Oa hlalosa: “Ke ile ka ikutloa ke le molato hore ebe ke ile ka mo roma. Empa ke ile ka hlokomela hore ke bothoto ho ikutloa ka tsela eo. Ho ne ho se letho le phoso ka ho ba roma le ntat’ae. E mpile ea e-ba kotsi e mpe.”
U ka ’na ua re, ‘Empa ho na le lintho tse ngata tseo ke lakatsang eka nkabe ke li buile kapa ke li entse.’ Ke ’nete, empa ke mang ho rōna ea ka reng re bile bo-ntate, bo-’mè, kapa bana ba phethahetseng? Bibele ea re hopotsa: “Bohle re khopjoa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng.” (Jakobo 3:2; Ba-Roma 5:12) Kahoo amohela ’nete ea hore ha ua phethahala. Ho lulela mefuta eohle e kang “hoja feela” ho ke ke ha fetola letho, empa ho tla liehisa ho hlaphoheloa ha hao.
Haeba u e-na le mabaka a utloahalang ho lumela hore ho ba molato ha hao ke ha sebele, eseng ho inahaneloang, joale nahana ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa ho khutsisa ho ikutloa u le molato—tšoarelo ea Molimo. Bibele ea re tiisetsa: “Jehova, ha u ka lotolotsa makhopo, ke mang ea ka emang pel’a hao, Morena? Empa tšoarelo e teng ho uena.” (Pesaleme ea 130:3, 4) U ke ke ua khutlela morao ’me ua fetola ntho leha e le efe. Leha ho le joalo, u ka kōpa tšoarelo ea Molimo bakeng sa liphoso tse fetileng. Ebe joale? Haeba Molimo a tšepisa ho hlakola liphoso tsa hao, na le uena ha ua lokela ho itšoarela?—Liproverbia 28:13; 1 Johanne 1:9.
Ho Sebetsana le Bohale
Na le uena u ikutloa u batla u halefile, mohlomong u halefetse lingaka, baoki, metsoalle, kapa esita le eena ea shoeleng? Hlokomela hore bona le bona ke boitšoaro bo tloaelehileng ho ea lahlehetsoeng. Mohlomong bohale ba hao ke bo tsamaeang ka tlhaho le bohloko boo u bo utloang. Mongoli e mong o ile a re: “Ke feela ka ho lemoha bohale—eseng ho khannoa ke bona empa ho tseba hore u ikutloa joalo—moo u ka lokolohang liketsong tse senyang tsa bona.”
Ho ka boetse ha thusa ho bontša kapa ho arolelana bohale. Joang? Che, eseng ka ho phatloha ho sa laoleheng. Bibele e lemosa hore ho halefa ka nako e telele ho kotsi. (Liproverbia 14:29, 30) Empa u ka ’na ua fumana matšeliso ka ho bua ka hona le motsoalle e mong ea utloisisang. Ba bang ba fumana hore boikoetliso bo matla boa ba thusa hore ba imolohe ha ba halefile.—Bona le Ba-Efese 4:25, 26.
Le hoja e le habohlokoa ho ntša maikutlo a hao le hona ka botšepehi, ho hlokahala temoso. Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho ntša maikutlo a hao le ho a petlenya ho ba bang. Ha ho hlokahale hore u behe ba bang molato ka lebaka la bohale ba hao le ho ferekana ha hao. Kahoo hopola ho bua ka maikutlo a hao, empa eseng ka tsela e hlaha. (Liproverbia 18:21) Ho na le thuso e ’ngoe ea bohlokoa bakeng sa ho sebetsana ka katleho le ho sareloa, ’me joale re tla buisana ka eona.
Thuso e Tsoang ho Molimo
Bibele ea re tiisetsa: “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.” (Pesaleme ea 34:18) E, ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe, kamano le Molimo e ka u thusa ho sebetsana ka katleho le lefu la eo u mo ratang. Joang? Litlhahiso tsohle tse sebetsang tse fanoeng ho tla fihlela joale li theiloe Lentsoeng la Molimo, Bibele, kapa li lumellana le lona. Ho li sebelisa ho ka u thusa ho sebetsana ka katleho le boemo.
Ho phaella moo, u se ke ua khella fatše bohlokoa ba thapelo. Bibele ea re phehella: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Haeba ho bua ka maikutlo a hao le motsoalle ea nang le kutloelo-bohloko ho ka thusa, hakaakang ka ho tšollela pelo ea hao ho “Molimo oa matšeliso ’ohle”!—2 Ba-Korinthe 1:3.
Hase feela hore thapelo e etsa hore re ikutloe hamolemo. “Ea utloang merapelo” o tšepisa ho fana ka moea o halalelang ho bahlanka ba hae ba o kōpang ka tieo. (Pesaleme ea 65:2; Luka 11:13) ’Me moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, o ka u hlomella ka “matla a fetang a tloaelehileng” bakeng sa letsatsi le letsatsi. (2 Ba-Korinthe 4:7, NW) Hopola: Molimo a ka thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang ho mamella bothata bofe kapa bofe le bo bong le bo bong boo ba ka tobanang le bona.
Mosali e mong ea ileng a lahleheloa ke ngoana ka lefu o hopola kamoo matla a thapelo a ileng a mo thusa kateng eena le monna oa hae tahlehelong ea bona. Oa hlalosa, “Haeba re ne re le hae bosiu ’me ho sareloa ho e-ba ho sa mamelleheng, re ne re ee re rapele hammoho ka lentsoe le phahameng. Lekhetlo la pele leo re neng re lokela ho etsa ntho leha e le efe a le sieo—seboka sa pele sa phutheho seo re ileng ra ea ho sona, kopano ea pele eo re bileng ho eona—re ne re ee re rapelle matla. Ha re tsoha hoseng ’me ho bonahala re sa khone ho mamella boemo ba sebele, re ne re ee re rapele Jehova hore a re thuse. Ka mabaka a mang, ka sebele e ne e le ntho e boima hore ke ikise ka tlung. ’Me kahoo nako le nako ha ke fihla hae ke le mong, ke ne ke ee ke rapele Jehova hore a nthuse ke ipoloke ke khobile matšoafo.” Mosali eo ea tšepahalang ka tieo le ka nepo o lumela hore lithapelo tseo li ile tsa etsa phapang. Le uena u ka fumana hore karabelong ea lithapelo tsa hao tse phehellang, “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna.”—Ba-Filippi 4:6, 7; Ba-Roma 12:12.
Thuso eo Molimo a fanang ka eona e etsa phapang. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a bolela hore Molimo ke ea re “tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tšelisa.” Ke ’nete, thuso ea bomolimo ha e tlose bohloko, empa e ka etsa hore ho be bonolo ho bo mamella. Hoo ha ho bolele hore ha u sa tla hlola u lla kapa hore u tla lebala moratuoa oa hao. Empa u ka hlaphoheloa. ’Me ha u ntse u hlaphoheloa, seo u fetileng ho sona se ka u etsa ea utloisisang le ea nang le kutloelo-bohloko haholoanyane mabapi le ho thusa ba bang ho sebetsana ka katleho le tahlehelo e tšoanang.—2 Ba-Korinthe 1:4.
Lipotso tse ka Nahanisisoang
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho itumella hore u sareloe?
U ka bontša ho sareloa ha hao joang?
Mangolo a ka u thusa joang ho sebetsana le maikutlo a ho ikutloa u le molato le bohale?
Ke ka tsela efe kamano le Molimo e ka u thusang ho sebetsana ka katleho le lefu la moratuoa?
Ke litlhahiso life tse sebetsang bakeng sa ho sebetsana ka katleho le ho sareloa?
[Lebokose le leqepheng la 18]
Litlhahiso tse Ling tse Sebetsang
Itšetlehe ka metsoalle: U se ke ua tsila-tsila ho lumella ba bang hore ba u thuse haeba ba batla ho etsa joalo ’me u ka hla ua sebelisa thuso e joalo. Utloisisa hore e ka ’na eaba ke ka tsela eo ba u bontšang hore na ba ikutloa joang; mohlomong ha ba fumane mantsoe a nepahetseng.—Liproverbia 18:24.
Hlokomela bophelo ba hao: Ho sareloa ho ka u tepeletsa, haholo-holo qalong. ’Mele oa hao o hloka phomolo e lekaneng, boikoetliso bo botle, le phepo e nepahetseng ho feta leha e le neng pele. Nako le nako e tla ba ho loketseng ho hlahlobjoa ke ngaka ea lelapa.
Khutlisetsa liqeto tse khōlō morao: Haeba ho ka etsahala, bonyane ema nako e itseng ho fihlela u ka nahana ka ho hlakileng haholoanyane pele u etsa qeto ka lintho tse kang ho rekisa ntlo ea hao kapa ho fetola mosebetsi. (Liproverbia 21:5) Mohlolohali e mong o ile a hopola hore matsatsi a ’maloa ka mor’a hore monna oa hae a shoe, o ile a fana ka lintho tse ngata tsa monna. Hamorao, o ile a hlokomela hore o ne a fane ka lintho tsa bohlokoa tsa boikhopotso.
Imamelle: Hangata ho sareloa ho tšoarella halelele ho feta kamoo batho ba bangata ba hlokomelang. Likhopotso tsa selemo le selemo tsa moratuoa ea hlokahetseng li ka ’na tsa tsosa mahlaba. Litšoantšo tse khethehileng, lipina, kapa esita le monko li ka khoepetsa meokho. Phuputso e ’ngoe ea saense ka ho shoeloa e hlalositse mokhoa oa ho sareloa ka tsela e latelang: “Motho ea shoetsoeng a ka fetoha haholo le ka potlako ho tloha boikutlong bo bong ho ea ho bo bong, ’me ho qoba lintho tse mo hopotsang ka mofu ho ka fapanyetsana le ho hlaolela ka boomo hore a hopole mofu ka nako e itseng.” Lula u hopotse litšepiso tse babatsehang tsa Jehova.—Ba-Filippi 4:8, 9.
Fa ba bang sebaka: Leka ho mamella ba bang. Hlokomela hore ho tšopholi ho bona. Ka lebaka la ho se tsebe hore na ba re’ng, ba ka ’na ba bua ntho e fosahetseng ka botlaela.—Ba-Kolosse 3:12, 13.
Hlokomela ho sebelisa meriana kapa joala ha u sebetsana ka katleho le ho sareloa ha hao: Ho imoloha hofe kapa hofe ho fanoang ke lithethefatsi kapa joala molemo oa hona ke oa nakoana. Meriana e lokela ho sebelisoa feela ka taelo ea ngaka. Empa hlokomela; lintho tse ngata lia lemalleha. Ho phaella moo, li ka ’na tsa liehisa mokhoa oa ho sareloa. Setsebi se seng sa mafu sea lemosa: “Tlokotsi eo e lokela ho mamelloa, le ho utloisa bohloko ’me qetellong e beheloe mabaka ’me ho sitisa sena ka ho sa hlokahaleng ka ho thethefatsa [motho] ka lithethefatsi ho ka ’na ha lelefatsa kapa ha ferekanya tšebetso ena.” Ho imoloha ho sa feleng ho tla tla ka ho thuisa ka merero e babatsehang ea Jehova.—Pesaleme ea 1:2; 119:97.
Khutlela kemisong ea kamehla: Ho ka ’na ha hlokahala hore ka lekhetlo la pele u iqobelle ho ea mosebetsing, ho ea mabenkeleng, kapa ho hlokomela boikarabelo bo bong. Empa u ka ’na ua fumana hore sebōpeho sa kemiso ea hao ea kamehla se tla u tsoela molemo haholo. Lula u tšoarehile mesebetsing ea Bokreste.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 15:58.
U se ke ua tšaba hore ho sareloa ho tebileng ho fele: Le hoja ho ka ’na ha bonahala ho makatsa, ba bang ba shoetsoeng ba tšaba hore ho sareloa ho matla ho fele, ba lumela hore ho ka ’na ha bontša hore lerato la bona ho mofu lea fokotseha. Ho hang eo hase eona taba. Ho etsa hore bohloko bo fele ho bula tsela bakeng sa mehopolo ea bohlokoa eo ntle ho pelaelo u tlang ho lula u e-na le eona kamehla.—Moeklesia 3:1, 4.
U se ke ua tšoenyeha ka ho sa lokelang: U ka ’na ua iphumana u khathatsehile, ‘Joale ho tla etsahala’ng ka ’na?’ Bibele e eletsa hore re tobane le tsa letsatsi ka leng ka nako eo. Mohlolohali e mong oa hlalosa, “Ho phela motheong oa letsatsi le letsatsi ka sebele hoa nthusa.” Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le se ke la belaella tsa hosasane; hobane hosasane ho tla ipatlela se sa hona.”—Mattheu 6:25-34.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mehlala ea Bibele e bontša hore ho ngola maikutlo a hao fatše ho ka u thusa ho bontša mesarelo ea hao
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Moetlong o mong le o mong, batho ba sareloang ba ananela ho fumana matšeliso