Na ho Tloaelehile ho Ikutloa ka Tsela Ee?
MOTHO e mong ea shoetsoeng oa ngola: “Ha ke ne ke sa le ngoana Engelane, ke ile ka rutoa hore ke se ke ka bontša maikutlo a ka phatlalatsa. Ke hopola ntate oa ka, eo e kileng ea e-ba lesole, a re ho ’na a lomahantse meno, ‘U se ke ua lla!’ ha ho e-na le ntho e nkutloisitseng bohloko. Ha ke hopole ho na le mohla ’mè a kileng a aka kapa a kopa leha e le ofe oa rōna bana (re ne re le bane). Ke ne ke le lilemo li 56 ha ke bona ntate a e-shoa. Ke ile ka ikutloa ke lahlehetsoe haholo. Empa, pele, ke ne ke sa khone ho lla.”
Meetlong e meng, batho ba bontša maikutlo a bona pepenene. Hore na ba thabile kapa ba hloname, ba bang baa tseba hore na ba ikutloa joang. Ka lehlakoreng le leng, likarolong tse ling tsa lefatše, haholo-holo ka leboea ho Europe le Brithani, batho, haholo-holo banna, ba ’nile ba etsoa hore ba pate maikutlo a bona, ho hatella maikutlo a bona, ho loma telu le hore ke litšepe tse ntšo. Empa ha u lahlehetsoe ke moratuoa, na ho fosahetse ho bontša ho sareloa ha hao? Bibele e re’ng?
Ba Ileng ba Lla ka Bibeleng
Bibele e ne e ngotsoe ke Baheberu ba sebaka se ka bochabela ho Mediterranean, bao e neng e le batho ba sa pateng maikutlo a bona. E na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba bontša ho sareloa ha bona pepenene. Morena Davida o ile a llela tahlehelo ea mora oa hae Amnone ea ileng a bolaoa. Ha e le hantle, o ile a “bokolla haholo.” (2 Samuele 13:28-39) O bile a sareloa le ke ho lahleheloa ke mora oa hae ea mano Absalome, ea neng a ile a leka ho inkela borena ka likhoka. Tlaleho ea Bibele ea re bolella: “Ebile morena [Davida] o hlokofala haholo, a hloella phaposing e holim’a monyako, a lla, a ’na a tsamaea teng, a ntse a re: Mor’a ka Absalome! mor’a ka! mor’a ka Absalome! Hojane ho shoele ’na bakeng sa hao, Absalome! mor’a ka! mor’a ka!” (2 Samuele 18:33) Davida o ile a lla joaloka ntate ofe kapa ofe ea tloaelehileng. ’Me ke ka makhetlo a mangata hakae batsoali ba lakalitseng eka ho ka be ho shoele bona ho e-na le bana ba bona! Ho bonahala e se ntho ea tlhaho hore ngoana a shoe pele ho motsoali oa hae.
Jesu o ile a itšoara joang ka lefu la motsoalle oa hae Lazaro? O ile a lla ha a atamela lebitla la hae. (Johanne 11:30-38) Hamorao, Maria Magdalena o ile a lla ha a atamela lebitla la Jesu. (Johanne 20:11-16) Ke ’nete, Mokreste ea nang le kutloisiso ea tšepo ea tsoho ea Bibele ha a sareloe ka mokhoa o sa tšeliseheng, joalokaha ho etsa ba se nang motheo o hlakileng oa Bibele bakeng sa litumelo tsa bona mabapi le boemo ba bafu. Empa joaloka motho ea nang le maikutlo a tloaelehileng, Mokreste oa ’nete, a bile a ntse a e-na le tšepo ea tsoho, oa sareloa le ho llela ho lahleheloa ke moratuoa.—1 Ba-Thessalonika 4:13, 14.
Ho Lla Kapa ho se Lle
Ho thoe’ng ka tsela eo re itšoarang ka eona kajeno? Na u ho fumana ho le thata kapa ho hlabisa lihlong ho bontša maikutlo a hao? Baeletsi ba khothalletsa eng? Maikutlo a bona a kajeno hangata a mpa a pheta feela bohlale ba boholo-holo ba Bibele. Ba re re lokela ho bontša ho sareloa ha rōna, eseng ho ho hatella. Sena se re hopotsa banna ba khale ba tšepahalang, ba kang Jobo, Davida, le Jeremia, bao lipolelo tsa bona tsa ho sareloa li fumanoang ka Bibeleng. Ka sebele ha baa ka ba pata maikutlo a bona. Ka hona, hase bohlale ho itšehla thajana. (Liproverbia 18:1) Ho hlakile hore ho lla ho ka bontšoa ka litsela tse fapaneng meetlong e fapaneng, hape ho itšetlehiloe ka litumelo tse atileng tsa bolumeli.a
Ho thoe’ng haeba u ikutloa u batla ho lla? Ke karolo ea tlhaho hore motho a lle. Hape hopola ketsahalo ea lefu la Lazaro, ha Jesu “a feheloa moeeng ’me a . . . itšela ka likhapha.” (Johanne 11:33, 35, NW) Kahoo o ile a bontša hore ho lla ke boitšoaro bo tloaelehileng lefung la moratuoa.
Sena se tšehetsoa ke taba ea ’mè e mong, Anne, ea ileng a lahleheloa ke ngoana oa hae Rachel ka lebaka la SIDS (Sudden Infant Death Syndrome [Lefu la ho Shoa ha Masea ka Tšohanyetso]). Monna oa hae o ile a hlalosa: “Ntho e makatsang ke hore ho ’na le Anne ha ho ea ileng a lla lepatong. E mong le e mong o ne a lla.” Ho sena Anne o ile a arabela: “E, empa ke ’nile ka llela bobeli ba rōna haholo. Ke nahana hore ho hlile ha nkama haholo libeke tse seng kae ka mor’a koluoa eo, ha qetellong ka letsatsi le leng ke ne ke le mong ka tlung. Ke ile ka lla letsatsi lohle. Empa ke lumela hore ho ile ha nthusa. Ke ile ka ikutloa hamolemo ka hona. Ke ne ke tlameha ho llela ho lahleheloa ke ngoana oa ka. Ka sebele ke lumela hore u lokela ho lumella batho ba saretsoeng hore ba lle. Le hoja e le boitšoaro ba tlhaho ho ba bang hore ba re, ‘U se ke ua lla,’ hoo ha ho hlile ha ho thuse.”
Kamoo ba Bang ba Itšoarang Kateng
Ba bang ba ’nile ba itšoara joang ha ba tepellelitsoe ke ho lahleheloa ke moratuoa? Ka mohlala, nahana ka Juanita. Oa tseba hore na ho joang ho lahleheloa ke lesea. O ne a ile a senyeheloa ka makhetlo a mahlano. Joale e ne e boetse e le moimana. Kahoo ha kotsi ea koloi e mo qobella hore a kenngoe sepetlele, ka ho utloahalang o ne a tšoenyehile. Libeke tse peli hamorao o ile a utloa mahlaba a pelehi—pele ho nako. Nakoana hamorao Vanessa e monyenyane o ile a hlaha—boima ba hae bo le kaholimo hanyenyane ho lik’hilograma tse 0,9. Juanita oa hopola: “Ke ne ke thabile haholo. Qetellong ke ne ke le ’mè!”
Empa thabo ea hae e bile ea nakoana. Matsatsi a mane hamorao Vanessa o ile a shoa. Juanita oa hopola: “Ke ile ka ikutloa ke le feela. Ke ne ke amohuoe bommè. Ke ile ka ikutloa ke sa fella. Ho ne ho utloisa bohloko ho tla lapeng ka kamoreng eo re neng re e lokiselitse Vanessa le ho bona liaparo tsa ka hare tseo ke neng ke mo reketse tsona. Likhoeli tse ’maloa tse latelang, ke ne ke hopola hantle letsatsi la ho belehoa ha hae. Ke ne ke sa batle ho kopana le mang kapa mang.”
Na ke ho itšoara ka ho feteletseng? Ho ka ’na ha e-ba thata ho ba bang hore ba ho utloisise, empa ba ho utloisisang, joaloka Juanita, ba fetileng phihlelong eo ba hlalosa hore ba ile ba sarelloa lesea la bona joalokaha ba ne ba tla sarelloa motho e mong ea neng a phetse nako e itseng. Ba bolela hore nako e telele pele ngoana a hlaha, o ratoa ke batsoali ba hae. Ho na le tlamahano e khethehileng le ’mè. Ha lesea leo le e-shoa, ’mè o ikutloa hore ho lahlehile motho oa sebele. ’Me ke seo ho hlokahalang hore ba bang ba se utloisise.
Kamoo Bohale le ho Ikutloa u le Molato li ka u Amang Kateng
’Mè e mong o ile a hlalosa boitšoaro ba hae ha a bolelloa hore mora oa hae ea lilemo li tšeletseng o shoele ka tšohanyetso ka lebaka la bothata ba pelo boo a tsoetsoeng le bona. “Ke ile ka itšoara ka litsela tse ngata—ho ba shoohlo, ho se lumele, ho ikutloa molato le ho halefela monna oa ka le ngaka bakeng sa ho se hlokomele kamoo boemo ba hae bo neng bo tebile kateng.”
Bohale e ka ba letšoao le leng la ho sareloa. E ka ’na ea e-ba ho halefela lingaka le baoki, u ikutloa hore ba ne ba lokela ebe ba entse ho eketsehileng bakeng sa ho hlokomela ea shoeleng. Kapa e ka ’na ea e-ba ho halefela metsoalle le seng, bao ho bonahalang ba bua kapa ba etsa ntho e fosahetseng. Ba bang ba halefela ea hlokahetseng ka lebaka la ho se hlokomele bophelo ba hae. Stella oa hopola: “Ke hopola ke halefela monna oa ka hobane ke ne ke tseba hore ho ka be ho bile ka hosele. O ne a kula haholo, empa o ile a hlokomoloha litemoso tsa lingaka.” ’Me ka linako tse ling mofu o halefeloa ka lebaka la mojaro oo lefu la hae le o tliselitseng ba phelang.
Ba bang ba ikutloa ba le molato ka lebaka la bohale—ke hore, ba ka ’na ba inyatsa kahobane ba ikutloa ba halefile. Ba bang ba inka ba le molato ka lefu la moratuoa oa bona. Ba ikholisa ka hore: “A ka be a sa shoa, hoja feela ka mo isa ngakeng kapelenyana” kapa “ka mo isa ngakeng e ’ngoe” kapa “ka mo khothalletsa ho ipaballa haholoanyane.”
Ho ba bang boikutlo ba ho ba molato bo ee bo tebe ho feta moo, haholo-holo haeba moratuoa oa bona a shoele ka tšohanyetso, ho sa lebelloa. Ba qala ho hopola linako tseo ba neng ba halefela ea hlokahetseng kapa ba ngangisana le eena. Kapa ba ka ’na ba ikutloa hore ba ne ba hlile ba se ka tsela e loketseng ho mofu.
Ho sareloa nako e telele ha bo-’mè ba bangata ho tšehetsa seo litsebi tse ngata li se bolelang, hore ho lahleheloa ke ngoana ho siea lekhalo le sa feleng bophelong ba batsoali, haholo-holo ’mè.
Ha u Lahleheloa ke Molekane
Ho lahleheloa ke molekane oa lenyalo ke mofuta o mong oa lintho tse sithabetsang, haholo-holo haeba ka bobeli ba ne ba phela bophelo boo ba tšoarehileng hammoho. Ho ka bolela ho fela ha mokhoa oohle oa bophelo oo ba neng ba o arolelana, oa ho tsamaea, mosebetsi, boithabiso, le ho itšetleha ha e mong ka e mong.
Eunice o hlalosa se ileng sa etsahala ha monna oa hae a e-shoa ka tšohanyetso ke lefu la pelo. “Ka beke ea pele, ke ne ke le boemong ba ho ba shoohlo kelellong, joalokaha eka litho tsa ka li khaolitse ho sebetsa. Ke ne ke sitoa le ho latsoa kapa ho fofonela. Empa, kelello ea ho hlalohanya lintho ka ho latellana e ne e ntse e tsoela pele ka tsela e arohileng. Kaha ke ne ke e-na le monna oa ka ha ba leka ho mo tsitsisa ka ho sebelisa CPR le meriana, ha kea ka ka ba le matšoao a tloaelehileng a ho latola. Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le maikutlo a matla a pherekano, joalokaha eka ke ne ke shebelletse ha koloi e tsubella selomong ’me ho se letho leo nka le etsang.”
Na o ile a lla? “Ho hlile ho joalo, haholo-holo ha ke ne ke bala makholo a likarete tsa kutloelo-bohloko tseo ke li amohetseng. Ke ile ka llisoa ke e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ile ha nthusa hore ke tobane le letsatsi lohle. Empa ho ne ho se na letho le thusang ha ke botsoa khafetsa hore na ke ikutloa joang. Ho hlakile hore ke ne ke hlomohile.”
Ke eng e ileng ea thusa Eunice ho mamella ho sareloa ha hae? O re: “Ke sa hlokomele, ke ile ka etsa qeto ea ho tsoela pele le bophelo ba ka ke sa ikutloe. Leha ho le joalo, se ntseng se nkutloisa bohloko ke ha ke hopola hore monna oa ka, ea neng a rata bophelo haholo, ha a sa le eo hore a ka bo thabela.”
“Se ke ua Lumella Hore ba Bang ba u Bolelle . . .”
Bangoli ba Leavetaking—When and How to Say Goodbye baa eletsa: “U se ke ua lumella hore ba bang ba u bolelle hore na u lokela ho itšoara joang kapa ho ikutloa joang. Tsela ea ho sareloa e sebetsa ka mekhoa e sa tšoaneng ho e mong le e mong. Ba bang ba ka ’na ba nahana—’me ba u tsebisa seo ba se nahanang—u sareloa ho tlōla kapa ha ua sareloa ka ho lekaneng. Ba tšoarele ’me u lebale ka hona. Ka ho leka ho iqobella ho kena koepereng eo ba bang ba u etselitseng eona kapa ke sechaba ka kakaretso, u sitisa tsoelo-pele ea ho hlaphoheloa ha hao kelellong.”
Koana, batho ba fapaneng ba sebetsana le ho sareloa ha bona ka litsela tse sa tšoaneng. Ha re leke ho hlahisa hore tsela e ’ngoe e batla e le molemo ho feta e ’ngoe bakeng sa motho e mong le e mong. Leha ho le joalo, ho hlaha kotsi ha ho luloa nthong e le ’ngoe, ha motho ea saretsoeng a sa khone ho tobana le boemo ba sebele. Joale ho ka ’na ha hlokahala thuso e tsoang metsoalleng e nang le kutloelo-bohloko. Bibele e re: “Motsoalle o na le lerato kamehla, ngoan’abo motho o tsoaletsoe ho thusa, ho thusa mohl’a tsatsi la litsietsi.” Kahoo se ke ua tšaba ho batla thuso, ho bua, le ho lla.—Liproverbia 17:17, BPN.
Ho sareloa ke boitšoaro bo tloaelehileng ha motho a lahlehetsoe, ’me ha ho na phoso ha ho sareloa ha hao ho bonahala ho ba bang. Empa lipotso tse tsoelang pele li hloka likarabelo: ‘Nka phela le ho sareloa ha ka joang? Na ho tloaelehile ho ba le boikutlo ba ho ba molato le ho halefa? Ke lokela ho sebetsana le boitšoaro boo joang? Ke eng e ka nthusang ho mamella tahlehelo eo le ho sareloa hoo?’ Karolo e latelang e tla arabela lipotso tseo le tse ling.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, batho ba Mayoruba ba Nigeria ba na le tumelo ea neano ea ho tsoaloa hangata ha sephefumolohi. Kahoo ha ’mè a lahleheloa ke ngoana, ho ba le ho sareloa ho hoholo empa ka nako e khutšoanyane feela, hobane joalokaha polelo ea Seyoruba e bolela: “Ke metsi a qhalaneng. Nkho ha e-ea pshatleha.” Ho latela Mayoruba, hona ho bolela hore nkho e tšelang metsi, e leng ’mè, a ka tsoala ngoana e mong—mohlomong e le ho tsoaloa hangata ha ea shoeleng. Lipaki tsa Jehova ha li latele lineano leha e le life tse theiloeng litumela-khoeleng tse hlahang likhopolong tsa bohata tsa sephefumolohi se sa shoeng le ho tsoaloa hangata, tse se nang motheo ka Bibeleng.—Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4, 20.
Lipotso tse ka Nahanisisoang
Ho sareloa ha batho ba bang ho angoa ke meetlo ea bona joang?
Re na le mehlala efe ka Bibeleng ea ba ileng ba sareloa pepenene?
Ba bang ba ’nile ba itšoara joang ha ba lahlehetsoe ke moratuoa? U itšoere joang maemong a tšoanang?
Ke eng e etsang hore ho lahleheloa ke molekane e be phihlelo ea mofuta o fapaneng?
Tsela ea ho sareloa e sebetsa joang? Na ke phoso ho sareloa?
Litšobotsi tse ling tsa ho sareloa ke life? (Bona lebokose leqepheng la 9.)
Ke maemo afe a khethehileng a amang batsoali ka lefu la lesea la tšohanyetso? (Bona lebokose leqepheng la 12.)
Bo-’mè ba bangata ba ameha joang ka ho senyeheloa ke mpa kapa ho beleha ngoana ea shoeleng? (Bona lebokose leqepheng la 10.)
[Lebokose le leqepheng la 9]
Mokhoa oa ho Sareloa
Lentsoe “mokhoa” ha le fane ka maikutlo a hore ho sareloa ho na le kemiso leha e le efe e tsepamisitsoeng kapa lenaneo. Litsela tseo motho a itšoarang ka tsona ha a saretsoe lia hōla le ho nka nako e telele bo sa tšoaneng, ho itšetlehile ka motho ka mong. Lethathamo lena hase phetho. Litsela tse ling tseo motho a itšoarang ka tsona li ka bontšoa. A latelang ke a mang a matšoao a ho sareloa ao motho a ka bang le ’ona.
Boitšoaro ba pele: Ho tšoha ka lekhetlo la pele; ho se lumele, ho latola; ho ba shoohlo maikutlong; maikutlo a ho ba molato; bohale.
Ho sareloa ho tebileng ho ka akarelletsa: Ho lahleheloa ke kelello le ho hlobaela; mokhathala o feteletseng; ho fetoha ha maikutlo ka potlako; kahlolo le monahano tse fosahetseng; ho lla ka ho tleroha; liphetoho takatsong ea lijo, ka phello ea ho theoha ’meleng kapa ho nona; matšoao a sa tšoaneng a bophelo bo tšoenyehileng; ho tepella ho sa tloaelehang; ho fokotseha ha matla a ho sebetsa; ho bona lipono—ho utloa, ho mamela, ho bona mofu; tabeng ea ho lahleheloa ke ngoana, ho hlonamela molekane oa hao ntle ho mabaka.
Nako ea ha lintho li khutletse malulong: Ho hlomoha ho tsamaeang le tlholohelo; mehopolo e thabisang haholoanyane ea mofu, e bile e tsamaea le ho tšehisa.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho Senyeheloa ke Mpa le ho Hlaha ha Ngoana ea Shoeleng—Ho Sareloa ha Bo-’mè
Le hoja a ne a se a ntse a e-na le bana ba bang, Monna o ne a lebelletse ka cheseho ho hlaha ha ngoana oa hae ea latelang. Le pele a hlaha, e ne e le ngoana eo a ‘bapalang le eena, a buang le eena, a lorang ka eena.’
Tlamahano pakeng tsa ’mè le ngoana ea e-song ho hlahe e ne e le matla. O tsoela pele: “Rachel Anne e ne e le ngoana ea neng a raha libuka ha li le mpeng ea ka, o ne a ntlhobaetsa bosiu. Ke sa ntse ke hopola ha a ne a qala ho raha hanyenyane, joaloka ho ntšutumetsa habonolo, ka lerato. Ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ha a ne a sisinyeha, ke ne ke tlala lerato le joalo. Ke ne ke mo tseba hantle hoo ke neng ke tseba leha a le bohlokong, ha a ne a kula.”
Monna o tsoela pele ka tlaleho ea hae: “Ngaka e ne e sa nkholoe ho fihlela ho se ho se na thuso. E ile ea mpolella hore ke tlohele ho khathatseha. Ke lumela hore ke ile ka utloa ha a e-shoa. O ile a be a se a fetoha ka tšohanyetso ka matla. Letsatsi le latelang o ne a shoele.”
Phihlelo ea Monna hase ketsahalo e ikhethang. Ho latela bangoli Friedman le Gradstein, bukeng ea bona Surviving Pregnancy Loss, hoo e ka bang basali ba milione ka selemo United States feela baa senyeheloa. Ho hlakile hore palo eo lefatšeng ka bophara e phahame haholo.
Hangata batho ha ba hlokomele hore ho senyeheloa ke mpa kapa ho beleha ngoana ea shoeleng ke tlokotsi ho mosali le eo a e hopolang—mohlomong bophelo bohle ba hae. Ka mohlala, Veronica, eo hona joale a seng a hōlile lilemong, o hopola ho senyeheloa ha hae ke limpa ’me haholo-holo o hopola ngoana ea ileng a hlaha a shoele ea neng a ntse a phela ho fihlela khoeling ea borobong ’me a ile a hlaha a le boima ba lik’hilograma tse tšeletseng. O ile a le jara le shoele ka libeke tse peli tse qetellang. O ile a re: “Ho beleha lesea le shoeleng ke ntho e tšabehang ho ’mè.”
Boitšoaro ba bo-’mè bana ba ferekaneng hase kamehla bo utloisisoang, esita le ke basali ba bang. Mosali e mong ea ileng ea senyeheloa ke mpa o ile a ngola: “Seo ke ithutileng sona ka tsela e bohloko haholo ke hore pele sena se nketsahalla, ka sebele ke ne ke sa tsebe letho ka seo metsoalle ea ka e neng e lokela ho se mamella. Ke ne ke sa e khathalle ebile ke hloka tsebo ka eona joalokaha ke ikutloa hore batho ba joalo ho ’na.”
Bothata bo bong ho ’mè ea saretsoeng ke boikutlo ba hore monna oa hae e ka ’na eaba ha a utloe tahlehelo eo a e utloang. Mosali e mong o hlalositse ka tsela ena: “Ke ne ke soabisitsoe ke monna oa ka ka ho feletseng ka nako eo. Ho ea ka eena, ke ne ke hlile ke sa ima. O ne a sa sareloa ka tsela eo ke neng ke saretsoe ka eona. O ne a nkutloela bohloko haholo ka ho tšoha ha ka empa eseng ka ho sareloa ha ka.”
Mohlomong boitšoaro bona ke ba monna ba tlhaho—ha a na tlamahano ea ’mele le ea maikutlo eo mosali oa hae ea immeng a nang le eona. Leha ho le joalo, oa lahleheloa. ’Me ke habohlokoa haholo hore monna le mosali ba hlokomele hore ba utloa bohloko hammoho, le hoja e le ka litsela tse sa tšoaneng. Ba lokela ho kopanela ho sareloa ha bona. Haeba monna a ho pata, mosali oa hae a ka ’na a nahana hore ha a khathalle. Kahoo kopanelang meokho ea lōna, menahano ea lōna, le ho kopana ha lōna ka matsoho. Bontšanang hore lea hlokana ho feta leha e le neng pele. E, banna, bontšang kutloelo-bohloko.
[Lebokose le leqepheng la 12]
Lefu la ho Shoa ha Masea ka Tšohanyetso—ho Tobana le ho Sareloa
Lefu la tšohanyetso la ngoana ke tlokotsi e nyarosang. Ka letsatsi le leng ngoana eo ho bonahalang a itekanetse, a phetse hantle ha a sa tsoha. Hona ho hang ha hoa lebelloa, hobane ke mang ea ka nahanang hore lesea lefe kapa lefe kapa ngoana o tla shoa pele ho batsoali ba hae? Ngoana ea neng a fetohile setsi sa lerato la ’mè le se nang moeli ka tšohanyetso e se e le ho sareloa ha hae ho se nang moeli.
Maikutlo a ho ba molato a qala ho aparela. Batsoali ba ka ’na ba ikutloa ba ikarabella bakeng sa lefu leo, joalokaha eka ke ka lebaka la ho hlokomoloha ho itseng. Baa ipotsa, ‘Re ka be re entse eng ho le thibela?’b Mabakeng a mang monna, ka ntle le mabaka, a ka ’na a beha molato ho mosali a sa ikutloe. Ha a ne a e-ea mosebetsing, ngoana o ne a le morolo a bile a ipheletse hantle. Ha a fihla hae, o shoeletse betheng ea hae! Mosali oa hae o ne a etsa eng? O ne a le kae ka nako eo? Lipotso tsena tse khathatsang li lokela ho hlakisoa e le hore lenyalo le se ke la behoa kotsing.
Maemo a sa bonoang esale pele le a ke keng a bonoa esale pele a bakile tlokotsi ena. Bibele e re: “Ka boela ka bona tlas’a letsatsi hore hase ba mathang ka sekhahla ba sieang peisong, kapa hona hore ntoa ke ea liqhenqha, kapa hona hore lijo ke tsa ba bohlale, leha e le hona hore leruo ke la ba nang le kutloisiso, le hona ho ratoa hase ha ba nang le tsebo; hobane nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle.”—Moeklesia 9:11, NW.
Ba bang ba ka thusa joang ha lelapa le lahleheloa ke ngoana? ’Mè e mong ea shoetsoeng o ile a arabela: “Motsoalle e mong o ile a tla ’me a hloekisa ntlo ea ka ke sa re letho. Ba bang ba ile ba re etsetsa lijo. Ba bang ba ile ba thusa feela ka ho nkopa—ho se mantsoe, e le ho nkopa hoo feela. Ke ne ke sa batle ho bua ka hona. Ke ne ke sa batle ho ’na ke hlalosa hore na ho etsahetse’ng. Ke ne ke sa hloke lipotso tse phenya-phenyang, joalokaha eka ke hlōlehile ho etsa ho hong. Ke ne ke le ’mè; nka be ke entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho pholosa ngoana oa ka.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Lefu la ho Shoa ha Masea ka Tšohanyetso (SIDS), leo hangata le hlahang baneng ba khoeli ho ea ho tse tšeletseng, ke lentsoe le sebelisoang ha bana ba phetseng hantle ba e-shoa ka tšohanyetso ntle ho sesosa leha e le sefe se ka hlalosoang. Mabakeng a mang ho lumeloa hore seo se ka qojoa haeba ngoana a robatsoa a kakalalitsoe kapa ka lehlakore empa e seng ka mpa. Leha ho le joalo, ha ho boemo boo a robetseng a le ho bona bo tla thibela SIDS.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ke ntho e tloaelehileng ho sareloa le ho lla ha eo u mo ratang a e-shoa
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho lahleheloa ke ngoana ke ntho e tšabehang e sithabetsang—kutloelo- bohloko le qenehelo li ka thusa batsoali