Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • we maq. 3-6
  • “Hase ’Nete!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hase ’Nete!”
  • Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho na le Tšepo ea Sebele
  • “Hase ’Nete!”
    Tsoha!—1987
  • Le Hoja Re Sareloa, Re na le Tšepo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Tšepo ea Tsoho ke ea Sebele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
we maq. 3-6

“Hase ’Nete!”

MONNA e mong oa New York (U.S.A.) oa pheta: “Mora oa ka Jonathan o ne a etetse metsoalle e bohōle ba limaele [lik’hilomithara] tse seng kae. Mosali oa ka, Valentina, o ne a sa rate hore a ee moo. Kamehla o ne a tšoenyeha ka sephethe-phethe. Empa mora o ne a rata elektronike, ’me metsoalle ea hae e ne e e-na le sebaka seo ba sebeletsang ho sona moo a neng a ka fumana lintho tse sebelisoang. Ke ne ke le lapeng Manhattan ka bophirimela, New York. Mosali oa ka o ne a le sieo a etetse lelapa labo Puerto Rico. Ke ile ka nahana, ‘Jonathan o tla tloha a fihla.’ Joale ha lla tšepe ea monyako. ‘Kannete e tlameha e be e le eena.’ E ne e se eena. E ne e le mapolesa le basebetsi ba thuso ea tšohanyetso ea bongaka. Ofisiri ea sepolesa e ile ea botsa: ‘Na u ka tseba lengolo lee la ho khanna?’ ‘E, ke la mora oa ka, la Jonathan.’ ‘Re u tšoaretse litaba tse bohloko. Ho bile le kotsi, ’me . . . mora oa hao, . . . mora oa hao o shoele.’ Karabelo ea ka ea pele e bile, ‘Hase ’nete!’ Ketsahalo eo e tšosang e ile ea phetla leqeba lipelong tsa rōna le ntseng le fola, esita le lilemo hamorao.”

Ntate e mong Barcelona (Spain) oa ngola: “Spain morao koana ka bo-1960, re ne re le lelapa le thabileng. Ho ne ho e-na le María, mosali oa ka, le bana ba rōna ba bararo, David, Paquito, le Isabel, ba lilemo li 13, 11, le 9 ka ho latellana.

“Ka letsatsi le leng ka March 1963, Paquito o ile a fihla hae a tsoa sekolong a lla ka hlooho e opang habohloko. Re ne re tsietsoe hore na ekaba sesosa ke eng—empa eseng halelele. O ile a shoa ka mor’a lihora tse tharo. Ho tsoela ha mali bokong ho ne ho mo amohile bophelo.

“Lefu la Paquito le etsahetse lilemo tse fetang 30 tse fetileng. Esita leha ho le joalo, bohloko bo tebileng ba tahlehelo eo bo ntse bo le teng ho rōna ho tla fihlela kajeno. Ha ho ka tsela eo batsoali ba ka lahleheloang ke ngoana eaba ha ba ikutloe hore ho na le karolo e ’ngoe ea bona e lahlehileng—ho sa tsotellehe hore na ho feta nako e kae kapa hore na ba ka ba le bana ba bang ba bangata hakae.”

Liphihlelo tsena tse peli, tseo ho tsona batsoali ba lahlehetsoeng ke bana, li bontša kamoo leqeba le tebileng kateng e bileng e leng la nako e telele ha ngoana a e-shoa. Mantsoe ao ngaka e ’ngoe e ileng ea a ngola ke ’nete hakaakang: “Lefu la ngoana hangata ke le bohloko haholo le le sithabetsang ho feta lefu la motho e moholo hobane ngoana ke motho oa ho qetela ea lebeletsoeng hore a ka shoa ka lapeng. . . . Lefu la ngoana ofe kapa ofe le emela tahlehelo ea litoro tsa kamoso, likamano [mora, ngoetsi, litloholo], liphihlelo . . . tse e-song ho thabeloe.” ’Me kutloisiso ena ea tahlehelo e tebileng e ka boetse ea sebelisoa ho mosali ofe kapa ofe ea lahlehetsoeng ke ngoana ka ho senyeheloa ke mpa.

Mosali e mong ea shoetsoeng oa hlalosa: “Monna oa ka, Russell, o ne a ile a sebeletsa e le mothusi litabeng tsa bongaka lebaleng la ntoa Pacific nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. O ne a ile a bona a ba a pholoha lintoa tse ling tse tšabehang. O ne a khutletse United States le bophelong bo batlang bo khutsitse haholoanyane. Hamorao o ile a sebeletsa e le mosebeletsi oa Lentsoe la Molimo. Qalong ea lilemo tsa hae tsa bo-60 o ile a qala ho ba le matšoao a bothata ba pelo. O ile a leka ho phela bophelo bo phathahaneng. Joale, ka letsatsi le leng ka July 1988, o ile a hlaseloa ke lefu la pelo ka matla ’me a shoa. Ho hlokahala ha hae e bile ho sithabetsang. Ha kea ba le monyetla oa ho re tsamaea hantle. E ne e se feela monna oa ka. E ne e le motsoalle oa ka e moholo. Re ne re kopanetse bophelo hammoho ka lilemo tse 40. Joale ho bonahala ke ne ke tlameha ho tobana le bolutu bo khethehileng.”

Tsena ke tse seng kae feela tsa likoluoa tse likete tse hlahelang malapa ho pholletsa le lefatše letsatsi le leng le le leng. Joalokaha boholo ba batho ba saretsoeng ba tla u bolella, ha lefu le nka ngoana oa hao, monna oa hao, mosali oa hao, motsoali oa hao, motsoalle oa hao, ka sebele ke seo mongoli oa Mokreste Pauluse a se bitsitseng, “sera sa ho qetela.” Hangata karabelo ea pele ea tlhaho litabeng tseo tse tšabehang e ka ba ho latola, “Hase ’nete! Ha ke kholoe.” Hangata ho latela likarabelo tse ling, joalokaha re tla bona.—1 Ba-Korinthe 15:25, 26, BPN.

Leha ho le joalo, pele re nahana ka maikutlo a ho sareloa, a re arabeleng tse ling tsa lipotso tsa bohlokoa. Na lefu le bolela qetello ea motho eo? Na ho na le tšepo leha e le efe ea hore re ka bona baratuoa ba rōna hape?

Ho na le Tšepo ea Sebele

Mongoli oa Bibele Pauluse o ile a fana ka tšepo ea ho imoloha ho ‘sera seo sa ho qetela,’ lefu. O ile a ngola: “Lefu le lokela ho etsoa lefeela.” (NW) “Sera sa ho qetela se tlang ho felisoa ke lefu.” (1 Ba-Korinthe 15:26, The New English Bible) Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka kholiseha hakaalo ka seo? Hobane o ne a ile a rutoa ke ea neng a tsositsoe bafung, Jesu Kreste. (Liketso 9:3-19) Ke ka lebaka lena Pauluse a neng a ka boetse a ngola: “Hobane lefu ha le hlahile ka motho [Adama], tsoho ea bafu le eona e hlahile ka motho [Jesu Kreste]. Hobane joalo ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.”—1 Ba-Korinthe 15:21, 22.

Jesu o ile a sareloa ka ho teba ha a kopana le mohlolohali oa Naine ’me a bona mora oa hae ea shoeleng. Tlaleho ea Bibele ea re bolella: “Eare ha [Jesu] a atamela khoro ea motse [oa Naine], ha bo ho jeroe mofu, ngoana ea ’notši oa ’m’ae, le hona mosali eo e le mohlolohali; o na a latetsoe ke bongata bo boholo ba batho ba motse. Eitse ha Morena a ’mona, a mo utloela bohloko, a ba a re ho eena: Se lle. ’Me a atamela, a ama mojaro oa mofu. Eaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho uena: Tsoha! Eaba mofu oa lula, a qala ho bua; ’me Jesu a mo nea ’m’ae. ’Me bohle ba tšoaroa ke tšabo, ba rorisa Molimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile har’a rōna; Molimo o etetse sechaba sa oona.” Hlokomela hore Jesu o ile a ba utloela bohloko, hoo a ileng a tsosa mora oa mohlolohali eo! Nahana feela hore na seo se supa eng bakeng sa nako e tlang!—Luka 7:12-16.

Mono, ka pel’a lipaki tse boneng ka mahlo, Jesu o ile a etsa ketso e sa lebaleheng ea ho tsosa motho. E ne e le pontšo ea tsoho eo a neng a se a ile a e bolela esale pele nako e itseng pele ho ketsahalo ena, ho tsosolosa bophelo lefatšeng tlas’a “leholimo le lecha.” Ketsahalong eo Jesu o ne a ile a re: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.”—Tšenolo 21:1, 3, 4; Johanne 5:28, 29; 2 Petrose 3:13.

Lipaki tse ling tse boneng tsoho ka mahlo li ne li akarelletsa Petrose, hammoho le ba bang ho ba 12 ba neng ba tsamaea le Jesu maetong a hae. Ba hlile ba utloa Jesu ea tsositsoeng a bua a le pel’a Leoatle la Galilea. Tlaleho eo ea re bolella: “Jesu a re ho bona: Tloong, le je. ’Me ho no ho se e mong ho barutuoa ba hae ea betang pelo ho ’motsa hore: u mang? Hobane ba ne ba tseba hobane ke Morena. Eaba Jesu o tla, a nka bohobe, a ba nea bona, le lihlapi joalo. Leo e ne e se e le la boraro leo Jesu a ipontšitseng ho barutuoa ba hae, hobane a tsohe bafung.”—Johanne 21:12-14.

Ka hona, Petrose o ne a ka ngola ka kholiseho e feletseng: “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau oa oona o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung.”—1 Petrose 1:3.

Moapostola Pauluse o ile a bolela tšepo ea hae e tiileng ha a ne a re: “Ke lumela litaba tsohle tsa molao le tse ngoliloeng ba-porofeteng. Ke na le tšepo ho Molimo, eo le bona ba nang le eona, ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—Liketso 24:14, 15.

Ka hona ba limilione ba ka ba le tšepo e tiileng ea ho bona baratuoa ba bona ba phela hape lefatšeng empa e le tlas’a maemo a fapaneng haholo. Maemo ao e tla ba afe? Boitsebiso bo eketsehileng ba tšepo e thehiloeng Bibeleng bakeng sa baratuoa ba rōna ba re lahlehetseng ho tla buisanoa ka bona karolong e qetellang ea bukana ena e lekanang le makasine, sehloohong se reng “Tšepo e Tiileng Bakeng sa Bafu.”

Empa pele a re hlahlobeng lipotso tseo e ka ’nang eaba u na le tsona haeba u saretsoe ka lebaka la ho lahleheloa ke moratuoa: Na ho tloaelehile ho sareloa ka tsela ee? Nka phela joang le ho sareloa ha ka? Ba bang ba ka etsa eng ho nthusa hore ke sebetsane ka katleho le hona? Nka thusa ba bang ba saretsoeng joang? ’Me ka ho khethehileng, Bibele e re’ng ka tšepo e tiileng bakeng sa bafu? Na ke sa tla hlola ke bona baratuoa ba ka hape? Hona hokae?

Lipotso tse ka Nahanisisoang

Boitšoaro ba tlhaho ke bofe ka lefu la moratuoa?

Jesu o ile a etsetsa mohlolohali oa Naine eng?

Jesu o ile a fana ka tšepiso efe mabapi le bafu?

Ke hobane’ng ha Petrose le Pauluse ba ne ba ka kholiseha hore ho tla ba le tsoho?

Ke lipotso life tse lokelang ho arabeloa?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

‘Re u tšoaretse litaba tse bohloko. Ho bile le kotsi, ’me . . . mora oa hao, . . . mora oa hao o shoele.’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela