Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 9/8 maq. 3-4
  • Na Maluthere a Jeremane ke Moloko o Kotsing ea ho Fela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Maluthere a Jeremane ke Moloko o Kotsing ea ho Fela?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ba Tlohela Kereke?
  • Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
    Tsoha!—1987
  • “Haeba Molumo oa Terompeta o sa Utloahale Hantle . . . ”
    Tsoha!—1987
  • Na Hase Karolo ea Lefatše?
    Tsoha!—1995
Tsoha!—1987
g87 9/8 maq. 3-4

Na Maluthere a Jeremane ke Moloko o Kotsing ea ho Fela?

Ka Mongolli oa Tsoha! Jeremane Bophirimela

MOHLOMONG bamameli ba bang ba ne ba makalitsoe ke ho utloa mantsoe a latelang thelevishineng ea Jeremane: “Kereke ea Luthere ha e-na bokamoso ho hang.” Se makatsang haholo ke hobane mantsoe ao a buuoe haufi le lebatooa leo Martin Luther, mothei oa kereke eo le moqapi oa Boprotestante a hlahetseng teng.a

Ke ’nete, Kereke e Kopaneng ea Boevangeli ea Luthere Jeremane e na le litho tse ka bang limillione tse 25, ’me ho ea ka lipalo tsa ’muso tsa morao tjena, litho tsena li feta tsa lihlopha tse ling tsa Maprotestane a Jeremane ka makhetlo a 45. Ho sa le joalo, kereke e boemong bo ferekaneng, joalokaha ho bontša setšoantšo se sekoahelong sa rōna sa mesaletsa ea tšenyo ea bomo Kerekeng ea Sehopotso ea Kaiser Wilhelm, Berlin Bophirima.

Ka 1961, karolo e fetang 50 lekholong ea Majeremane ’ohle e ne e le Maluthere. Ka 1970, palo ea ’ona e ne e le karolo ea 49 lekholong, ’me ka 1980 e ne e le 46 lekholong. Joale ha qala ho bonahala phetoho. Mathoasong a 1981 koranta ea kamehla ea Jeremane e tlalehile hore: “Kereke ea Luthere Jeremane e boetse e tsohile molota litšitisong tsa lilemo tse leshome tse fetileng. . . . Litho tsa Kereke tse ikhulang . . . li lahlehetsoe ke tsela ea tsona e mpe.”

Empa lipalo tsa litho tsa kereke ka 1984 li bontša tšepo e thekeselang. Ha joale ho lekanyetsoa hore kereke e tla lahleheloa ke litho tse 4 500 000 lilemong tse leshome. Ka selemo sa 2030, ke feela karolo ea boraro kapa ka tlaase ho moo ea baahi ba lefatše e tlang ho ba Maluthere.

Ke Hobane’ng ba Tlohela Kereke?

Lenaneong le boletsoeng kenyelletsong la thelevishene ka 1986, ba supileng bao e neng e le litho tsa kereke ba fane ka mabaka a ho se khotsofale ha bona: kereke e hana lipapali Sontaha, e tšehetsa mekha ea likhukhuni ka chelete, boemo ba eona melaong ea ’muso ea tšireletso, ho tebela ha eona baruti ba babeli ba basodoma, ho hlokomoloha ha eona liphoofolo. Ba bang ba hlonametse tokisetso ea makhetho a kereke a nkuoang meputsong ea litho. Taba e makatsang ke hore ke ba babeli feela ba buileng ka Molimo. ’Me leha ho le joalo, na ke seo bolumeli bo hlileng bo lokelang ho ameha ka sona?

Le hoja ho tebile, ho tšoenyang le ho feta ke palo e fokotsehang ea litho, ho boletse Johannes Hansen, moetapale ea ka sehloohong oa liithuti tsa bolumeli tsa Luthere, ke “boemo bo utloisang bohloko ka sebele ba bolumeli ba litho tsa kereke.” Ke ka baka leo ka Sontaha batho ba ka tlaase ho karolo ea 6 lekholong ba fihlang litšebeletsong tsa kereke, ’me metseng e meholo ba fokola haholo. A le mong ho ba bane o nahana hore ho tsamaea kereke kapa ho bala Bibele ke tlhokahalo ea Bokreste. Ba robeli ho ba leshome ba bolela hore ho ba Moluthere ea molemo motho o hloka feela ho kolobetsoa le ho tiisetsoa, ebe joale o phela bophelo bo itlhomphang le ho tšepahala. Ha ho makatse ha Frankfurter Allgemeine Zeitung e hlokometse sena khatisong e ’ngoe: “Kotsi ea Kereke ea Luthere ha e hlahe ho litho tsa eona empa e hlaha khaellong ea eona ea matla a moea”!

Litho tsa kereke tse haelloang ke matla a moea li talima kereke ea tsona ka tsela e joalo. Ba rorisa mehloli ea eona e matla ea histori, ba ikhantša ka mehaho ea eona e bohehang, ’me ba rua molemo ka lithuso tseo e fanang ka tsona. Leha ho le joalo, ha ho tluoa tabeng ea ho “batla Molimo,” bongata bo ikhethela ho ’matla tlhahong ho e-na le kerekeng. Sena se entse hore moetapele oa kereke a botse ka ho soma hore na ke hobane’ng ha ba sa kōpe Lefapha la Meru ho ba etsetsa litšebeletso tsa mapato ho e-na le kereke.

“Se bonahalang se haella,” ho hlalositse makasine oa U.S. lilemong tse ’maloa tse fetileng, “ke lerato bakeng sa Molimo le ’nete e khethollang Maluthere a mathomo.” Ke hobane’ng ha Maluthere a mangata a talima kereke ea ’ona e le feela sebaka sa kolobetso ea masea, tiisetso ea bacha, le lenyalo la batho ba baholo? Ke hobane’ng ha ba batla Molimo tlhahong ’me ba khutlela feela kerekeng ha ba se ba tla shoa bakeng sa “lepato le hlomphehileng”? Ke hobane’ng ha ho e-na le khaello ea matla a moea?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho toba litaba, Luther o hlahetse Rephabliking ea Puso ea Lentsoe la Sechaba ea Jeremane e tsebahalang ka ho tloaelehileng e le Jeremane Bochabela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela