Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 9/8 maq. 5-7
  • “Haeba Molumo oa Terompeta o sa Utloahale Hantle . . . ”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Haeba Molumo oa Terompeta o sa Utloahale Hantle . . . ”
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba Boitsebahatso
  • Na ke Terompeta ea Bolumeli kapa ea Lipolotiki?
  • Baletsi ba Literompeta tsa Bolumeli tse Loantšanang
  • Na Ntlo ea Luther e Tloha e Oa?
  • Na Maluthere a Jeremane ke Moloko o Kotsing ea ho Fela?
    Tsoha!—1987
  • Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
    Tsoha!—1987
  • Karolo 17: 1530 ho ea pele—Boprotestanta—Na ke Nchafatso?
    Tsoha!—1989
  • Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 9/8 maq. 5-7

“Haeba Molumo oa Terompeta o sa Utloahale Hantle  . . . ”

“HAEBA molumo oa terompeta o sa utloahale hantle, ke mang ea ka hlomellang ntoa?” (1 Ba-Korinthe 14:8, TLP) Na boikutlo ba boiphapanyo bo bontšitsoeng ke Maluthere a Jeremane—masole a kereke—bo hlahisoa ke hobane molumo oa terompeta ea kereke ha o utloahale hantle? Nahana ka bopaki.

Bothata ba Boitsebahatso

Lilemong tse fetang 200 tse fetileng, ho bolela moruti oa Luthere Wolfram Lackner, Boprotestante bo tsoela pele ho lahla boipolelo ba tumelo ea bona ea mathomo. Kahoo Boprotestante ba Jeremane hona joale “bo iphumana bo le bothateng bo tšabehang ba boitsebahatso.”

Bothata bona ba boitsebahatso bo ile ba hlaka ka ho eketsehileng ka bo1930, joalokaha buka ea William L. Shirer The Rise and Fall of the Third Reich e hlalosa: “Maprotestante Jeremane . . . e ne e le tumelo e litsekana. . . . Ka ho phahama ha Puso ea Bonazi ho bile le likhaohano tse eketsehileng . . . Manazi a chesehang har’a bona ka 1932 a hlophisa ‘Mokhatlo oa Jeremane oa Tumelo ea Bokreste’ . . . [’me] ka boikutlo bo mofuthu a tšehetsa lithuto tsa Bonazi tsa morabe le molao oa boetapele . . . Ba hanyetsang ‘Bakreste ba Jeremane’ ebile sehlotšoana se seng se ipitsang ‘Kereke ea Tumelo.’ . . . Pakeng tsa lihlopha tsena e ne e le Maprotestante a mangata, . . . a neng a qea-qea mahlakoreng a mabeli ’me qetellong, boholo ba ’ona a oela matsohong a Hitler.”

Bonneteng, tse ling tsa lithuto tsa Luther li ile tsa thusa Hitler. Thuto ea Luther ea “mebuso e ’meli,” e pheang khang hore Molimo o busa lefatše ka ’muso oa naha le kereke, tsa khothaletsa ho ikokobeletsa baetapele ba sechaba ka ho shoetseng. Kahoo, buka ea Luthere Unsere Kirche e lumela hore “karolo e khōlō ea Boprotestante ba Jeremane . . . e ketekile bofelo ba tsamaiso ea puso ea lentsoe la sechaba ea Weimar ka cheseho e khōlō ’me ba thooletsa ’m’ampoli e mocha.” Ka lebaka la maikutlo a matla a Luther a lehloeo bakeng sa bolumeli ba Bajode, kereke ha ea ka ea thatafalloa ho thibela tšebeletso ea eona ea Bojode.

Empa ho thoe’ng ka “Kereke ea Tumelo”? Ka 1934 ea amohela Phatlalatso ea Barmen, e hanyetsang Bonazi. Leha ho le joalo, morao tjena lipontšo tsa Berlin ka Boprotestante nakong ea Puso ea Bonazi li sa tsoa senola hore karolo ea boraro ea baruti Protestante e tšehelitse “Kereke ea Tumelo.” ’Me hase karolo kaofela ea boraro e bileng mafolo-folo ho hanyetsa Hitler. Khanyetso ea litho tseo tsa kereke ea talingoa ka ho fosahetseng ke Hitler e le khanyetso ea kereke kaofela. Buka Der deutsche Widerstand 1933-1945 (Khanyetso ea Jeremane 1933-45) e bontša hore Kereke ea Luthere e beoa molato oa bohanyetsi ba lipolotiki boo e sa ikhethelang bona.

Kamor’a ho oa ha puso ea Hitler, kereke e ne e ferekane. Ke lehlakore lefe le itsebahalitseng ka nepo? Ke hobane’ng ha molumo oa terompeta ea lona o ne o sa utloahale ka ho hlaka?

Ho hlakisa lipotso tsena, baruti ba 11 ba ka sehloohong ba Protestante, ho akarelletsa le Gustav Heinemann, eo hamorao e neng e tla ba mopresidente oa Rephaboliki e Kopaneng ea Jeremane, ba kopana ka Mphalane 1945 ho ngola lengolo la qeto ho lumela molato o ileng oa bitsoa lengolo la ho hanyetsa ha bona puso ea Bonazi, ba re: “Re ipea molato ka ho se be mafolo-folo ho bolela litumelo tsa rōna, ka ho se bolele lithapelo tsa rōna ka botšepehi, ka ho se bue ka thabo tumelo ea rōna, le ho se bontše lerato la rōna ka mofuthu.” Baruti bana ba tšepa hore polelo eo ea qeto ea phatlalatso ena e tla ba molumo o utloahalang hantle oa terompeta o lokelang ho eloa hloko, o tla simolla qalo e ncha.

Na ke Terompeta ea Bolumeli kapa ea Lipolotiki?

Mohlomong kahobane Maluthere a mangata a Jeremane a tšositsoe ke hore kereke ea ’ona e entse ho fokolang ho hanyetsa Hitler, kajeno a potlakela ho hlasela melao ea ’muso. Ka mohlala, baruti ba Luthere ba ne ba le har’a bahlophisi ba pele ba mekoloko ea boipelaetso mabapi le matla a nuclear Europa. Ka 1984 sehlopha sa baruti ba Maluthere a Jeremane Leboea se ile sa qala ho phehella bahlankana ho hana koetliso ea tšebeletso ea bosole. Kereke ea nyatsa ketso eo, e bolela hore boo ke bohato bo “sa mameIleng ba lipolotiki bakeng sa maikutlo a Bakreste ba nahanang ka tsela e ’ngoe.” Sebokeng sa eona sa kakaretso sa 1986, kereke e sirelelitse litokelo tsa eona tsa ho bua ka litseko tsa lipolotiki. Ea bolela kamoo e soabisitsoeng kateng ke liphello tsa seboka sa linaha tse matla tsa lefatše se neng se tšoaretsoe Iceland ’me ea tseka halelele ka melao ea ’muso ka baphaphathehi, ho hlokeha ha mesebetsi, le libaka tsa matla a nuclear.

Ha e le hantle, ha se bohle ba lumellanang le mesebetsi ena e mafolo-folo ea kereke lipolotiking. Haeba Luther a ne a phela kajeno, mohlomong o ne a tla ho nyatsa, ho ea ka Moprofesara Heiko Oberman, morutehi historing ea ho hlonngoa ha Boprotestante. Rolf Scheffbuch, moruti oa Luthere, o belaela ka hore mehleng ena lerato la ’nete la tumelo ea Bokreste le lekanngoa ka potlako ke boitšoaro ba motho mabapi le khethollo ea ’mala kapa keketseho ea metsu ea ntoa.

Ho hlakile hore liphapang tsa lipolotiki li arola kereke litsekana. Ho boetse ho hlakile hore “taba ea lerato la nako e telele” mahareng a Kereke le ’Muso e bontša “matšoao a mokhathala” ’me e ntse e “senyeha,” joalokaha Mobishopo Hans-Gernot Jung a sa tsoa hlalosa. Sena se hlalosa mantsoe a khalemang a boletsoeng ke ralipolotiki e moholo oa Jeremane ka 1986: “Ho buuoa ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa ho feta kamoo ho buuoang ka Jesu Kreste, kereke e lahlehetsoe ke pono ea mosebetsi oa eona oa sebele.”

Boprotestante, joalokaha lebitso la bona le bontša, le tsoa takatsong ea ho ba khahlanong le se etsahetseng pele. Kahoo, haesale bo theoa, Boprotestante bo ikemiselitse ho se tsitlelle haholo melaong, ho amohela likhopotso tse ncha, ho ba le mohopolo o bulehileng katamelong ea ’ona, ho ithaopela ho amohela mekhoa e tloaelehileng ea nakong eo. Ha ho letho le hlalosang sena hamolemo ho feta thuto ea bolumeli ea Boprotestante. Ntle ho molao o tiisitsoeng thutong e itseng—joaloka Vatican ho Mak’hatholike—seithuti se seng le se seng sa bolumeli se lumelletsoe ho ntša molumo oa sona oa terompeta ho hlalosa kamoo se ratang.

Baletsi ba Literompeta tsa Bolumeli tse Loantšanang

Sena se qeteletse ka melumo e sa tloaelehang. Makasine oa Time o tlalehile mohlala oa sena ka 1979: “Na u tlameha ho lumela ho Molimo e le hore u be moruti oa Boprotestante? Mabakeng a mangata matsatsing ana karabo ke che le e. Jeremane, ka ho khethehileng, ebile mohloli oa lipelaelo tsa Boprotestante ka lilemo. Empa bekeng e fetileng, ka ho ikemisetsa ho etsa qeto ka mokhoa o itseng, Kereke e Kopaneng ea Boevangeli Jeremane Bophirima . . . e khaotse Moruti Paul Schulz ka lebaka la thuto e khelohileng. . . . Ho tloha ka 1971 o rutile hore boteng ba botho ba Molimo ke ‘boinahanelo bo tšelisang batho.’ . . . Thapelo? ‘Ke boitlhahlobo ba motho feela’ . . . Jesu? Monna ea tloaelehileng ea entseng lintho tse molemo eo hamorao a tlotlisitsoeng e le Mor’a Molimo ke Bakreste ba pele.” Ho bontša hore “likhopolo tsa Schulz ha li ncha, kapa ha se tse sa tloaelehang” ebile hore nakong eo ho mametsoeng nyeoe ea hae o ne a “thooletsoa ke sehlopha sa liithuti tsa bolumeli.” Ho sa tsotellehe ketso ea eona, “molao [oa kereke] o thahasella ‘tlhaloso e batsi’ ea motho.”

Ha moqolotsi oa koranta a supa tlhalosong ena e batsi ea botho, o re thuto ea bolumeli ea Boprotestante e haelloa ke “khopolo e hlakileng le thuto e nepahetseng” ’me o e bitsa “hlakantsutsu ea lithuto tse qalang tsa bolumeli tse nyopileng joaloka lithuto tsa bona.” Lengolo la Moprotestante oa Leswiss le ea phaella: “Khopolo ea Bokreste ea ‘mohlomong-kapa’” e “nketsoe sebaka ke ‘hona-esita le hoane.” Ha ho makatse ha liithuti tsa bolumeli li sa lumellane!a

Na Ntlo ea Luther e Tloha e Oa?

Bothata boo kereke e leng har’a bona ka sebele ke bothata ba tumelo. Empa na tumelo e ka holisoa ho batho ba fepuoang ka “hlakantsutsu ea lithuto tse qalang tsa bolumeli” tsa likhopolo tse qea-qeang, tsa “hona-esita le hoane”? Na Boprotestante bo ka lebella ho susumeletsa mabotho a bona mosebetsing oa Bokreste ka molumo o sa utloahaleng hantle oa terompeta?

Morao koana ka 1932, moruti oa bolumeli Dietrich Bonhoeffer o tletlebile: “[Kereke ea Luthere] e lekile ho ba hohle ’me e qeteletse e le sieo hohle.” Na e se e le morao haholo hore kereke e ka fumana boitsebahatso ba eona? Batsamaisi ba bangata ba kereke ba lumela hore mekhoa e tloaelehileng ea tsosoloso e ke ke ea sebetsa. Ho hlokahala ntho e ’ngoe e ncha le e fapaneng. Empa ke eng? Mobishopo ea phomolitsoeng mosebetsing Hans-Otto Wölber o re: “Bokamoso ba kereke ha se taba ea mekhoa ea eona, empa ea boleng ba lithuto tsa eona. . . . Molaetsa ke ’ona oa bohlokoa. . . . Ka mantsoe a mang, re tšehetse Bibele kahohle-hohle.”

Ke ’nete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Karl Barth, e mong oa liithuti tsa Boprotestante ea tsebahalang oa lekholong lena la lilemo, o hlalositse hore likhopolo tsa seithuti ’moho Paul Tillich “li itoantša hampe.” Ka bohale a boela a hanyetsana le seithuti sa bolumeli Rudolf Bultmann, se nyatsang litlaleho tse ling tsa sebele tsa Bibele.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Ke Mang ea Letsitseng Terompeta e Utloahalang Hantle bakeng sa ho se nke Lehlakore ha Bokreste?

“Re tseba feela ho fokolang ka qetello ea Ntoa ea II ea Lefatše; ho fihlela joale se latelang ke sona se tsejoang: Har’a Maluthere, Hermann Stöhr le Martin Gauger ka ho se sekisetse ba hanne tšebeletso ea sesole . . . Ho ka boleloa mabitso a supileng a Mak’hatholike . . . Maprotestante a Jeremane, a leng monyebe ka tšebeliso ea likhoka ho tlisa khotso, ha a khetha ho ‘sebelisa molao-motheo oa ho se nke lihlomo’ nakong ea Puso ea Bonazi, ho ea ka qeto e entsoeng ke seboka sa baholo le baruti ka Pherekhong 10, 1938. Ma-Quaker a mabeli Jeremane ho tsejoa a hanne tšebeletso ea sesole. . . . Ho ka boleloa litho tse supileng tsa Kereke ea Sabbatha tse hanneng kano ea botšepehi ’musong . . . ’me li ile tsa bolaoa. Lipaki tsa Jehova (Liithuti tsa Bibele) li utloa bohloko ka palo e khōlō ea ba ileng ba bolaoa. Ka 1939 ho ne ho e-na le batho ba ka bang 20 000 ‘Pusong ea Bonazi’ bao e neng e le . . . litho tsa mokhatlo ’ona oa bolumeli. Ho lekanyetsoa hore Jeremane feela Lipaki tsa Jehova tse ka bang 6 000 ho ea ho 7 000 li hanne ho etsa tšebeletso ea sesole nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ma-Gestapo le ma-SS a ne a sa nee sehlopha sena phomolo.”—“Sterben für den Frieden” (Ho Shoela Khotso), ka Eberhard Röhm, e hatisitsoeng ka 1985.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela