Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 9/8 maq. 25-28
  • Karolo 17: 1530 ho ea pele—Boprotestanta—Na ke Nchafatso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 17: 1530 ho ea pele—Boprotestanta—Na ke Nchafatso?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lentsoe la Molimo le Fuoa Boemo bo Khethehileng
  • Menyetla e sa Lebelloang
  • “Leshano le Hlophisitsoeng”—Ka Tsela Efe?
  • Pherekano e Hlophisitsoeng—Hobane’ng?
  • Ho Hlokomoloha Boemo bo Khethehileng ba Bibele
  • Ho Tšoaseha Lipolotiking
  • Na Lipaki Tsa Jehova ke Karolo ea Bolumeli ba Boprostanta?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Leqhubu la Bolumeli—Ho Tobana le le Matlahali la ho Qetela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 9/8 maq. 25-28

Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng

Karolo 17: 1530 ho ea pele—Boprotestanta—Na ke Nchafatso?

“Ho qapa ntho hase ho e nchafatsa.”— Edmund Burke, setho sa Palamente sa Brithani sa lekholo la bo18 la lilemo

BO-RAHISTORI ba Protestanta ba talima Nchafatso ea Protestanta e le e khutliselitseng Bokreste ba ’nete. Ka lehlakoreng le leng, liithuti tsa K’hatholike li bolela hore e felletse ka phoso ea bolumeli. Leha ho le joalo, ke eng seo liketsahalo tse fetileng li se senolang ka histori ea bolumeli? Na Nchafatso ea Protestanta e ne e le ea sebele, kapa e ne e le boqapi ba borapeli bo fosahetseng bo nkileng sebaka sa bo bong?

Lentsoe la Molimo le Fuoa Boemo bo Khethehileng

Banchafatsi ba Protestanta ba ile ba hatella bohlokoa ba Mangolo. Ba hana lineano, le hoja Martin Marty, mohlophisi e moholo oa makasine oa The Christian Century, a boletse hore lilemong tse lekholo tse fetileng, “Maprotestanta a mangata a ’nile a lakatsa ho bona kamano ea Bibele le lineano.” Empa ho ne ho se joalo ka “baholo-holo ba bona tumelong.” Ho bona “Bibele e fuoe boemo bo khethehileng, ’me neano kapa taolo ea mopapa e ne e ke ke ea bapisoa le eona.”

Boikutlo bona bo ile ba potlakisa phetolelo ea Bibele, kabo, le thuto ea eona. Bohareng ba lekholo la bo15 la lilemo—lilemo tse ka holimo ho mashome a mahlano pele ho Nchafatso—Mojeremane oa habo Luther Johannes Gutenberg a neha Boprotestanta kofuto ea bohlokoa. Ka mor’a hore Gutenberg a qape mokhoa oa ho hatisa ka mochine o jaroang, o ile a hlahisa Bibele ea pele e hatisitsoeng. Luther a bona menyetla e meholo mokhoeng ona o qapiloeng, a bitsa khatiso ena “mosebetsi oa Molimo oa morao-rao le o molemo oa ho phatlalatsa bolumeli ba ’nete lefatšeng ka bophara.”

Batho ba bangata joale ba ne ba ka ba le Libibele tsa bona, e leng bohato boo kereke e K’hatholike e sa kang ea bo lumela. Ka 1559 Mopapa Paul IV a laela hore ho se be le Bibele e hatisoang ka lipuo tse ling ntle ho tumello ea kereke, empa kereke ea hana ho fana ka tumello. Ha e le hantle, ka 1564 Mopapa Pius IV a bua mantsoe ana: “Phihlelo e bontšitse hore haeba ho bala Bibele ka puo ea batho bohle ho ka lumelloa hohle, . . . ho ka hlahisa kotsi e khōlō ho feta molemo.”

Nchafatso e hlahisitse mofuta o mocha oa “Bokreste.” E tlositse matla a mopapa ’me sebakeng sa oona ea kenya boikhethelo ba motho. ’Misa oa K’hatholike o ile oa nkeloa sebaka ka tšebeletso ea Protestanta, ’me likereke tsa K’hatholike tse mabenyane tsa nkeloa sebaka ke likereke tsa Protestanta tseo ka mehla li itekanetseng.

Menyetla e sa Lebelloang

Histori e re ruta hore hangata mehato eo qalong e leng ea bolumeli e qetella e nkile sebōpeho sa bochaba le bopolotiki. Ho bile joalo ka Nchafatso ea Protestanta. Moprofesa oa histori Univesithing ea Columbia Eugene F. Rice, E monyenyane, oa hlalosa: “Mehleng e Bohareng kereke ea Bophirimela e ne e le mokhatlo oa Europe. Karolong e qalang ea lekholo la bo16 la lilemo e ile ea ikarola ho ba likereke tse ngata tsa sebaka seo . . . [tseo] babusi ba lefatše ba neng ba li laola.” Sena se ile sa fella ka ho “phahamisa bothata bo boholo ba mehleng e bohareng bo mabapi le puso ea lefatše ea baruti. . . . Ho leka-lekanngoa ha matla ho ile ha sokeloa ’me qetellong ho tloha ho kereke ho ea ho ’muso le ho tloha ho moprista ho ea ho motho feela.”

Ho motho ka mong sena se ne bolela tokoloho e khōloanyane, tokoloho ea bolumeli le kahisano. Ho fapana le K’hatholike, Boprotestanta bo ne bo se na moeta-pele ea tla laola thuto kapa mokhoa, ka hona bo lumella pono e batsi ea bolumeli. Hamorao, butle-butle sena sa hōlisa mamello ea bolumeli le boikutlo ba tokoloho boo nakong ea Nchafatso bo neng bo sa lumellehe.

Tokoloho e khōloanyane e ile ea lopolla matla ao nakong e fetileng a sa kang a sebelisoa. Ba bang ba bolela hore, e ne e le tšusumetso e neng e hlokahala ho susumetsa tsoelo-pele ea sechaba, lipolotiki, le tsoelo-pele ea boqapi ba mahlale e ikarabellang tšusumetsong ea mehleng ea kajeno. Melao ea Protestanta ea boitšoaro e ile ea “kenngoa ’musong le bophelong ba letsatsi le letsatsi,” ho ngotse mongoli Theodore White ea seng a shoele. O ile a hlalosa sena e le “tumelo eo motho a ikarabellang ka ho tobileng ka pel’a Molimo ka lebaka la letsoalo le liketso tsa hae ka ntle le ho kena lipakeng ha baprista. . . . Haeba motho a sebelitse ka thata, a lemme ka matla a sa bontša botsoa, ’me a hlokomela mosali oa hae le bana ba hae, Molimo o ne a tla putsa boiteko ba hae.”

Na lintlha tsena tse bonahalang li lokile tsa Boprotestanta li lokela ho re foufalletsa liphoso tsa bona? Nchafatso ea Protestanta e ne e boetse e le “ketsahalo ea bobe bo boholo,” ho bolela The Encyclopcedia of Religion and Ethics, ’me e eketsa ka hore: “Mehla ea Majesuite le Lekhotla la Boahloli e ile ea felisoa . . . empa e latetsoe ke ntho e ’ngoe e fokolang haholo. Haeba botšepehi bo ne bo hlokomolohuoa Mehleng e Bohareng, hona joale ho na le leshano le lengata le hlophisitsoeng.”

“Leshano le Hlophisitsoeng”—Ka Tsela Efe?

E ne e le “leshano le hlophisitsoeng” hobane Boprotestanta bo ile ba tšepisa ho nchafatsa thuto empa ba hlōleha. Hangata, e ne e le tsamaiso ea kereke, e seng leshano la thuto ea bolumeli, ho halefisitseng banchafatsi. Karolong e khōlō, Boprotestanta bo bolokile lithuto le mekhoa ea bolumeli ba bohetene ea K’hatholike. Joang? Mohlala o khethehileng ke oa thuto ea Boraro-bo-bong, eo e leng motheo oa setho sa Lekhotla la Lefatše la Protestanta. Ho khomarela thuto ena ho matla haholo, le hoja The Encyclopedia of Religion e lumela hore ‘kajeno bahlalosi le baruti ba lumela hore ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo thuto ena e rutoang ka ho hlakileng.’

Na nchafatso ea Boprotestanta e ile ea lokisa ’muso o senyehileng oa kereke? Che. Ho ena le hoo, e “fetiselitse [ho bona] mekhoa e matla ea Bok’hatholike mehleng e bohareng,” ho bolela Martin Marty, ’me “ea ikarola ho Roma e K’hatholike ho hloma mefuta ea Boprotestanta.”

Boprotestanta hape bo ile ba tšepisa ho khutlisetsa batho ‘bonngoeng ba tumelo.’ Leha ho le joalo, tšepiso ena ea Bibele ha ea ka ea phethahala ka lebaka la ho ata ha mekha e fapaneng ea Boprotestanta.—Ba-Efese 4:13.

Pherekano e Hlophisitsoeng—Hobane’ng?

Kajeno, ka 1989, Boprotestanta bo tsekolohile ho ba mekha e mengata le mekhatlo ea bolumeli eo ho ka bang thata ho fumana lenane la eona hantle. Pele motho a ka qeta ho e bala, ho tla be ho theiloe lihlopha tse ncha kapa tse ling li nyametse. Leha ho le joalo, World Christian Encyclopedia e rarolla “bothata” bona ka ho arola Bokreste-’mōtoana (ho tloha ka 1980) ka “mekhatlo ea Bokreste e arohaneng e 20 780,” eo boholo ba eona e leng Boprotestanta.a E kopanyelletsa le lihlopha tsa Boprotestanta tse 7 889, tse 10 065 boholo ke Maprotestanta a batho ba batšo, malumeli a Chache a 225 le lihlopha tsa Maprotestanta a sa tsebeng hantle moo a emeng teng tse 1 345.

Ha ho hlalosoa kamoo pherekano ena e bitsoang “letšoao la bophelo bo botle le letšoao la ho kula,” e tlileng kateng, buka Protestant Christianity e bolela hore e “ka ’na ea eba ka lebaka la boikutlo ba ho batla ho qapa lintho ha batho; esita le ho feta e ka ’na eaba ka lebaka la batho ba ikhohomosang ba nahanang haholo ka pono ea bona bophelong.”

Ke ’nete hakaakang! Ntle le ho nahana ka ho lekaneng ka ’nete ea Molimo, baikhohomosi ba fane ka litsela tse ncha tse fapaneng tsa ho fumana pholoho, tokoloho, kapa phethahatso. Malumeli a mangata ha a na tšehetso ea Bibele.

Ha Boprotestanta bo hōlisa malumeli a mangata ho bonahala bo nka hore Molimo ha oa beha litataiso tseo o lokelang ho rapeloa ka tsona. Na pherekano e hlophisitsoeng joalo e lumellana le Molimo oa ’nete, eo Bibele e reng “Molimo ha se Molimo oa moferefere, empa e le oa khotso”? Na khopolo ea Protestanta e utloahalang hangata ea ho ea kerekeng eo u ikhethelang eona ho na le moo e fapaneng le monahano oa boitaolo o lebisitseng ho Adama le Eva tumelong e fosahetseng le bothateng hamorao?—1 Ba-Korinthe 14:33; bona Genese 2:9; 3:17-19.

Ho Hlokomoloha Boemo bo Khethehileng ba Bibele

Ho sa tsotellehe boemo bo khethehileng bo filoeng Bibeleng ke banchafatsi ba pele, hamorao baruti ba Protestanta ba ile ba “hlahisa tlhahlobo e tebileng ea Bibele ka sepheo sa ho nyatsa bangoli ba eona. Ka hona ba ile ba sebelisa litemana tsa Bibele joalokaha ba ne ba tla sebelisa litemana tse ling tsa buka ea khale,” ho bolela Marty. Ha ba lumele “boemo bo khethehileng ba ho bululeloa ha bangoli ba Bibele.”

Ka baka la ho belaella ho bululela ha Molimo Bibele, baruti ba Protestanta ba nyenyefatsa seo banchafatsi ba neng ba se nka e le metheo ea Boprotestanta. Sena se ile sa bula tsela bakeng sa pelaelo, ha morao monahano oa boitaolo le khopolo ea hore sena ha se na mabaka. Ka ntle ho lebaka, liithuti tse ngata li nka Nchafatso e le eona e ikarabellang ka ho belaella bolumeli mehleng ea joale.

Ho Tšoaseha Lipolotiking

Litholoana tse boletsoeng ka holimo ke bopaki bo hlakileng ba hore ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle ba banchafatsi ka bomong hammoho le balateli ba bona, Boprotestanta ha boa tsosolosa Bokreste ba ’nete. Ho e-na le ho hōlisa khotso ka ho se nke lehlakore ha Bokreste, bo fetohile bo itšuntseng bochabeng.”

Sena se ile sa hlaka ha lichaba tsa Bokreste-’mōtoana li ikarola ka ho hlakileng ho ba Mak’hatholike le Maprotestanta. Mabotho a K’hatholike le a Protestanta a ile a tšolla mali ho pota Europe ka lintoa tse ngata. The New Encyclopcedia Britannica e li bitsa “Lintoa tsa Bolumeli tse hlohlellelitsoeng ke Nchafatso ea Jeremane le Switzerland ea lilemong tsa bo-1520.” Ntoa e hlileng ea hlokomeloa haholo ho tsona ke Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo (1618-48), e neng e akarelletsa phapang ea bopolotiki le bolumeli pakeng tsa Maprotestanta a Jeremane le Mak’hatholike.

Mali a ile a tšoloha Engelane. Pakeng tsa 1642 le 1649, Morena Charles I a futuhela Palamente. Kaha boholo ba bahanyetsi ba Morena ba ne ba le ka lehlakoreng la ma-Puritan a Kereke ea Chache, ka linako tse ling ntoa e bitsoa Phetohelo ea Puritan. E felletse ka ho bolaoa ha Morena le ho hlongoa ha boipuso ba nakoana ba Brithani tlas’a Oliver Cromwell. Le hoja Ntoa ena ea Baahi ea Manyesemane e ne e se ntoa e khōlō ea bolumeli, bo-rahistori ba lumela hore bolumeli ebile lebaka le lekanyetsang ho khetha mahlakore.

Nakong ea ntoa ena, sehlopha sa bolumeli se bitsoang ma-Friend kapa ma-Quaker, se ile sa hlahella. Sehlopha sena se ile sa hanyetsoa ka matla ke “baena” ba sona ba Protestanta. Litho tse makholo li ile tsa shoela teronkong, ’me ba likete ba bolaoa ke ho tšoaroa hampe. Empa mokha ona o ile oa phatlalla, esita le likoloning tsa Brithani tsa Amerika, moo ka 1681 Charles II a ileng a fana ka lengolo ho William Penn ho thea koloni ea ma-Quaker, eo hamorao e ileng ea fetoha sebaka sa Pennsylvania.

Maquaker a ne a sa etse ntho e ncha ka ho batla basokolohi hobane malumeli a mang a ne a se a entse seo pele. Leha ho le joalo, hona joale ka mor’a “Phetoho” ea Protestanta, Mak’hatholike, hammoho le lihlopha tse khōlō tsa Maprotestanta, a ile a qala ho eketsa boiteko ba ’ona ba ho tlisa molaetsa oa Kreste oa ’nete le khotso ho “bao e seng balumeli.” Ke ho iphapanya ho hokaakang! Joaloka “balumeli,” Mak’hatholike le Maprotestanta a ne a sa lumellane ka tlhaloso e tšoanang ea ’nete ea Molimo. ’Me a ile a hlōleha ka ho tebileng ho bonahatsa khotso le bonngoe ba boena. Ka lebaka la boemo bona, ke’ng se neng se tla lebelloa “Ha ‘Bakreste’ le ‘Bahetene’ ba Kopana”? Bala karolo ea bo18 tokollong ea rōna e latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mosebetsi ona oa tšupiso, o hatisitsoeng ka 1982, o ile oa lekanyetsa hore ka 1985 o ne o tla ba le batho ba 22 190, ba reng: “Keketseho ea joale ke lihlopha tsa malumeli a macha tse 270 selemo le selemo (tse 5 ka beke).”

[Lebokose le leqepheng la 28]

Litholoana Tsa Pele Tsa Nchafatso

KOPANO EA CHACHE: kopano ea likereke tse 25 tse ikemetseng le lihlopha tse ling tse 6 tse kopanelang thuto, puso, le tšebeletso le Kereke ea Chache le tse elang hloko tlotla ea boeta-pele ea Mobishopo e moholo oa Canterbury. The Encyclopedia of Religion e bolela hore Chache “e bolokile tumelo ea eona tlhahlamanong ea babishopo ’me e bolokile mekhoa e mengata ea pele ho Nchafatso.” Setsing sa borapeli ho na le The Book of Common Prayer, e leng “eona feela buka ea litšebeletso tsa bona tsa mehleng ea Nchafatso tse sa ntsaneng li sebetsa.” Machache a United States, a ile a ikarola Kerekeng ea Chache ’me a theha Kereke ea Boprotestanta ea Episcopal ka 1789, ’me a senya neano ka ho hlomamisa mobishopo oa pele oa mosali ka 1989 historing ea kereke ea Chache.

LIKEREKE TSA BAPTIST: mekhatlo ea bolumeli e 369 (1970) e simolohileng mokheng o buellang ho kolobetsoa ha batho habeli oa Anabaptist oa lekholong la bo16 la lilemo, o ile oa hatella kolobetso ea batho ba baholo ka ho qoelisoa. The Encyclopedia of Religion e bolela hore mokha oa Baptist o ile oa “thatafalloa ho boloka bonngoe ba mokhatlo kapa bonngoe ba bolumeli,” e eketsa ka hore “sehlopha sa Baptist se seholo United States,... empa, joaloka lihlopheng tse ling tse khōlō, litho tsa mokha o mong ha li buisane le litho tsa mokha o mong.”

LIKEREKE TSA LUTHERE: mekhatlo ea bolumeli e 240 (1970), e ikhantšang ka litho tse ngata ho feta sehlopha leha e le sefe sa Boprotestanta. E ntse “e arohane ka bochaba (Majeremane, Masweden, jj.),” ho bolela The World Almanac and Book of Facts 1988, e eketsa ka hore “likarohano tse khōlō li mahareng a mokha o bolelang hore Bibele e hlalosoe kamoo e leng kateng le mokha oa karohano ea Maluthere.” Ho kena ha karolo ea Maluthere bochabeng ho hlile ha hlaka nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho joalokaha, E. W. Gritsch oa Sekolo sa Boruti sa Luthere, U.S.A., ha a re, “sehlotšoana sa baruti ba Luthere le liphutheho [tse Jeremane] ba ile ba hanyetsa Hitler, empa mohlomong boholo ba Maluthere bo ile ba khutsa kapa ba sebelisana le puso ea Nazi.”

LIKEREKE TSA METHODIST: mekhatlo ea bolumeli e 188 (1970) e hlahang mokheng oa Kereke ea Chache e theiloeng ke John Wesley ka 1738. Ka mor’a lefu la hae e ile ea ikarola ho ba sehlopha se ka thōko; Wesley o ile a hlalosa Methodist e le “mokha o phelang ho latela melao e ngotsoeng ka Bibeleng.”

LIKEREKE TSA REFORMED LE PRESBITHERI: Likereke tsa Reformed (mekha ea bolumeli e 354 ho tloha ka 1970) ka molao ke tsa Calvin, e seng Luther, ’me li italima e le “Kereke ea K’hatholike, e nchafalitsoeng (reformed).” “Presbitheri” e laola kereke ka baholo (bapresbitheri); likereke tsohle tsa Presbitheri ke likereke tsa Reformed, empa hase likereke tsohle tsa Reformed tse nang le taolo ea bapresbitheri.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Leqephe le entsoeng hantle la Bibele ea Gutenberg ea Selatine

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Ka tumello ea The British Library

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Gutenburg le mochine o jaroang oa ho hatisa

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

John Wesley, mothei oa Kereke ea Methodlst (1738)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela