Leqhubu la Bolumeli—Ho Tobana le le Matlahali la ho Qetela
MELLO E QHOMANG, ho bonahala litlhase tsa mebala e mefubelu, e meputsoa, e mesehla, le e metala sebakeng. Litapole ha li ea eboloa. Litšepe tse llang li sa khaotse, melilietsane ea thabo. Bosiu ba Mokete oa Mollo Engelane.
BASEBETSI ba fumana litopo tse 25 ka kotsi. Masapo a ne a bolokiloe hantle, matsoho a phuthiloe. Borahistori ka hona ba iphumana ba le mohlaleng oa histori o khutlelang morao ka lilemo tse 200. Quebec, Canada.
Liketsahalo tse peli tse kaholimo tse sa amaneng li na le motso o tšoanang—Nchafatso.
SEHLOOHO sa tokollo ea rōna ea Mphalane 1 se bontšitse hore Europa e bone phetoho e khōlō ea bolumeli lekholong la bo16 la lilemo. Liphello li nametse likarolong tse ling tsa lefatše. Litšobotsi tse ngata tsa bophelo ba kajeno ke mangope a siiloeng ke metsi a Nchafatso. Mohlomong hona ho susumelitse bophelo ba hao ba letsatsi ka leng. Ha bohlokoa, re eme lintšing tsa pheliso ea bolumeli eo bonneteng e tla ama bophelo ba hao. Na ua tseba hore e tla bo ama joang?
Latela mehlala ea Nchafatso linaheng tse latelang:
Jeremane: Ba bang ba bolela hore tšusumetso ea Luther thutong ea Jeremane ha e lekanngoe le ea motho leha e le ofe linaheng tseo ho buuoang Senyesemane. Phetolelo ea hae ea Mangolo ke e ’ngoe ea Libibele tsa Sejeremane tse amohelehang ka bophara. Luther o entse ho hongata mokhoeng oa ho ngola puo le ho rala motheo oa tšebelisano har’a Majeremane. O ile a hlokomelisa Naha hore ho hlokahala thuto bakeng sa bohle, a phahamisa boemo ba tsebo ea ho ruta.
Canada: Pale e fetileng ea bokolone e ile ea bona Brithani le Fora li tsekollana ntoeng e siileng letšoao la eona naheng e le ’ngoe ka ho khetheha—Quebec. Kaha qalong e ne e ahiloe ke Mak’hatholike a Fora, Quebec e ile ea ba tlas’a taolo ea Brithani, ’me ho tloha moo ea laoloa ke Maprotestanta ka 1763. Ebile pelenyana ho moo litopo tse boletsoeng qalong ea sehlooho sena li ileng tsa patoa ka lekunutu haufi le marako a matla a motse. Hobane’ng ka lekunutu? E ne e le tsa Maprotestanta, ao nakong eo a neng a thibetsoe mapato mabitleng a Bok’hatholike. Quebec e sa ntse e le sebaka se ikarotseng sa Mak’hatholike a buang Sefora, ’me sena se fana ka mekha ea kajeno ea khethollo.
Ireland: Sehleke-hleke sa Emerald se sa khahloe ke Nchafatso sa khetha ho itšehla thajana. Kamor’a nako, tšusumetso ea Boprotestanta e ile ea kena butle-butle ho fetela Leoatleng la Ireland ho tsoa Engelane ho ea linaheng tse ka leboea. Kajeno lefa la eona ke Ireland e arohaneng. Mekoloko ea selemo le selemo Ulster e hopotsa litlhōlo tsa Maprotestanta tsa nako e fetileng. Kamor’a mekete e joalo hangata ho siuoa mekoallo, libomo, le likulo tsa polastiki. Letsatsi la Orange Day Parade ka Phupu 1986 le siile batho ba 160 ba tsoile likotsi. Ke letsatsi la sehopotso sa ketsahalo ea lilemong tse ka bang 300 tse fetileng ha Morena William oa Orange, ea ileng a sireletsa Boprotestanta Brithani, a ne a hlōla morena oa ho qetela oa Bok’hatholike oa Engelane, James II.
United States: “Litsekana tsa bolumeli tse nang le maikutlo a fapaneng a Europa ebile lebaka le matla le tlisitseng tokoloho ea bolumeli Amerika,” ho ngola A. P. Stokes ho Church and State in the United States. Mehla ea bokolone e bone United States e aparetsoe ke tšusumetso ea Boprotestanta. Lithuto tsa bohlokoa tsa Calvin tsa susumetsa bolumeli, lipolotiki, le khoebo. Tumelo ea motheo ebile hore motho ka mong o ne a ikarabela ka ho tobileng ho ’Mōpi ntle le ho buelloa ke moprista. Mokhoa ona oa hlahisa sebopeho sa oona, ho khola litholoana tsa mosebetsi oa oona.
T. H. White o sa hopola bukeng ea hae In Search of History hore bofelong ba lekholo lena la lilemo, karolo ea 13 lekholong ea batho ba U.S. e ne e le Mak’hatholike. Palo ena e eketsehile ho feta karolo ea 25 lekholong ka 1960. Leha ho le joalo, Mak’hatholike a ’maloa a ile a finyella litulo tse phahameng tsa bopolotiki. White o tsoela pele: “Boemong bo phahameng ba Lekhotla le Etsang Molao, moo ntoa le khotso li tšohloang, moo ho reroang lilekane le melao ea linaha li sele, moo Likahlolo tsa Lekhotla le Phahameng li tiisoang, Maamerika a ntse a khetha hore Maprotestanta a boholo-holo e be basireletsi ba morero oa sechaba.” Moetlo o ile oa senyeha ha John F. Kennedy e-ba mopresidente oa pele oa Mok’hatholike United States.
Bakeng sa mehlala e meng e tsoang linaheng tse ling, bona lebokose leqepheng 29.
Mobu o Tebetebe
Tlas’a Boprotestanta, phehisano ea bolumeli e ile ea hōla, liphetolelo tsa Bibele, le litlhaloso tsa eona li ile tsa itšalla holim’a maqhubu a tokoloho le hore motho ka mong a lokolohe ho bua. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, tokoloho e ile ea totobatsa liphello tsa liphuputso tse mabapi le bongoli ba Bibele. Ho ile ha amoheloa maikutlo a macha; ho lokoloha ha motho ho ikhethela seo a se ratang. Kamoo lintho li neng li tsoela pele kateng e ne e se ho otlana ho fokolang feela ha maqhubu empa ho luma ho lerata ha oona. Metsi a matla a nchafatso a hohola metheo ea lithuto tsa Bokreste. Mekhoa e mecha e kang ho iphetola ha lintho, tokoloho ea basali, le ‘boitšoaro bo bocha’ e ile ea hoholoa joaloka likoqo tse eang le metsi, lipaki tse se nang molomo ka baka la sekhohola. Bolumeli bo entsoeng ba motho linaheng tsa Boprotestanta bo ile ba siea motho ka mong lepalapaleng, a lahletsoe sehleke-hlekeng sa hae sa boinotši sa tumelo.
Sebaka se potolohileng Boprotestanta se fana ka menyetla e mengata ea ho nyatsa-nyatsa lintho tse tloaetsoeng. Batho ba entsoe hore ba tšepe tsoelopele, tokoloho, le litokelo tsa botho. Ka 1904 Max Weber, setsebi sa kahisano le moruo sa Jeremane, o ngotse moqoqo ka Boprotestanta le tsamaiso ea khoebo e lokolohileng. O boletse hore tsamaiso ea khoebo e lokolohileng hase lebaka la Nchafatso. Empa o fumane hore libakeng tse atlehang tsa tsamaiso ea khoebo e lokolohileng tsa malumeli a kopakaneng, Maprotestanta e ne e le bahiri, baetapele, ba nang le tsebo, le ba koetlisitsoeng. Ho ea ka Der Fischer Weltalmanach, ho ba 540 ba abetsoeng meputso ea Nobel ho fihlela ka 1985, likarolo tse peli ho tse tharo li ile ho baahi ba tsoang libakeng tsa Boprotestanta. Baahi ba Bok’hatholike ba hapile karolo ea 20 lekholong feela. Lichabeng tse 20, tse ka sehloohong ha ho tluoa kabong e phahameng ea moruo oa naha bakeng sa motho ka mong, tse 9 e ne e le tsa Boprotestanta, tse peli e le tsa Bok’hatholike. Ka lehlakoreng le leng, linaheng tse fokolang moruong tse leshome tse nang le melato e phahameng, tse hlano e ne e le tsa Bok’hatholike, ho ne ho se tsa Boprotestanta.
Koranta ea beke le beke ea Jeremane Der Spiegel e ngotse hore lithuto tsa Calvin li ile tsa susumetsa Brithani hore e be naha e matla lefatšeng. Ho tloha lekholong la bo19 la lilemo, matla a bopolotiki a hōlang United States, Jeremane, le Brithani ebile tšusumetso ea nchafatso ea sechaba. Ho ile ha hatisoa ho lekana ha menyetla bakeng sa bohle. Ba bang ba nka metsi a phallang molatsoaneng oa Nchafatso e le selelekela sa tsamaiso ea puso ea kajeno ea basebetsi ba nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho. Leseli la lipolotiki le lokisitse tsela bakeng sa boiketlo ba naha. Haholo-holo libakeng tsa Boprotestanta, tsamaiso ea sechaba butle-butle e laola litaba tse amang tlhaho, lefu, lenyalo, tlhalo, le lefa. Tlhalo le ho ntšoa ha mpa linaheng tsa Bok’hatholike ho fapane le linaheng tsa Boprotestanta.
Litšiea tse matla tsa Boprotestanta, United States le Brithani, li sebelitse hammoho ho phethahatsa boprofeta ba Bibele ba sebata se manaka a mabeli. (Tšenolo 13:11) Tšiea ea lekholo la bo20 la lilemo ea lipolotiki, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, oo pele o neng o bitsoa Selekane sa Lichaba, o ile oa ntšetsa pele mesebetsi ea Boprotestanta.
Moroallo o tla Khutla
Ho khutlela morao ha maqhubu a otlanang lebopong ho re hopotsa kamoo maqhubu a khutlang ka lebelo kateng. Ka ho tšoanang, Nchafatso ea lekholong la bo16 la lilemo e siile mehlala e bonahalang kajeno. Ho na le bopaki bo matla ba hore re eme lintšing tsa ho qetela tsa phetoho ea ho qetela ea maqhubu a bolumeli e tla ba matla ho feta ea maqhubu a fetileng, a tla tlosa bolumeli ba bohata ka ho sa feleng, le ho ama e mong le e mong ea phelang. Na u tla pholoha? Lefatšeng ka bophara, ho na le ho se khotsofale ho eketsehang ka bolumeli bo hlophisitsoeng, bathong ka bomong le mebusong. Ke hobane’ng ho sa khotsofaloe?
Hangata bolumeli bo tšela meeli ea bona linthong tsa moea, bo ferekanya seaparo sa ofisi le sa boruti, moqhaka le katiba ea bobishopo, lere la borena le sefapano. Lilemo tse ’maloa tse fetileng koranta ea Sontaha Observer e phahamisitse potso mabapi le hore na e be boralipolotiki ba Ireland ba ne ba itokiselitse ho nka puso matsohong a baprista. Eo e neng e le ’musi oa Jeremane Bophirima Helmut Schmidt o ile a hlalosa ka ho itšunya ha bolumeli lipolotiking ka hore, “Ha ke lumele hore ntho ena e tla tsoela pele ka ho sa feleng.” Hape Le Figaro ea Paris e nģositse kereke ka “ho itšunya lipolotiking” hoo “e leng kotsing ea ho bona lipolotiki li itšunya bolumeling.” Ho tloha India ho ea Egepeta ho ea United States, ho tloha Poland ho ea Nicaragua, ho tloha Malaysia ho ea Chile, ntoa e matla mahareng a lipolitiki le bolumeli e tsoela pele.
Sena ha se makatse, ha ho letho le lecha. Tšenolo khaolo ea 17 e hlalosa ka botlalo bolumeli ba bohata e le seotsoa, “Babylona e Moholo,” ea febang le boralipolitiki ba lefatše. Temana ea 4 e tsoela pele e mo tšoantša “a khabile ka khauta, le mahakoe a bohlokoa, le liperela.” ’Muso oa bolumeli ha o khotsofalle matlotlo ao, o tletse boiketlo, o khaphatseha ka matlotlo. Lekholong la bo16 la lilemo, matlotlo a Kereke e K’hatholike a ne a le mangata haholo. ’Me bolumeli lekholong la rōna la bo20 la lilemo bo ntse bo tletse ka maruo.
Mebuso e se e le seli ka meharo e joalo. Albania e bone palo e ka holimo ho 2 000 ea libaka tsa borapeli, likereke, le meaho e meng ea bolumeli e fetoloa meaho ea sechaba kapa ea heletsoa. Sunday Times e tlalehile ka 1984 hore ’muso oa Malta “o ile oa qala ho talima letlotlo la kereke,” oa felisa lithuso tsa lichelete likolong tsa kereke. Ha letona la ’muso le botsoa hore na kereke e tla koahela litšenyehelo tsa eona joang, la re: “Haeba ho hlokahala, li ka qhibilihisa lifapano tsa bona tsa khauta le lialetare tsa bona tsa silevera.” Kereke ea Orthodox ea Magerike e ile ea loantša ka matla molao o amohetsoeng ke Palamente ea Greece o nea ’muso tokelo ea ho nka naha ea kereke (karolo e etsang 10 lekholong ea naha).
Lefatšeng lohle, batho ba soabisoa ke bolumeli. Ho e-na le ho kopanya, boa arola. Koranta e ’ngoe ea letsatsi le letsatsi ea Jeremane e hlokometse “bora bo fetohileng lehloeo mahareng a Mak’hatholike le Maprotestanta.” Frankfurter Allgemeine Zeitung e ngotse hore esita le mekhatlo ea likereke e abetsoeng ho koala lekhalo, e qalile boemong ba “ho se tšepane, le lehloeo le sa feleng mahareng a Mak’hatholike le Maprostetanta.” Elie Wiesel, mohapi oa Moputso oa Khotso oa Nobel ka 1986, o kile a qotsoa koranteng e ’ngoe ea letsatsi le letsatsi ea Jeremane a re: “Hangata ke nahana hore re hlōlehile. Haeba motho e mong o kile a re bolella ka 1945 hore re sa tla bona hape lintoa tse susumelitsoeng ke bolumeli li loana kontinenteng e ’ngoe le e ’ngoe . . . re ne re ke ke ra lumela.” Bolumeli bo susumetsang likhathatso, bo hlohlelletsang kapa bo lumellanang le ntoa, ke bolumeli ba bohata. ’Me Mōpi o ile a rera khale hore o tla bo felisa.
Khaolo ea 17 ea Tšenolo ha e siee pelaelo ka timetso ea bolumeli bohle ba bohata. Temaneng ea 16 rea bala: “Linaka tse leshome [matla a puso ka har’a mokhatlo oa Machaba a Kopaneng], tseo u li boneng ho sebata [Machaba a Kopaneng], li tla hloea seotsoa [bolumeli ba bohata], li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.”
U Eme Kae?
Ho bonahala e le ho makatsang, bolumeli ba bohata bo na le timetso ea bona. Liketso, mekhoa, meetlo, le menyetla ea bona haufinyana li tla fela. Hoo ho ka bonahala ho se joalo ho uena joaleka ha Kereke e K’hatholike e ile ea lahlehisa batho lekholong la bo16 la lilemo. Empa metsi a Nchafatso a ne a tlala hohle. Letlotlo la kereke le ile la ea ho batho, matla a eona ho marena. Esita le mehleng ea rōna, lichaba li tla etella pele ho felisoeng ha bolumeli ba bohata.
Seo se bolelang ho uena? Hlahloba bolumeli ba hao. Na seo bo se bolelang se lumellana le Bibele kamehla? Haeba ha ho joalo, mokhatlo oa hao ke karolo ea “Babylona e Moholo,” kapa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Latela taelo e fumanoang ho Tšenolo 18:4, NW e reng: “Tsoang ho eena, batho ba ka, . . . haeba le sa batle ho amohela karolo ea litsietsi tsa hae.”
Hopola, maqhubu a befileng a tlisang tšenyo ea ho qetela bolumeling ba bohata a tseleng. A se a le haufi. U tla be u eme kae ha a tlisa tšenyo e tšabehang? Phuleng ea ho se tšoane? Leralleng la puso ea lefatše? Kapa thabeng ea Jehova? Ho na le sebaka se le seng feela sa tšireletseho.
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Maqhubu a matla a nchafatso a hohotse lithuto tsa bohlokoa tsa motheo. Mekhoa e mecha e kang ho iphetola ha lintho, tokoloho ea basali, le ‘boitšoaro bo bocha’ e hohotsoe joaloka likoqo tse eang le metsi
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
Ho na le bopaki bo matla ba hore re eme lintšing tsa ho qetela tsa phetoho ea maqhubu a bolumeli. Na u tla a pholoha?
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
Haeba motho e mong a kile a re bolella ka 1945 hore re tla bona hape lintoa tse susumetsoang ke bolumeli li loana likontinenteng, re ne re ke ke ra lumela
[Lebokose le leqepheng la 29]
Afrika Boroa: Tumelo ea Calvin ea ho reroa ha bophelo ke motheo oa bolumeli oa ho khetholloa ha batho ka ’mala. Frankfurter Allgemeine Zeitung ea kamehla ea Jeremane e bitsitse baruti ba Nederduitse Gereformeerde Kerk (kamoo ho bitsoang Kereke ea Dutch Reformed Afrika Boroa) “baqapi ba lipolotiki tsa khethollo ea ’mala.”
Switzerland: E le setsi sa bolumeli ba Calvin, Geneva e hohetse baphaphathehi ba bangata, ba tlileng le letlotlo le tsebo. Ka lebaka leo, ona e sa le motse o moholo oa setsi sa khoebo ’me o na le sebaka se atlehang sa tlhahiso ea litšupanako.
India: Mokhatlo oa Jesu (Majesuit) o ile oa hōla e le karolo ea Mokhatlo o Hanang le Nchafatso ea Pele, mokhatlo o tsosolosang Bok’hatholike kamor’a liphetoho tsa Nchafatso. Litho tsa mokhatlo li fihlile naheng ea Goa lekholong la bo16 la lilemo, nakoana hamorao ea fetoha koloni ea Portugal. Tšusumetso ea kereke e bonahala bathong kajeno: Goa, batho ba 3 ho ba 10 ke Mak’hatholike, ha India eohle, motho a le mong ho ba 25 e le ea ipolelang e le Mokreste.
Engelane: Selemo sa 1605 se bone James I, Moprotestanta, e ba morena. Ha khatello ea Mak’hatholike e eketseha naheng, ho ile ha reroa ho felisa ’Muso, Morena le bohle. Batho ba neng ba rerile morero oo, sehlopha sa Mak’hatholike se etelloang pele ke Guy Fawkes, ba ile ba fumanoa ’me ba ahloleloa lefu. Letsatsi la la 5 Pulungoana le tšoaea ho ketekoa ha Mokete oa Mollo Bosiu. Malapa le metsoalle ba ntse ba bokana ho khantša mantsiboea a lefifi ka mello le ho chesa “guy,” kapa setšoantšo sa molotsana.
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Martin Luther le John Calvin—baetapele ba Nchafatso