Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 10/8 maq. 4-5
  • Kamoo ba Bang ba Hlalosang ho Lumella ha Molimo Bobe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo ba Bang ba Hlalosang ho Lumella ha Molimo Bobe
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ea Kajeno ea Bolumeli e Kena Lebokosong la Bopaki
  • Tsekisano ea Boholo-holo
  • Ke Hobane’ng ha Lintho Tse Mpe li Hlahela Batho ba Molemo?
    Tsoha!—1987
  • Buka ea Bibele ea 18—Jobo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Jobo—Monna ea Ileng a Mamella a ba a Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Botšepehi ba Jobo—Ke Hobane’ng ha Bo Tsoteha Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 10/8 maq. 4-5

Kamoo ba Bang ba Hlalosang ho Lumella ha Molimo Bobe

MOLIMO—na o molato kapa ha o molato ka matšoenyeho a batho? Potso ena e hlahela haholo ka baka la bomalimabe, ebang bo hlahela motho kapa batho ba bangata joaloka San Ramón. Koranta ea Brithani The Evangelical Quarterly e itse: “Ntho e ’ngoe e khōlōhali e sitisang batho ho lumela ho Molimo o matla ’ohle, le o lerato ke ho ba teng ha matšoenyeho a sa tšoaneleng lefatše.”

Ka baka leo ba bang ba tla nģosa Molimo ka ho mamella—haeba a sa a bake—matšoenyeho. Seithuti sa bolumeli John K. Roth se itse: “Histori ka boeona e nģosa Molimo. . . . U se nke habobebe boikarabelo ba Molimo.”

Liithuti tse ngata tsa bolumeli ho tloha ka Augustine li tsekile ka matla ho hloka ha Molimo molato. Seithuti sa lekholo la bo17 la lilemo Leibniz se iqapetse lentsoe lena bakeng sa ho leka ho sireletsa Molimo: theodicy, kapa “ho lōkafatsa Molimo.”—Bona leqephe 6.

Thuto ea Kajeno ea Bolumeli e Kena Lebokosong la Bopaki

Boiteko ba ho tlosa molato ho Molimo bo tsoetse pele ho fihla mehleng ea kajeno. Mary Baker Eddy, moqapi oa Kereke ea Christian Science, o lekile ho rarolla bothata bona ka ho latola boteng ba bobe! Bukeng Science and Health With Key to the Scriptures, o ngotse: “Molimo . . . ha oa ka oa bōpa motho ka tsebo ea ho etsa sebe . . . Ka baka leo, bobe e mpa e le thetso, ’me ha bo na motheo oa sebele.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Ba bang ba tlositse qoso ho Molimo, ba re molemo o tsoakane le matšoenyeho. Moruti e mong o itse: “Matšoenyeho a phahamisa motho, a felisa menahano ea hae ea boikhohomoso le ea lefeela.” Ka ho tšoanang, liithuti tse ling tsa bolumeli li boletse hore matšoenyeho lefatšeng a “bohlokoa ho re lokisetsa bophelo ’Musong oa leholimo nakong e tlang.”

Empa na ke ho utloahalang ho lumela hore Molimo o tlisa kapa o lumella likoluoa ho felisa le ho otla batho? Baahi ba motsana oa San Ramón ba patiloeng ba phela ha ba ka ba fumana monyetla oa ho lokisa boitšoaro ba bona. Na Molimo o ba entse sehlabelo ho ruta ba phelang thuto e itseng? Haeba ho le joalo, e ne e le thuto efe?

Ka ho utloahalang, buka ea Kushner When Bad Things Happen to Good People e ratoa haholo. Hobane mongoli oa eona o ne a tseba bohloko ba matšoenyeho, o ne a leka ho tšelisa babali ba hae, a ba tiisetsa hore Molimo o molemo. Leha ho le joalo, ha Kushner a hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumella batho ba hlokang molato ho tšoenyeha, o bea taba ka tsela e makatsang. “Molimo o batla hore batho ba lokileng ba phele ka khotso, le ka thabo, empa ka linako tse ling le Oona ha o tsebe ho phethahatsa hoo.”

Ka lebaka leo Kushner o fana ka sebōpeho sa Molimo o se nang bokhopo, empa o fokolang, o se nang matla ’ohle. Leha ho le joalo, Kushner o khothalelitse babali ba hae ho rapella thuso ea Molimo. Empa ha e le mabapi le hore na ke joang Molimo ’ona o fokolang o ka ba thusang, Kushner ha a hlalose mabaka.

Tsekisano ea Boholo-holo

Ka hona liithuti tsa bolumeli tsa lefatše li hlōlehile ho fana ka bopaki bo kholisang bo emelang Molimo nyeoeng ena le ho fana ka matšeliso a sebele ho ba hlahetsoeng ke bobe. Mohlomong se lokelang ho ema tekong ea lekhotla ke thuto ea bolumeli e seng Molimo! Hobane likhopolo tsena tse hōhlanang li mpa li hlahisa mabaka a lephako a boletsoeng lilemo tse ka bang likete tse ’nè tse fetileng. Nakong eo tsekisano e bile teng mabapi le matšoenyeho a monna ea tšabang Molimo ea neng a bitsoa Jobo, moahi ea ruileng le ea tsebahalang haholo oa Bochabela ea ileng a hlaseloa ke matšoenyeho a mangata. Ka ho latellana ho potlakileng Jobo o ile a lahleheloa ke leruo la hae, a shoeloa ke bana, ’me qetellong, a hlaseloa ke lefu le nyonyehang.—Jobo 1:3, 13-19; 2:7.

Banna ba bararo ba neng ba ipitsa metsoalle ea Jobo ba fihla ho tla mo tšelisa. Empa ho e-na le ho fana ka matšeliso, ba mo hlasela ka thuto ea bolumeli. Ntlha e khōlō ea tseko ea bona e ne e le ena: ‘Sena ke seo Molimo o u otlileng ka sona, Jobo! Ho hlakile hore u otluoa ka baka la phoso eo u e entseng! Ka ntle ho moo, Molimo ha o tšepe bahlanka ba oona.’ (Jobo 4:7-9, 18) Jobo o ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo o ‘hlasetse eena ka matšoenyeho.’ (Jobo 16:11, 12) Jobo o ile a boloka botšepehi ’me le ka mohla ha a ka a nģosa Molimo ka bobe.

Ha e le hantle, batšelisi ba Jobo ‘ba boletse Molimo o le khopo,’ ka ho fana ka boikutlo ba hore motho e mong le e mong ea hlaheloang ke bomalimabe o ne a otloa ka baka la ho etsa bobe. (Jobo 32:3) Empa kapelenyana Molimo o ile oa lokisa pono ea bona e fosahetseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela