Ke Hobane’ng ha Lintho Tse Mpe li Hlahela Batho ba Molemo?
Mosikong oa motse o thabeng oa San Salvador, El Salvador, ho na le motsana oa San Ramón. Hoseng la 19 Loetse, 1982, o ile oa koaheloa ke maqhubu a mararo a maholo a seretse. Maqhubu ana a ne a khannoa ke lipula tse matla, leqhubu la pele le ne le batla le le bophahamo ba mehaho e mebeli e palamaneng ’me le nkile mafika le likutu tsa lifate. La fata khohlo e botebo ba limithara tse 50 le bophara ba tse 75, la theosa le iphaphathile le thaba, le eketsa lebelo le boholo ha le ntse le theteha. Ha le fihla tlaase-tlaase, la khahlamela ka holim’a matlo a mobu a neng a le tseleng ea lona.
Ntlo ea Ana e ile ea lihoa ke sekhōhōla sena se matla ka ho panya ho tšosang ha leihlo. Barali ba hae ba itšoarella ka eena, ba lla, “Re rapelle!” Seretse sa ba khurumetsa . . .
Ka lehlohonolo, thaele ea marulelo ea oela ka pel’a sefahlehlo sa Ana, e mo siela sebaka sa ho phefumoloha feela. “Ke ile ka tsoela pele ke hōa bakeng sa thuso,” o rialo. Lihora tse ka bang ’nè hamorao baahisani ba utloa mohoo oa hae ’me ba qala ho cheka ho mo pholosa. A fumanoa a koahetsoe ke seretse ho fihlela mahafing, ’mele ea barali ba hae e peteletsoe ho eena ka har’a seretse.
BATHO ba San Ramón ba ikokobelitse ’me ba na le botsoalle. Har’a ba shoeleng ho fumanoe Lipaki tse ’maloa tse inehetseng tsa Bakreste, ho kopanyelletsa le banyalani ba bacha, Miguel le Cecilia, le lelapa la litho tse hlano bao litopo tsa bona li fumanoeng li tšoasehile.
Leha ho e joalo, bomalimabe ha bo khetholle pakeng tsa batho ba molemo le ba babe, ’nete eo batho ba bangata ba fumanang ho le thata ho e amanya le Molimo o lerato. ‘Ke Molimo oa mofuta ofe o lumellang tahlehelo e joalo e sa hlokahaleng ea bophelo?’ ba botsa. ‘Kapa, ke joang Molimo o matla ’ohle o ka shebellang ha batho ba tsofetseng, ba hlokang matlo, malapa a sebetsang ka thata a lahleheloe ke chelete ea oona, bahlanka le baroetsana ba bolaoe ke mafu—empa o sa etse letho?’
Harold S. Kushner, moruti oa Mojode, o botsitse lipotso tsena ha a tsebisoa hore mora oa hae o tla shoa ka lebaka la boloetse bo sa tloaelehang. Ho hloka toka hona ho makatsang ha tšosa Kushner. “Ke ’nile ka ba motho ea molemo,” oa hopola. “Ke lekile ho etsa se lokileng mahlong a Molimo. . . . Ke lumela hore ke ne ke latela litsela tsa Molimo le ho etsa mosebetsi oa Hae. Ke joang sena se ka hlahelang lelapa la ka?” Ha a ntse a batlisisa likarabo a ngola buka ea hae e tsebahalang haholo When Bad Things Happen to Good People.
Kushner ke e mong oa baruti ba bangata ea lekileng ho araba potso ea hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumella bobe. Ha e le hantle, motho o beile Molimo tekong. Ke qeto efe e fihletsoeng ke Kushner le baruti ba bang? Na kahlolo ea bona e nepahetse?