Bobe le Matšoenyeho—Li Tla Fela Joang?
LIPHIHLELO tse bohloko hangata li totisa bohloko. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho e-na le lebaka le utloahalang la matšoenyeho a hlahelang batho? Re ntse re hopotse sena, a re ke re tsoeleng pele ka tlaleho ea Jobo. Kamor’a hore makhetlo a mararo a tsekisano e bohloko a fete, mohlankana ea bitsoang Elihu a bua. A re ho Jobo: “Na u hlōma hore ke taba e lokileng ha u ipea ea lokileng ho fetisa?” E, Jobo o ile a itokafatsa. Elihu a re: “Bona, karabo ea ka ke eona ena: U fositse tabeng tseo; hobane Molimo o moholo ho e-na le motho.”—Jobo 35:2; 33:8-12.
Molimo o tlohetse bopaki bo bongata ba hore o molemo. (Liketso 14:17; Ba-Roma 1:20) Kahoo, na ho ba teng ha bobe e ka ba lebaka la ho phephetsa molemo oa Molimo? Elihu oa araba: “Molimo o ke ke oa etsa bobe le ho leka; Ea matla ’ohle ha ho kamoo a ka etsang bokhopo!”—Jobo 34:10.
Molimo—Na ha o na Matla a ho Hlōla Bobe?
Na ho ka etsahala hore Molimo o ne o se na matla ka ho lekaneng ho kenella tabeng ea Jobo kapa ea motho leha e le ofe e mong? Che! Ka har’a sefefo se tšosang Molimo oa ipuella, oa tiisa hore o matla ’ohle! “U ne u le kae, mohla ke theang lefatše?” o botsa Jobo. Ho fapana le ho hloka matla, o ipolela e le O ka laolang maoatle le ho busa leholimo le libōpuoa tsa lona tse phelang.—Jobo 38:4, 8-10, 33; 39:9; 40:15; 41:1.
Ke ’nete, Molimo ha oa ka oa hlalosetsa Jobo hore na ke hobane’ng ha o mo lumelletse ho tšoenyeha. Empa “na moluma-lumi o sa tseka le ea matla ’ohle na?” ho botsa Molimo. “Na u fela u rata ho senya kahlolo ea ka? U rata ho ntsoa hore u itokafatse na?” (Jobo 40:2, 8) Joale, ke boikhohomoso bo bokaakang ho nģosa Molimo ka lebaka la bobe ba lefatše kapa ho qapa likhopolo tsa batho tse mo emelang! Joalokaha Jobo a ile a susumetsoa ho “inyatsa,” batho ba joalo ba tla etsa hantle ha ba “inyatsa” ka lebaka la lithuto tsa bona tse loantšanang.—Jobo 42:6.
Litseko tse Lokelang ho Lokisoa
Jobo o ne a sa hlokomele hore ho tšoenyeha ha hae ho ne ho ama litseko tsa bohlokoa tse ileng tsa phahamisoa nakoana kamor’a ho bōpjoa ha motho. Nakong eo sebōpuoa sa lerabele sa moea se bitsoang Satane (“Mohanyetsi”) se ile sa kenya motho sebeng. Molimo o ne o laetse Adama le Eva ho qoba ho ja litholoana tsa “sefate sa ho tseba botle le bobe.” Ba ne ba lokela ho hlompha tokelo ea Molimo ea ho beha litekanyetso ka se neng se le setle kapa se le sebe. Leha ho le joalo, Mohanyetsi a jala lipelaelo kelellong ea Eva, a re: “A e fela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” O latela ka ho loantša mantsoe a Molimo: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa; Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joale ka melimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 2:17; 3:1-5.
Mantsoe a etseletsang a Satane a ile a phahamisa litseko tsa leshano: Na Molimo o ne o le leshano ha o ne o liha kahlolo ea lefu bakeng sa ho ja tholoana e thibetsoeng? Haeba ho le joalo, ke tokelo efe eo a neng a na le eona ka ho amoha libōpuoa tsa hae boipuso le ho bea litekanyetso tsa hae holim’a tsona? Na e ne e se Molimo o nang le boithati, ka ho hanela libōpuoa tsa oona lintho tse molemo? Na ho itokolla pusong ea Molimo ho ne ho lakatseha?
Ho bolaea marabele ho ne ho tla hlahisa lipotso tse eketsehileng. Ke feela hore Molimo o lumelle boipuso ba bona ka nako e itseng ho neng ho tla paka—ka ho sa feleng—hore mpho ea Satane ea boipuso e ne e mema koluoa. E, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose, e seng matleng a Molimo. (1 Johanne 5:19) Boloetse, ho hloka toka, leraba la moruo, bohloko ba pelo—kaofela ke litholoana tsa motho ka ho khetha ho itokolla pusong ea Molimo le ho ba ka tlas’a puso ea satane! ’Me ho sa tsotellehe khatelopele thutong ea boqapi ba mahlale, maemo a lefatše a tsoela pele ho mpefala—hangata ka lebaka la thuto ea kajeno ea boqapi.
Leha ho le joalo, ho mamella ha Molimo bomalimabe bona bohle ho ke ke ha hlalosoa e le ho hloka ho loka. Ka ho fapaneng, ho se loke ha motho ho ‘bonahalitse ho loka ha Molimo.’ (Ba-Roma 3:5) Joang?
Matšoenyeho a Felisoa—Ka ho sa Feleng!
“Hobane rea tseba hore tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho tla fihlela joale,” ho boletse moapostola Pauluse. (Ba-Roma 8:22) E, lilemo tse 6 000 tse bohloko tsa puso ea motho li tiisitse mantsoe a Jeremia 10:23: “Tsela ea motho ha e matleng a hae.” Haufinyana, Molimo o tla kenella ka ho lokileng ’me o qale ho lokisa litaba tsa motho.
Kaha liphello tse kotsi tsa ho ipusa ha motho li pepesehile ka ho feletseng, joale Molimo o ka felisa lintho tsohle tse bakileng ho tšoenyeha: lintoa, boloetse, tlōlo ea molao, pefo—ekasita le lefu ka bolona! (Pesaleme 46:8, 9; Esaia 35:5, 6; Pesaleme 37:10, 11; Johanne 5:28, 29; 1 Ba-Korinthe 15:26) Ho joalokaha moapostola Johanne a utloile ponong ea leholimo: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
Ka ho thahasellisang, Molimo o felisitse matšoenyeho a Jobo ka ho khutlisetsa bophelo ba hae bo botle ba ’mele le leruo le ho mo hlohonolofatsa ka lelapa le leholo. (Jobo 42:10-17) Bibele ea re tšepisa: “Mahlomola a mehla ea joale ha a tšoanele ho lekanngoa le khanya e tlang ho bonahala ho rōna . . . Tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:18, 21) Ka lebaka leo, bokhopo bo tla tlosoa ka ho felletseng mehopolong ea rōna!—Bapisa Esaia 65:17.
Ho Phela le Bobe
Pele tokoloho e fihla, re lokela ho mamella ho phela lefatšeng le khopo, re sa lebelle hore Molimo o re sireletse kotsing ea botho. Satane Diabolose o phahamisitse tšepo ea leshano ha a ne a leka Jesu hore a itihe tempeleng, a khopamisa lengolo la Bibele ho Pesaleme ea 91:10-12, le reng: “Le kotsi e ke ke ea fihla ho uena . . . hobane o tla u laella mangeloi a hae, a tle a u boloke litseleng tsa hao kaofela.” Leha ho le joalo, Jesu a hana khopolo leha e le efe ea ho fumana tšireletso ea mohlolo ea ’mele. (Mattheu 4:5-7) Molimo o tšepisa ho sireletsa feela katleho ea rōna ea moea.
Ka lebaka leo, Bakreste ba ’nete ha ba ‘hlonamele Jehova,’ ekasitana le ha ho hlaha kotsi e bohloko. (Liproverbia 19:3) Hobane “nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle” ho kopanyeletsa le Bakreste. (Moeklesia 9:11, NW) Leha ho le joalo, ha re hloke tšehetso. Re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lokileng le lecha, moo bokhopo bo ke keng ba hlola bo e-ba teng. Kamehla re tla atamela Jehova Molimo ka thapelo, hobane o tšepisa ho fana ka bohlale bo hlokehang ba ho mamella teko leha e le efe! (Jakobo 1:5) Re thabela hape tšehetso ea Bakreste ’moho le rōna. (1 Johanne 3:17, 18) ’Me re na le tsebo ea hore ho tšepahala ha rōna tlas’a liteko ho thabisa pelo ea Jehova!—Liproverbia 27:11.
Ho ntse ho le ho joalo, ho mamella bobe ha ho bonolo. Ka hona, ha u tšelisa e mong ea saretsoeng ke bohloko, ho molemo ho ‘lla le ea llang’—le ho fana ka thuso e sebetsang. (Ba-Roma 12:15) Mofumahali Ana, ea boletsoeng qalong, o thusitsoe ho tšeliseha kotsing eo. Ana ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me o fumane hore Bakreste ’moho le eena ba mo thusitse haholo, le ho mo thusa ka bolulo ba nakoana. Le hoja ka linako tse ling a ikutloa a tepeletse maikutlong, o fumana setšabelo tšepong ea Bibele. “Kea tseba hore bana ba ka ba tla khutla tsohong ea bafu,” ho boletse Ana. Tumelo ea hae ho Molimo o molemo e tiile ho feta leha e le neng pele.
Haeba u feta nakong ea matšoenyeho, kōpa Lipaki tsa Jehova ho u thusa ho arabela lipotso tsa hao le lipelaelo. Ba ka u nea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e nang le lihlooho tse thusang “Ke Hobane’ng ha Molimo o Lumelletse Bokhopo?” le “U Ameha Tsekong ea Bohlokoa.” Ke ’nete hore hona joale lintho tse mpe li hlahela batho ba molemo, empa haufinyana tsohle li tla fetoha. Iphumanele boitsebiso bo eketsehileng ka ho ikopanya le Lipaki tsa Jehova haufi le uena kapa ngolla bahatisi ba makasine ’ona.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Lefatšeng le lokileng le lecha la Molimo, bobe bo tla fela mohopolong