Lisosa ke Mohopolo
“KE entse liteko tsohle, ’me ha ke bone letho,” ngaka e mosa e boleletse Elizabeth. “Kea hlokomela hore u tepeletse haholo maikutlong ’me ho na le lebaka le utloahalang.”
Elizabeth, ea neng a nahana hore bothata ba hae e ne e le ho kula ’meleng, a qala ho ipotsa haeba ngaka e ne e nepile. A nahana ka khathatso ea hae ea letsatsi le leng le le leng le mora oa hae ea lilemo tse tšeletseng ea sa laoleheng, eo hamorao tlhahlobo e senotseng hore o haelloa ke matla a ho nahana. “Khatello ea letsatsi le leng le le leng le lipelaelo tsa ferekanya maikutlo a ka haholo ho feta leha e le neng,” ho boletse Elizabeth. “Ka felloa ke tšepo le ho batla ho ipolaea.”
Batho ba bangata ba tepeletseng maikutlong, joalo ka Elizabeth, ba tobane le khatello e khōlō. Ha e le hantle, tlhahlobo e khōlō ea babatlisisi ba Manyesemane George Brown le Tirril Harris e senotse hore basali ba tepeletseng maikutlong ba na le “mathata a maholo,” a kang ho se hlokomele ntlo kapa kamano e seng ntle ea lelapa, a fetang a basali ba sa tepellang ka makhetlo a mararo. Mathata ana a bakile “ho tepella ho kotsi le ho sa fetoheng” bonyane ka lilemo tse peli. Liphihlelo tse bohloko tsa bophelo, joaloka lefu la mong ka uena ea haufi kapa motsoalle, ho kula ho matla kapa kotsi, litaba tse tšosang, kapa ho lahleheloa ke mosebetsi, le tsona li ne li atile ka makhetlo a mane har’a basali ba tepelletseng maikutlong!
Leha ho le joalo, Brown le Harris ba fumane hore bomalimabe bo ’notši ha bo bake ho tepella maikutlong. Lefu lena hangata le itšetlehile ka hore na kelello e amohela bomalimabe boo joang le hore na maikutlo a hae a sireletsehile hakae.
“Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e ne e Bonahala e sa Tšepise”
Ka mohlala, Sarah, mosali ea khothetseng le ’mè oa bana ba bararo, o ile a robeha lesapo la mokokotlo ka kotsi a le mosebetsing. Ngaka ea hae ea ’molella hore o lokela ho fokotsa mosebetsi haholo ka lebaka leo. “Ke ile ka nahana hore bophelo ba ka bo felile. Ka tlhaho ke motho ea mafolofolo, ea ratang lipapali tsa mabelo le ho bapala le bana ba ka. Ke ile nahana haholo ka tahlehelo ena ’me ka nahana hore lintho li ke ke tsa hlola li loka. Kapelenyana ka felloa ke thabo eohle ea ho phela. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e bonahala e sa tšepise,” ho boletse Sarah.
Boitšoaro ba hae kotsing ena ba hlahisa monahano oa ho hloka tšepo mabapi le bophelo ba hae ka kakaretso, ’me sena sa tsoala ho tepella maikutlong. Joalokaha Brown le Harris, bukeng ea bona Social Origins of Depression, ba tlalehile: “[Ketsahalo e qholotsang, joaloka kotsi ea Sarah] e ka lebisa monahanong o hlokang tšepo ka bophelo ba hao ka kakaretso. Ke kakaretso e joalo ea ho hloka tšepo eo re lumelang hore e bōpa motso oa ho tepella maikutlong.”
Empa ke eng se etsang hore batho ba bangata ba ikutloe ba sa tsebe ho hlōla bohloko ba ho lahleheloa, hoo ba qetellang ba tepelletse maikutlong? Ka mohlala, ke ka baka la’ng ha Sarah a ne a nahana feela lintho tse sa thabiseng?
‘Ha ke Bohlokoa’
“Kamehla ke ne ke sa itšepe,” ho hlalositse Sarah. “Ke ne ke ikutloa ke feletsoe ke seriti, ’me ke ikutloa ke sa tšoaneloa ke ho hlokomeloa.” Boikutlo bo bohloko bo akarelletsang ho felloa ke seriti hangata ke mabaka a kotsi. “Pelo e thabileng e elisa sefahleho, empa moea o khathala ke bohloko ba pelo,” ho tlaleha Liproverbia 15:13. Bibele e hlokomela hore moea o tepelletseng e ka ba phello ea lefu lena, e seng ea likhatello tse ka ntle feela, empa ea boikutlo bo ka hare bo bobe. Ke eng se ka felisang seriti joalo?
Mekhoa e meng ea rōna ea ho nahana e bōptjoa ke tsela eo re hōlisitsoeng ka eona. “Ha ke ne ke sa le ngoana, ha ho mohla batsoali ba ka ba kileng ba mpabatsa,” ho boletse Sarah. “Ha ke hopole ke utloa lentsoe la pabatso ho fihlela ke nyaloa. Ka baka leo, ke ne ke batla ho amoheloa ke ba bang. Ke tšaba haholo ho se amoheloe ke batho.”
Takatso e matla ea Sarah ea ho batla ho amoheloa ke e tloaelehileng har’a ba bangata ba tepelletseng maikutlong. Lipatlisiso li senotse hore batho ba joalo ba sekamela ho thea ho itšepa ha bona leratong le kamohelong ea ba bang, e seng mesebetsing eo ba e finyellang. Ba ka lekanyetsa bohlokoa ba bona motheong oa hore na ba ratoa hakae kapa ba nkoa e le ba bohlokoa hakae ke ba bang. “Ho lahleha ha tšehetso e joalo ho tla lebisa ho feleng ha ho itšepa ’me hona ho ka qholotsa ho tepella maikutlong,” ho hlalositse babatlisisi.
Ho Inka u Phethahetse
Kameho e feteletseng ea ho fumana kamohelo ea ba bang hangata e iponahatsa ka tsela e sa tloaelehang. Sarah oa hlalosa: “Ke ne ke leka ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mokhoa o nepahetseng hore ke fumane kamohelo eo ke sa kang ka e neoa ha ke Ie ngoana. Mosebetsing oa ka oa boipheliso, ke Ieka ho etsa ntho e ’ngoe Ie e ’ngoe joalo feela ka tsela e phethahetseng. Ke ne ke Iokela ho ba Ie Ielapa Ie ‘phethahetseng.’ Ke ne ke ikutloa hore ke lokela ho phelela hoo.” Leha ho Ie joalo, ha a hlaheloa ke kotsi, a felloa ke tšepo eohle. Oa eketsa: “Ke Iumela hore ke khona ho fepa Ielapa la ka hantle ’me ke tšaba hore haeba ke sa sebetse, lelapa le tla shoa ’me batho ba tla re, ‘Ke ’mè le mosali e mobe.’”
Monahano oa Sarah oa lebisa ho tepelleng ho sekhahla ha maikutlo. Patlisiso ka botho ba batho ba tepelletseng maikutlong e senola hore taba ea hae hase e ikhethang. Margaret, ea ileng a tepella haholo maikutlong, o lumetse hore: “Ke ne ke khathatsehile ka hore na ke eng seo ba bang ba se nahanang ka ’na. Ke ne ke inka ke phethahetse, ke tšoara nako, ke boloka lintho tsohle li hlophehile.” Ho ipeela lipheo tse phahameng haholo le ho ba mahlahahlaha ka ho feteletseng, le ho hlōleha ho finyella lipheo tseo ke mohloli oa ho tepella maikutlong. Moeklesia 7:16 e ea lemosa: “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlōlisa; hobane ke ha u no u tla itimeletsa’ng na?” Boikutlo ba “ho phethahala” bo ntša ba bang kotsi maikutlong le ’meleng. Ho tšoenyeha le hona ho ka ’na ha lebisa mofuteng oa ho ipea molato ho senyang.
“Ha ke Khone ho Etsa Letho le Nepahetseng”
Ho ipea molato e ka ’na ea e-ba boitšoaro bo nepahetseng. Ka mohlala, motho a ka ’na a tlatlapuoa ka baka la ho tsamaea a le mong tikolohong e kotsi. A ka ipea molato ka ho ipea boemong bo joalo, a etsa qeto ea ho fetoha ’me ka baka leo a qoba bothata bo tšoanang hamorao. Empa motho e mong a ka tsoela pele ’me a ipea molato ka mofuta oa motho oo a leng ’ona ka ho re: ‘Ke motho feela ea sa tsotelleng ea sa tsebeng ho lula kantle ho bothata.’ Mofuta ’ona oa ho ipea molato o senya seriti le ho itšepa.
Mohlala oa ho ipea molato ho senyang joalo ke oa Maria ea lilemo li 32. O ile a tšoara khaitseli ea hae ka pelo ka likhoeli tse tšeletseng ka lebaka la ho se utloisisane. Mantsiboeeng a mang a hlasela khaitseli ea hae ka mantsoe thelefonong. ’Mè oa bona, ha a utloela ka seo Maria a se entseng, a mo letsetsa ’me a mo khalemela ka thata.
“Ke ne ke halefetse ’mè haholo, empa ke ne ke ikhalefetse ka ho fetisisa, hobane ke ne ke tseba kamoo ke utloisitseng khaitseli ea ka bohloko kateng,” ho hlalositse Maria. Kapelenyana kamor’a moo o ile a omanya mora oa hae ea lilemo li 9, ea ileng a seba. Moshemane enoa, a soabile haholo, hamorao a re ho eena: “’Mè, u buile joaloka eka u ne u batla ho mpolaea!”
Maria o ne a utloile bohloko haholo. O tlalehile: “Ke ile ka nahana hore ke mobe haholo. ‘Ha ke khone ho etsa letho le nepahetseng!’ Ke sohle seo ke neng ke nahana ka sona. Ka qala ho tepella maikutlong.” Ho ipea molato ha hae ha ipaka ho senya.
Na sena sohle se bolela hore e mong le e mong ea tepellang maikutlong ha a itšepe? Le hanyenyane. Lisosa li rarahane ’me li a fapana. Ekasita leha phello e le seo Bibele e se bitsang ‘bohloko ba pelo,’ ho na le maikutlo a mangata a bakelang sena, ho kopanyeletsa le bohale bo sa feleng, ho hlonama, ho ba molato—ka ntho ea sebele kapa e nahaneloang—le likhohlano tse sa lokisoang le ba bang. (Liproverbia 15:13) Tsena kaofela li ka lebisa moeeng o khathetseng, kapa ho tepella maikutlong.
Ha Sarah a hlokomela hore tsela eo a nahanang ka eona ke sesosa sa ho tepella ho hongata ha hae, pele o ne a utloile bohloko haholo. “Empa kapele kamor’a moo ka ikutloa ke lokolohile hobane ke hlokomela hore haeba mohopolo oa ka e le sesosa, ka hona o ka ’na ha lokisoa.” Sarah o boletse hore monahano ’ona o ile oa mo hlasimolla, a hlalosa: “Ke hlokometse hore haeba ke fetola tsela eo ke nahanang ka eona ka lintho tse itseng, hona ho tla ntlafatsa bophelo ba ka.”
Sarah a etsa liphetoho tse hlokehang, ’me ho tepella ha hae maikutlong ha fela. Maria, Margaret, le Elizabeth ba hlōtse ntoa ea bona. Ke liphetoho life tseo ba ileng ba li etsa?
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 24]
‘Ha ke hlokomela hore mokhoa oa ka oa ho nahana ke ’ona sesosa sa ho tepella ha ka maikutlong, ka hlasimoloha le ho tšeliseha hobane ke lumetse hore nka o lokisa.’
[Lebokose le leqepheng la 22, 23]
Ho Tepella Maikutlong ha Bana: “Ke Lakatsa Eka Nka be ke Shoele”
Puisano le Ngaka Donald McKnew oa Sepetlele sa Sechaba sa Mafu a Hlooho, ea entseng liphuputso tabeng ena ka lilemo tse 20.
Tsoha!: U nahana hore lefu lee le namme hakae?
McKnew: Phuputso ea haufinyana New Zealand ea bana ba sekete e senotse hore bana ha ba le lilemo tse robong, hoo ekabang karolo ea 10 lekholong ea bana e kile ea tepella maikutlong. Re fumane hore karolo ea 10 ho isa ho 15 lekholong ea bana ba sekolo e ferekane maikutlong. Lenane le fokolang le tepella maikutlong habohloko.
Tsoha!: U bona joang haeba bana ba tepeletse haholo maikutlong?
McKnew: Le leng la matšoao a maholo a bohloko ke hore ha ba thabele letho. Ha ba rate ho bapala kapa ho ba le metsoalle ea bona. Ha ba thabele lelapa la bona. U bona ho lahleheloa ke matla a ho tsepamisa mohopolo nthong e itseng; esita le mananeong a thelevishene, le mesebetsing ea bona ea sekolo ea lapeng. U bona boikutlo ba ho se be bohlokoa, boikutlo ba molato. Ba tsamaea hohle ba bolela hore ba nahana hore ha ba molemo kapa ha ho motho ea ba ratang. Mohlomong ba hlobaela kapa ba robala haholo; ba felloa ke takatso ea lijo kapa ba ja haholo. Hape o utloa menahano ea ho ipolaea e kang, “Ke lakatsa eka nka be ke shoele.” Ha u bona matšoao ana a bohloko ka nako e le ’ngoe, ’me a tsoela pele ka beke kapa tse peli, tseba hore ngoana eo o tepelletse haholo maikutlong.
Tsoha!: Mabaka a sehlooho a bakang ho tepella ha bana maikutlong ke afe?
McKnew: Ha u latella mabaka a bophelo ba ngoana, mohlomong ntho e khōlō ke ho lahleheloa. Le hoja sena hangata e le ho lahleheloa ke motsoali, se ka akareletsa metsoalle, beng ka eena ba haufi, kapa esita le phoofolo ea lapeng. Lebaka la bobeli nka qolla ho se ananeloe le ho se ratoe. Re bona bana ba bangata haholo ba hloiloeng ’me ba etsoa hore ba ikutloe ba se bohlokoa ke batsoali ba bona. Ka linako tse ling ho ntšetsoa malokobe ho bona. O nyatsuoa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phoso ka lapeng ebang ke phoso ea hae kapa che. Kahoo, o ikutloa e le ea se nang thuso. Lebaka le leng ke ho ferekana maikutlong hoa motsoali.
Tsoha!: Buka Why Isn’t Johnny Crying? eo u kentseng letsoho ho ngoloeng ha eona, e hlalosa hore bana ba bang ba tepeletseng maikutlong ba sebelisa lithethefatsi le tahi kapa ba ameha botlokotseng ba bacha. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
McKnew: Re lumela hore ba leka ho pata ho tepella ha bona, esita le ho ipatela boikutlo bona. Tsela ea bona ea ho sebetsana le ho tepella maikutlong hangata ke ho lula ba tšoarehile linthong tse ling, joaloka ho utsoa makoloi, ho sebelisa lithethefatsi, kapa ho noa. Tsena ke litsela tsa ho ikhakanya kamoo ba ikutloang hampe kateng. Ha e le hantle, ho leka ho pata ho tepella maikutlong ha bona ke e ’ngoe ea litsela tse hlakileng tsa hore ba fapane le batho ba baholo.
Tsoha!: U ka bolela joang haeba ngoana a tepeletse maikutlong le ha a mpa a seba?
McKnew: Ka ho buisana le bana, ho fata maikutlo a bona, hangata u tla tseba haeba ba tepeletse maikutlong. ’Me haeba ho tepella maikutlong ho phekoloa hantle, boitšoaro ba bona boa ntlafala. Le hoja boitšoaro ba bona bo bonahala pepeneneng, lefu la ho tepella maikutlong lea ipata.
Tsoha!: U etsa’ng ho fata ngoana ea tepeletseng maikutlong hore a itlhalose?
McKnew: Pele, khetha nako le sebaka se khutsitseng. Joale mo botse lipotso tse loketseng tse kang, ‘Na ho na le ntho e u tšoenyang?’ ‘Na u ikutloa u soabile kapa u nyahame?’ ‘Na u halefile?’ Haeba ho na le ea hlokahetseng, ho itšetlehile ka maemo, ‘Na u hopotse Nkhono joaloka ’na?’ Neha ngoana sebaka sa ho ntša maikutlo a hae.
Tsoha!: U ka bolella bana ba tepelletseng haholo maikutlong hore ba etse eng?
McKnew: Ba bolelle batsoali ba bona ka sena. Mokhoa ’ona oa bofokisi ke oa bohlokoa, hobane hangata ke ngoana ea tsebang haeba a tepelletse maikutlong. Batsoali le matichere ha ba atise ho elelloa sena. Ke bone bacha ba ea ho batsoali ba bona ’me ba re, “Ke tepelletse maikutlong, ke hloka thuso,” ’me ba ile ba thusoa.
Tsoha!: Motsoali a ka thusa ngoana ea tepeletseng maikutlong joang?
McKnew: Haeba ho tepella maikutlong ho bonahala e le ho fokolisang, ha se ntho e ka phekoloang lapeng, joaiokaha lefuba le ke ke la phekoloa lapeng. Ho tepella maikutlong ho fokolisang ho lokela ho isoa ngakeng hobane mohlomong ho hlokahala phekolo ea meriana. Re sebelisa phekolo ea meriana ho bana ba fetang halofo ba kulang ka tsela ena, esita le ho bana ba lilemo tse hlano. Hape re leka ho fetola mohopolo oa ngoana. Ka mekhoa ena ho tepella maikutlong hoa phekoloa.
Tsoha!: Haeba bohloko e se bo fokolisang, motsoali a ka etsa eng?
McKnew: Ka botšepehi hlahloba boemo ba hao le lelapa la hao. Na ho bile le ho lahleheloa hoo le lokelang ho buisanoa ka hona e le hore ho ka lokisoa? Ha lefu le hlaha, se nyenyefatse masoabi a ngoana. Mo lumelle ho sebetsana le maikutlo a hae. Neha ngoana ea tepeletseng tlhokomelo e khethehileng, thoriso, le tšehetso ea maikutlo. Lula le eena nako e eketsehileng a le mong. Kameho ea hao e mofuthu ke mokhoa o molemohali oa phekolo.