Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 11/8 maq. 17-19
  • Ho Loantša Sera se Sehlōhō

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Loantša Sera se Sehlōhō
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Khathatso Bokong ba Ka”
  • Hase Kamehla ho Leng Bonolo ho Khetholla
  • Lisosa ke Mohopolo
    Tsoha!—1987
  • Ho Hlōla Ntoa ea ho Tepella Maikutlong
    Tsoha!—1987
  • Ho Tepella Maikutlong: Na Bohloko Bohle bo Hloohong?
    Tsoha!—1987
  • Ke Hobane’ng ha Bacha ba E-na le Khatello ea Maikutlo? Ba ka Thusoa Ke’ng?
    Tsoha!—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 11/8 maq. 17-19

Ho Loantša Sera se Sehlōhō

“ENA e ne e le teko e khōlōhali bophelong ba ka,” ho boletse Elizabeth. “Ho fola ke ntho e makatsang. Ke ikutloa eka ke fuoe monyetla o mocha oa bophelo. Joale ke tseba ho fofonela monko o monate oa lipalesa!” Mosali enoa ea lilemo li 42 o hlōtse sera se boleloang se utloisa bohloko haholo ho feta ho kula leha e le hofe ha kelello—ho tepella maikutlong (depression).

Alexander ha a ka a ba lehlohonolo joalo. Monna enoa ea lilemo li 33 o ile a tepella haholo maikutlong, a felloa ke takatso ea lijo, a ikarola bathong ba bang. “O ne a bona eka lefatše le felile ’me ha ho sa le bohlokoa ho phela,” ho hlalositse mosali oa hae, Esther. “O ne a lumela hore ha a bohlokoa.” A kholisehile hore le ka mohla a ke ke a fola, Alexander a ipolaea.

Elizabeth le Alexander ba ne ba le har’a batho ba 100 000 000 lefatšeng lohle bao selemo se seng le se seng ba hlalosoang ke lingaka ba hlasetsoe ke lefu la ho tepella maikutlong. Moamerika a le mong ho a mane, le Mocanada a le mong ho a mahlano, ba hlaseloa ke ho tepella maikutlong ho sekhahla lilemong tsa bona tsa bophelo. Litlaleho li bontša hore ho tepella maikutlong ke lefu le tloaelehileng Afrika, ’me le ntse le ata Jeremane Bophirimela. Ho ka etsahala hore motsoalle oa hao kapa mong ka uena o hlasetsoe ke lefu lena kapa le kile la mo hlasela.

Mosali oa Alexander, ea entseng sohle se matleng a hae ho thusa monna oa hae, oa lemosa: “Ha e mong a u bolella hore o tepelletse maikutlong ’me o ikutloa a se bohlokoa, nka taba eo ka ho teba.” Ho tepella ho sekhahla ha se boikutlo feela bo fetang kapa ho soaba. E ka ba ’molai, sera se sehlōhō se ka ’nang sa holofatsa. Ho se elelloa ho ka bolela phapang pakeng tsa bophelo le lefu.

“Khathatso Bokong ba Ka”

Kaofela ha rōna re lahleheloa ke ho itseng ’me ho re utloisa bohloko, re ea tšoenyeha, le ho soetseha. Ho soaba ke boitšoaro bo tloaelehileng. U itebatsa bohloko, ’me qetellong u qala ho mamella boemo bo fetohileng. U lebella letsatsi le molemonyana ka meso ’me kapele u qala ho thabela bophelo hape. Empa lintho li fapane tabeng ea ho tepella ho sekhahla ha maikutlo.

“Ka likhoeli tse robeli ke ne ke sa ee mabenkeleng, ho ne ho se letho le neng le etsa hore ke ikutloe ke thabile,” ho boletse Elizabeth. Mokuli e mong, Carol, o ekelitse: “E ne eka ho na le khathatso ka bokong ba ka, joaleka leru le tšabehang le lepeletseng ka holim’a ka. U ne u ka mpha liranta tse millione, empa u ne u ke ke ua thibela maikutlo ao a tšosang.” Monna e mong o boletse hore ‘u ikutloa joaloka ha eka u roetse ligalase tse lefifi—ntho e ’ngoe le e ’ngoe e shebahala e le mpe. Hape, ligalase tsena li na le sehōlisi, bothata bo bong le bo bong bo bonahale bo ke ke ba hlōloa.’

Ho tepella maikutlong ke letoto le qalang ka ho soaba ho fetohang ho hloka tšepo le ho batla ho ipolaea. (Bona lebokoso leqepheng 4.) Matšoao a mangata a lefu lena, matla a lona, le ho phehella ka nako e telele kaofela ke mabaka a tšoaeang haeba ho se thabe ho fetoha ho tepella ho kotsi maikutlong.

Hase Kamehla ho Leng Bonolo ho Khetholla

Hangata ho thata ho khetholla ho tepella maikutlong hobane mokuli a ka boela a ba le matšoao a mang a ho kula ’meleng. “Maoto a ka a bohloko, ’me ka linako tse ling ’mele oa ka ’ohle o bohloko. Ke ile lingakeng tse ngata,” ho boletse Elizabeth. “Ke ne ke kholisehile hore li ne li hlokomoloha boloetse bo bong ba ’mele ’me li sa hlokomele hore ke tla shoa.” Joaloka Elizabeth, bakuli ba ka etsang karolo ea 50 lekholong ba tepeletseng maikutlong ba batlang thuso ea meriana ba lla ka ho kula ’meleng ho ena le ho kula maikutlong.

“Kamehla, ba lia ka hlooho e bohloko, ho hlobaela, ho felloa ke takatso ea lijo, ho pipitleloa, kapa mokhathala o sa feleng,” ho ngola Ngaka Samuel Guze, hlooho ea Lefapha la Thuto ea Kelello la Univesithi ea Washington St. Louis, “empa ha ba bue letho ka ho soaba, ho hloka tšepo, kapa ho nyahama. . . . Bakuli ba bang ba tepelletseng maikutlong ba bonahala ba sa hlokomele ho tepella ha bona maikutlong.” Lehlaba le sa feleng, ho theoha kapa ho eketseha ha boima ba ’mele, le ho fokotseha ha takatso ea ho kopanela liphate ke matšoao a mang a hlokomelehang.

Ngaka E. B. L. Ovuga oa Sepetlele sa Umzimkulu, Transkei, o hlalosa hore leha Maafrika a mangata a tepelletseng maikutlong a sa atise ho bolela hore a ikutloa a le molato kapa a se bohlokoa, a lla ka ho ba mahlahahlaha ka tsela e feteletseng, bolutu, le mahlaba ’meleng. Tlaleho ea 1983 ea

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle e fumane hore batho ba bangata ba tepeletseng maikutlong ba hlahlobiloeng Switzerland, Iran, Canada, le Japane ba ne ba lla ka matšoao a tšoanang, ho felloa ke thabo, lipelaelo, ho haelloa ke matla, le likhopolo tsa ho hloka ho itseng.

Joala le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, le ho kopanela liphate le batho ba fapaneng, ke litsela tse ling tseo ka tsona ba bang ba lekang ho hlōla ho tepella maikutlong. E, “motho leha a tšeha, pelo ea hae e ntse e hlomohile.” (Liprov. 14:13) Sena ke ’nete haholo-holo ka bacha. Batho ba baholo ba shebahala ba tepelletse maikutlong, empa ha ngoana ea tepeletseng maikutlong a kena ka kamoreng, u ke ke ua hlokomela letho,” ho hlalositse Ngaka Donald McKnew oa Sepetlele sa Sechaba sa Bophelo bo Botle ba Kelello (NIMH) lipuisanong tsa hae le Tsoha! “Ke ka lebaka leo ho tepella maikutlong ha bana ho tsoelang pele ho sa hlokomeloe ka nako e telele. Empa hang feela ha u buisana le bona ka hona, ba tla u tsebisa kamoo ba tepelletseng kateng.”

Lilemong tsa bo-1980 ho bile le tsoelopele e khōlō kutloisisong ea phekolo ea ho tepella maikutlong. Liphiri tsa thuto ea mahlale ka boko li senotsoe. Ho ’nile ha etsoa liteko ho khetholla mefuta e itseng ea ho tepella maikutlong. Ntoa ena e ’nile ea hōlisoa ka ho sebelisa meriana e felisang ho tepella maikutlong le limatlafatsi tse kang liasiti tsa amino. Ho phaella moo, liphekolo tsa nako e khutšoane tsa puisano le bakuli li ’nile tsa sebelisoa ka mokhoa o atlehileng.

Ho ea ka lingaka tsa NIMH, karolo e pakeng tsa 80 le 90 lekholong ea bahlaseluoa bohle e ka thusoa haholo ka phekolo e loketseng.

Empa ke eng e bakang ho kula hona ha maikutlo?

[Chate leqepheng la 18]

Letoto la ho Tepella Maikutlong

Ho se Thabe ho Kotsi Ho Tepella Maikutlong ho Sekhahla

Boikutlo

Masoabi, ho utloa bohloko Ho hloka tšepo ho

ho tloaelehileng feteletseng

Ho iqenehela, ho nyahama Ho se be bohlokoa

Ho ipea le ho ikutloa molato Ho ikutloa molato ho senyang le ho ipea molato

Ho tseba ho fumana thabo Ho se fumane thabo, ho se hlole u tsotella

Ho nahana

Ho soaba ka baka la Menahano ea ho ipolaea

phoso kapa ho ikoahlaea Ho thatafalloa ke ho bea

mohopolo tabeng e itseng

Nako

Nako e khutšoane Nako e telele (Libeke (matsatsi a seng makae) tse peli kapa ho feta)

Matšoao a ho Kula ’Meleng

Tšebetso e tloaelehileng Mokhathala o sa feleng; bohloko bo sa hlaloseheng

Mathata a fokolang a ho kula Liphetoho ho jeng le ’meleng mekhoeng ea ho robala

(ka nakoana) Ho se tsebe ho lula u tsitsitse , ho tsamaea butle; ho akha matsoho

Ho bua butle kapa ho etsa lintho butle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela