Sebaka sa Tlhokomelo ea Bana—Ho Khetha se Molemohali Bakeng sa Ngoana oa Hao!
TABA ea sebaka sa tlhokomelo sa bana e boima haholo. Malapa a mangata a hlile a hloka sebaka sa tlhokomelo ea bana. Ka nako e tšoanang ho ’nile ha phahamisoa lipotso tse khathatsang mabapi le liphello tsa sona baneng. Ka lebaka leo, batsoali ba tlameha ho talimana le ’nete ea hore sebaka sa tlhokomelo ea bana se na le mahlakore a matle le a mabe, le hore hase libaka tsohle tsa tlhokomelo ea bana tse nang le tlhokomelo ea hōleng bo botle. Ho lokela ho nahanoa ka ho teba pele ngoana a isoa sebakeng sa tlhokomelo.
‘Ke’ng se Molemohali Bakeng sa Masea?’
Ka mohlala, na ngoana oa lōna ke lesea? Litsebi tse ling, tse kang seithuti se hlomphehang sa kelello Burton White, li lemosa ka matla khahlanong le taba ea ho isa masea sebakeng sa tlhokomelo. O boleletse Tsoha!: “Likhoeling tsa pele tse tšeletseng tsa bophelo, bana ba hōlang hantle ke ba fumantšoang tlhokomelo e ngata haholo; ba fumanang tlhokomelo e potlakileng ha ba sa thaba le ba thabelang ho bapala le e mong ea nahanang hore ha ho letho la bohlokoa lefatšeng ho feta ngoana eo!
“Hang ha ngoana a khasa likhoeling tse tšeletseng kapa tse supileng,” Ngaka White o tsoetse pele: “joale ngoana o hloka eo a tla ea ho eena ea mo ratang haholo! Hoo ho nolofatsa mokhoa oa tlhaho oa ho ithuta, ho tšehetsa khahleho ea hae, ho eketsa mafolofolo a hae, le ho etsa lintho tse ngata tse tlatsetsang khōlong ea motho oa sebele. Ngoana ha a fumane tšehetso ena ho bahlokomeli ba nkang sebaka sa motsoali. Ke ka seoelo motho e mong ka ntle ho batsoali kapa bo-nkhon’oae ba ka bontšang thahasello e joalo.”
Moprofeta oa boholo-holo o botsitse: “Hleka mosali a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngoan’a mala a hae na?” (Esaia 49:15) Bo-’mè ba arabela ka potlako litlhokong tse sa khaotseng tsa lesea tsa ho ratoa le ho hlokomeloa. Empa na mohlokomeli ea hiriloeng—ka masea a mangata a ho hlokomeloa a llelang tlhokomelo—a ka arabela ka tsela eo motsoali a neng a ka etsa? Bibele e bua ka tsela eo ka eona ‘moanyesi a hlokomelang bana ba hae.’ (1 Ba-Thessalonika 2:7) Leha e se bo-’mè bohle ba anyesang, ho anyesa ho hōlisa tlamo pakeng tsa ’mè le ngoana. Na lesea le sebakeng sa tlhokomelo le tla fumana khōliso ena?
Ho Hlahloba Lintho tsa Lōna tsa Bohlokoa
Lingaka tse ling li buella ho liehisa tlhokomelo e sa fanoeng ke batsoali ho fihlela bonyane ngoana a e-ba le likhoeli tse ’nè. Leha ho le joalo, Ngaka White o etsa tlhahiso ea hore masea a “se be le mohlokomeli eo e seng motsoali ho fihlela ho feta likhoeli tsa pele tse tšeletseng a phela. Kamorao ho moo, a se be sebakeng sa tlhokomelo sa boleng bo phahameng ka lihora tse tharo ho ea ho tse ’nè.”
Ha re nkeng hore sebaka sa tlhokomelo ea bana hase molemo bakeng sa masea. Na masea ha a hōla a ke ke a lebala mathata leha e le afe a hlahisoang ke sona? Ngaka White a halefisoa ke khopolo ena: “Hoo ho lekana le ho ipea kotsing. Nke ke ka bea bana ba ka kotsing e joalo, ’me nke ke ka buella seo ho motho leha e le ofe.”
Leha ba bangata ba sekametse ho hana boemo bo joalo bo sa sekisetseng, ho boima ho hlokomoloha maikutlo a Ngaka White. Leha ho le joalo, batsoali—e seng babatlisisi—ba lokela ho etsa qeto ea hore na ke eng se molemohali bakeng sa bona le bana ba bona, ’me hangata ho lokela ho nahaneloa litaba tsa chelete. Kahoo, kamorao hore ba bang ka hloko ba nahanisise mabaka ’ohle a amehang, ba ka ’na ba etsa qeto ea ho sebelisa mofuta o mong oa tlhokomelo ea masea.—Bona leqephe 10.
Ba bang ba ka ba boemong ba ho nahana hape ka lintho tsa bona tsa bohlokoa. Ho feta moo, bana e ba masea hanngoe feela. Monyetla oa ho koetlisa ngoana ho tloha “bonyenyaneng” o feta ka potlako. (2 Timothea 3: 15) Haeba ho tlohela mosebetsi oa boipheliso ka lilemo tse seng kae—kapa ho phela ka chelete e nyenyane—ho sa sebetse, ba bang ba ka etsa qeto ea ho sebetsa karolo ea letsatsi. Sena se lumella batsoali ho lula e le bahlokomeli ba ka sehloohong ba ngoana oa bona.
Ho Khetha Sebaka sa Tlhokomelo ea Bana
Na bana ba ka sireletseha ha ba siuoa sebakeng sa tlhokomelo? Babatlisisi ha ba lumellane, empa ba bangata ba lumela hore matla a ngoana a ho mamella karohano le batsoali a hōla le lilemo tsa hae. Hape, batsoali ba lokela ho etsa qeto haeba ngoana oa bona a ka mamella ho lula sebakeng sa tlhokomelo. Haeba ho joalo, sena ha se bolele ho mo isa sebakeng kapa lehaeng la tlhokomelo le fumanoang pele. Doby Flowers, motlatsi oa motsamaisi oa Mokhatlo oa Kholiso ea Bana oa New York, oa eletsa: “Khetha sebaka sa tlhokomelo ka kelohloko e khōlō. Setsi sena se na le botumo bo joang motseng? Na se na le libapalisoa tse loketseng lilemo tsa ngoana? Na se hlokomeloa le ho hloekisoa hantle? Bahlokomeli ba tšoaneleha hakae?”
E, basebeletsi—e seng lisebelisoa tse ntle kapa lintho tse bapalang—ke motsoako oa bohlokoa tlhokomelong ea ngoana. Kahoo etela libaka le mahae a tlhokomelo ’me u lemohe tsela eo bahlokomeli ba hlokomelang bana ka eona—haholo-holo ngoana oa hao. Botsa: Basebeletsi ba tsitsitse hakae? Bana ba fuoa lijo tsa mofuta ofe? Mosebeletsi ka mong o hlokomela bana ba bakae? (Ho molemo ha ba le ’maloa.) Na bana ba bonahala ba thabile ’me ba lokolohile? Na sebaka sena kapa lehae le finyella litlhoko tse batloang ke molao le tsa tšireletseho? Ke mesebetsi efe e etsuoang letsatsi le leng le le leng?
Ka ho tseba hore u fumane sebaka sa tlhokomelo se molemohali—seo u ka se khonang—ho ka thusa haholo ho felisa ho ikutloa u le molato ho sa hlokahale.
Ho Sebelisa Sebaka sa Tlhokomelo ea Bana Hamolemo
Ha lehae le tšoanelehang kapa sebaka se fumanehile, u se ke ua siea ngoana oa hao feela moo. Mo hlalosetse hore na ke hobane’ng ha a tlemehile ho ba moo. Mo tiisetse hore ha a lahloa. Etsa hore a lokolohe sebakeng sa tlhokomelo, mohlomong ka ho lula le eena ka makhetlonyana—ka nako e telele—sebakeng kapa lehaeng pele u mo siea moo letsatsi lohle. ’Me, ha u mo siea hoseng, “se ke ua potlakisa ngoana! Nka nako ho mo khutsisa haeba a sa thaba.”
Batsamaisi ba pele ba sebaka sa tlhokomelo ea bana William le Wendy Dreskin ba lemosa: “Bana ba qala ho ikutloa hore ha ba na boikhethelo, ’me ba amohela bohloko bona. Ba ka khaotsa ho bontša basebeletsi ba sebakeng sa tlhokomelo le ho batsoali ba bona maikutlo a bona, empa maikutlo ana a e-s’o fele.” Ka baka leo, u tlameha ho hlokomela tsela eo ngoana oa hao a arabelang ka eona ka sebaka sa tlhokomelo. Nka nako ho buisana le eena ka lintho tse mo etsahalletseng letsatsing leo. Mamela litletlebo tsa hae. (Liproverbia 21:13) Falimehela matšoao a ho tsieleha, a kang ho phofa kapa ho ntšetsa metsi likobong. “Ngoana e mong le e mong o arabela ka tsela e fapaneng,” ho hlalositse setsebi sa tlhokomelo ea bana Delores Alexander. “’Me hase bana bohle ba ka mamellang libaka tse nang le bana ba bangata.”
Batsoali ba Bakreste ba hloka ho ba seli haholo baneng ba bona. Ka mohlala, Lipaki tsa Jehova li hana ho kopanela mesebetsing e amanang le matsatsi o itseng a phomolo a bolumeli. Leha ba etsa ka matla ho ruta bana be bona boemo bona bo theiloeng Bibeleng, bana ba bona ba e-song ho kene sekolo ba ka se tsebe ho utloisisa ka ho feletseng litseko tse kopanyelitsoeng. Ba ka ’na ba ferekangoa ke ho fetoa ke “monate.” Kahoo, batsoali ba Bakreste ba tlameha ho nka sebaka e le babuelli ba bana ba bona, ka ho tsebisa bahlokomeli hantle hore na ke mesebetsi efe eo ba e hanang le ho buisana ka e ka kenngoang sebakeng sa eona.a
Ba boetse ba hlokomela hore bana ba bona ba se ke ba nka mekhoa eo e seng ea bolumeli ho bana ba bang. Buka Ho Mamela Mosuoe e Moholo (e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watchtower) e thusitse batsoali ba bangata ho kenya kananelo bakeng sa melao-metheo ea Molimo ekasita le baneng ba banyenyane haholo.
U se ke ua lumella sebaka sa tlhokomelo ea bana ho felisa tlamo ea lerato pakeng tsa hao le ngoana oa hao Bibele e bolela ka mosali ea neng a bitsoa Anna, eo leha a ne a arohane le ngoana oa hae e monyenyane Samuele ka nako e telele a ileng a boloka kamano e lerato le eena. (1 Samuele 2:18, 19) Ha e le hantle, u ka etsa se tšoanang haeba u sebelisa hamolemo nako eo u bang le eona le ngoana oa hao qetellong ea letsatsi le leng le le leng le ka mafelo-beke. Ka sebele, ka tlhokomelo e nepahetseng, kamano eo e ka hola!
Esita le ka tlas’a maemo a matle, tlhokomelo e nketseng motsoali sebaka—e mpa e le tlhokomelo e nketseng tlhokomelo ea ’me ea lerato le ntate sebaka. Ka ho lumelehang, hase boemo ba sebele bo loketseng. Ho fihlela tsamaiso e ncha e tšepisitsoeng ke Molimo e fihla ka maemo a eona a sebele, batsoali ba bangata ba ka qobelleha ho sebelisa batho ba bang ho hlokomela bana ba bona. (2 Petrose 3:13; Esaia 65:17-23) Haeba sena ke ’nete ka uena, se khethe ka hloko. Ela hloko kamoo se amang ngoana oa hao—’meleng, maikutlong, le moeeng. Ho feta moo, bana ke lefa le tsoang ho Molimo.—Pesaleme ea 127:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boitsebiso bo bukaneng ea Sekolo le Lipaki tsa Jehova (e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania) bo ka sebelisoa bakeng sa ho hlalosa boemo ba Mokreste litabeng tsena ha ho buisana le matichere a libaka tsa tlhokomelo ea bana.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Likhetho Tsa Sebaka sa Tlhokomelo ea Bana—Melemo le Likotsi?
Batsoali ba bangata ba sebelisa mekhoa e fapaneng eo e seng ea molao ho hlokomela bana ba bona. E meng ea eona ke ena:
BATSOALI BA HŌLILENG: Ba bang ba lumela hore e le bahlokomeli, batsoali ba hōlileng ba nka sebaka sa bobeli ho batsoali ba tlhaho. Leha ho le joalo, batsoali ba hōlileng ba khathatsoa kapele ke boikarabelo bo ekelitsoeng ba lesea le hōlang. ’Me liphapang litekanyetsong tsa ho hōlisa ngoana (‘Nkhono o tseba hamolemo!’) hangata li hōlisa liqabang. Bukeng ea hae The Child Care Crisis, Fredelle Maynard o a bolela: “Ka hobane [nkhono] e le setho sa lelapa, ha a neoe litaelo ’me a ka hloka ho nahaneloa haholo. Haeba mohlokomeli ea hiriloeng a otla ngoana oa hao kapa a mo fepa lipompong ho e-na le kase, u ka loana ’me haeba ho hlokahala oa emisa tokisetso eo. Haeba nkhono a tlōla melao ea hao le litekanyetso, hoo ke bothata.”
Leha ho le joalo, puisano e bulehileng pakeng tsa batsoali le batsoali ba hōlileng, hangata e ka thibela khohlano e sa hlokeheng. “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero e a qhalana,” ho bolela Bibele. (Liproverbia 15:22) Nkhono a ka rata ngoana, empa o boetse o tlameha ho hopola hore Bibele e be a boikarabelo ba ho hōlisa ngoana ho batsoali ba ngoana. (Ba-Efese 6:4) Ka lebaka leo, batsoali le batsoali ba hōlileng ba tlameha ho etsa melao le litekanyetso tseo ho lumellanoeng ka tsona haeba tokisetso e joalo e tla sebetsa ka ho khotsofatsang.
BANAB’ABO BA BACHA: Ha ba hōlile hantle ’me ba e-na le boikarabelo, le bona ba ka thusa. Hangata, bacha ha ba batle ho bolelloa, ‘Hlokomela khaitseli ea hao e monyenyane.’ ’Me mohlokomeli ea se nang thahasello ngoaneng ho ka etsahala a se ke a tšepjoa, ’me a se mo tsotelle. Hopola, Bibele e re: “Bohlanya bo tlameletsoe pelong ea moshanyana [kapa ngoanana].”—Liproverbia 22:15, NW.
Kahoo, ho hlokomeloa ha ngoana ke banab’abo ho lokela ho eloa hloko. Tiisa hore mora oa hao e moholo kapa morali o na le litaelo tse tobileng ka ho fepa, ho hlokomela, le ho sebetsana le maemo a tšohanyetso le hore o ikemiselitse ho fa ngoana oa hao tlhokomelo e hlokehang.
HO SEBETSA KA LINAKO TSE FAPANENG: Banyalani ba bangata ba leka ho sebetsana le ho itlhokomella ngoana ka bobona ka ho sebetsa ka linako tse fapaneng. Ntate e mong o a hlalosa: “Ke ea mosebetsing motšeare o moholo kapa motšeare oa mantsiboea ha mosali oa ka a fihla lapeng. Ka baka leo, bana ba rōna ba ‘tlas’a mapheo’ a motsoali enoa kapa e mong. . . . Re ikutloa hore tokisetso ena e re thusitse ho tseba bana ba rōna hantle le ho susumetsa bophelo ba bona haholo.”
Leha ho le joalo, ho na le bothata mokhoeng ’ona. Batsoali ba ka fetoha ‘likepe tse fetang boisu,’ le ho ba le nako e nyenyane bakeng sa e mong. ’Me motsoali ea sa tsoa fihla ho tsoa mosebetsing oa bosiu hase kamehla a bang seli ka bahlokomeli; kapa hona ho phomola ka ho lekaneng motšeare. Leha e le hore a fumane phomolo e lekaneng nakong ea letsatsi. Banyalani ba bang ba ikutloa hore ho tseba ho itlhokomella bana ba bona ho lekane sehlabelo leha e le sefe seo ba se etsang.
BAHLOKOMELI BA HIRILOENG: Mohlokomeli ea tšoanelehang ea salang le ngoana hae e ka ba thuso e khōlō. Leha ho le joalo, bahlokomeli ba lefuoang ba bitsa chelete e ngata haholo. Malapa a mang a feta bothateng ba chelete ka ho kopana le lelapa le leng kapa a mabeli ’me kaofela a hire motho e mong ho ba hlokomella bana ba bona. Bothata ke ho fumana motho ea nepahetseng. Bibele ea lemosa: “Motho ea tholang lehlanya . . . o joale ka mohlabani ea hlabang bohle.”—Liproverbia 26:10.
Sena se bolela ho hlahloba ka hloko e mong le e mong eo u tla mo tšepa ho u hlokomella ngoana oa hao. U tseba hakae ka eo e tlang ho ba mohlokomeli? Na o na le phihlelo leha e le efe ea nako e fetileng kapa thupelo ea ho hlokomela bana? O arabela joang ngoaneng oa hao, kapa ngoana o arabela joang ho eena? Na o na le litloaelo tse mpe—tse kang ho shebella TV ka ho fetelletseng, ho tsuba koae, kapa ho sebelisa lithethefatsi hampe? Na o ikemiselitse ho mamela melao-metheo ea hao le melao ea lelapa?
Qetellong ha lelapa le fumane motho ea ikarabellang, le ea tsotellang hangata le ka, tšoha ho fumana hore bahlokomeli ba tsebalaha ka ho se tšoarelle. Ho ngoana, sena se bolela ho hlokofatsoa ke ho ithuta bahlokomeli ba bacha nako le nako.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Bana ba Siuoang ba le Bang
Palo e eketsehang ea bana e-ea itlhokomela. Ba reiloe bana ba qhoaetsoeng linotlolo hobane ba filoe linotlolo hore ba ipulele, kaha ho se motho hae. Ba bang ba lekanyetsa hore United States feela, ho na le limillione tsa bana ba qhoaeletsoeng linotlolo.
Litsebi tsa sebaka sa tlhokomelo ea bana ha li lumellane ka hore na ngoana o lokela ho ba moholo hakae hore a ka siuoa a le mong a sireletsehile ka nako leha e le efe e telele. Ka lebaka leo, batsoali ba lokela ho etsa qeto ka hloko hore na ke eng se molemo bakeng sa ngoana oa bona, ba nahanela lilemo tsa hae, boikutlo, tsebo, le mabaka a khethehileng a lehae le tikoloho. Hape, molao oa naha ke lebaka la bohlokoa, kaha ho siea ngoana a le mong ho ka ’na ha hanoa ke molao oa sebakeng sa heno.—Ba-Roma 13:1.
Haeba tokisetso ea hore ngoana a qhoaele senotlolo e tlameha ho sebelisoa, mehato e sebetsang e ’maloa e ka thusa ho tiisa polokeho ea ngoana:
1. Tiisa hore o tseba ho iteanya le uena, mohlomong ka ho u letsetsa mohala kapelenyana ha a fihla hae a e-tsoa sekolong.
2. Boloka linomoro tsa mehala tsa bohlokoa (ngaka, sepolesa, lefapha la litima-mollo) li manehiloe haufi le mohala.
3. Laela ngoana hore a se bulele batho bao a sa ba tsebeng monyako.
4. Nea ngoana oa hao litaelo mabapi le ho sebelisoa ha lintho tse ka bang kotsi. U se ke ua siea mollo o ituletse feela.
5. Boloka ngoana oa hao a tšoarehile ka mesebetsi ea ntlo le mosebetsi oa hae oa sekolo oa lapeng.—Bona Awake! ea August 22, 1986, maqephe 14-16.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ke ka seoelo mosebeletsi oa sebaka sa tlhokomelo ea bana a bontšang thahasello e tšoanang le eo motsoali a tla e bontša ngoana