Tseko ka Sebaka sa Tlhokomelo ea Bana
Ke sebaka se setle. Likamore tsa ho bapalla li ferefiloe ka mebala e metle ’me maboteng ho manehiloe litšoantšo le lipampiri moo bana ba tšoantšitseng teng. Lintho tsa ho bapala li beiloe hantle ka lirakeng. ’Me sebaka sena se tletse lerata la bana.
“Re hlokomela bana ba ka bang 130,” ho bolela Bernice Spence, mohlokomeli oa mosali ea tsamaisang sebaka sena sa tlhokomelo ea bana. ’Me bana bana ba hlaha hokae? “Boholo ke bana ba batsoali ba sebetsang ba lulang haufi. Basebeletsi ba rōna? Ba bangata ke matichere a nang le mangolo.”
SEBAKA se tsamaisoang hantle sa tlhokomelo ea bana se nang le basebeletsi ba tsotellang le ba tšoanelehang se fana ka maikutlo a matle. Batsoali ba ikutloa ba sireletsehile ha bana ba bona ba hlokomeloa sebakeng se joalo. Leha ho le joalo, libaka tsa tlhokomelo ea bana ke taba ea tseko e hōlang. Lebaka? Boleng ba libaka tsena ha se kamehla e leng bo tloaelehileng. Tse ling ha li hlokomeloe hantle, ha li tsamaisoe hantle, ha li na basebeletsi ba lekaneng, ’me li khobokellane bana.
Sebaka sa tlhokomelo ea bana Motseng oa New York se tšehelitsoe ke ’Muso ka chelete ’me ke sa boleng bo botle. Empa se tla hloka litefo tsa motse tse fihlang ho liranta tse limillione tse 402 ka 1987—liranta tse fetang 9 600 ngoana ka mong! Linaheng tse kang Sweden, moo mebuso e abelang libaka tsa tlhokomelo ea bana chelete, ka ho tšoanang ho na le tlhokomelo ea boleng bo phahameng. Empa linaheng tse fokolang moruong, esita le metseng e meng ea U.S., libaka tsa tlhokomelo ea bana tsa sechaba li haelloa ke chelete. Phello? Bana ba ka fumana tlhokomelo e tlaase.
Libaka tsa Tlhokomelo ea Bana lia Rekisoa
Ho joalo le ka libaka tsa tlhokomelo ea bana tse etsang phaello. Ke ’nete hore ho na le tse ngata tse molemo. Leha ho le joalo, libaka tse ling li fokotsa litšenyehelo ka ho abela bahlokomeli ba ’maloa bana ba bangata. Kapa li boloka chelete ka ho hira bahlokomeli bao li ba lefang chelete e nyenyane—ketso e lelekang bahlokomeli ba rupetsoeng hantle.
Ke ’nete, basebeletsi ba bangata ba sebaka sa tlhokomelo ea bana ba mamella ho lefuoa chelete e nyenyane kahobane ba rata bana. Empa ho ka etsahala’ng ha boinehelo bo joalo bo le sieo? Samuel le mofumahali oa hae ba fumane boemo ba ’nete tabeng ena. Ba ne ba okametse sebaka sa tlhokomelo ea bana Lagos, Nigeria—ho fihlela ba tlameha ho se koala. Samuel oa hopola: “Ha feela mosali oa ka a ne a lokela ho ea mabenkeleng kapa a le sieo ka mabaka a itseng, ha a khutla o ne a fumana hore bathusi ba ne ba sa hlokomela bana.”—Bona leqephe 6.
United States, libaka tse etsang phaello tsa tlhokomelo ea bana li tlameha ho finyella litlhoko tsa molao tsa tlhahlobo ea mekhatlo e fanang ka tumello ea molao. Empa ho tlaleha Newsweek: “Litlhoko tse ngata tse lumellang ho tsamaisoa ha libaka tsa tlhokomelo ea bana ha li tsotelloe, ’me mekhatlo ea ’muso ha e na chelete kapa batho ba ka hlokomelang tsamaiso ea lintho libakeng tsa tlhokomelo ea bana.”
Mahae a Tlhokomelo ea Bana
Libaka tse batlang li tšoana le tsa tlhokomelo ea bana ke mahae a tlhokomelo ea bana, mahae a khethehileng moo lihlopha tse nyenyane tsa bana li hlokomeloang teng. A bitsa chelete e nyenyane ho feta litsi tsa tlhokomelo ea bana, a tloaelehile haholo, ’me a hlokomela hoo e ka bang karolo ea boraro ho tse ’nè ea bana ba U.S. ba hlokomeloang ka ntle ho lehae. Hangata ’mè oa sebaka sa tlhokomelo ea bana ke motsoali ka boeena.
Ho ngoana, lehae la tlhokomelo le ka fana ka tikoloho e tšoanang le ea lapeng, ’mè ea mo hlokomelang, le metsoalle eo e leng lithaka tsa hae. Empa hangata matlo ao ha a hlahlojoe ka ho lekaneng ke ba boholong. Ka lebaka leo, Globe and Mail ea Toronto e tlaleha hore bo-leng ba mahae a tlhokomelo Canada bo tloha “botleng bo boholo ho theohela ho bo tlaase haholo.” Karolo ea 10 lekholong ea mahae e ne e sa sireletseha bakeng sa bana.
Sebaka sa Tlhokomelo ea Bana—Se Ama Bana Joang?
Ka lebaka la hobane libaka tsa tlhokomelo ea bana li na le boleng bo sa tšoaneng, babatlisisi ba bile le bothata nakong eo ba neng ba lekanyetsa kamoo sebaka sa tlhokomelo ea bana se hlileng se amang bana kateng. Ke ’nete, babuelli ba bang ba sebaka sa tlhokomelo ea bana ba bua hamolemo ka sona. Alison Clarke-Stewart bukeng ea hae Daycare o itse: “Litaba tse molemo tse tsoang litlhahlobong tsena kaofela—Canada, Engelane, Sweden, Czechoslovakia, United States—ke hore tlhokomelo mehahong e tšoanelehang ea libaka tsa tlhokomelo tsa bana ha ho bonahale e e-na le liphello tse kotsi khōlong ea tsebo ea bana.” Litlhahlobo tse ling li bile li bontša hore bana ba tsoang malapeng a hlokang ba fumana molemo tšusumetsong ea kelello ea sebaka sa tlhokomelo sa bana!
Leha ho le joalo, babatlisisi Belsky le Steinberg baa hlokomelisa: “Ho entsoe lipatlisiso tse ngata litsing tsa tlhokomelo ea bana tse theiloeng kapa tse amanang le liunivesithi, tse nang le karolelano e lekanang ea ngoana bakeng sa mohlokomeli le mananeo a hlophisitsoeng hantle. . . . Empa, libaka tse ngata tsa tlhokomelo tse fumanehang ho batsoali ba sechaba ho totobetse hore hase tsa mofuta ’ona ’me e ke ke ea e-ba tsa boleng bona.” Kahoo, ke joang bana ba leng litsing tsa tlhokomelo tsa mofuta ’ona ba amehang? Beisky le Steinberg ba qetelletse: “Re tseba hanyenyane ka ho tšosang kamoo sebaka sa tlhokomelo se amang bana kateng.”—Koranta ea Child Development, Moqolo 49, maqephe 929-30.
Ho tsejoa hanyenyane ka phello ea mahae a tlhokomelo ea bana—a etsang mosebetsi o mongata oa ho fana ka tlhokomelo. Leha ho le joalo, ho bonahala hore mohlokomeli oa sebaka sa tlhokomelo ea bana a ka etsa ho fokolang ho susumetsa ho hōla ha ngoana kelellong le maikutlong; o amehile haholo ka ho mo fepa le ho mo boloka ho sebeng ho fihlela ’m’ae a fihla. Ke ka lebaka leo hangata bana ba mahaeng a tlhokomelo ba fumanoang ba shebelletse TV haholo.
Ho boetse ho tsejoa hanyenyane mabapi le kamoo sebaka sa tlhokomelo ea bana se amang tlamo ea maikutlo pakeng tsa ’mè le ngoana kapa hore na ke ka tekanyo e kae bana ba khomarelang bahlokomeli ba bona. Leha ho le joalo, liteko li bontša hore ha bana ba fuoa khetho pakeng tsa ’mè le mosebeletsi oa sebaka sa tlhokomelo, bana ba bangata ba sa ntse ba khetha ’mè.
Mathata a ho Kopana le Lithaka
Molemo o mong oa sebaka sa tlhokomelo ea bana ke hore ba ithuta ho phelisana ha molemo le lithaka tsa bona. Leha ho le joalo, ho na le lehlakore le leng la taba ena. Bibele e re: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Patlisiso e entsoeng United States le Europa e bontša hore bana ba siuoang sebakeng sa tlhokomelo ba sekamela ho beng ‘leqhoko haholoanyane, ho se sebelisane le batho ba baholo, ho inahana, ho se mamele, le ho se angoe ke kotlo ho ema le bana ba hōletseng lapeng.’
Alison Clarke-Stewart o bolela hore boitšoaro bo joalo bo hlile bo “bontša ho hōla le ho tseba ho sebetsana hamolemonyana le batho ho e-na le hore e be ntho eo ho ka ikhathatsoang ka eona.” Empa sena e ke ke ea e-ba tšeliso ho batsoali ba bonang ngoana eo pele a neng a ntse a lokile a se a bua puo e lihlong, haholo-holo haeba batsoali bao ba leka ho kenya melao-metheo ea Bibele ngoaneng oa bona.—Ba-Efese 4:29.
Likotsi Bophelong bo Botle ba ’Mele
Sebaka sa tlhokomelo ea bana se boetse se kopanyelletsa kotsi bophelong bo botle ba ’Mele. Litsi tsa Taolo ea Mafu (CDC) tsa U.S. li bua ka “tlhoko e hōlang ea ho laola mafu a tšoaetsanang ao ka tloaelo a amang bana ba sebakeng sa tlhokomelo.” Mafu ao ka tloaelo e leng a tsebahalang sebakeng sa tlhokomelo ea bana a kopanyelletsa lefu la sebete la A, shigellosis, ho ferekana ho kotsi ka maleng, le Hemophilus influenzae ea mofuta oa B (lefu le tsamaisoang ke likokoana-hloko). Letšollo le feberu ke matšoao a tloaelehileng. Hangata lefu le bakoa ke ho bokella bana ba banyenyane ba ratang ho kenya ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka melomong le ba sa rutoang hantle ka mekhoa e metle ea ho hlapa matsoho kamor’a ho sebelisa ntloana.
Leha ho le joalo, sebaka se molemo sa tlhokomelo ea bana se nka matšoao a bophelo bo botle ka botebo. “Re ruta bana ho hlapa matsoho ha ba tsoa ntloaneng,” ho hlalositse setsebi sa sebaka sa tlhokomelo ea bana Delores Alexander. “Ha re amohele bana bao re tsebang hore baa kula.” Motsamaisi oa sebaka sa tlhokomelo ea bana sa Willoughby House Bernice Spence oa phaella: “Haeba ngoana a kula mo-tšeare, hangata re bitsa motsoali hore a mo nkele lapeng.” Ho hlahloba basebeletsi le bana kamehla ho boetse ke litekanyetso tsa bohlokoa tsa tšireletso.
Leha ho le joalo, mobatlisisi Clarke-Stewart oa lumela: “Bana ba siuoang libakeng tsa tlhokomelo ba tšoaroa ke mokhohlane, makhopho, sefuba, le ho hohlola ho feta bana ba lapeng . . . Linko tsa ngoana tse tsoang mamina e ka ba moputso oo bo-’mè ba ikemiselitseng ho o lefa bakeng sa ho isa bana ba bona litsing tsa tlhokomelo ha bona ba sebetsa.” Empa ho ea ka se boletsoeng kaholimo, ho bonahala eka sebaka sa tlhokomelo ea bana se kopanyelletsa liphello tse khōloanyane ho feta feela linko tse tsoang mamina. Joale, sena sohle se bolela eng ho bo-’mè ba ikutloang hore ba tlameha ho sebetsa?
[Lebokose le leqepheng la 6]
Sebaka sa Tlhokomelo ea Bana le ho Hlokofatsoa Botoneng kapa Botšehaling
Morao tjena ho bile le liphatlalatso ka tšoaro e mpe ea bana e amang basebeletsi ba sebaka sa tlhokomelo. Na litsi tsa tlhokomelo ea bana ke litšabelo tsa batho ba ratang ho robala le bana le ba ba nkang litšoantšo ba hlobotse?
Potso ena e khopisa basebeletsi ba bang ba sebaka sa tlhokomelo ea bana haholo. “Ke halefisoa haholo ke hoo,” ho boletse Bernice Spence, motsamaisi oa setsi sa tlhokomelo ea bana. “Ke hloile ho bona sebaka sa tlhokomelo ea bana se fumana lebitso le lebe. Batho ba bangata bao ke ba tsebang ba sebaka sa tlhokomelo ea bana ke batho ba inehetseng—ba tsotellang bana.”
Leha ho le joalo, batsamaisi ba ikarabellang ba nkile mehato e tiileng. Tsoha! e buile le Doby Flowers, moemeli oa Mokhatlo oa Khōliso ea Bana Motseng oa New York. Bana ba fetang 40 000 ba ngolisitsoe mananeng a libaka tsa tlhokomelo tse tlas’a tsamaiso ea hae. Mofumahatsana Flowers o itse: “Re hlahlobisisa basebeletsi ba sebaka sa rōna sa tlhokomelo ea bana. Re hlahloba ho bona haeba ba na le litlaleho tsa tlōlo ea molao kapa ho tšoara bana hampe. ’Me ho tloha ka 1984, basebeletsi bohle ba sebaka sa tlhokomelo ea bana ba tlameha ho hatisa menoana.”
Na batho ba tšoarang bana hampe ba rata libaka tsa tlhokomelo ea bana? Mofumahatsana Flowers o arabile: “Ho na le batho ba ratang ho robala le bana bolumeling, molaong, le thutong. Batho ba ratang ho robala le bana ha ba tsebe meeli ea che-lete, bolulo, le morabe.” Empa leha ho le joalo, joalokaha Ngaka Roland Summit, ea phekolang ka ho khethehileng bana ba hlasetsoeng botoneng kapa botšehaling ke batho ba baholo, o itse: “Kotsi ea ho hlaseloa ha ngoana ka tšoaro e mpe e eketseha ka ho toba ha ngoana a tlosoa tlhokomelong ea ’mè oa hae oa tlhaho.”
Joale, ke’ng seo batsoali bao bana ba bona ba leng sebakeng sa tlhokomelo ea bana ba lokelang ho se etsa? “Mamela ngoana oa hao!” ho bolela Doby Flowers. “Lula fatše ’me u buisane le ngoana oa hao. Sheba phetoho boitšoarong kapa matšoao a ho tsieleha, a kang ho ntšetsa metsi likobong kapa ho tsoafa ka tšohanyetso ho ea sebakeng sa tlhokomelo.” Ho ba seli ha motsoali le ho ruta ngoana ke libetsa tse molemohali khahlanong le ho tšoaruoa hampe ha ngoana.—Bona Awake! ea January 22, 1985, “Child Molesting—You Can Protect Your Child.”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Sebaka sa tlhokomelo ea bana se ama tlamo pakeng tsa ’mè le ngoana joang?