‘Ke Mang ea Tla Hlokomela Bana ba Rōna?’
Libaka tsa tlhokomelo ea bana lefatšeng lohle ke phello ea palo e hōlang haholo ea basali ba sebetsang, “Sehlopha se hōlang ka potlako libakeng tsa mosebetsi,” ho bolela setsebi sa sebaka sa tlhokomelo ea bana Alison Clarke-Stewart, “ke sa bo-’mè ba bana ba e-song ho kene sekolo, haholo bana ba ka tlaase ho lilemo tse tharo. Tšekamelo ena ke e hlokomelehang haholo ’me e namme le lefatše lohle.”
Leha ho le joalo, ho fumana motho ea ka tšepjoang le ea ka hlokomelang bana ha ’mè a sebetsa, ho ka ba bonolo ho bua ka hona ho feta a ho ho etsa. Ha se kamehla beng ka motho ba ithaopelang ho sala le ngoana. Bahlokomeli ba ngoana—ba entsoeng ka metsoalle e mecha le baahelani—hangata ba ke ke ba tšepjoa hore ba tla ba teng ka mehla ’Me hape bahlokomeli ba sa tšoaneng ba ferekanya bana. Bahlokomeli ba tsepjoang le ba lefuoang ba ba fumanoe habonolo—’me ba bitsa chelete e ngata haholo eo banyalani ba bangata ba sa e khoneng.
Boemo ke bo ferekanyang ka ho tšoanang le linaheng tse ntseng li tsoela pele moruong. Basali ba Nigeria ba ne ba tloaetse ho sebetsa be pepile bana. Empa palo e eketsahang ea basali ba Maafrika e tlohetse mosebetsi oa lapeng kapa oa masimong ho sebetsa liofising, mabenkeleng, le libakeng tsa lifeme moo mokhoa oa ho pepa ngoana o sa sebetseng. Linakong tse fetileng, basali bane ba kopa beng ka bona ho ba salla le bana. Empa, ho hlalosa Sunday Times ea Lagos, Nigeria, “ka lebaka la thuto e fumanehang likolong tse tlaase le ho fumanoa ha mesebetsi e eketsehileng ea matsoho, e sa hlokeng thuto, masala a ho qetela [a leloko a fumanehang] ho hlokomela bana lapeng le ’ona a felile.” Koranta e etsa tlhahiso: “Litsi tsa Tlhokomelo ea Bana tse hlophisitsoeng hantle e ka ba karabo.”
E, mahae le litsi tsa tlhokomelo ea bana ka potlako a fetoha feela khetho bakeng sa tlhokomelo ea bana. Ka holim’a tsohle, ka kakaretso a tšepjoa, a tšoaneleha, ’me ha a bitse chelete e ngata joaloka mohlokomeli ea hiriloeng. A lumella bana ho etsa setsoalle le sehlopha sa lithaka tsa bona. A fana ka lijo tse phepo e ntle, hammoho le mananeo a boikhathollo le a thuto. Joalokaha setsebi sa libaka tsa tlhokomelo ea bana Delores Alexander se boleletse Tsoha!: “Sebaka sa tlhokomelo ea bana ke thuso ea lelapa lohle.”
Leha ho le joalo, ba bang ba tšaba hore tšekamelo ea ho sebelisa libaka tsa tlhokomelo ea bana o ka ba le liphello tse mpe baneng. Na ho na le mabaka a utloahalang a kameho ena? Batsoali ba lokela ho tseba hore ba etse qeto e bohlale bakeng sa bana ba bona.