Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 2/1 maq. 28-31
  • Khotsofalla ho ba ’Mè

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotsofalla ho ba ’Mè
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Etsang Hore Bo-’mè ba Sebetse
  • Toro le Boemo ba Sebele
  • Seo Banna ba ka Thusang ka Sona
  • Mosebetsi oa Bohlokoa oa ’Mè oa Mokreste
  • Bo-’mè ba Ikhethang
  • Khetho e Khotsofatsang ka ho Fetisisa
  • Mathata a ho ba ’Mè
    Tsoha!—2002
  • Mathata ao Bo-’mè ba Tobanang le ’Ona
    Tsoha!—2005
  • Mosebetsi o Hlomphehang oa Bo-’mè
    Tsoha!—2005
  • Bo-’mè, Ithuteng Mohlaleng oa Eunise
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 2/1 maq. 28-31

Khotsofalla ho ba ’Mè

LEFATŠENG lohle kajeno, basali ba bangata baa sebetsa. Linaheng tse tsoetseng pele, palo ea basali ba sebetsang e batlile e lekana le ea banna ba sebetsang. Linaheng tse ntseng li hōla moruong, hangata basali ba sehla lihora tse ngata mosebetsing oa temo ba khoantlella malapa a bona.

Basali ba bangata ha ba tsebe hore na ba khethe hofe pakeng tsa ho sebetsa le ho hlokomela malapa a bona. Basali bana ha ba tlise chelete feela bakeng sa hore ho rekoe lijo, liaparo le ho fumana bolulo, empa ba boetse baa pheha, ba hlatsoa liaparo, ba bile ba hloekisa malapa.

Ho feta moo, bo-’mè ba Bakreste ba leka ho ruta bana ba bona hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Cristina, ’mè ea nang le bana ba babeli ba banana o re: “Ho bua ’nete, hase papali ho sebetsa le ho hlokomela lelapa haholo-holo ha u e-na le bana ba banyenyane. Ha ho bonolo ho ba teng ka linako tsohle ha bana ba hao ba u hloka.”

Ke eng se etsang hore bo-’mè ba sebetse? Ba ba le mathata afe? Na hoa hlokahala hore ’mè a sebetse e le hore feela a khotsofale?

Se Etsang Hore Bo-’mè ba Sebetse

Bo-’mè ba bangata ha ba na boikhethelo haese hore ba sebetse. Ba bang ha ba na balekane ba ka ba thusang ho hlokomela lelapa ka lichelete. Banyalani ba bang ba fumana hore moputso oa a le mong ho hang ha oa lekana ho phelisa lelapa.

Ke ’nete hore hase bo-’mè bohle ba sebetsang ka lebaka la mathata a lichelete. Ba bangata haholo ba sebetsa hobane feela ba batla ho ba le seriti. Ba bang ba ka ’na ba sebetsa e le hore ba khone ho itjara kapa ba khone ho reka lintho tseo ba li ratang. Ba bang baa ipabola mosebetsing oa bona ’me baa o rata.

Lebaka le leng le etsang hore bo-’mè ba ikutloe ba tlameha ho sebetsa e ka ’na ea e-ba ho batla ho tšoana le basali ba bang. Le hoja batho ba bangata ba lumela hore bo-’mè ba sebetsang ba lula ba imetsoe kelellong ba bile ba khathetse, hangata ba khethang ho se sebetse baa songoa ba bile baa tšehoa. Mosali e mong o ile a re: “Ha ho bonolo hore u bolelle ba bang hore u ‘’mè oa lelapa feela.’” O re: “Seo batho ba bang ba se buang le tsela eo ba u shebang ka eona se u bolella ka tsela e sa tobang hore u bapala ka bophelo ba hao.” Rebeca, ea nang le morali ea lilemo li peli, o re: “Le hoja batho ba lumela hore ho hlokahala hore basali ba hlokomele bana ba bona, ’na ke bona eka ba nkela basali ba sa sebetseng tlaase.”

Toro le Boemo ba Sebele

Linaheng tse ling, mecha ea litaba e hlahisa “mosali oa khonthe” e le ea atlehileng mosebetsing oa hae—ea lefuoang chelete e ngata, ea jeleng koto le ea sa ikhalaleng ho hang. Ha a fihla lapeng, o khona ho rarolla mathata a bana ba hae, a lokise liphoso tsa monna oa hae, a be a lokise mathata leha e le afe ka lapeng. Ha e le hantle, ke basali ba seng bakae feela ba ka khonang ho etsa sena.

’Nete ke hore, boholo ba mesebetsi e etsoang ke basali ea tsoafisa ’me moputso oa eona o monyenyane. Ka masoabi, bo-’mè ba bangata ba sebetsang ba fumana hore mosebetsing oa bona ha ba khone ho sebelisa talenta ea bona ka botlalo. Buka ea Social Psychology e re: “Ho sa tsotellehe khatelo-pele e ntseng e etsoa ea hore banna le basali ba lekane, banna ba sa ntse ba amohela chelete e ngata ’me ba sebetsa mesebetsi e phahameng. Kahoo, basali ba nkang hore mosebetsi o ba fa seriti ha ba rue molemo oa letho.” Koranta ea Spain e bitsoang El País e re: “Ho hlokometsoe hore basali ba imeloa habonolo kelellong ho feta banna, hobane boholo ba bona ba etsa mesebetsi e ’meli—mosebetsing le lapeng.”

Seo Banna ba ka Thusang ka Sona

Ntle ho pelaelo, mosali oa Mokreste ke eena ea tla iketsetsa qeto ea hore na oa sebetsa kapa che. Leha ho le joalo, haeba a nyetsoe, eena le monna oa hae ba lokela ho etsa qeto eo ka mor’a ho buisana ka taba ena le ho sekaseka lintlha tsohle.—Liproverbia 14:15.

Re re’ng haeba banyalani ba etsa qeto ea hore ka lebaka la maemo a moruo ba lokela ho sebetsa ka nako eohle? Ha ho le joalo, monna ea bohlale o tla ela hloko keletso ena ea Bibele: “Lōna banna le lokela ho bontša kutloisiso manyalong a lōna: tšoarang basali ba lōna ka tlhompho, eseng feela kahobane ba fokola ’meleng, empa hape kahobane le arolelana mpho ea Molimo ea bophelo.” (1 Petrose 3:7, The Revised English Bible) Monna o hlompha mosali oa hae ka ho nahanela mefokolo ea hae ea ’mele le ea maikutlo. Neng le neng ha ho khoneha, o tla thusa mosali oa hae ka mesebetsi ea lapeng. Joaloka Jesu, ka boikokobetso monna o tla ikemisetsa ho etsa mesebetsi ena e nkeloang tlaase, a sa hane ho e etsa hobane a nka hore e mo theola seriti. (Johanne 13:12-15) Ho e-na le hoo, o tla nka mesebetsi e joalo e le monyetla oa ho bontša hore o rata mosali oa hae ea sebetsang ka thata. Mosali o tla thabela thuso e joalo haholo.—Baefese 5:25, 28, 29.

Ha ho pelaelo hore haeba banyalani ka bobeli ba tlameha ho sebetsa, ho hlokahala hore ba sebelisane hantle ka lapeng. Taba ena e hatisoa ke se ileng sa ngoloa koranteng ea ABC, ea Spain. Ha koranta ena e bua ka phuputso e entsoeng ke Mokhatlo oa Litaba Tsa Malapa, e ile ea re tlhalo Spain ha e bakoe feela ke “ho hloka tataiso bolumeling le boitšoarong” empa e bakoa le ke lintho tse ling tse peli—e leng “ho sebetsa ha basali le ho hlōleha ha banna ho thusa ka mesebetsi ea lapeng.”

Mosebetsi oa Bohlokoa oa ’Mè oa Mokreste

Le hoja Jehova a file bo-ntate boikarabelo bo ka sehloohong ba ho koetlisa bana ba bona, bo-’mè ba Bakreste baa tseba hore le bona ba fuoe mosebetsi oa bohlokoa—haholo-holo ha ngoana a sa le monyenyane. (Liproverbia 1:8; Baefese 6:4) Jehova o ne a bua le bo-’mè le bo-ntate ha a laela Baiseraele hore ba rute bana ba bona Molao oa hae ka ho pheta-pheta. O ne a tseba hore ho ne ho tla hlokahala nako le mamello hore ba etse sena, haholo-holo nakong ea ha ngoana a sa le monyenyane. Ke ka lebaka leo Molimo a ileng a bolella batsoali hore ba lokela ho koetlisa bana ba bona ha ba le lapeng, ha ba le tseleng, ha ba tsoha le ha ba robala.—Deuteronoma 6:4-7.

Lentsoe la Molimo le totobatsa mosebetsi oa bohlokoa le o hlomphehang oa bo-’mè ha le laela bana sena: “U se ke ua furalla molao oa ’m’ao.” (Liproverbia 6:20) Ho hlakile hore mosali ea nyetsoeng o lokela ho bua le monna oa hae pele a behela bana melao. Leha ho le joalo, joalokaha temana eo e bolela, bo-’mè ba na le tokelo ea ho beha melao. ’Me bana ba mamelang melao ea ’mè ea tšabang Molimo e ba thusang hore ba be le kamano e ntle le Molimo le hore ba itšoare hantle ba tla rua molemo o moholo. (Liproverbia 6:21, 22) Teresa, ea nang le bashanyana ba babeli o hlalosa lebaka leo a sa sebetseng ka lona. O itse: “Mosebetsi oa ka oa bohlokoa ka ho fetisisa ke ho hōlisa bana ba ka hore ba sebeletse Molimo. Ke batla ho etsa mosebetsi ona ka bokhabane bohle.”

Bo-’mè ba Ikhethang

Ka sebele morena oa Iseraele ea bitsoang Lemuele o ile a rua molemo mosebetsing o khabane oa ’mè oa hae. “Molaetsa o matla” oo a ileng a mo fa oona “e le khalemelo” o bile o kentsoe Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng. (Liproverbia 31:1; 2 Timothea 3:16) Mantsoe a ’mè enoa ha a hlalosa mosali ea nang le bokhoni a ntse a thusa bara hore ba khethe hantle ha ba khetha balekane. Litemoso tsa hae mabapi le boitšoaro bo bobe le ho noa ho tlōla li ntse li sebetsa kajeno joalokaha li ne li sebetsa ha li ngoloa ka lekhetlo la pele.—Liproverbia 31:3-5, 10-31.

Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a babatsa mosebetsi o motle oo ’mè ea bitsoang Eunise a ileng a o etsa ha a ruta mora oa hae Timothea. Kaha mohlomong monna oa hae o ne a rapela melimo ea Bagerike, ho ne ho hlokahala hore Eunise a susumelletse Timothea hore a lumele ‘lingoliloeng tse halalelang.’ Eunise o ile a qala neng ho ruta Timothea Mangolo? Bibele e re “ho tloha boseeng”—ka mantsoe a mang, ho tloha ha Timothea e sa le lesea. (2 Timothea 1:5; 3:14, 15) Ho totobetse hore tumelo ea hae le mohlala oa hae, esita le ho ruta ha hae, li ile tsa hlomella Timothea mosebetsing oo a neng a tla o etsa oa ho bolela evangeli linaheng tse ling.—Bafilipi 2:19-22.

Bibele e boetse e bua ka bo-’mè bao ka lebaka la ho amohela bahlanka ba tšepahalang ba Molimo malapeng a bona, ba ileng ba thusa bana ba bona hore ba tloaelane le batho ba metsamao e metle. Ka mohlala, mosali oa Moshuneme o ne a tloaetse ho amohela moprofeta Elisha ha hae. Hamorao Elisha o ile a tsosa mora oa hae bafung. (2 Marena 4:8-10, 32-37) Nahana hape ka mohlala oa Maria, ’mè oa mongoli oa Bibele ea bitsoang Mareka. Ho bonahala eka o ile a bula ntlo ea hae e Jerusalema hore barutuoa ba pele ba kopanele ho eona. (Liketso 12:12) Ka sebele Mareka o ile a rua molemo ka ho tloaelana le baapostola le Bakreste ba bang ba neng ba etela habo khafetsa.

Ho hlakile hore Jehova o ananela mosebetsi oa basali ba tšepahalang ba rutang bana ba bona melao-motheo ea hae. O rata basali bana hobane baa tšepahala ’me ba leka ho ruta malapa a bona ka Molimo.—2 Samuele 22:26; Liproverbia 14:1.

Khetho e Khotsofatsang ka ho Fetisisa

Joalokaha mehlala ea Mangolo ao re buileng ka ’ona e bontša, ho lokisetsa lelapa seo le se hlokang ’meleng, borapeling le maikutlong ho tlisa melemo e ikhethang. Empa ho etsa sena ha ho bonolo. Mosebetsi oa ’mè oa lapeng hangata o bonahala o le boima ho feta ho etsa mosebetsi o phahameng k’hamphaning.

Ke ’nete hore haeba ka mor’a hore ’mè a batle keletso ea monna oa hae, a khetha ho sebetsa mosebetsi o sa nkeng nako eohle kapa ho se sebetse ho hang, ho ka ’na ha hlokahala hore lelapa le itime lintho tse itseng ’me a ka ’na a tlameha ho mamella ho songoa ke ba sa utloisiseng lebaka la hae. Empa melemo ea seo e ka ba meholo ho feta seo a se tetseng. Paqui o na le bana ba bararo ’me ho hlokahala hore a sebetse mosebetsi o sa nkeng nako eohle. O re: “Ke batla hore ha bana ba tsoa sekolong ba mphumane ke le teng lapeng e le hore ba be le motho eo ba ka buang le eena.” Bana ba hae ba rua molemo ofe? O re: “Ke ba thusa ka mosebetsi oa sekolo, ’me haeba ho hlaha mathata, kea a rarolla hang-hang. Nako eo re e qetang hammoho letsatsi le leng le le leng e re thusa hore re buisane ka bolokolohi. Ke ananela nako ena eo ke e qetang le bana ba ka hoo ke ileng ka hana mosebetsi oa nako eohle.”

Bo-’mè ba bangata ba Bakreste ba fumane hore ha ba fokotsa nako ea mosebetsi, lelapa lohle le rua molemo. Cristina, eo re buileng ka eena o re: “Ha ke tlohela ho sebetsa, litaba li ile tsa bonahala li tsamaea hantle ka lapeng. Ke ile ka ba le nako ea ho qoqa le bana ba ka le ho thusa monna oa ka ka litsela tse ngata. Ke ile ka qala ho thabela ho ruta barali ba ka, ho ba bona ha ba ithuta le ha ba tsoela pele.” Cristina o hopola ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala. O re: “Morali oa ka e moholo o ile a ithuta ho tsamaea a le kereche, empa ke ’na ea rutileng morali oa ka oa bobeli ho tsamaea a le lapeng. O ile a tlosa leoto eaba o oela liatleng tsa ka. Ha ke e-s’o thabe hakaalo!”

Ntho e ’ngoe eo le lokelang ho nahana ka eona ke hore boemo bo ka ’na ba se ke ba e-ba bobe hakaalo ha ’mè a sebetsa mosebetsi o sa nkeng nako eohle kapa a sa sebetse ho hang. Cristina o re: “Boholo ba moputso oa ka bo ne bo fella litšenyehelong tsa ho hlokomela ngoana le ho lefella lipalangoang. Ha re hlahloba boemo ba rōna ka hloko, re ile ra hlokomela hore mosebetsi oa ka o ne o sa kenye chelete e kaalo ka lapeng.”

Ka mor’a ho sekaseka boemo ba bona, banyalani ba bang ba etsa qeto ea hore melemo ea hore mosali a hlokomele lelapa ka nako eohle e feta chelete leha e le efe eo a ka beng a e sebeletsa. Paul, monna oa Cristina, o re: “Ke thabile ha mosali oa ka a khona ho sala lapeng ho hlokomela bana ba rōna ba babeli ba banyenyane. Re ne re imetsoe kelellong ha re ne re sebetsa re le babeli.” Qeto ea banyalani baa e bile le phello efe ho barali ba bona ba babeli? Paul o re: “Ba ikutloa ba sireletsehile ’me ba phema litšusumetso tse mpe bonyenyaneng ba bona.” Ke hobane’ng ha banyalani baa ba lumela hore ho bohlokoa hore ba qete nako e ngata kamoo ho ka khonehang le barali ba bona? Paul o re: “Ke kholisehile hore haeba rōna batsoali re sa rute bana ba rōna, ba tla rutoa ke motho e mong.”

Ho hlakile hore banyalani ba lokela ho sekaseka boemo ba bona, ’me ha ho motho ea lokelang ho nyatsa liqeto tseo ba bang ba li etsang. (Baroma 14:4; 1 Bathesalonika 4:11) Leha ho le joalo, ho bohlokoa ho nahana ka melemo e mengata eo lelapa le e fumanang haeba ’mè a sa sebetse ka nako eohle. Ha Teresa eo re ileng ra qotsa mantsoe a hae a beha taba ka bokhutšoanyane, o re: “Ha ho letho le khotsofatsang ho feta ho qeta nako e ngata kamoo ho ka khonehang u hlokomela le ho ruta bana ba hao.”—Pesaleme ea 127:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Bo-’mè ba Bakreste ba na le seabo mosebetsing oa bohlokoa oa ho koetlisa bana ba bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela