Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 2/1 leq. 27
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ke Hobane’ng ha Lintho Tse Bohloko li Etsahala?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bobe le Mahlomola?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 2/1 leq. 27

Babali ba Batla ho Tseba

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?

Hase Molimo ea re bakelang mahlomola. Bibele e re: “Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo!” (Jobo 34:10) Haeba ho joalo, ke mang ea re bakelang masisa-pelo?

Jesu o itse Satane ke “’musi oa lefatše.” (Johanne 14:30) Ke ’nete hore Jehova ke ’Musi oa Pōpo Eohle. A ke ke a tlohela boemo bona le ka mohla. Leha ho le joalo, ka nakoana Molimo o lumeletse Satane hore a buse boholo ba batho.—1 Johanne 5:19.

Satane e ’nile ea e-ba ’musi ea joang? Ho tloha ha Satane a qala ho kenella litabeng tsa batho, e bile ’molai le raleshano. Satane o etsa feko molokong oa batho. Jesu o ile a mo qosa ka mantsoe ana: “E ne e le ’molai ha a qala, ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena. Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane o leshano ’me ke ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Hape Jesu o ile a re batho ba neng ba batla ho mo bolaea ke bana ba ’molai eo oa ho qala. Ba ile ba iketsa bana ba hae ka hore ba mo etsise. Ho joalokaha ho thoe ngoan’a lekhala o tsamaea ka lekeke.

Satane o ntse a batla hore batho ba tlale moea oa polao. Ka mohlala, R. J. Rummel, eo e kileng ea e-ba moprofesa Univesithing ea Hawaii, U.S.A., o hakanya hore ho tloha ka 1900 ho ea ho 1987, mebuso e sa tšoaneng e ile ea bolaea batho ba 169- 198 000 nakong ea meferefere ea lipolotiki, ea ho timetsoa ha merabe e meng le ea ho bolaoa ha batho ntle ho mabaka. Palo ena ea ba bolailoeng ha e akarelletse ba mashome a limilione ba bolailoeng lintoeng hona nakong eo.

Haeba hase Molimo ea bakang mahlomola, ke hobane’ng ha a a lumella? Ke ka lebaka la mathata a amang libōpuoa tsohle a ileng a hlaha khale-khale le ao ho ntseng ho hlokahala hore a rarolloe, a mabapi le hore na ke eng se nepahetseng le se fosahetseng. A re ke re bueng ka bo bong ba ’ona.

Tšimolohong ea moloko oa batho, Adama le Eva ba ile ba ema le Satane. Ba ile ba hana ho busoa ke Molimo ’me ba khetha ho ipusa, hoo ha e le hantle e neng e le ho busoa ke Diabolose.—Genese 3:1-6; Tšenolo 12:9.

Ho latela molao oa Jehova oa toka, ho ne ho hlokahala hore nako e fete e le hore ho bokelloe bopaki. Bopaki bo bontša eng ka ho hlakileng? Bo bontša hore puso ea batho e susumetsoang ke Satane e baka mahlomola feela. Ha e le hantle, ha re talima se tla qetella se etsahetse, e bile molemong oa batho hore ebe Molimo o lumeletse hore nako e fete. Joang? Ba hlahlobang bopaki ’me ba bo lumela ba na le monyetla oa ho bontša hore ba rata ho busoa ke Molimo. Ba ithutang melao ea Molimo ’me ba phela ka eona ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 17:3; 1 Johanne 2:17.

Ke ’nete hore hajoale lefatše le tlas’a tšusumetso e khopo ea Satane. Empa e ke ke ea e-ba ka nako e telele. Haufinyane Jehova o tla sebelisa Mora oa hae “ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Ka tataiso ea Molimo, Jesu o tla thoba lipelo tse utloileng bohloko ’me a felise masisa-pelo a ’nileng a hlahela batho. O tla tsosa batho ba limilione tse likete ba ileng ba sotleha ba ba ba shoa ka lilemo-lemo.—Johanne 11:25.

Ho tsosoa ha Jesu bafung ke mohlala oa kamoo Molimo a tla hlōla mesebetsi ea Diabolose kateng—e leng pontšo ea se tlelang batho ba khethang ho busoa ke Molimo. (Liketso 17:31) Bibele e re bolella se tla etsahala nakong e tlang ka mantsoe ana a tšelisang: “Molimo o tla ba le [batho]. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela