Mapatso Moahong
Ka mongolli oa Tsoha! Fora
LETSATSING leo meaho e meholo ea Kereke ea Notre Dame Paris e bonahetse e tšoantšetsa botsitso ba kereke ea boholo-holo ea Roma e K’hatholike. Lebaleng le leholo ka pel’a moaho oa lekholong la bo12 la lilemo, mokoloko oa kereke o ne o keteka Letsatsi la ho Nkeloa ha Maria Leholimong.
Leha ho le joalo, ke ho makatsang ho bolela hore hona letsatsing leo la 15 Phato, 1986, limithara tse ’maloa mose ho Nōka ea Seine, ho ne ho bokane mokoloko oa bahanyetsi ka pel’a kereke e K’hatholike ea Saint-Nicolas-du-Chardonnet. Ha mokoloko ona o phatlalla le literata tsa Latin Quarter, o ne o setsoe morao ke Mak’hatholike a likete, ao ho tlalehiloeng hore a ne a le mangata ho feta a neng a le moketeng o neng o tšoaretsoe Notre Dame. Empa, mekoloko ena ka bobeli e ne e hlophisitsoe ke baprista ba Kereke ea Roma e K’hatholike, ’me ka bobeli e ne e hlompha Maria. Hobane’ng ha mekoloko e ’meli e hanyetsanang e keteka mokete o tšoanang oa K’hatholike?
Ketsahalo ena e bontša hantle mapatso a arohanyang Kereke e K’hatholike. A ka mahlakoreng ’ohle, ’me a e arola ho tloha ka letsohong le letona ho isa ho le letšehali le ho tloha holimo ho fihla tlaase.
Mak’hatholike a Buellang Liphetoho a Loantša a Khomaretseng Lineano
Ka ho le letšehali, ke Mak’hatholike a buellang liphetoho lithutong tsa kereke. A mangata a thahasella se bitsoang thuto ea bolumeli ea tokoloho, e qalileng Latin Amerika. Ho Mak’hatholike ana, thuto e buellang bonngoe le malumeli a mang, tsamaiso ea puso ea basebetsi, ekasita le bokomonisi ke mantsoe a tloaelehileng. Empa esita le Latin Amerika, ha se Mak’hatholike ’ohle a lumellanang le thuto ea bolumeli ea tokoloho. Ka mohlala, Brazil, baruti ba K’hatholike ba arohane ka bobona pakeng tsa Mak’hatholike a buellang liphetoho lithutong tsa kereke le a khomaretseng lineano tsa kereke.
Mak’hatholike a khomaretseng lineano tsa kereke a ikutloa hore Lekhotla la Bobeli la Vatican le butse monyako bakeng sa linchafatso tse ekang Bok’hatholike ba boholo-holo. A phehella hore ’Misa o bitsoe ka Selatine ’me a hana ho ikopanya le Maprotestanta kapa Mak’hatholike a mang a buellang liphetoho lipolotiking.
Mahareng ke Mak’hatholike a sa nkeng lehlakore lihlopheng tsena tse peli, ao ho seng pelaelo hore a mangata empa ha a hlile ha a mafolofolo haholo. Mak’hatholike a buellang liphetoho lithutong tsa kereke le a khomaretseng lineano a ikutloa hore Bok’hatholike bo sa nkeng lehlakore bo lahleheloa ke moea oa bona ka lebaka la linchafatso tse fokolang kapa tse ngata haholo. Mak’hatholike a mangata a buellang liphetoho lithutong tsa kereke a ikutloa hore linchafatso ha li fetele hōle ka ho lekaneng le hore ho itšunya ha kereke lipolotiking ka lebaka la bahloki ho fokola haholo. Mak’hatholike a khomaretseng lineano a kholisehile hore kamor’a Lekhotla la II la Vatican Bok’hatholike bo inchafatsa hoo bo tla qetella bo le sieo.
Litšekamelo tsena tse khōlō ke mapatso a mang, likarolong tsohle. Mak’hatholike a arohane litabeng tsa tumelo le boitšoaro. Litabeng tsa tumelo, lithuto tsa molao tsa K’hatholike tse kang mollo oa lihele, pelekatori, qaleho ea sebe, esita le thuto ea Boraro-bo-bong, li phephetsoa ke Kereke e K’hatholike. Tlhahlobo ea hauflnyana Fora, e boletsoeng e le “morali e moholo oa kereke,” e bontšitse hore karolo ea 71 lekholong ea Mak’hatholike a Fora ao ho buisanoeng le ona e bontšitse lipelaelo ka bophelo kamor’a lefu, karolo ea 58 lekholong e latotse hore lihele li teng, karolo ea 54 lekholong e bontšitse ho se lumele pelekatori, ’me karolo ea 34 lekholong ha e amohele Boraro-bo-bong.
Ka ho lumelehang, ho na le litho tse ngata tsa Kereke e K’hatholike lefatšeng lohle tseo ka botšepehi li ntseng li lumela lithutong tsena ka cheseho.
Empa sena se mpa se paka hore Mak’hatholike a arohane litabeng tsa tumelo.
“Tseko ea Sehlooho ke . . . Ho Utloa Roma”
Boitšoarong, Mak’hatholike a arohane haholo litabeng tse kang ho kopanela liphate pele ho lenyalo, bohlola le bosodoma. Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a tšositsoe haholo ke boikutlo bo hlokang taolo ba litho tsa kereke ea bona, ho kopanyelletsa le baruti ba bang esita le liithuti tse ling tsa bolumeli. Mak’hatholike a itšoereng hantle a ka tšelisoa ke ’nete ea hore mopapa o hanyelitse boitšoaro bo bobe. Empa na sena ha se tiise ka matla ’nete ea hore Mak’hatholike a mangata a phephetsa bolaoli ba mopapa litabeng tse joalo?
Observer ea London e sa tsoa ngola: “Bora pakeng tsa Mopapa le mohlape oa hae o moholo bo bontšitsoe ke khang e phatlalalitsoeng hantle ka ho ntša mpa, lithibela pelehi, ho lumelloa ha basali ho ba baprista le ho kopanela ha Mak’hatholike a hlalileng selallong. Tseko ea sehlooho ho bona ke ho utloa Roma.”
Mobishopo James Malone, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Sechaba oa Babishopo ba K’hatholike (Amerika), o lemositse ka “lehloeo, le hōlang la litho tsa kereke United States khahlanong le Mopapa.” O buile ka “ho se lumellane,” “likhaohano,” le “bora bo hōlang.”
Ka lehlakoreng le leng, Mak’hatholike a khomaretseng lineano a rabela pepenene khahlanong le mopapa hobane a ikutloa hore ha a tiise letsoho taolong. Ea etelletseng pele phetohelong ena ke mobishopo e moholo oa K’hatholike, Fora. O theile mokhatlo o tsoetseng pele ho arola Kereke ea Roma e K’hatholike, joaloka ha sehlooho se latelang se tla hlalosa.