Ke Hobane’ng ha ho na le “Lipelaelo Tse Tebileng?”
MOPAPA JOHN PAUL II o ile a hlalosa “ho nyahama” karohanong ea K’hatholike ea meetlo ea mobishopo Lefebvre. O boletse hore kereke e arabetse ka “masoabi a maholo.”
Moprista oa K’hatholike Joaquín Ortega, motlatsi oa mongoli sebakeng sa babishopo ba Roma e K’hatholike Spain, o ile a utloela boemo bona bohloko: “Re oetse ‘lebenkeleng la Bok’hatholike.’ Batho ba ikhethela lintho tse ba khotsofatsang joalokaha eka lithuto tsa rōna ke makoti-koti a meroho.”
Mobishopo Lefebvre o hatella hore Seboka sa Bobeli sa Vatican se qhekeletse Kereke ea K’hatholike ea meetlo, le hore se entse hore kereke e amohele liphetoho. Ka hona, o ikutloa hore seboka sena se ile sa sisinya tumelo ea Mak’hatholike ea hore kereke ea bona ke eona feela e le ’ngoe ea ’nete.
Ha e akaretsa litseko tsa Lefebvre le balateli ba hae, International Herald Tribune e ngotse: “Ba khomaretseng meetlo ea kereke ba tseka hore mohlomong kereke e ne e fositse ka pel’a seboka kapa ke hona e fositseng joale, empa e ke ke ea fosa ea ba ea nepa. Ba bolela hore haeba e fositse ka pel’a seboka, joale e ka ’na eaba e ne e fositse le lithutong tse ling. ‘Re tlile mona ho tla bontša kamano ea rōna le kereke ka linako tsohle,’ ho boletse mobishopo e moholo.”
Leha ho le joalo, Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a ipotsa hore na ebe seo kereke ea pele ho Vatican-II e se rutileng le ho se etsa e ne e le ’nete kapa phoso.
Mak’hatholike a Tšepahalang a Tšoenyehile
Mak’hatholike a mangata a nahanang a tšoenyehile ka hore seo ba nahanang hore ke mehato e tsoelang pele e nkiloeng ke Vatican II se senngoa ka baka la taba ea Lefebvre. A tšositsoe ke lipolelo tsa moraonyana tjena tsa moeta-pele oa Vatican, tse kang tse builoeng ke Mok’hadinale Ratzinger, eo e leng molebeli oa lithuto tsa K’hatholike. Ke eena hlooho ea lefapha la Vatican leo ka lilemo tse makholo a mane le neng le tsejoa e le Phutheho ea Lekhotla le Halalelang le Otlang Bakhelohi.
Mok’halinale Ratzinger, moeta-pele oa Phutheho e Halalelang ea Molao oa Tumelo Roma, o ile a bolela: “Likarohano li hlaha feela ha batho ba khaolitse ho phela le ho rata linnete tse itseng le bohlokoa ba tumelo ea Bokreste.” Mak’hatholike a batlang liphetoho a tšohile hore mok’halinale o ne a hopotse “linnete le lintho tsa bohlokoa” tse khethollang Kereke ea Roma e K’hatholike mehleng ea pele ho Vatican-II.
Ha se bua ka tšabo e joalo, sehlooho se reng: “Moputso oa Karohano,” se hatisitsoeng koranteng ea Fora Le Monde, se ile sa bolela: “Ke mang ea tsebang haeba Vatican—ka ho se tsebe kapa ka ho se lumeleheng—e qalisa ho sebelisa ‘lineano ka ntle ho Lefebvre’? . . . Na hona joale [Vatican] e leka ho boela e hapa baruti le litho tse khomaretseng meetlo ea kereke ’me ka holim’a tsohle e hlophisa puso ea K’hatholike le lintho tsa bohlokoa moo li phephetsoang ka ho tobileng, haholo-holo Europe e ka Bophirimela le Amerika Leboea?”
Baetapele ba Bolumeli ba sa Lumellaneng
Ka January 1989, baruti ba K’hatholike ba 163 ba tsoang Jeremane Bophirimela, Netherlands, Austria, le Switzerland ba ile ba fana ka tlaleho eo hona joale e tsejoang e le Phatlalatso ea Cologne. Libekeng tse latelang, ba ile ba kopana le baruti ba K’hatholike ba makholo ho tsoa linaheng tse ling, ho kopanyelletsa Italy. Leqhubu la ho se lumellane le ile la qholotsoa ke ha ntle ho lebaka Vatican e khetha mobishopo ea sa lumeleng liphetoho e le mobishopo e moholo Cologne, Jeremane, hape e le khahlanong le maikutlo a sehlopha sa baruti ba moo. Empa khanyetso e ile ea tsoela pele le ho feta ha ho khethoa babishopo ba sa batleng liphetoho. E ile ea akareletsa mehato ea taeo ea Vatican ea ho khutsisa baruti ba neng ba bontša ‘monahano oa bolumeli o ileng oa hatisoa ke Lekhotla la Bobeli la Vatican.” Baruti ba ile ba boela ba belaella tokelo ea mopapa ea ho kenya likhopolo tsa hae “thutong ea kereke,” haholo-holo thuto e mabapi le ho thibela pelehi.
Ha a arabela phatlalatsong ena, Mok’halinale Ratzinger o ile a bolela ka ho toba hore bao ba hanang boemo ba Vatican mabapi le thibelo ea pelehi le tlhalo ba fana ka tlhaloso e fosahetseng ea “letsoalo” le “tokoloho” ’me ba tlōla thuto ea moetlo ea kereke. Haufinyana o ile a hopotsa babishopo ba U.S. hore ba se lumelle hore lithuto tsa bona li susumetsoe ke “kopano e sa lumellaneng” ea baruti.
Mak’hatholike a Mangata a Tsielehile
Puisanong Le Monde moruti oa K’hatholike Fora o ile a bolela hore: “E ne e tla ba phoso ho bolela . . . hore qaka ena e ama baruti feela. Ba mpa ba hlalosa feela pelaelo e tebileng ea Mak’hatholike a mangata.”
Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a ipotsa hore na ebe mobishopo oa lerabele Lefebvre, le hoja a khaotsoe, na mohlomong ha a ‘hlōloa.’ Ha e le hantle, ho ntse ho fanoa ka likarabelo ho balateli ba Lefebvre boitekong ba ho ba khutlisetsa ka lesakeng. ’Misa o etsoa ka Selatine le likerekeng tse ngata tsa K’hatholike, ’me babishopo ba khomaretseng meetlo ea kereke ba khetheloa litulo tse phahameng. Ka ho thahasellisang, Mak’hatholike a meetlo aa botsa: ‘Ke hobane’ng ha Mobishopo Lefebvre a khaotsoe empa baprista ba K’hatholike Holland ba hlohonolofatsa “manyalo” a basodoma le baprista ba Amerika Boroa ba buellang thuto ea bolumeli ea phetohelo e ntse e le karolo ea kereke?’
Sena sohle se siea Mak’hatholike a mangata a ferekane. Mok’hatholike oa Fora o ile a ngola koranteng ea ka mehla ea K’hatholike La Croix (Sefapano): “Bakreste ba tloaelehileng, joaloka ’na, ba utloa bohloko hobane ba amehang [ho se lumellaneng ha kereke] ha ba buisane ka lintho le ho finyella tumellano. Batho ba bang ba tloha ka bohlale tšebeletsong ea bolumeli, kapa Kerekeng.”
Ntle ho pelaelo, batho ba joalo ha ba utloisise hore ke hobane’ng ha kereke e le ’ngoe ea ’nete e arohane hakana. Esita le moprista oa K’hatholike René Laurentin o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha ho e-na le likarohano tsena har’a Bakreste?” Ka bokhutšoanyane a ke re nahaneng ka a mang a mabaka a tsona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Batho ba khomaretseng meetlo ea kereke ba tseka hore mohlomong kereke e ne e fositse ka pel’a seboka, kapa ke hona e fositseng joale, empa e ke ke ea fosa ea ba ea nepa.”—International Herald Tribune.