Ke’ng se Etsang Hore li Thuntše?
RE TLALA tšabo ha re bona litšoantšo tsa lithaba tse thuntšang seretse se chesang. Ka nako e tšoanang, rea ipotsa, ‘Ke’ng se etsahalang ka tlaase?’
Liithuti tsa lithaba ha li tsebe hantle hore na ke’ng se etsahalang ka tlaase. Ho ea ka thuto ea matla a tlhaho a sebetsang ka holim’a lefatše, lefatše lohle le arotsoe ka likarolo tse ngata tse khōlō tse kang lipoleiti. Lipoleiti tsena li tsamaea butle joaloka lebanta ho ea moeling, ’me poleiti ka ’ngoe e kena ka tlas’a e ’ngoe. Haeba poleiti ea leoatle e kena ka tlas’a ea lefatše, khatello le mocheso lia phahama. Ha metsi a phatloha poleiting ea leoatle, a fokotsa tekanyetso ea mafika ea ho qhibiliha. Haeba mocheso o phahame ka ho lekaneng, lefika le tla qhibiliha ho ba seretse se chesang.
Seretse se chesang, se a nyoloha le ho bokellana polokelong lik’hilomithara tse seng kae ka tlas’a mobu. Ha khatello e eketseha polokelong ea seretse se chesang, e ntšoa ka ho phatloha. Ho itšetlehile ka mofuta oa lefika le qhibilihang le gase e teng ho lona, ho thuntša ho khephola liqhooa tsa lithaba, ho bake ho phatloha ha mosi le gase, kapa seretse se chesang.
Leha liithuti tsa lithaba li entse patlisiso e batsi ka mehato ea lithaba tse thuntšang seretse se chesang, li ntse li sa tsebe ka botlalo kamoo seretse se chesang se bōpehang kateng. Ha ho tluoa tsebong e mabapi le ho bōptjoa ha lithaba, re ntse re sa tsebe ho arabela potso eo ’Mōpi o e botsitseng Jobo: “U no u le kae, mohla ke theang lefatše? Bolela, ha u e-na le tsebo.”—Jobo 38:4.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 31]
Lifoto tse kahare: C. W. Stoughton/National Park Service