Khase ea Tlhaho—Ke Mohloli oa Matla Malapeng
KHASE ea tlhaho e fana ka karolo e fetang 20 lekholong ea matla a hlokahalang lefatšeng. Khase ee e tsoa hokae? E hloekile hakae? Hona ho setse e kae?
Bo-rasaense ba bangata ba lumela hore lilemong tse ngata-ngata tse fetileng, khase ena ea tlhaho e ile ea hlahisoa ke ho bola ha mesaletsa ea limela le liphoofolo, ho akarelletsa tse nyenyane tsa metsing. Ho ea ka khopolo ena, ka nako e telele, likokoana-hloko le khatello e bakoang ke lintho tse qitang ka metsing le mocheso o ka mpeng ea lefatše, li ile tsa fetola lintho tseo libeso—tse kang mashala, khase le oli e tala. Ha nako e ntse e feta, khase e ngata e ile ea kena majoeng a masoba-soba ’me ka linako tse ling ea bokellana e le ngata moo, kapa ea etsa libaka tse nang le khase, tse koahetsoeng ke mafika. Libaka tse ling tse nang le khase li khōlō haholo, li boholo ba lik’hubiki mithara tse libilione tse likete. Khase ee e fumanoa joang?
Ho Batla Khase ea Tlhaho
Ho sebelisoa ha lisathelaete tse lemohang lintho tse hōle, mokhoa oa ho lekanyetsa maqhubu a bang teng ha lefatše le sisinyeha le lik’homphieutha, ho nolofalelitse batho hore ba batle moo khase e leng teng. Mokhoa ona oa ho lekanyetsa maqhubu a bang teng ha lefatše le sisinyeha, o itšetlehile ka molao-motheo oa hore majoe a ka tlas’a lefatše a ntša molumo o nolofaletsang bo-rasaense ho ba le setšoantšo sa se etsahalang ka mpeng ea lefatše. Batho ba batlang khase ba sebelisa liqhomane tse nyenyane kapa mechine e thothomelang e hokeletsoeng literakeng tse khethehileng, e le hore ba hlahise molumo majoeng ao. Maqhubu a hlahisoang ke seo a ea karolong e ka holimo ea lefatše ’me a amoheloa ke mechine e thusang bo-rasaense ho hlahisa litšoantšo tsa k’homphieutha tse bontšang sebōpeho sa majoe ao. Litšoantšo tsena li ka ’na tsa bontša moo ho nang le khase.
Libakeng tse haufi le leoatle, maqhubu a molumo a hlahisoa ke lithunya tse khethehileng tse thunyetsang moea, mouoane kapa metsi ka leoatleng. Maqhubu ao a phunyeletsa botlaaseng ba leoatle ebe a ea mochineng o hokeletsoeng ka mohala o molelele sekepeng seo ba fuputsang ba le ho sona. Le mona, bafuputsi ba sebelisa boitsebiso boo ho hlahisa litšoantšo tsa k’homphieutha tseo ba hlahlobang sebaka ka tsona.
E le hore ho be le lebaka le utloahalang la ho kena litšenyehelong tsa ho hula khase, sebaka seo se lokela ho ba le khase e lekaneng. Kahoo, litsebi tsa jeoloji li lokela ho fumana hore na khase e sebakeng seo e tlas’a khatello e kae le hore na sebaka seo se seholo hakae. Khatello e ka lekanyetsoa ka nepo ka mechine e lekanyang. Empa ho thata ho lekanyetsa hantle hore na sebaka se seholo hakae. Mokhoa o mong o sebelisoang ke oa ho lekanyetsa hore na ho na le khatello e kae ka lekhetlo la pele, ho lokolloe khase e itseng ebe ho boetse ho lekanyetsoa hore na khatello e kae. Haeba khatello e fokotseha hanyenyane, seo se bontša hore sebaka seo se seholo; haeba e fokotseha haholo seo se bontša hore sebaka seo se senyenyane.
Ho Etsa Hore Khase e Lokele ho Sebelisoa
Ka mor’a hore khase ea tlhaho e huloe, e isoa libakeng tseo e il’o hloekisoa ho tsona ho ntša lik’hemik’hale tse sa batleheng, tse kang carbon dioxide, hydrogen sulfide le sulfur dioxide, hammoho le mouoane, o ka senyang liphaephe. Ka mor’a moo, khase ea tlhaho e behoa mollong o tlaase haholo e le hore ho ntšoe khase e sa tšoareng mollo ea naetrojene le ho khutlisa likhase tse ling tsa bohlokoa tse kang helium, butane, ethane le propane. Ho sala methane e se nang metsoako, e se nang ’mala, e sa nkheng e bileng e tšoarang mollo kapele.
E le ho etsa hore khase ea tlhaho e be e sireletsehileng hore e sebelisoe malapeng, bahlahisi ba tšela motsoako o seng mokae o nang le sebabole se monko o bohale e le hore ho be bonolo ho e utloa ha e lutla le ho e koala pele e ka phatloha. Leha ho le joalo, khase ea tlhaho e hloekile ho feta lirafshoa tse ling, tse kang mashala le oli.
E le ho nolofatsa mokhoa oa ho e tsamaisa, khase e ’ngoe e kenngoa ka moo ho batang haholo ’me e ba mokelikeli. Butane le propane hangata li fetoha liquefied petroleum gas (LPG), eo ba bangata ba tloaetseng ho pheha ka khase ba e tsebang. LPG e boetse e atisa ho sebelisoa e le mafura bakeng sa libese, literekere, literaka le likoloi tse ling. Tšebelisong ea lik’hemik’hale, butane le propane li sebelisetsoa ho etsa lipolasetiki, metsoako e hlaphollang, masela le lihlahisoa tse ling tse tsoang limeleng le liphoofolong.
Mohloli o Pshang oa Matla
Joaloka lirafshoa tse ling tse kang oli le mashala, mohloli oa khase ea tlhaho oa psha. Ho latela likhakanyo, ho setse hoo e ka bang karolo ea 45 lekholong ea khase e ntseng e ka fumaneha. Haeba likhakanyo tseo li nepahetse, khase e teng hona joale e ka ’na ea nka lilemo tse ka bang 60, ho latela tsela eo e sebelisoang ka eona. Empa linaheng tse ngata, tšebeliso ea matla ea eketseha, kahoo e ka ’na eaba likhakanyo tse etsoang hona joale li fosahetse haholo.
Ha e le hantle, sekhahla seo ho etsoang mesebetsi ea indasteri ka sona linaheng tse ling, se ka etsa hore motho a nahane hore mehloli ea lirafshoa tsa lefatše e ke ke ea psha. Ke ’nete hore ho boetse ho na le matla a nyutlelie hammoho le mehloli e ke keng ea fela ea matla, e kang letsatsi le moea. Empa na e tla khotsofatsa litlhoko tse ntseng li eketseha tsa phepelo ea matla? Hona na e tla ba e bolokehileng bakeng sa tikoloho le e sireletsehileng? Ho tla bonahala ha nako e ntse e ea.
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 14]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ka mor’a hore khase ea tlhaho e huloe, e isoa sebakeng seo e il’o hloekisoa ho sona e le hore e lokele ho sebelisoa malapeng le likhoebong
[Setšoantšo se Qanollang]
Mohloli oa khase
Moo e hloekisoang
K’hamphani ea khase
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ho sebelisoa thepa e khethehileng ho hlahisa maqhubu a molumo a amoheloang ke mechine
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Litsebi tsa jeoloji li hlahloba litšoantšo tseo li li hlahisitseng ho latela maqhubu a molumo
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 13]
Top: © Lloyd Sutton/Alamy; bottom: © Chris Pearsall/Alamy