Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala Mohloli o Mocha oa Matla?
“Haeba re nahana hore oli ke bothata hona joale, ema lilemo tse 20 u tle u bone. E tla ba mehau feela.”—Jeremy Rifkin, Foundation of Economic Trends, Washington, D.C., August 2003.
KA NAKO ea lilemo tse ka bang 20—Micah e monyenyane o tla be a hōlile ka ho lekaneng hore a ka khanna koloi—ho sebelisoa ha matla a lirafshoa lefatšeng ka bophara “ho lebeletsoe hore ho eketsehe ka liphesente tse 58,” ho rialo tlaleho ea International Energy Outlook 2003 (IEO2003), ea ’muso oa United States. Makasine ea New Scientist e boletse esale pele ka “ho eketseha ho hoholo ha matla a lirafshoa a tla hlokahala lilemong tse tlang.” Na mehloli e tloaelehileng ea matla e tla jara tlhokahalo ee? Nahana ka mabaka ana a utloahalang.
MASHALA:
◼ Lirafshoeng tsohle tsa mesaletsa ea lintho tsa khale, mashala ke ’ona a mangata haholo, ao ho hakanngoang hore a teng a ka nka lilemo tse 1 000. Lefatšeng ka bophara, motlakase o ka etsang liphesente tse 40 o fehloa ka mashala. Australia ke eona e hlahisang mashala a mangata ka ho fetisisa lefatšeng, e fepela hoo e ka bang karolo ea boraro ea linaha tsohle tse hoebang ka mashala lefatšeng ka bophara.
Leha ho le joalo, Worldwatch Institute e sa tsoa ntša polelo e reng: “Mashala ke serafshoa se hlahisang k’habone e ngata haholo, a ntša liphesente tse 29 tsa k’habone ho feta tsa oli, ’me a feta khase e rafshoang ka liphesente tse 80. Ke ’ona a ntšang liphesente tse 43 tsa k’habone lefatšeng ka bophara ka selemo—e leng hoo e ka bang lithane tse libilione tse 2,7.” Ntle ho phello eo o bang le eona tikolohong, mosi oa mashala o ka ba le phello efe bophelong ba batho? Ho qotsa mohlala o le mong feela, tlaleho ea morao tjena ea Machaba a Kopaneng ea Global Environment Outlook e ile ea re: “Chaena, mosi le mooa oa mashala a besoang o bolaea batho ba fetang 50 000 pele ho nako ’me o baka lefu la matšoafo le sa foleng ho batho ba 400 000 ka selemo metseng ea eona e meholo e 11.”
OLI:
◼ Lefatše le se le ntse le sebelisa libarele tsa oli tse limilione tse 75 ka letsatsi. Kakaretso ea oli e teng lefatšeng, eo ho hakangoang hore e ne e ka ba libarele tse limilione tsa limilione tse peli, hoo e ka bang libarele tse limilione tse likete li 900 li se li sebelisitsoe. Ka bongata boo oli e hlahisoang ka bona hona joale, ho lumeloa hore e tla nka lilemo tse ling tse 40.
Leha ho le joalo, litsebi tsa jioloji Colin J. Campbell le Jean H. Laherrère li ile tsa re ka 1998: “Lilemong tse leshome tse tlang, phepelo ea oli e tla be e haella ho finyella moo e batloang.” Litsebi tsena tsa indasteri ea oli li ile tsa lemosa: “Mohopolo o tloaelehileng o fosahetseng ke oa hore bakete ea ho qetela ea oli e ka pomptjoa ka potlako joalokaha ho pomptjoa libarele lilibeng tse tšikhunyang oli kajeno. Ha e le hantle, lebelo leo mohloli leha e le ofe—kapa naha leha e le efe—o ka hlahisang oli ka lona kamehla o fihla sehlohlolong, ebe ka mor’a moo, ha ho ntšitsoe oli e ka etsang halofo lebelo le boetse le fokotseha butle-butle ho fihlela e felile. Ho ea ka pono ea moruo, ha lefatše le felloa ke oli ka ho feletseng hase eona ntho ea bohlokoa hakaalo: hoa bohlokoa ke ha e qala ho fela butle-butle.”
Ho lebeletsoe hore oli e tla fela neng? Setsebi sa jioloji ea petroleum Joseph Riva o bolela hore “keketseho e reriloeng tlhahisong ea oli . . . e ka tlaase ho halofo ho e hlokahalang ho khahlametsa tlhoko ea oli lefatšeng ka 2010, ho latela likhakanyo tse entsoeng ke IEA [International Energy Agency].” New Scientist e ea lemosa: “Haeba tlhahiso e fokotseha ha tlhoko le eona e ntse e phahama, litheko tsa oli li ka ’na tsa nyoloha hampe feela kapa ka tsela e sa laoleheng, tsa etsa hore ho lebelloe pherekano moruong, mathata a ho tsamaisa lijo le thepa e ’ngoe, esita le ntoa ha linaha li loanela oli e nyenyane e setseng.”
Le hoja litsebi tse ling li bona ho fokotseha ha phepelo ea oli e le bothata, tse ling li na le maikutlo a hore ho molemo hore re hle re khaotse ho itšetleha ka oli. Ha a ngola ho Utne Reader, Jeremiah Creedon o re: “Ho se felloe ke oli ho hobe ho feta ho felloa ke oli. Carbon dioxide eo re e bakang ka ho ’na re chesa oli e tsoela pele ho futhumatsa lefatše, empa moruo le tikoloho tsona ho ntse ho buuoa ka tsona e le lintho tse arohaneng.” Ho totobatsa liphello tsa naha e le ’ngoe feela tsa ho itšetleha ka oli ka ho feletseng, Australian Broadcasting Commission e ea tlaleha: “Karolo ea boraro ea carbon dioxide ea United Kingdom e bakoa ke likoloi tse limilione tse 26 (e leng e etsang hore lefatše le futhumale) ’me e boetse ke karolo ea boraro ea tšilafalo ea moea ’ohle oa UK (e bolaeang batho ba ka bang 10 000 selemo le selemo).”
KHASE E RAFSHOANG:
◼ Tlaleho ea IEO2003 e re lilemong tse latelang tse ka bang 20, “ho nahanoa hore khase e rafshoang e tla ba oona mohloli o ka sehloohong oa matla o eketsehang ka potlako lefatšeng ka bophara.” Khase e rafshoang ke eona e sa bakeng tšilafalo ka ho fetisisa ho lirafshoa ’me ho nahanoa hore lefatše le na le khase e rafshoang e ngata haholo.
Leha ho le joalo, Mokhatlo oa Phepelo ea Khase e Rafshoang o Washington, D.C. o re: “Ha e le hantle ha ho ea tsebang hantle hore na ho na le khase e kae ho fihlela e rafshoa. Khakanyo e ’ngoe le e ’ngoe e thehiloe likhopolong tse sa tšoaneng . . . Kahoo ho thata ho fumana karabo e tobileng potsong ea hore na ho na le khase e kae e rafshoang.”
Khase e rafshoang e na le methane e ngata haholo, ’me methane ke “eona khase e bakang ho futhumala ho hoholo ha lefatše. Ha e le hantle, methane e ka khona ho thibella mocheso ka makhetlo a ka bang 21 ho feta carbon dioxide,” ho rialo mokhatlo o boletsoeng pejana. Leha ho le joalo, mohloli ona o bolela hore phuputso e khōlō e entsoeng ke Mokhatlo oa Tšireletso ea Tikoloho le Mokhatlo oa Phuputso ea Khase “e fihletse qeto ea hore melemo e tlisoang ke ho fokotseha ha mesi e kotsi ka lebaka la ho sebelisoa ha khase e rafshoang e feta hōle likotsi tse ka bakoang ke mesi ea methane.”
MATLA A ATHOMO:
◼ Australian Geographic e re: “Litsi tse ka bang 430 tsa nyutlelie li fehla motlakase o ka etsang liphesente tse 16 lefatšeng.” Ho phaella litsing tsena tse teng, tlaleho ea IEO2003 e re: “Ho tloha ka February 2003, linaha tsa Asia e ntseng e hōla moruong li na le litsi tse 17 ho tse 35 tse ntseng li hahuoa lefatšeng ka bophara.”
Ho itšetleha ka matla a nyutlelie ho ntse ho tsoela pele ho sa tsotellehe likoluoa tse ka bang teng, tse kang e bileng teng ka 1986 Chernobyl, Soviet Union ea mehleng. New Scientist e tlaleha hore “litsi tsa nyutlelie tse teng tsa Amerika li na le bothata ba ho peperana le ho tsofala” le hore ka March 2002 setsi sa Davis-Besse, Ohio, “se batlile se baka koluoa ha lirote li batla li qhibiliha ’me li ntša mahlaseli a kotsi a nyutlelie” ka lebaka la mathata a ho tsofala.
Ka lebaka la ho fokola ha mehloli ea matla le likotsi tse tsamaisanang le eona, ho phahama potso, Na moloko oa batho ha ho seo o ka se etsang haese ho senya lefatše lenyoreng la oona le bonahalang le ke ke la kholisoa la ho batla matla a lirafshoa? Ho hlakile hore re hloka mefuta e sa silafatseng le e ka tšeptjoang. Na mefuta e joalo e ea fumaneha, hona na batho ba ka e khona?