Oli—Na ke Mahlopha-a-Senya?
LICHABA tse tsoetseng pele indastering li itšetlehile ka oli le lihlahisoa tsa eona ho ea bohōleng bofe? Oli—le khase ea tlhaho—ke ea bohlokoa ho tsona, ’me joalokaha Daniel Yergin a bontša bukeng ea hae ea The Prize, sena se tsoetse “Sechaba sa Haedrojene le K’habone.” Nahana feela ka oli ea ho futhumatsa, kirisi, boka, asphalt le lintho tse etsoang ka lik’hemik’hale tsa oli e tala—lifofane, likoloi, likepe, likhomaretsi, pente, liaparo tsa polyester, liteki, lintho tsa ho bapala, lidae, aspirin, litlolo tse nkhisang hamonate, litlolo tsa sefahleho, li-disc tse rekotang, lik’homphieutha, lithelevishene, lithelefono. Letsatsi le leng le le leng batho ba bangata ba sebelisa lihlahisoa tsa oli tse fetang 4 000 kapa lintho tse ling tse etsang hore bophelo ba kajeno bo be bonolo. Empa ho thoe’ng ka tšenyo e bileng teng linthong tse phelang lefatšeng haesale histori ea oli e qaleha?
Morena ea “sa Buseng ka Tsela e Molemo”
Bofelong ba 1940 ha ho ne ho bonahala ntoa pakeng tsa Romania le Hungary e le haufi, mohatelli oa Monazi, Adolf Hitler, o ile a ithaopela ho ba mokena-lipakeng ka potlako. Na eo e ne e le ketso e bontšang ho ameha ha hae ka se molemo? Ha e le hantle, Hitler o ne a mpa a thibela hore liliba tsa oli tsa Romania li se ke tsa oela tlas’a taolo ea Soviet Union. Oli e boetse ea e-ba sesosa se seholo se entseng hore Iraq e hlasele Kuwait ka 1990, ho akarelletsa le lichaba tse ling tse ileng tsa loana ka lebaka la tlhaselo eo. Tsena hase liketsahalo tse ikhethang. Ka makhetlo a mangata, boikemisetso ba ho laola oli e ’nile ea e-ba sesosa sa lintoa le mahlomola.
Hase feela hore oli ke ea bohlokoa bophelong ba kajeno, empa e boetse e itse tloara! ka har’a lipolotiki ebile e thahaselloa ke batho ba ’maloa ba nang le tšusumetso e matla. Joalokaha Organization of Petroleum Exporting Countries (OPEC) e sa tsoa bontša, oli hase sehlahisoa se tloaelehileng feela, empa ke “letlotlo lipolotiking.” Oli e ’nile ea sebelisoa pakeng tsa lichaba bakeng sa melemo ea lipolotiki, lithibelong tse behoang ke ’muso le likotlo-qobellong. Ho phaella moo, liliba tsa oli, libaka tseo e hloekisoang ho tsona le likepe tsa oli li ’nile tsa hlaseloa ke likhukhuni—hangata seo sa baka tšenyo e khōlō tikolohong.
Indasteri ea oli e ’nile ea qosoa ka hore e kentse letsoho tšenyong e etsoang tikolohong ke ho ntšoa ha carbon dioxide, e ka tlatsetsang ho fetoheng ha boemo ba leholimo lefatšeng lohle. Ho latela tlaleho ea PEMEX (Mexican Petroleums), e leng e ’ngoe ea likhoebo tsa oli tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng, nakong eo oli e tala e ntseng e feta mehatong e sa tšoaneng ha e hloekisoa, ho tsoa lintho tse silafatsang. Le hoja hona joale peterole e se e hloekile haholoanyane—lilemo tse ka bang tse tšeletseng ka mor’a hore ho be le Seboka sa Tumellano Kyoto, ha lichaba tse 161 li ne li kopane ho nka mehato ea ho fokotsa tšokelo ea ho futhumala ha tlelaemete lefatšeng—ba bangata ba nka hore phetoho e fokola haholo. Ka lehlakoreng le leng, OPEC e re “oli ke mohloli oa leruo le katleho e thabeloang kajeno” ke linaha tse ngata. Empa na ho joalo kamehla?
Ba bang ba tla supa tšenyo e bakiloeng ke ha ho chekoa liliba tsa oli le ha ho hahoa tsamaiso ea lipeipi. Ba bang ba ka ’na ba supa ho eketseha ho hoholo ha batho ba hlokang mesebetsi Saudi Arabia, naha e ruileng libaka tsa oli ka ho fetisisa lefatšeng. Mopresidente oa OPEC, Alí Rodríguez Araque, o re: “Mebuso ea lichaba tse tsoetseng pele indastering e nka menyetla e meholo ka boitelo boo e batlang hore bo etsoe ke bahlahisi, bahloekisi le barekisi [ba oli].”
CorpWatch, mokhatlo oo mosebetsi oa oona e leng ho bona hore likhoebo li nka boikarabelo litabeng tse kang tsa ho tšoara tikoloho hantle, o re: “Oli e ntse e le eona Morena. Empa ha e buse ka tsela e molemo.”
Bokamoso ba oli ke bofe?