Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 11/8 maq. 4-10
  • Oli—Re e Fumana Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Oli—Re e Fumana Joang?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Oli e Ngata Hakae, Hona e Hokae?
  • Oli e Ntšoa Joang?
  • Oli e Tsamaisoa Joang?
  • 1—HO HLAHLOBA
  • 2—HO E NTŠA FATŠE
  • 3—HO E TSAMAISA
  • 4—HO E HLOEKISA
  • Oli—Kamoo e U Amang Kateng
    Tsoha!—2003
  • Oli—Na ke Mahlopha-a-Senya?
    Tsoha!—2003
  • Hase Litšila tse Tloaelehileng!
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala Mohloli o Mocha oa Matla?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 11/8 maq. 4-10

Oli—Re e Fumana Joang?

“LESELI a le be teng.” Lekholong la bo19 la lilemo United States, ho ne ho hlokahala mohloli o mocha oa khanya ho nkela sebaka lebone la nkuke le neng le bonesoa ka mafura, oli ea leruarua le ka lintho tse ling. Tharollo e ile ea e-ba efe? Oli! E ne e tla fumanoa hokae?

Ka 1859, Edwin L. Drake, mohlahlobi oa litekete tereneng, ea neng a se a tlohetse mosebetsi, o ile a sebelisa enjene ea khale ea mashala ho cheka seliba se botebo ba limithara tse 22 sebakeng sa pele moo ho neng ho sibolotsoe oli e tala teng haufi le Titusville, Pennsylvania, U.S.A. Eo e bile qaleho ea mehla ea oli. Ha oli e sibolloa likarolong tse ngata tsa lefatše, e ile ea ama moruo le lipolotiki haholo ka tsela e neng e sa lebelloa. E ile ea ipaka e le mohloli o phahameng oa khanya ea maiketsetso oo e neng e le khale lefatše le o letetse ka cheseho.

Ka potlako, lephehlophehlo la ho reka litša le ho cheka liliba ke ha e e-ba mosebetsi o ka sehloohong libakeng tseo ho neng ho thoe ke tsa oli United States. Lilemong tseo ho ne ho tloaelehile ho utloa ka batho bao ka potlako e bileng barui ha ba bang le ile la ba lahlehela hamorao. Ka masoabi, Edwin Drake, monna ea chekileng seliba sa pele Pennsylvania, ke e mong oa ba ileng ba lahleheloa ke lona.

Ho sa natsoe ho atleha ha eona ho sa tloaelehang, kapa mohlomong ka lebaka la eona katleho eo, indasteri ea oli Pennsylvania e ile ea oa ka potlako. Theko ea oli e ile ea oa ho tloha lidolareng tse 20 ho ea ho lisente tse 10 barele ka ’ngoe! Ho ntša oli e ngata ho feta e hlokahalang le ho beha khoebo kotsing ka tšepo ea hore ho ka ’na ha fumanoa chelete e ngata li ile tsa etsa hore theko ea oli e theohe, ’me liliba tse ling tsa e-psha ka potlako. Mohlala o ikhethang oa mehla eo ke Motse oa Pithole, Pennsylvania, oo kajeno e leng toropo e koetsoeng. E ile ea thehoa, ea atleha, ’me le pele lilemo tse peli li fela e ne e se e lahliloe kherehloa. Melemo eo le mathata ao li ne li tla tsamaisana le histori ea khoebo ea oli.

Ka 1870, John D. Rockefeller le bo-mphato oa hae ba ’maloa ba ile ba ikopanya ho theha Standard Oil Company. K’hamphani ena e ile ea laola ’maraka oa parafine ho fihlela ha ho hlaha tse qothisanang lehlokoa le eona, haholo-holo indastering ea oli Russia. E mong ea neng a qothisana lehlokoa le eona e ne e le Marcus Samuel, mothehi oa seo kajeno se tsejoang e le Royal Dutch/Shell Group. Ho phaella moo, ka lebaka la bohlale ba bara ba Nobel,a ho ile ha thehoa khoebo e matla ea oli Russia, e ntšang oli masimong a Baku.

Eo e bile qaleho ea histori ea likhoebo tse ngata tsa oli. Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha thehoa lihlopha tse ikopantseng, le mekhatlo e le ho qoba ho se tsitse ha theko ea oli le tlhahiso ea eona ho ileng ha etsahala qalong. O mong oa mekhatlo eo ke Organization of Petroleum Exporting Countries (OPEC), oo litho tsa oona tse 11 kaofela li nang le mehloli ea oli e tala e netefalitsoeng e mengata ka ho fetisisa lefatšeng.—Bona lebokose le leqepheng la 7.

Oli e Ngata Hakae, Hona e Hokae?

Ho ea bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, ho sebelisoa ha motlakase hohle ho ka be ho ile ha bolela ho oa ha likhoebo tsa oli. Leha ho le joalo, ho qaptjoa ho ikhethang ha lienjene, haholo-holo tse sebelisoang likoloing, ho ile ha thibela seo. Peterole, sehlahisoa se seng sa oli e tala, e ne e se e le ea bohlokoa bakeng sa likoloi tse neng li se li le teng lichabeng tse tsoetseng pele haholo bofelong ba bo-1920. Joale ho ne ho se ho hlokahala oli e ngata ho boloka lipalangoang li ntse li tsamaea, empa e ne e tla fumanoa hokae?

Ha lilemo li ntse li feta, matla a oli ’marakeng oa lefatše a ile a matlafatsoa ke ha ho ntse ho sibolloa liliba tse ncha tsa oli likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše—e leng tse ka bang 50 000! Empa ha ho tluoa tabeng ea tlhahiso, sa bohlokoa hase palo ea liliba tse fumanoeng, empa ke boholo ba tsona. Li khōlō hakae?

Liliba tsa oli tse nang le bonyane libarele tsa oli tse likete tse hlano tsa limilione ke tsona tse khōlō ka ho fetisisa, ha tse latelang tseo tsona li e-na le libarele tse makholo a mahlano a limilione ho ea ho tse likete tse hlano tsa limilione. Le hoja “U.S. Geological Survey World Petroleum Assessment 2000” e thathamisitse linaha tse 70 e le tse nang le mehloli ea oli, ke tse ’maloa tsa tsona tse nang le liliba tse khōlō ka ho fetisisa. (Bona lebokose le leqepheng la 7.) Liliba tse khōlō ka ho fetisisa li fumaneha ka bongata haholo phuleng e Arabia le e Iran, e akarelletsang sebaka sa Kou ea Persia le tse haufi le eona.

Letšolo la ho batla mehloli e mecha ea oli ha le e-s’o khaotse. Ho e-na le hoo, le matlafalitsoe ke theknoloji ea morao-rao e finyeletsoeng. Haufinyane tjena libaka tse potolohileng Leoatle la Caspian, e leng lichaba tsa Azerbaijan, Iran, Kazakhstan, Russia, Turkmenistan le Uzbekistan li hapile thahasello ea bahlahisi ba oli. Ho latela U.S. Energy Information Administration, libaka tsena li na le monyetla o moholo oa ho sebelisa oli le khase ea tlhaho. Ho ntse ho etsoa lipatlisiso tsa ho etsa litsela tse ling tsa ho tsamaisa oli, tse kang e paroletsang le Afghanistan. Ho boetse ho na le libaka tse fumanoeng Bochabela bo Hare, Greenland le likarolong tse ling tsa Afrika tseo e ka ’nang eaba li na le oli. Ho fetola motsoako o sibolotsoeng oa haedrojene le k’habone ho o etsa matla le lintho tse ling tse ka sebelisoang bophelong ba letsatsi le letsatsi e se e ntse e le pale ka bohona.

Oli e Ntšoa Joang?

Litsebi tsa jioloji le bo-mapotiele ba batla libaka tseo e ka ’nang eaba oli e tala e ipokeletse ho tsona tlas’a lefatše. Ka mor’a ho metha ka nepo le ho etsa liteko tse itseng, baa cheka ho netefatsa hore ho hlile ho na le oli. Mehleng ea pele, ha ba chekile ho nepana hantle le mohloli, ba ne ba ka ’na ba tšeloa ke seretse le oli tse tsoang fatše ka sefutho, ’me seo se ne se etsa hore ho lahlehe oli e ngata ebile ho e-na le monyetla oa hore ho phatlohe. Leha ho le joalo, ka lebaka la lisebelisoa tse methang le litšepe tse khethehileng, mechine ea kajeno e chekang e thibela sena ho etsahala. Kajeno ho se ho bile ho khoneha ho cheka mekoti e tebileng empa e le mesesaane.

Qetellong, sefutho se sutuletsang oli le khase ka ntle sea fokotseha, ’me se lokela ho bolokoa se le boemong bo nepahetseng ka hore ho tšeloe metsi, lik’hemik’hale, carbon dioxide, kapa likhase tse ling tse kang naetrojene. Oli e ka ba petepete kapa ea hlapoloha ho latela hore na e fumanoa hokae. Ka tlhaho, ho thabeloa haholo oli e seng petepete haholo kaha e fumaneha habonolo le ho hloekisoa habonolo.

Joalokaha ho hlalositse Mokhatlo oa Oli e Tala oa Amerika, theknoloji ea kajeno e akarelletsa ho cheka ka bophara ba lefatše, eseng ho ea tlaase, e leng ho fokotsang palo ea liliba tse lokelang ho chekoa. Ho ntšoa ha oli leoatleng, e leng ntho e ileng ea qala ka 1947 Koung ea Mexico, e ekelitse tlhahiso ea oli haholo. Ha ho pelaelo hore mokhoa o sebelisoang ho ntša oli moo o ama ka ho toba theko ea oli ha e se e hloekisitsoe.b

Oli e Tsamaisoa Joang?

Pennsylvania ka 1863, ho ile ha hahoa lipeipi tsa lehong tse tšesaane bakeng sa ho tsamaisa oli, kaha li ne li le theko e tlaase li bile li se boima ha li bapisoa le libarele tse tšelang lilithara tse 159 tse neng li tsamaisoa ka likariki.c Tsamaiso ea kajeno ea lipeipi e ntlafalitsoe ’me li ekelitsoe. Ho latela Mokhatlo oa Tsamaiso ea Lipeipi Tsa Oli, United States feela e na le marangrang a lipeipi tsa oli e tala tsa bolelele ba lik’hilomithara tse 300 000!

Tsamaiso ea kajeno ea lipeipi, tseo boholo ba tsona li entsoeng ka tšepe, ha e tsamaise oli e tala feela ho e isa libakeng tseo e hloekisoang ho tsona, empa e boetse e tsamaisa lihlahisoa tse seng li hloekisitsoe tsa oli ho li isa lik’hamphaning tse li rekisetsang bo-rakhoebo. Theknoloji ea morao tjena ea lipeipi tsa oli e etsa hore ka botsona li laole ho phalla ha oli le sefutho seo e phallang ka sona. Ho boetse ho qapiloe mechine e menyenyane e bohlale hore e hlahlobe lipeipi tsa oli tse ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse makholo, mechine ea ho hlahloba ka makenete ho lutla ho ka bang teng le e hlahlobang haeba ho e-na le letlere ka hare kapa ka ntle lipeiping. Leha ho le joalo, sohle seo mosebelisi oa lihlahisoa tsa oli a ka se bonang ke letšoao le bontšang hore lipeipi tsa oli e tala li matha ka tlas’a lefatše le le lemosang hore ha hoa lokela ho chekoa sebakeng seo.

Le hoja e le molemo hakaalo, tsamaiso ea lipeipi ha e sebetse ho tsamaiseng oli e ngata ho e isa mose ho maoatle. Empa bo-rakhoebo ba oli ba mehleng ea pele ba ile ba fumana tharollo bakeng sa hoo—e leng likepe tse khōlōhali tsa oli. Likepe tsena ke tse hahiloeng ka ho khetheha tse bolelele ba limithara tse ka bang 400. Likepe tsa oli ke tsona tse khōlō ka ho fetisisa tse sesang leoatleng ’me li khona ho nka libarele tse milione kapa ho feta tsa oli. Ka bomalimabe, le hoja li shebahala li le matla joalo, likepe tseo li ntse li ka senyeha habonolo ’me bothata boo ha bo e-s’o ka bo fumaneloa tharollo, joalokaha lebokose le reng “Tsa ho Qhalana ha Oli” le bontša. Likepe tsa thepa le literene tsa thepa le tsona ke mekhoa e tloaelehileng ea ho tsamaisa oli ka bongata. Leha ho le joalo, mokhoa oa ho tsamaisa oli ke halofo feela ea sohle se amehang leetong lohle la eona.

Lelakabe le hlahang peiping e telele—e sebetsang molemong oa tšireletseho—ke pontšo e ntle ea hore u shebile moo oli e hloekisoang teng. Ha e le hantle, mehahong ena e meholo eo ho hloekisoang oli ho eona, oli e tala ea phehoa ebe e fetela toreng ea mouoane moo e aroloang ka mahlofo a eona. Mahlofo ana a akarelletsa ho tloha ho e bobebe—e leng likhase tse kang butane—ho ea ho e petepete, eo ho eona ho ntšoang lintho tse loetsang, ho phaella lihlahisoeng tse ling. (Bona leqephe la 8-9.) Empa sena se ntse se siea potso, Na ebe oli ke mahlopha-a-senya?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E mong oa bona, Alfred Bernhard Nobel, hamorao o ne a tla fetoha mothehi oa Likhau Tsa Nobel.

b “Ho ’nile ha hakanngoa hore tora e tšoeroeng ke liankora tse khōlōhali, e hahiloeng metsing a botebo ba limithara tse 300 Koung ea Mexico, e hlahisa oli e fetang ea Bochabela bo Hare ka makhetlo a ka bang 65.”—The Encyclopædia Britannica.

c Mehleng ea khale, oli e ne e bolokoa le ho tsamaisoa ka libarele tsa lehong, tse tšoanang le tse sebelisoang bakeng sa veine.—Bona lebokose le leqepheng la 5.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

LIBARELE KAPA LITHANE?

Lik’hamphani tsa pele tsa oli Pennsylvania li ile tsa tsamaisa oli ka libarele tsa veine tse tšelang lilithara tse 180. Qetellong ho ile ha tšeloa feela lilithara tse 159 e le hore e se ke ea qhalana nakong eo e leng leetong. Barele (lilithara tse 159) e ntse e sebelisoa le kajeno khoebong ea oli.

Ho tloha qalong, bakeng sa Europe oli e ne e tsamaisoa ka likepe ’me hangata e ne e methoa ka boima ba lithane, joalokaha le kajeno ho le joalo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: American Petroleum Institute

[Lebokose le leqepheng la 6]

OLI E TALA E BILE TENG JOANG?

Maikutlo a ’nileng a ata har’a litsebi tse ngata tsa saense ho tloha ka bo-1870 e bile a khopolo e bitsoang hore ke phello ea lintho tse phelang. Khopolo ena e “bolela hore mesaletsa ea lintho tse shoeleng e ea bola mobung ebe ka mor’a nako e telele e fetoha oli le khase ea tlhaho, ’me oli ena e tala ka mor’a nako e ba petepete likoting tse majoeng a ka tlas’a [Lefatše] lipakeng tsa khubu ea lona le bokaholimo ba lona.” Mohato ona o hlahisa oli e tala, eo likarolo tsa eona tse ka sehloohong e leng metsoako ea haedrojene le k’habone. Leha ho le joalo, ho tloha ka bo-1970, ka linako tse ling khopolo ena e ’nile ea belaelloa ke bo-rasaense ba bang.

Tokollong ea la 20 August, 2002, ea Proceedings of the National Academy of Sciences, ho ile ha hatisoa sehlooho se reng “Qaleho ea Metsoako ea Haedrojene le K’habone le Qaleho ea Oli e Tala.” Bangoli ba pheha khang ea hore qaleho ea oli e tala e lokela hore ebe e etsahala “tlaase khubung ea Lefatše,” eseng lipakeng tsa khubu le bokaholimo ba lona joalokaha ka tloaelo ho lumeloa joalo.

Thomas Gold, eo e leng setsebi sa physics o ’nile a bolela likhopolo tse ling tse bakang khoao ’me a hlalosa mabaka a hae ka ho qaqileng bukeng ea hae ea The Deep Hot Biosphere—The Myth of Fossil Fuels. Oa ngola: “Khopolo ea hore metsoako ea haedrojene le k’habone e bakiloe ke mesaletsa ea lintho tse shoeleng e ile ea ratoa haholo United States le likarolong tse ngata tsa Europe hoo e ileng ea etsa hore ho khaotsoe ho etsa lipatlisiso bakeng sa maikutlo a fapaneng. Empa ha hoa ka ha e-ba joalo linaheng tseo pele e neng e le tsa Soviet Union. Mohlomong e bile ka lebaka la hobane setsebi sa metsoako ea k’hemistri sa Morussia se neng se hlomphuoa haholo, Mendeleyev, o ne a tšehetsa maikutlo a hore [metsoako eo] ha e ea bakoa ke ho bola ha mesaletsa ea lintho tse shoeleng. Kajeno mabaka a hae a tšehetsoa le ho feta ka lebaka la boitsebiso bo bongata boo hona joale re nang le bona.” Maikutlo a hore metsoako eo ha e ea bakoa ke ho bola ha mesaletsa ea lintho tse shoeleng a re’ng?

Gold o re: “Khopolo ea hore metsoako ea haedrojene le k’habone ha e ea bakoa ke mesaletsa ea lintho tse shoeleng e hlalosa hore metsoako eo e ne e le karolo ea lintho tse entseng lefatše, ha li ntse li bokellana butle-butle, lilemong tse ka bang limilione tse likete tse 4,5 tse fetileng.” Ho latela khopolo ena, haesale metsoako ea oli e tala e le teng botebong ba lefatše ho tloha ha le thehoa.d

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

d Tsoha! ha e nke lehlakore likhopolong tsena tse sa tšoaneng. Empa e li tlaleha feela.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10, 11]

TSA HO QHALANA HA OLI

◼ Kakaretso ea oli e qhaliloeng ke likepe tsa oli pakeng tsa 1970 le 2000 ke lithane tse 5 322 000

◼ Ho qhalana ho hoholo ka ho fetisisa ha oli ho etsahetse ka 1979 ha Atlantic Empress e thulana le Aegean Captain, Caribbean, moo ho ileng ha qhalana lithane tse 287 000 tsa oli

◼ Ho qhala oli ha Exxon Valdez e ne e le ha bo34 ho qhaleheng ho hoholo ha oli ho bakiloeng ke likepe tsa oli

◼ Le hoja hangata likepe li qhala oli nakong eo e tšeloang, ha e ntšoa le nakong eo ho tlatsoang tanka ea sekepe ka eona, moo e qhalaneng ka bongata e bile ha se thulana le se seng kapa ha se qaoa

◼ Ho qhalana ha oli ho sa amaneng le likepe tsa oli:

● Ho phatloha ha seliba se neng se hlahlojoa sa Ixtoc I ka 1979, Koung ea Mexico. Kakaretso ea oli e qhalaneng: Lilithara tse 500 000 000

● Ho phatloha ho etsahetseng ka 1983 ha sethala se hahiloeng selibeng se Koung ea Persia. Kakaretso ea oli e qhalaneng: Lilithara tse 300 000 000

● Ho qhaloa ha oli ka boomo ka 1991, Koung ea Persia. Kakaretso ea oli e qhalaneng: Lilithara tse 900 000 000

[Setšoantšo]

Sekepe sa oli, “Erika” sea teba haufi le Penmarch Point, Fora, ka la 13 December, 1999

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Mehloli: International Tanker Owners Pollution Federation Limited, “Oil Spill Intelligence Report,” “The Encarta Encyclopedia”

© La Marine Nationale, France

[Litšoantšo Tse Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

TLHAHISO EA OLI KA MOKHOA O NOLOFALITSOENG

1—HO HLAHLOBA

SATHALAETE

Tsamaiso ea Sathalaete e fana ka boitsebiso bo nepahetseng ha ho etsoa lipatlisiso

TSE UTLOANG MOLUMO HA HO THOTHOMETSOA LEFATŠE

TERAKA E THOTHOMETSANG FATŠE

TSE UTLOANG MOLUMO HA HO THOTHOMETSOA FATŠE KA TLAS’A METSI

SEKEPE SE THOTHOMETSANG FATŠE KA TLAS’A METSI LEOATLENG

Ho reketlisa lefatše, mokhoa o mong o sebelisoang, o tlaleha se etsahalang ka tlas’a lefatše ka maqhubu a molumo a fumanoang

2—HO E NTŠA FATŠE

LILIBA TSE SENG METSING

POLATEFOMO E METSING

SELIBA SE KA TLAS’A METSI

Mekhoa ea ho e ntša fatše e akarelletsa ho sebelisa liliba tse seng metsing, tse metsing le tse tlaase botebong ba leoatle. Ho ka ’na ha tšeloa likhase kapa metsi mohloling e le ho laola sefutho seo e tla tsoa ka sona

[Setšoantšo]

SELIBA SA OLI SE KA TLAS’A METSI

Mechine e sebetsang ka tlas’a metsi e tsamaisoang ke batho ba ka ntle ka ho penya konopo e sebelisoa ho haha lintho tsa ho ntša oli tlaase botebong ba leoatle

[Setšoantšo]

HO CHEKA HO PAROLA LEFATŠE

Moenjiniere o tsamaisa mochine o chekang ka ho penya konopo, ebe oona o lemoha hore na moo ho na le lejoe la mofuta ofe

3—HO E TSAMAISA

LIPEIPI

SEKEPE SA OLI

Oli e tsamaisoa ka lipeipi tse mathang ka holimo, ka tlas’a lefatše le tlaase botebong ba leoatle. Mekhoa e meng ea ho e tsamaisa e akarelletsa likepe tsa oli, likepe tsa thepa le literene tsa thepa

4—HO E HLOEKISA

MOO E HLOEKISOANG

Oli e tala e ea phehoa, ho tsoe mouoane ebe e aroloa ka mahlofo hore ho etsoe lisebelisoa tse tloaelehileng tsa letsatsi le letsatsi

TORA EA HO NTŠA MOUOANE OLING

Ha oli e tala e namathelang, e ntšo, e phehoa mollong oa sebōpi, metsoako ea haedrojene le k’habone e fetoha likhase. Likhase tseo ha li fihla themphereichareng e itseng li boela li e-ba ntho e metsi. Ka tsela eo, oli e aroloa ho ea ka mahlofo a eona.

20°C

LIKHASE TSE HLAHISOANG MOO E HLOEKISOANG

Tsona li akarelletsa methane, ethane, propane le butane

20°-70°C

PETEROLE

E sebelisoa e le mafura a koloi hape e sebelisoa ho hlahisa lintho tsa lik’hemik’hale tse kang lintho tsa polasetiki

70°-160°C

LIHLAPOLLI

Li ka hlahisa lintho tsa polasetiki, mafura a koloi le lik’hemik’hale tse ling

160°-250°C

PARAFINE

E etsa mafura a sefofane sa jete le ho hotetsa litofo tsa parafine

250°-350°C

OLI EA KHASE

E etsa disele le lihotetso tse ling

MESALETSA

400°C

SEBŌPI

E boetse e ea hloekisoa ho hlahisa mafura, oli e petepete, kerese, kirisi le asphalt

MOTSOAKO O AROLANG

Metsoako ea haedrojene le k’habone e phehoa ka mouoane ebe e kopanngoa le phofshoana e arolang lintho ea alumina-silica gel. Sena se etsa hore motsoako oo o peperane kapa o arole metsoako ea haedrojene le k’habone hore e be limolek’hule tse nyenyane tse molemo

Phofshoana e arolang e kopana le metsoako ea haedrojene le k’habone ka har’a mouoane

ETHANOL

Sehlapolli sena se sebelisoa lifemeng tsa pente, litlolo, litlolo tse nkhisang hamonate, lisepa le lidae

LINTHO TSA POLASETIKI

Ka mohlala, motsoako o entsoeng ka styrene o hlahisa polystyrene

SEHLAPOLLA PETEROLE

Octane booster e sitisa peterole ho cha kapele enjeneng, ka tsela eo, e ntlafatsa tšebetso ea enjene

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo Courtesy of Phillips Petroleum Company

[Krafo e leqepheng la 7]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

MEHLOLI E MEHOLO EA OLI

Kakaretso ea tsona ke libarele tse likete tsa limilione. Tsena ha li akarelletse mehloli e e-song ho ka e sibolloa

▪ Setho sa OPEC

• Naha e nang le seliba se le seng kapa tse ’maloa tse khōlō ka ho fetisisa

Tlhahiso-kakaretso

◆ Libaka tseo e bolokoang ho tsona

▪ • ◆ 332,7 SAUDI ARABIA

• ◆ 216,5 UNITED STATES

• ◆ 192,6 RUSSIA

▪ • ◆ 135,9 IRAN

▪ • ◆ 130,6 VENEZUELA

▪ • ◆ 125,1 KUWAIT

▪ • ◆ 122,8 IRAQ

▪ • ◆ 113,3 UNITED ARAB EMIRATES

• ◆ 70,9 MEXICO

• ◆ 42,9 CHINA

▪ • ◆ 41,9 LIBYA

▪ ◆ 33,4 NIGERIA

◆ 21,2 CANADA

▪ ◆ 21,0 INDONESIA

◆ 20,5 KAZAKHSTAN

▪ • ◆ 18,3 ALGERIA

◆ 17,6 NORWAY

◆ 16,9 UNITED KINGDOM

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Seliba sa pele sa oli e tala Titusville, Pennsylvania, 1859

Ho tšikhoha ha oli selibeng sa Texas

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Brown Brothers

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Seliba sa pele sa oli Beaumont, Texas

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Kariki e tsamaisa libarele tsa oli

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Liliba tsa oli lia tuka Kuwait

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

All photos: Brown Brothers

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela