Ke Mekhoa Efe e Mecha ea ho Hlahisa Matla?
MOEA:
◼ Ke khale moloko oa batho o sebelisa matla a fehloang ke moea ho tsamaisa likepe, ho tsamaisa maloala a silang le ho pompa metsi. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, ho chesehela matla a fehloang ke moea ho aparetse lefatše lohle. Hona joale libentamene tsa theknoloji e phahameng li fehla matla a sa silafatseng, a ke keng a fela lefatšeng ka bophara ho fepela batho ba limilione tse 35 motlakase. Denmark e se e ntse e fehla liphesente tse 20 tsa motlakase oa eona ka matla a fehloang ke moea feela. Jeremane, Spain le India ka potlako li qala ho sebelisa matla a fehloang ka moea, ’me India e ipolela hore ke ea bohlano ka boholo lefatšeng ho tse sebelisang matla a fehloang ke moea. Hona joale United State e na le libentamene tse 13 000 tse fehlang motlakase. ’Me litsebi tse ling li bolela hore haeba libaka tsohle tse loketseng United State li ne li ntšelitsoe pele, naha eo e ne e ka fehla liphesente tse fetang 20 tsa motlakase oa eona ka moea.
LETSATSI:
◼ Lisele tse entsoeng ke batho tse hlahisang matla a motlakase li fetola khanya ea letsatsi motlakase ha mahlaseli a lona a otla lielektroneng tsa sele eo. Lefatšeng ka bophara, hoo e ka bang liwate tse limilione tse 500 tsa motlakase li hlahisoa ka mokhoa ona, ’me ’maraka oa matlapa a solar o ntse o phahama ka liphesente tse 30 ka selemo. Leha ho le joalo, hona joale, lisele tse hlahisang matla a motlakase li batla li sa sebetse hantle, ’me motlakase o hlahisoang ke lisele tsena o theko e boima ha o bapisoa le o hlahisoang ke lirafshoa. Ho phaella moo, ho sebelisoa lik’hemik’hale tse chefo, tse kang cadmium sulfide le gallium arsenide ha ho etsoa lisele tsena. Kaha lik’hemik’hale tse joalo li lula li le teng tikolohong ka makholo a lilemo, Bioscience e re: “Ho lahloa ha lisele tse sa sebetseng esita le ho li sebelisa hape e ka ba bothata bo boholo.”
MATLA A MOCHESO O TSOANG MPENG EA LEFATŠE
◼ Haeba motho a ne ka cheka mokoti a lebile khubung e chesang ea lefatše, eo ho hakanngoang hore ke likhato tse 4 000 tsa Celsius, ka karolelano thempereichara e ne e tla phahama ka likhato tse 30 tsa Celsius k’hilomithara e ’ngoe le ’ngoe e chekoang. Leha ho le joalo, ho batho ba phelang haufi le liliba tsa metsi a chesang kapa mapatso a sebaka se foqohang seretse se chesang, ho bonolo ho utloa mocheso oa lefatše. Metsi a chesang kapa mouoane o hlahisoang ke libaka tse runyang metsi a chesang a sebelisoa ke linaha tse 58 ho futhumatsa matlo kapa ho fehla motlakase. Iceland e fumana hoo e ka bang halofo ea motlakase oa eona mochesong o mpeng ea lefatše. Linaha tse ling, tse kang Australia, li ntse li batla mokhoa oa ho fumana matla a tšoasehileng libakeng tse khōlō tsa mafika a chesang, a ommeng a tsetelehileng lik’hilomithara li se kae ka tlas’a lefatše. Australian Geographic e ea tlaleha: “Bafuputsi ba bang ba lumela hore ka ho pompela metsi mochesong oo o tšoasehileng, ebe joale ho sebelisoa metsi ao a khutlang ka sefutho se matla haholo a se a chesa ho mathisa mechine e meholo, re ka khona ho fehla motlakase ka mashome a lilemo—esita le makholo a lilemo.”
METSI:
◼ Liteishene tse fehlang motlakase ka metsi li se li ntse li fepela motlakase o hlokoang ke lefatše o fetang liphesente tse tšeletseng. Ho latela tlaleho ea International Energy Outlook 2003, lilemong tse fetang 20 tse latelang, “boholo ba keketseho ea mehloli e ke keng ea fela ea matla bo tla itšetleha ka liporojeke tsa ho fehla motlakase ka metsi linaheng tse ntseng li hōla moruong, haholo-holo linaheng tse ntseng li hōla tsa Asia.” Leha ho le joalo, Bioscience e ea lemosa: “Hangata matamo a koahela sebaka sa bohlokoa se behang sa temo, seo nōka e kileng ea tsamaea ho sona. Ho feta moo, matamo a fetola boemo ba limela, ba liphoofolo le ba likokoanyana tse nyenyane tse tikolohong ka tsela e itseng.”
HAEDROJENE:
◼ Haedrojene ke khase e se nang ’mala, e sa nkheng, e chang habonolo ’me ke oona motsoako o mongata haholo bokahohleng. Lefatšeng, haedrojene ke karolo ea bohlokoa ea limela le ea lihlopha tsa lisele tsa liphoofolo, e boetse e teng lirafshoeng, ’me ke e ’ngoe ea likarolo tse peli tse etsang metsi. Ho phaella moo, haedrojene e cha e sa bake tšilafalo ’me e cha hantle ho feta lirafshoa tse ling.
Koranta ea Science News Online e bolela hore metsi “a ka aroloa ho ba haedrojene le oksijene ha motlakase o feta har’a ’ona.” Le hoja mokhoa ona o ka hlahisa haedrojene e ngata, koranta eo e hlokomela hore “mokhoa ona o bonahalang o sa rarahana o sa ntse o le theko e phahameng.” Lifektheri li se li ntse li hlahisa lithane tse ka bang limilione tse 45 tsa haedrojene lefatšeng ka bophara, e sebelisoang haholo-holo menontšeng le linthong tse hloekisang. Empa haedrojene ena e tlhotloa ho sebelisoa lirafshoa—mokhoa o boetseng o hlahisang khase e chefo ea carbon monoxide le khase ea carbon dioxide e bakang mocheso o feteletseng oa lefatše.
Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba bona haedrojene e le mohloli o mong o tšepisang o ka sebelisoang ho e-na le lirafshoa tse ling ’me ba na le maikutlo a hore e ka khotsofatsa se hlokoang ke moloko oa batho mabapi le matla nakong e tlang. Tšepo ena e itšetlehile ka lintlafatso tse tsotehang nthong e qapiloeng e tsejoang ka hore ke fuel cell.
MATLA A FUEL-CELL:
◼ Fuel cell ke ntho e hlahisang motlakase ka haedrojene, e sa chesoe, empa e kopanngoa le oksijene ’me e behoa leihlo tšebetsong ea lik’hemik’hale. Ha ho sebelisoa haedrojene e hloekileng ho e-na le mohloli o mong oa serafshoa se nang le haedrojene e ngata, ntho e hlahang moo ke mocheso le metsi feela.
Ka 1839, Sir William Grove, moahloli oa Brithani ebile e le setsebi sa fisiks, o ile a qapa fuel cell ea pele. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala chelete e ngata ho etsa li-fuel cell, ’me lintho tse sebelisoang ho li etsa li ne li fumaneha ka thata. Kahoo, theknoloji eo e ile ea lula e sa sebelisoe ho fihlela bohareng ba lekholo la 20 la lilemo, ha ho ne ho etsoa li-fuel cell tse fanang ka matla bakeng sa lifofa-sebakeng tsa Amerika. Lifofa-sebakeng tsa kajeno li ntse li sebelisa matla a li-fuel cell, empa hona joale theknoloji eo e ntse e ntlafatsoa hore e tl’o sebelisoa mona lefatšeng.
Kajeno li-fuel cell li ntse li ntlafatsoa hore li nkele lienjene tsa likoloi sebaka, hore li fepele mehaho ea khoebo le matlo motlakase, le ho fana ka matla thepeng e nyenyane ea motlakase, e kang lithelefono tsa cellular le lik’homphieutha. Leha ho le joalo, nakong eo ho neng ho ngoloa sehlooho sena, motlakase o fehloang ke litsi tsa li-fuel cell o theko e phahameng ka makhetlo a mane ho feta o fehloang ke mehloli e meng ea lirafshoa. Ho ntse ho le joalo, ho ntse ho tseteloa liranta tse makholo a limilione ho ntlafatsa theknoloji ena e ncha.
Ho totobetse hore ho tla ba le melemo tikolohong ha ho sebelisoa mehloli e hloekileng ea matla. Leha ho le joalo, litjeo tsa ho etsa joalo e batla e le tšitiso ha ho etsoa ka tekanyo e khōlō. Tlaleho ea IEO2003 e re: “Ho lebeletsoe hore nakong e tlang ho tla ba le tlhokahalo e khōlō . . . ea ho sebelisa lirafshoa . . . (oli, khase, le mashala), kaha ho lebeletsoe hore theko ea lirafshoa e tla lula e le tlaasana ’me theko ea ho hlahisa matla mehloling e meng ea matla e tla ba holimo haholo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Koloi e tsamaeang ka “fuel-cell,” 2004
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mercedes-Benz USA
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
DOE Photo