Na Bolumeli bo Felloa ke Nako?
Ka mongolli oa Tsoha! Netherlands
BATHO ba bangata Europa ba iphumana ba talimane le potso ena, e neng e ngotsoe leqepheng la pele la koranta ea beke le beke ea Sedutche De Tijd. Koranta e boetse e phahamisitse lipotso tse kang: Na ke ’nete hore bolumeli bo ntse bo qepha Europa? Ke eng seo motho feela a se nahanang ka bokamoso ba bolumeli?
Ntle ho pelaelo, le uena u na le lipotso ka boemo ba joale ba bolumeli. Esita le United States, moo bolumeli ba moetlo bo khomaretsoeng ka matla, metheo ea tumelo e sisintsoe ke boitšoaro bo bobe ba baevangeli ba TV le likarohano mahareng a baruti ba K’hatholike. Linaheng tse ngata tsa Bok’hatholike, palo ea batho ba bang teng kerekeng lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng e theohile ka ho hlokomelehang.
Ka nako e ’ngoe, mona Netherlands e seng khale haholo, ha u ne u ka thunyetsa kanono literateng Sontaha hoseng, u ne u ke ke ua nepa motho leha a le mong—kaofela ba ne ba le kerekeng! Hona joale ke ba seng ba bakae feela ba bang teng. Ho etsahetse eng?
Likereke tsa Pele ha Joale ke Matlo a ho Jela le Mabenkele
Lilemong tse leshome tse fetileng, lihlopha tse peli tse khōlōhali tsa bolumeli Netherlands, Kereke ea Roma e K’hatholike le Kereke ea Dutch Reformed, li lahlehetsoe ke litho tse ngata. Ke feela karolo ea 19 lekholong ea balumeli ba bang teng ho e ’ngoe ea likereke tsena, ’me ho Kereke ea K’hatholike sena se bolela ho theoha ha palo ea ba bang teng kerekeng ka karolo ea 85 lekholong ho tloha ka 1967!
Ka lebaka lena, likereke tse ngata ha li sa sebelisoa. Tse ling li helelitsoe, ’me tse ling li rekiselitsoe merero e meng. Kahoo u se ke ua makala ha u fihla mohahong oo e neng e le oa kereke Rotterdam kapa Amsterdam ’me u fumana hore ke lebenkele, lebenkele la lipalesa, la liaparo, ntlo ea ho jela, la libaesekele, holo ea boikhathollo, kapa sebaka sa motjeko. Sena se tšosa batho ba bangata. ’Me ho theoha hona ha litho likerekeng ho ama baprista le baruti.
Ho Fokotseha ha Baruti le ho Arohana ha Mohlape
Joaloka litho tse ngata tsa likereke tsa bona li tsamaile, ke ho tšoanang ka baprista ba bangata le baruti ba tlohetseng pitso ea bona. Nakong e fetileng ea lilemo tse hlano, lenane la baprista ba K’hatholike le theohile ka 900. Ka nako e tšoanang, ba ’maloa ba ekelitsoe, ha lenane la “mesebetsi” le fokotseha. Ba setseng ba ntse ba tsofala. Ka mohlala, karolo ea 89 lekholong ea baitlami Netherlands e kaholimo ho lilemo tse 50.
Baruti ba boela ba thatafalloa ke ho mamella mathata ao ba tobanang le oona ka kerekeng. Ba bang ba bile tlas’a khatello ka ho feletseng ’me ba ile ho lingaka tsa mafu a hlooho bakeng sa phekolo. Koranta ea letsatsi le letsatsi ea Apeldoornse Courant ea kamehla e hlalosa ka tsela ena: “Ha ba ikutloa ba batla ho khomarela litho tsa kereke, litho tsa phutheho tse batlang liphetoho lithutong tsa kereke lia khopiseha. Haeba ba leka ho ruta liphetoho lithutong tsa kereke, sena se ka baka khohlano ho litho tse khomaretseng Bibele. Haeba moruti kapa moprista a leka ho se nke lehlakore, joale o kotsing ea ho latoloa ke phutheho eohle.”
Ha e le hantle, liketsahalo tsa mofuta ona li ile tsa ama sechaba sohle sa Madutche. Palo ea sechaba e entsoeng ke Ofisi ea Madutche ea Kahisano le Morero oa Setho ka 1985 e senotse hore ka lekhetlo la pele karolo e fetang halofo ea baahi e italima e se balumeli.”
Karohano ka likerekeng, hangata ka baka la litsekisano tsa lipolotiki, e entse hore ba bangata ba belaele. Ho tšehetsa ha kereke “mekhatlo ea tokoloho” linaheng tse ngata tsa Amerika Boroa le Afrika ho lebisitsoe toantšanong e khōlō. Ho bile le letšolo la sechaba la phatlalatso tlas’a lepetjo: HA HO CHELETE EA KEREKE BAKENG SA PEFO E HLOMETSENG.
U itšoara joang mekhoeng e joalo? Na u nahana hore likereke li ke ke tsa tsoa kotsi nakong ee ea tlokotsi? Bakeng sa karabo, ho hlokahala hore re nahane ka ho tebileng lisosa tsa motheo tsa joale tsa pherekano e tsoelang pele ea bolumeli.
Ke Hobane’ng ha Bolumeli bo Felloa ke Nako?
Borahistori, liithuti tsa kahisano, le liithuti tsa bolumeli ha li ntsoe leng ka lisosa tse tsoelang pele likerekeng. Ba bang ba qotsa ho rata menate ha sechaba sena se ratang maruo le moea oa boiphapanyo. Sena se re hopotsa mantsoe a moapostola Pauluse ho 2 Timothea 3:1, 2, 4, TLP: “Tseba hona: Mehleng ea bofelo ho tla ba le linako tsa bothata. Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . Ba tla rata menate ea lefatše, ho e-a le Molimo.”
Ba bang ba leka ho hlalosa litaba motheong oa histori ea Europa. Histori ena e khenathetse mali le likhapa, ho tloha lintoeng tsa bolumeli tsa lekholong la bo16 la lilemo ho fihlela ho itšunyeng ha bolumeli lintoeng tsa lefatše tsa lekholo la rōna bo20 la lilemo. Tsena tsohle li siile pelaelo e matla filosofing leha e le efe, bolumeling, khopolong leha e le efe, hangata ana e bile mabaka a ntoa, mahloriso, le pefo.
Likerekeng tsa kajeno, ba bangata ba iphumana ba se na tšepo ka bokamoso. Mohlala ke oa seithuti sa bolumeli sa Roma e K’hatholike Jeremane, moprofesara J. B. Metz oa Univesithi ea Munster: “Bolumeli ba rōna ba Bophirimela bo tlhotlile lithuto tsohle tsa bolumeli ka ho kenya tsa lefatše. Ho bonahala ho sa sala le mothoaela oa lithuto tsa bomessia. Puso ea Molimo e nyametse ho bona. Ha a sa na karolo likerekeng, kapa litabeng tsa bolumeli le tsa kahisano le lipolotiki mehleng ea rōna.”
Ho phaella moo, ho na le tšusumetso ea lintoa tsa lefatše, e qalileng Europa. lekholong lena la lilemo, Auschwitz, letšoao la likampo tsa mahloriso nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, le ekelitse nyatso ka likerekeng. Ho ba bangata, ’nete ea hore Mopapa Pius XII, joaloka moetapele oa Kereke ea Roma e K’hatholike, o ile a khutsa nakong tse mahlonoko ke taba e boima hore u ka khutsa ka eona.
Ba bangata ha ba bona sena, ba ile ba felloa ke tšepo kerekeng le ho baetapele ba eona. ’Me uena ka sebele u talima liketsahalo tsena joang? Na li u entse ea iphapanyang le bolumeli, na u fana ka mabaka joalo ka ba bang: ‘Ke tla mamella boemo bona halelele hakae’? Ho sa le joalo, ho talima taba ka lehlakoreng le leng, ho ka etsahala hore u bone tšoso ea koluoa ea nuclear le bothata ba ho senyeha ha tikoloho le bophelo, ’me ntle ho pelaelo ho nahanisisa ka lipotso tsena: ‘Ke bokamoso ba mofuta ofe bo letetseng ’na le bana ba ka?’ ‘Na ho na le ntho leha e le efe eo bolumeli bo ka re nehang eona mabapi le bokamoso?’
Ke Bokamoso bofe bo Teng bakeng sa Bolumeli Europa?
Batho ba bangata ba nahana hore ho tla etsahala hore litloaelo tsa Bokreste le Bojode li fele haufinyana. Liithuti tse ling tsa bolumeli li na le maikutlo a hore Europa e se e fetohile sechaba sa Bokreste.
Ke eng seo Bibele, mohloli oa tumelo eo Jesu a e rutileng, e se bolelang ka bokamoso ba bolumeli? Haeba ho na le motho ea ka bolelang ho itseng habohlokoa tabeng ena, e lokela ho ba Mothei oa Bokreste, Jesu Kreste.
Ha motho a ithuta Bibele, ntho ea pele e phakisang ho fihla kelellong ea hae ke e boletsoeng ke moapostola Petrose ka Bibele ka boeona ho 1 Petrose 1:24, 25: “Nama eohle e joale ka joang, ’me khanya eohle ea motho e joalo ka palesa ea joang. Joang bo ee bo omelle, ’me palesa ea jona e oe; empa lentsoe la Morena le hlola ka ho sa feleng.” Bibele e tla lula e le teng, ’me histori e senola hore ho sa tsotellehe seo lira tsa eona li se entseng boitekong ba ho e senya, ha lia atleha. ’Me ho etsahetse eng ka lithuto tseo Jesu Kreste a li rutileng ha a ne a le lefatšeng lilemo tse makholo a 19 tse fetileng? Ke lithuto tse kae tsa hae tseo motho a ka li fumanang mefuteng e mengata ea bolumeli.
Ha Jesu a bua le mosali oa Mosamaria selibeng, o hlalositse se hlokahalang bakeng sa borapeli bo hloekileng: “Empa nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke moea: Ba o rapelang e ka khona ba o rapele ka moea le ka ’nete.” Borapeli bona ba ‘moea le ’nete’ bo tla lula bo le teng.—Johanne 4:23, 24.
Empa ke eng se tla fela? Bokreste-’mōtoana bo arohaneng, motsoalle oa lefatše la lipolotiki. ’Me ke hobane’ng ha bo lokela ho felisoa? Hobane bo hlomphollotse temoso: “Banna le basali ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.”—Jakobo 4:4.
Bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, likhaolo 17 le 18, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tšoantšelitsoe ka seotsoa, “Babylona e Moholo.” Tšenolo 17:16 le 18:8 li hlalosa kamoo mekha ea lipolotiki e tlang ho senya [Babylona e Moholo], le hore ba bileng le seabo libeng tsa hae ba tla fumana likotlo tsa hae. Ke ka lebaka leo temoso e latelang e ngotsoe temaneng ea 4 ea khaolo 18: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” Nakong eo ho tla boela ho phethahatsoe boprofeta ba Sofonia: “Hobane, mohlang oo, ke tla fetola melomo ea lichaba, e tle e be e hloekileng, li tle li bitse kaofela lebitso la Jehova, li mo sebeletse ka pelo e le ’ngoe.”—Sofonia 3:9.
Na ua bona hore u eme kae nakong ee? Na u sebeletsa le ba bitsang lebitso la Jehova? Ke eng se hlokahalang ho u nolofaletsa ho etsa sena?
Ke Eng Seo U ka se Etsang hore U Fumane Polokeho?
Le hoja Bokreste-’mōtoana, hammoho le bolumeli bohle ba bohata, bo tlamehile ho fela Europa le lefatšeng lohle, bolumeli ba ’nete bo tla hlola ka ho sa feleng. Potso ea bohlokoa ke hore na tumelo ea hao e tla fokotsa kapa e tla ba matla ka ho lekaneng ho u nolofaletsa ho pholoha ha Bokreste-’mōtoana bo felisoa. Ho hlokahala eng bakeng sa ho pholoha? U lokela ‘ho rapela Ntate ka moea le ’nete.’ ’Mōpi o u lebeletse hore u mo tsebe ka ho sebelisa Lentsoe la hae, Bibele. Ka Lentsoe leo, Jesu o itse: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Ka Bibeleng, tsela ea ho pholoha e tšoailoe, ho sa tsotellehe hore na u phela kae lefatšeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Kereke e Hoorn, eo hona joale e leng mabenkele a lijo le a liaparo
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Kereke ea Luther Arnhem, eo joale e sebelisoang e le moliko, holo ea libaesekopo, le sebaka sa motjeko