Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/07 maq. 4-7
  • Ho Etsahala’ng ka Likereke?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala’ng ka Likereke?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Europe e Furalla Likereke
  • Ho Bapatsa Bolumeli Amerika Leboea
  • Na Bolumeli bo Felloa ke Nako?
    Tsoha!—1988
  • Bolumeli—Molemo oa Bona ke Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Kereke ea Latin America e Tšoenyehile—Ke ka Lebaka La’ng ha ba Limillione ba e Tlohela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Furalla Malumeli a Tloaelehileng?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 2/07 maq. 4-7

Ho Etsahala’ng ka Likereke?

BATHO ba Latin America, ho tloha Mexico ka leboea ho ea fihla Chile ka boroa, ba na le setso se tšoanang lintlheng tse ngata. Batho ba baholo ba Latin America ba ka hopola nakong eo ha e le hantle ho neng ho e-na le bolumeli bo le bong feela, e leng kereke ea Roma e K’hatholike. Lekholong la bo16 la lilemo, baeta-pele ba Masepanishe ba ileng ba hapa naha ba ile ba qobella batho bolumeli bona ka likhoka. Brazil e ne e le tlas’a ’muso oa bokolone oa Portugal eo bolumeli ba eona e neng e le Roma e K’hatholike. Ka lilemo tse 400 Kereke ea K’hatholike e ile ea tšehetsa mebuso e le hore eona e tle e tsebe ho tšehetsa kereke ka lichelete e be e e etse bolumeli ba naha.

Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-1960, baruti ba bang ba K’hatholike ba ile ba hlokomela hore ho tšehetsa batho ba ka sehloohong pusong ho ne ho etsa hore sechaba se se ke sa hlola se ba tšehetsa. Ba ile ba qalella letšolo la ho buella mafutsana, haholo-holo ba khothalletsa seo ho neng ho thoe ke bolumeli ba tokoloho. Letšolo lena le qalile Latin America e le ha ho ipelaetsoa ka bofutsana boo Mak’hatholike a mangata a neng a phela tlas’a bona.

Ho sa tsotellehe boiteko ba baruti ba ho kenella mekheng ea lipolotiki e ratoang haholo, batho ba limilione ba furaletse tumelo ea Bok’hatholike ba ea itekela likerekeng tse ling. Malumeli ao litšebeletso tsa ’ona li akarelletsang ho opa liatla, ho bina lifela ka sefutho kapa ao litšebeletso tsa ’ona li tšoanang le likonsarete tsa ’mino oa rock, a eketsehile a bile a hohela balateli ba bangata. Bukeng ea hae e bitsoang Faces of Latin America, Duncan Green o re: “Mokhatlo oa Boevangeli oa Latin America o na le Likereke tse arohileng likoto tse ngata-ngata. Hangata likereke tsena li ntse li laoloa ke moruti a le mong li bile li susumetsoa ke eena. Ha phutheho e hōla, hangata ea arohana ho thehoa Likereke tse ncha.”

Europe e Furalla Likereke

Ka lilemo tse fetang 1 600, boholo ba linaha tsa Europe li ne li busoa ke mebuso e neng e ipolela hore ke ea Bokreste. Na bolumeli boa atleha Europe hona joale ha re ntse re kenella lekholong la bo21 la lilemo? Ka 2002 setsebi sa litaba tsa kahisano Steve Bruce, bukeng ea hae ea God is Dead—Secularization in the West, o boletse tjena ka Brithani: “Lekholong la bo19 la lilemo hoo e batlang e le machato ’ohle a ne a tsamaisoa ke bolumeli.” Leha ho le joalo, ka 1971, e ne e le machato a 60 feela ho a lekholo a Manyesemane a neng a tsamaisoa ke bolumeli. Ka 2000 teng e ne e le a 31 feela ho a lekholo.

Ha a fana ka maikutlo a hae ka boemo bona ba litaba, motlalehi oa litaba tsa bolumeli koranteng ea London ea Daily Telegraph o itse: “Lenane la litho tsa likereke tse ka sehloohong kaofela, ho tloha ho Kereke ea Chache le ea Roma e K’hatholike ho isa ho ea Methodiste le Likereke Tsa United Reformed, le ntse le qepha butle-butle.” Ha a bua ka tlaleho e ’ngoe o itse: “Likereke tsa Brithani li tla be li le mothating oa ho nyamella ruri ka 2040 kaha e tla be e le batho ba babeli feela ho ba lekholo ba tla beng ba e-ea kerekeng ka Sontaha.” Ho ’nile ha boleloa se tšoanang ka bolumeli Netherlands.

Tlaleho e hlahang Ofising ea Kahisano le ea Meralo ea Litaba Tsa Sechaba ea Netherlands e ile ea re: “Lilemong tse mashome tsa morao tjena, ho totobetse hore naha ea rōna ha e sa le ea bolumeli. Ho lebeletsoe hore ka 2020, batho ba 72 ho ba lekholo ba tla be ba sa oele bolumeling bofe kapa bofe.” Mohloli o mong oa litaba Jeremane o re: “Lenane la Majeremane a retelehelang boloing le matleng a phahametseng tlhaho e le hore a fumane matšeliso ao a neng a a fumana likerekeng, mesebetsing le malapeng, le ntse le phahama. . . . Likereke tse ngata ho phatlalla le naha li tlameha ho koaloa hobane li se na batho.”

Bao ebang ba sa ntsane ba e-ea kerekeng Europe hangata ha ba ee hobane ba batla ho tseba hore na ke eng seo Molimo a se hlokang ho bona. Tlaleho e ’ngoe e tsoang Italy e re: “Mataliana a fetola bolumeli hore bo lumellane le tsela eo a phelang ka eona.” Setsebi se seng sa litaba tsa kahisano moo se re: “Ha mopapa a bua re nka feela se lumellanang le maikutlo a rōna.” Sena ke se etsahalang le ho Mak’hatholike a Spain, moo ho chesehela bolumeli ho seng ho nketsoe sebaka ke ho lelekisa lintho tse bonahalang le ho batla bophelo bo mabothobotho hona joale eseng hosasa.

Sena se etsahalang se fapane hōle le tsela ea Bokreste eo Kreste le balateli ba hae ba neng ba ruta ka eona ba bile ba phela ka eona. Jesu ha aa ka a fana ka bolumeli bo tšoanang le “reschorente” boo ho bona u ka ikhethelang seo u se batlang eaba u tlohela seo u sa se batleng. O itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi a ntatele a sa khaotse.” Jesu o ile a ruta batho hore tsela ea Bokreste ea bophelo e ne e le e hlokang boitelo le boiteko.—Luka 9:23.

Ho Bapatsa Bolumeli Amerika Leboea

Ho fapana le se etsahalang Canada—moo litsebi tsa litaba li bolelang hore batho ha ba tšepe bolumeli—United States teng batho ba nka litaba tsa bolumeli ka botebo. Ho ea ka lik’hamphani tse khōlō tse batlang batho maikutlo, bonyane ke batho ba 40 ho ba lekholo bao ho buisanoeng le bona ba bolelang hore ba ea kerekeng beke e ’ngoe le e ’ngoe, le hoja ha ho se ho hlile ho baloa ba leng teng kerekeng lipalo li supa hore ke hoo e batlang e le ba 20 feela ho ba lekholo. Ba fetang 60 ho ba lekholo ba bolela hore ba lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, ba ka chesehela kereke e itseng ka nakoana feela. Batho ba bangata ba tsamaeang kereke United States ba tsoa bolumeling bo bong ba kena ho bo bong habonolo feela. Haeba batho ba bangata ba se ba sa rate moruti kapa a se a sa chese, a ka lahleheloa ke batho ka potlako—’me hangata a ka ba a lahleheloa ke chelete e ngata eo a e amohelang!

Likereke tse ling li ithuta mekhoa ea khoebo e le hore li ithute hore na li ka ntlafatsa mekhoa ea ho “bapatsa” litšebeletso tsa tsona tsa bolumeli joang. Liphutheho li lefa likete tsa lidolara ho hira lik’hamphani tse fanang ka boeletsi litabeng tsa kereke. Tlaleho e ’ngoe e fanoeng mabapi le lik’hamphani tsa mofuta oo, e qotsa moruti e mong ea khotsofetseng ea itseng: “E ne e le letsete le kenyang bokhothokhotho ba chelete.” Likereke tse khōlōhali tse nang le litho tse baloang ka likete li eme hantle licheleteng hoo likoranta tse phatlalatsang litaba tsa khoebo, tse kang The Wall Street Journal le The Economist, li sa li tlōliseng mahlo holimo. Li tlaleha hore likereke tse khōlōhali ke libaka tseo ho tsona “motho a ka fumanang lintho tseo a li hlokang nameng le moeeng ‘sebakeng se le seng.’” Mehaho ea likereke e ka ba le lireschorente, mabenkele a lijo tse bobebe, libaka tseo ho lokisoang moriri ho tsona le moo batho ba etsoang hore ba be batle, li-sauna le mabala a lipapali. Lintho tse hohellang batho libakeng tsena li akarelletsa lipapali tsa kalaneng, likhalala tse etelang mehahong ena le ’mino oa sejoale-joale. Empa baruti bona ba ruta eng?

Hase ntho e makatsang hore ebe ‘mekhoa ea ho fumana leruo’ ke oona molaetsa o rutoang haholo. Balumeli ba bolelloa hore e tla ba barui ’me ba phele hantle ’meleng haeba ba fana ka chelete e ngata kerekeng. Ha e le tabeng ea boitšoaro teng, hangata ba rutoa hore Molimo o mamella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Setsebi sa litaba tsa kahisano se re: “Likereke tsa Amerika li thoba maikutlo, ha li ahlole batho.” Hangata malumeli a ratoang haholo a shebane haholo-holo le ho hlahlella batho ka litlhahiso tsa hore na ba ka atleha joang bophelong. Ntho e seng e atile ke hore batho ba ikutloe ba phutholohile likerekeng tse sa khetheng hore na motho ke oa tumelo efe, moo ho seng mohla ho buuoang ka lithuto tseo batho ba nahanang hore li baka likarohano. Leha ho le joalo, lipolotiki tsona ho buuoa ka tsona, hangata e le ka tsela e hlakileng le e totobetseng. Mehlala ea morao-rao tjena e soabisitse baruti ba bang.

Na ho na le tsosoloso ea bolumeli Amerika Leboea? Ka 2005, makasine ea Newsweek e ile ea tlaleha hore litšebeletso tsa “ho hoeletsa, ho akhehisoa ke moea le ho tila ka maoto fatše” li ntse li tloaeleha hammoho le mekhoa e meng e tloaelehileng bolumeling, empa ea re: “Ho sa tsotellehe se etsahalang, seo ha se bolele hore lenane la batho ba eang likerekeng le eketseha ka sekhahla.” Ho latela liphuputso, batho ba bangata haholo ke ba reng “Ha ke na bolumeli,” ha ba botsoa hore na bolumeli ba bona ke bofe. Liphutheho tse ling li eketseha hobane feela tse ling li fokotseha. Ho tlalehoa hore batho ba furalla malumeli a khale “ka bongata” ba a siea le mekete ea ’ona, ’mino ea ’ona ea liletsa tsa okane le baruti ba teng ba aparang lipurapera.

Litabeng tsena tseo re li tšohlileng ka bokhutšoanyane, re bone hore likereke li arohana likoto Latin America, li lahleheloa ke litho Europe, ’me United States teng li boloka balateli ka ho ba fa boithabiso le ho ba susumetsa maikutlo. Ke ’nete hore ho na le mekhelo e mengata ho sena se etsahalang, empa ka kakaretso hoa bonahala hore likereke li thatafalloa ho lula li e-na le balateli. Na see se bolela hore Bokreste bo ntse bo felloa ke matla?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

‘HO FETOLA BOLUMELI SUPHAMAKETE’

Ho ile ha qotsoa mantsoe a motsamaisi oa Tšebeletso ea Mesebetsi ea Sechaba Kerekeng ea K’hatholike Fora, moo a reng: “Re bona bolumeli bo fetotsoe suphamakete. Batho ba sebelisa litšebeletso tsa kereke, empa ha ba sa fumane bolumeli boo ba lumellanang le bona, ba ikela nģa e ’ngoe.” Phuputsong e entsoeng mabapi le bolumeli Europe, Moprofesa Grace Davie oa Univesithi ea Exeter, Brithani, o itse: “Batho ba ‘khetha seo ba se ratang ebe ba se kopanya’ le lintho tse fapa-fapaneng tse fumanehang malumeling a mangata a teng. Bolumeli bo se bo tšoana le lintho tse ling tse ngata tseo batho ba ikhethelang tsona ho latela tsela eo ba phelang ka eona le lintho tseo ba li ratang.”

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Litšoantšo tse leboteng le monyakong oa kereke, Naples, Italy

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

©Doug Scott/age fotostock

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Ba bangata ba furaletse Bok’hatholike Mexico

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela