Kereke ea Latin America e Tšoenyehile—Ke ka Lebaka La’ng ha ba Limillione ba e Tlohela?
HO TLOHA lelibohong le ka leboea ho Mexico ho ea qhooeng ea Chile, ha ho motse kapa motsana oa Latin America o sa ithoriseng ka kereke ea Roma e K’hatholike litsing tsa oona tse khōlō tsa sechaba. Leha ho le joalo, “phetoho e khōlō e-ea etsahala Latin America,” ho lumela Joseph E. Davis, mookameli e moholo oa lenaneo la mokhatlo o hōlisang mesebetsi ea K’hatholike. O ile a boela a lumela hore Latin America, e leng sebaka se ileng sa e-ba ka tlas’a tšusumetso ea Kereke ea Roma e K’hatholike ka lilemo tse fetang makholo a mararo, hona joale se lintšing tsa phetoho e khōlōhali.
Hase pinyane hore tšusumetso ea Kereke e K’hatholike e fokolisoa ka potlako. Haufinyane, lenane la Mak’hatholike a mafolo-folo le ile la hakanyetsoa ho ba le fokolang ho isa ho 15 lekholong kakaretsong ea baahi ba Latin America. 1991 Britannica Book of the Year e ile ea tlaleha: “Babishopo ba Roma e K’hatholike le mopapa ka boeena ba tšaba hore Latin America eo ho theosa le histori e neng e le tlas’a Bok’hatholike e fetoha ka tsela e kotsi haholo tumelong ea khale.” Ke hobane’ng ha sena se etsahala? Ke hobane’ng ha ba bangata ba tlohela lesaka la K’hatholike? Ho etsahetse joang ka ba e tlohelang?
Ho Batla Tlhaloso
Baeta-pele ba K’hatholike ba beha ho eketseha ha “mekha ea bokhelohi” molato mabapi le mathata a bona. Moruti oa Europe ea sebetsang Bolivia o ile a tletleba: “Kereke e tšoana le sefate seo matla a sona a ntseng a monngoa ke mekha ea bokhelohi e kang lehola.”
Argentina, ho tlalehoa hore ho ba le malumeli a macha a 140 selemo ka seng, hoo e ka ’nang eaba ho tlatselitse ho theoheng ha litho tsa Kereke e K’hatholike ho tloha ho 90 lekholong ho ea ho 60 kapa 70 lekholong ho tloha bohareng ba bo-1970. Tijuana, Mexico, baahi ba limillione tse peli ba etsang karolo ea 10 lekholong ba ile ba ea malumeling a fetang 327 a moo ao eseng a Bok’hatholike. Makasine oa Time o ile oa tlaleha: “Ka ho makatsang, ho batla ho e-na le Maprostanta a mangata ka likerekeng tsa Brazil ka Lisontaha ho feta Mak’hatholike.” Ha ho makatse ha koranta e ’ngoe e ile ea tlaleha hore, ha “bak’hadinale ba Latin America ba ne ba kopane le mopapa Motseng oa Vatican ho tšohla lintlha tse peli tsa bohlokoa bo boholo kerekeng kajeno,” e ’ngoe ea tsona e ne e le “bothata ba mekha ea bokhelohi.”
Sebokeng sa hae le babishopo ba Mexico, mopapa o ile a bolela hore katleho ea malumeli a mangata a macha “e tlisoa ke ho ba le lipelo tse sa fellang le ho se tsotelle ha bara ba kereke ba sa ikemisetsang mosebetsi oa bona oa boevangeli.” Ke hobane’ng ha “bara ba kereke” ba sa tsotelle ho khotsofatsa litlhoko tsa moea tsa batho ba Latin America empa e le hore ba bangata ba bona ba hlompha Bibele? Koranta ea Última Hora ea La Paz, Bolivia, ea hlalosa: “Kereke e kenelletse lefatšeng ho ea bohōleng boo letsatsi le letsatsi e bonahalang e ntse e lahla sebōpeho sa eona ho ea pele. Ha rea lokela ho makatsoa ke ho fumana, hore joalokaha bonneteng ho etsahala, baprista ke liithuti tsa kahisano, liithuti tsa moruo, baqolotsi ba litaba, kapa bo-ralipolotiki ho feta ho ba baruti.”
Ho ba Bo-ralipolotiki ho Feta ho ba Baboleli?
Ho itšunya-tšunya ha kereke lipolotiking ka bo-1970 le bo-1980 ntle ho pelaelo ho tlatselitse ho sulafalloeng hoo batho ba bangata ba Latin America ba nang le hona ka Bok’hatholike hona joale. Phuputso e entsoeng ka 1985 e hlokometse se latelang ka Maryknoll, Mokhatlo oa Bok’hatholike oa Amerika oa Boromuoa Linaheng Lisele, le limmishone tse ngata tsa oona tse Latin America: “Maryknoll e ile ea atleha ho etsa hore molaetsa oa Marxist-Leninist oa phetohelo e mabifi hore o amoheloe ke sechaba hobane e ile ea lumelloa hore e sebetse joaloka moemeli oa Kereke e K’hatholike. Molaetsa oa eona ha oa fihla feela ho batho feela ba tloaelehileng ba eang kerekeng, empa hammoho le ho ba etelletseng pele ho etseng melao Amerika.”
Hape nahana ka se bitsoang ntoa e litšila, eo ho eona ka ho nyarosang, ho ileng ha koeteloa le ho bolaoa Maargentina a 10 000 ho isa ho a 30 000 ntle le nyeoe ea letho bofelong ba bo-1970. Koranta ea National Catholic Reporter, tlas’a sehlooho “Kereke e Khenethela Mali Argentina,” e ile ea tlaleha: “Phihlelo ea Argentina e tšoana hantle le liketso tsa kereke e K’hatholike Jeremane ea Bonazi, hape e phahamisa potso ea hore na ebe matla ke a bohlokoa haholo ho feta tlamo ea Kosepele ea hore kereke e pakele ’nete.”
Lenyora la kereke bakeng sa matla mebusong ea lefatše le e tšoaea ka ho hlakileng e le sera sa Molimo. Bibele e re: “Na ha u elelloe hore ho etsa lefatše motsoalle oa hao ke ho etsa Molimo sera sa hao? Mang le mang ea ikhethelang ho ba motsoalle oa lefatše o iphetola sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4, Jerusalem Bible ea K’hatholike) Ha ho makatse, hore ebe joale, ba bangata ha ba sa talima Kerekeng e K’hatholike bakeng sa tataiso ea moea. Empa ho etsahetse joang ka batho ba tlohileng lesakeng la K’hatholike?
Linku tse se Nang Molisa
Ba tšoana hantle le batho ba lekholong la pele la lilemo bao baeta-pele ba moea ba Bajode ba ileng ba hlōleha ho ba hlokomela. Bibele e re Jesu “o ile a ba utloela bohloko hobane ba ne ba khathetse ’me ba tepelletse moeeng, joale ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36, JB) Ba bangata ba tlohile Kerekeng e K’hatholike ho ea ho se bitsoang malumeli a evangeli. Na ana a hlokometse hamolemonyana linku tse khelohileng? Na Maprostanta a sekametse haholoanyane ho seo Jesu a se boletseng ka balateli ba hae ba ’nete: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše”?—Johanne 17:14.
Malumeli a mangata ao eseng a Bok’hatholike a leka ho iketsa eka a utloa Bibele ho e-na le ho ba balateli ba lineano tsa bolumeli. Hangata sena e mpa e le ponahalo ea ka ntle feela. Lithuto tsa motheo tsa mekhatlo ea Boprostanta li tšoana haholo le tsa Kereke e K’hatholike hoo bashebelli ba bangata habonolo feela ba ka sebelisang polelo ea baahi ba lithabeng tsa Andes: “Es la misma cholita con otra pollera” (E ntse e le mosali e monyenyane oa Moindia ka mose osele).
Ka mohlala, hoo e batlileng e e-ba lihlopha tsohle tsa Boprostanta li ruta hore Molimo ke Boraro-bo-bong, leha ho le joalo sena hase thuto ea Bibele. The Encyclopedia of Religion e ea lumela: “Bafuputsi ba litlhaloso tsa litemana le litsebi tsa thuto ea bolumeli kajeno baa lumellana hore Bibele ea Seheberu ha e-na thuto ea Boraro-bo-bong . . . Testamente e Ncha le eona ka ho hlaka ha e-na thuto ea Boraro-bo-bong.”a
Ka ho hlakileng Maprostanta a na le maqhama le lefatše lena ’moho le lipolotiki tsa lona joaloka Mak’hatholike. Encyclopedia of Latin America e re: “Boprostanta Latin America hape bo ikamahantse le . . . likhetho tsa lipolotiki tsa sechaba. Hangata baruti ba tsoaletsoeng moo ba tšehetsa liofisiri tse khōlō tsa lipolotiki ’me baa vouta e le ho etsa hore ’muso o etse likereke tsa bona hantle.” Latin American Research Review e re: “Boprostanta bo ’nile ba nyalana le lipolotiki Guatemala haesale ho tloha ha bo fihla ka lekhetlo la pele ka har’a naha,” e phaella ka hore “haholo ebile koloi e tsamaisang boitšoaro ba bopolotiki le ba batho ho e-na le ho ba mofuta oa bolumeli.”
Ho kopanela ha Boprostanta lipolotiking hangata ho lebisitse ho kopaneleng ha Boprostanta ntoeng. Mofu Harry Emerson Fosdick, ea nkoang e le e mong oa baruti ba Maprostanta ba neng ba e-na le tšusumetso e khōlō historing ea Amerika, o ile a lumela: “Histori ea rōna ea Bophirimela e bile ntoa e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe. Re tsoaletse ntoa banna, ra koetlisetsa banna ntoa; re tlotlisitse ntoa; re entse bahlabani bahale ba rōna ’me le ka likerekeng tsa rōna re behile lifolaga tsa ntoa . . . Ka karolo e ’ngoe ea melomo ea rōna re rorisitse Morena oa Khotso ’me ka e ’ngoe ra tlotlisa ntoa.”
U Lokela ho Etsa Joang?
Ka mor’a ho hlalosa bolumeli ba bohata e le seotsoa sa tšoantšetso se febileng le mebuso ea lefatše, buka ea Bibele ea Tšenolo e re: “Tlohang ho eena, batho ba ka, tsoang, e le hore le se ke la kopanela litlōlong tsa hae tsa molao ’me la fumana likotlo tse tšoanang.”—Tšenolo 18:4, JB.
Ba bangata baa hlokomela hore ho na le tšenyeho e ngata ka kerekeng, ho ntse ho le joalo ba leqe ho e tlohela hobane feela Kereke ea Roma e e-na le histori ea boholo-holo. Leha ho le joalo, hopola hore tsamaiso ea Sejode ea borapeli e ne e le ea khale haholo; ho ntse ho le joalo Molimo o ile a lahla Bajode e le batho ba hae ba khethiloeng ha ba koenehela lithuto tsa hae tsa ’nete. Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba ile ba tlohela Bojode ha ba elelloa hore joale Molimo o sebelisa phutheho ea Bokreste ho e-na le bona. U ka khetholla phutheho ea Bokreste ba ’nete joang kajeno?
Batho ba ka bang millione ba Latin America ba fetohile Lipaki tsa Jehova lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng. Ke hobane’ng ha ba ile ba etsa phetoho ena? Koranta ea Martínez de la Torre, Veracruz, Mexico, e ile ea hlahloba potso ena. E itse: “Liithuti tsena tsa Bibele li entsoe ka hoo e ka bang karolo ea lekholo ea bao e neng e le litho tsa malumeli a fapaneng, haholo-holo Mak’hatholike, a hlokometseng ho sekamela ha bolumeli lipolotiking le ho lumella ha bona le ho amohela mekhoa e hananang le Bibele joaloka tumelo e kopanetsoeng, boitšoaro bo bobe, le pefo. E bile mohloli oa khotsofalo ho bona ho ikamahanya le melao-motheo ea Mangolo ea boitšoaro ntle le ho retelehela borapeling ba litšoantšo kapa lineanong tseo tšimoloho ea tsona e leng lerootho. Sena se ba file bonngoe bo tlotlehang ba tumelo bo bonahalang bo ba khetholla hohle moo ba fumanoang teng.”
Koranta e ’ngoe ea Latin America e e beha tjena: “Lipaki tsa Jehova ke batho ba sebetsang ka thata, ba tšepahalang, ba tšabang Molimo. Ha ba fetelletse ’me ba rata lineano ’me bolumeli ba bona bo theiloe lithutong tsa Bibele.” Re u memela ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ho sa tsotellehe moo u lulang teng. U tla ithuta hore tšepo ea tsona le tsela eohle ea tsona ea bophelo li thehiloe Bibeleng. E, u tla ithuta hore na ke joang u ka rapelang Molimo “ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:23, 24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona bukana Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Chate e leqepheng la 21]
LIPAKI TSA JEHOVA LINAHENG TSE LING TSA LATIN AMERICA
1971 1992
Naha Bahoeletsi Bahoeletsi
Argentina 20 750 96 780
Bolivia 1 276 8 868
Brazil 72 269 335 039
Chile 8 231 44 067
Colombia 8 275 55 215
Costa Rica 3 271 14 018
Dominican Republic 4 106 15 418
Ecuador 3 323 22 763
El Salvador 2 181 20 374
Guadeloupe 1 705 6 830
Guatemala 2 604 13 479
Honduras 1 432 6 583
Mexico 54 384 354 023
Panama 2 013 7 732
Paraguay 901 4 115
Peru 5 384 43 429
Puerto Rico 8 511 25 315
Uruguay 3 370 8 683
Venezuela 8 170 60 444
KAKARETSO 212 156 1 143 175