Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 6/15 leq. 19
  • O Ile A Loanela Tumelo ea Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile A Loanela Tumelo ea Hae
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ke Bolokile Tumelo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Bacha ba Nang le “Matla a Fetang a Tloaelehileng”
    Tsoha!—1994
  • Hase Linohe Kapa Melimo
    Tsoha!—1994
  • Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 6/15 leq. 19

O Ile A Loanela Tumelo ea Hae

LILEMO tse tharo tse fetileng, Caridad Bazán Listán, e mong oa Lipaki tsa Jehova Cádiz, Spain, ka tšohanyetso o ile a hloka ho buuoa sepetlele. Majoana a neng a bokellane ka senyeng a ne a ’makela feberu ’me a silafatsa phallo ea hae ea mali. Ha a ne a amoheloa sepetleleng sa moo, o ile a hlalosa boemo ba hae bo thehiloeng Bibeleng ba ho hana tšelo ea mali. Lingaka li ile tsa lumela ho mo buoa ntle ho mali. Leha ho le joalo, pele feela a isoa kamoreng eo ho buoeloang ho eona, lingaka li ile tsa mo kōpa hore a saene tokomane. E ne e bontša hore li ne li ikemiselitse ho hlompha qeto ea hae mabapi le mali, empa haeba ho ne ho ka hlaha boemo bo tšohanyetsang li ne li batla tumello ea hae hore li sebelise phekolo efe kapa efe eo ho neng ho nahanoa hore e ea hlokahala.

Moholo oa phutheho ea neng a le teng sepetle ’moho le mor’a Caridad, eo le eena e leng Paki, ba ile ba eletsa Caridad ka mathata a ka hlahisoang ke ho saena foromo e joalo. Mosaeno oa hae o ne o tla lumella lingaka ho mo tšela mali ha boemo ba tšohanyetso bo e-ba teng. Ha lingaka li tl’o mo nka ho mo isa ka kamoreng ea ho buela, o ile a hlalosa hore o ne a ke ke a saena tokomane eo. Ka nakoana o ile a khutlisetsoa ka kamoreng e tloaelehileng ea bakuli ’me a hatelloa ka matla hore a fetole monahano oa hae.

Ka mor’a lipuisano tse telele lingaka li ile tsa rera ho bitsa moahloli oa lekhotla e le hore a ka mo kholisa, empa ha hoa ka ha thusa. Caridad o ile a hlalosa hore o ne a ikutloa hore o tla ba molato pel’a Molimo haeba a ne a ka ba lumella ho mo tšela mali. O ile a hlalosa hore tlas’a Molao oa Moshe, haeba mosali a ne a betiloe, o ne a sa talingoe a le molato haeba a ne a ile a hana ka ho meketsa bakeng sa thuso. (Deuteronoma 22:23-27) O ile a re: “Lingaka li hlokomoloha seo ke lakatsang ha se etsoa ho ’na ’me li leka ho senya letsoalo la ka, ’me joale ke tlameha ho hana joalokaha eka ke ne ke betoa.”

Lihora tse ngata li ile tsa feta, ’me qetellong lingaka li ile tsa lumela ho mo sebetsa ntle le mali. Ha ba le ka kamoreng eo ho buoeloang ho eona, Caridad o ile a kōpa tumello ea ho rapela Jehova. O ile a e nehoa, ’me tšebetso e ile ea e-ba e atlehileng.

Leha ho le joalo, boemo ba bophelo ba Caridad bo ile ba mpefala ka mor’a moo, ’me lingaka li ile tsa etsa qeto ea ho hlokomoloha litakatso tsa hae le ho mo qobella tšelo ea mali. Kahoo, ngaka le mooki ba ile ba itokisetsa ho mo tšela mali. Ho sa tsotellehe boemo ba hae bo fokolang, Caridad o ile a hana ka matla ’ohle a hae. O ile a ba a khona ho loma peipi e neng e tla fetisa mali. Qetellong, ngaka e ile ea ikutloa e soabile ka seo ba neng ba se etsa hoo e bileng ea khaotsa. Ngaka ea re: “Nke ke ka tsoella ka sena. Kea inehela!”

Caridad o ile a hlōla bothata boo ’me a hlaphoheloa ntle le bothata bo eketsehileng. Lingaka le baoki ba ile ba hlolloa haholo ke tumelo le sebete sa hae. Sena sohle se etsahala Caridad a le lilemo li 94.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela