Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 6/8 maq. 9-13
  • Bacha ba Nang le “Matla a Fetang a Tloaelehileng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Nang le “Matla a Fetang a Tloaelehileng”
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenae Martinez
  • Crystal Moore
  • Lisa Kosack
  • Ernestine Gregory
  • Tsamaeang ka Mokhoa oo Jehova a le Rutang ka Oona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
    Tsoha!: Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 6/8 maq. 9-13

Bacha ba Nang le “Matla a Fetang a Tloaelehileng”

U MOCHA. U lilemo li 12 feela. U na le lelapa leo u le ratang. U na le metsoalle sekolong eo u thabelang ho ba le eona. U intšetsa lebōpong la leoatle le lithabeng. U tlala tšabo ha u talima leholimo bosiu le tletseng linaleli. U sa ntse u e-na le bophelo ba hao kaofela ka pele ho uena.

’Me joale u na le kankere. Litaba tse joalo li bohloko ha u le lilemo li 60. Ke tse sithabetsang ka ho feletseng ha u le lilemo li 12.

Lenae Martinez

Ke kamoo ho neng ho le kateng bakeng sa Lenae Martinez ea lilemo li 12. Tšepo ea hae e ne e le ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Tšepo ena e ne e phahamisitsoe ke thuto ea Bibele eo a neng a e fumane ho batsoali ba hae, bao e leng Lipaki tsa Jehova. Na o ne a sa ka a ipalla ka Bibeleng hore lefatše le tla hlola ka ho sa feleng, hore le hloliloe ho ahoa ka ho sa feleng, le hore ba bonolo ba tla le rua ka ho sa feleng?—Moeklesia 1:4; Esaia 45:18; Mattheu 5:5.

O ne a le Sepetlele sa Bana sa Valley se Fresno, California, U.S.A. O ne a kene moo bakeng sa se neng se bonahala eka ke tšoaetso ea letšoafo. Leha ho le joalo, liteko li ile tsa senola hore o tšoeroe ke kankere ea mali. Lingaka tse sebetsang Lenae li ile tsa lekanya hore ho lokeloa ho tšeloa lisele tse khubelu tsa mali le li-platelet ’me ho qaloe phekolo ea lik’hemik’hale hang-hang.

Lenae o ile a re ha a batle mali kapa lihlahisoa tsa mali, hore o rutiloe hore Molimo o hanela seo, joalokaha ho bontšoa libukeng tsa Bibele tsa Levitike le Liketso. “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe.” (Liketso 15:28, 29) Batsoali ba hae ba ile ba mo tšehetsa bohatong bona, empa Lenae o ile a hatisa hore ke qeto ea hae le hore e ne e le bohlokoa haholo ho eena.

Lingaka li ile tsa bua ka makhetlo a ’maloa le Lenae le batsoali ba hae. Ho ntse ho le joalo, li ile tsa tla hape motšehare o mong oa mantsiboea. Lenae o ile a re mabapi le ketelo eo: “Ke ne ke ikutloa ke fokola haholo ka lebaka la bohloko bohle le hore ke ne ke ile ka hlatsa mali a mangata. Li ile tsa mpotsa lipotso tse tšoanang, empa e le ka tsela e fapaneng. Ke ile ka li bolella hape: ‘Ha ke batle mali kapa lihlahisoa tsa mali. Nka mpa ka amohela lefu, haeba ho hlokahala, ho e-na le ho roba tšepiso ea ka ho Jehova Molimo ea ho etsa thato ea hae.’”

Lenae o ile a tsoela pele: “Li ile tsa khutla hoseng ho latelang. Li-platelet li ne li fokotseha, ’me feberu ea ka e ne e ntse e phahame. Ke ile ka hlokomela hore ngaka e ne e ’mametse haholoanyane lekhetlong lena. Le hoja li ne li sa rate bohato ba ka, li ile tsa re ke motho ea lilemo li 12 ea hōlileng haholo. Hamorao ngaka ea bana e ntlhokomelang e ile ea kena ’me ea mpolella hore e soabile empa ha ho letho le ka nthusang ha e se phekolo ea lik’hemik’hale le litšelo tseo. E ile ea tsamaea ’me ea re e tla khutla hamorao.

“Ha e tsamaea, ke ile ka qala ho lla haholo hobane e ne e ntlhokometse bophelo ba ka bohle, ’me joale ke ne ke utloa eka e ea nkeka. Ha e khutla hamorao, ke ile ka e bolella hore na e ne e entse hore ke ikutloe joang—hore e ne e se e sa ntsotelle. Sena se ile sa e makatsa, ’me e ile ea re e soabile. E ne e sa rera ho nkutloisa bohloko. E ile ea ncheba ’me ea re: ‘Lenae, haeba ke kamoo ho lokelang ho ba kateng, ke se ke tla u bona leholimong.’ E ile ea rola likhalase tsa eona eaba, e tletse meokho ka mahlong, ea re e ea nthata ’me ea nkopa haholo. Ke ile ka e leboha ’me ka re: ‘Kea leboha. Le ’na kea u rata, Dr. Gillespie, empa ke tšepa ho phela lefatšeng la paradeise nakong ea tsoho.’”

Eaba lingaka tse peli le ’muelli oa molao lia tla, tsa bolella batsoali ba Lenae hore li batla ho bua le eena a le mong, ’me tsa kōpa batsoali ho tsoa, e leng hoo ba ileng ba ho etsa. Nakong ea puisano ena eohle, lingaka li ne li ile tsa nahanela haholo le ho ba mosa ’me li hlolletsoe ke mokhoa o hlakileng oa Lenae oa ho bua le kholiseho ea hae e tebileng.

Ha li na le eena a le mong, li ile tsa ’molella hore o tl’o shoa ke kankere ea mali ’me tsa re: “Empa litšelo tsa mali li ka lelefatsa bophelo ba hao. Haeba u hana mali, u tla shoa ka mor’a matsatsi a seng makae.”

Lenae o ile a botsa: “Haeba ke amohela mali, seo se tla lelefatsa bophelo ba ka ka nako e kae?”

Li ile tsa araba: “Mohlomong ka likhoeli tse tharo ho isa ho tse tšeletseng.”

O ile a botsa: “Nka etsa eng ka likhoeli tse tšeletseng?”

“U tla matlafala. U ka etsa lintho tse ngata. U ka etela Disney World. U ka bona libaka tse ling tse ngata.”

Lenae o ile a nahana ka nakoana, eaba oa araba: “Ke sebelelitse Jehova bophelo ba ka bohle, lilemo tse 12. O ntšepisitse bophelo bo sa feleng Paradeiseng haeba ke mo utloa. Nke ke ka mo furalla hona joale bakeng sa likhoeli tse tšeletseng tsa bophelo. Ke batla ho tšepahala ho fihlela ke shoa. Ha ho le joalo kea tseba hore ka nako ea hae o tla ntsosa bafung ’me a mphe bophelo bo sa feleng. Joale ke tla ba le nako e ngata bakeng sa lintho tsohle tseo ke batlang ho li etsa.”

Ho ne ho bonahala hore lingaka le ’muelli li hloletsoe. Li ile tsa mo rorisa eaba lia tsoa ’me tsa bolella batsoali ba hae hore o nahana le ho bua joaloka motho e moholo le hore o khona ho iketsetsa liqeto. Li ile tsa etsa tlhahiso ho komiti ea melao le litekanyetso tsa batho ea Sepetlele sa Bana sa Valley hore Lenae a nkoe e le ngoana ea seng a hōlile empa a e-s’o fihlele lilemo tsa molao. Komiti ena, e theiloeng ka lingaka le litsebi tse ling tsa tlhokomelo ea bophelo, hammoho le moprofesa oa melao le litekanyetso tsa batho oa Univesithi ea Fresno State, e ile ea etsa qeto ea ho lumella Lenae ho iketsetsa liqeto mabapi le phekolo ea hae ea meriana. Ba ne ba nka Lenae e le ngoana ea seng a hōlile empa a e-s’o fihlele lilemo tsa molao. Ha hoa ka ha batloa taelo ea lekhotla.

Ka mor’a bosiu bo botelele, bo boima, ka 6:30 hoseng, September 22, 1993, Lenae o ile a ithoballa lefung a le ka liatleng tsa ’mè oa hae. Boitlhompho le ho khutsa tsa bosiu boo li hatisitsoe mehopolong ea ba neng ba le teng. Ba 482 ba bile teng tšebeletsong ea lepato, ho akarelletsa lingaka, baoki, le matichere, ba neng ba hloletsoe ke tumelo le botšepehi tsa Lenae.

Batsoali le metsoalle ea Lenae ba ne ba tletse teboho hore lingaka le baoki le batsamaisi ba Sepetlele sa Bana sa Valley ba bile hlokolosi ho lemoha ho hōla ha ngoana enoa le hore ha hoa ka ha hlokahala nyeoe ea lekhotla ho etsa qeto eo.

Crystal Moore

Ho nahanela ho joalo ha hoa ka ha bontšoa Crystal Moore ea lilemo li 17 ha a kena Setsing sa Bongaka sa Presbyterian Columbia se New York City. O ne a tšoeroe ke lefu la ho ruruha ha mala. Ha a kena sepetlele, Crystal, hammoho le batsoali ba hae, ba ile ba hatisa ka makhetlo ho hana ha hae ho amohela mali. O ne a sa batle ho shoa; ho e-na le hoo, o ne a batla phekolo ea bongaka e lumellanang le taelo ea Bibele ea ho tela mali.—Liketso 15:28, 29.

Sehlopha sa lingaka tse neng li hlokomela Crystal se ne se kholisehile hore boemo ba hae bo ne bo hloka tšelo ea mali. Ngaka e ’ngoe e ile ea re ka ho toba: “Haeba Crystal a sa fumane tšelo ea mali ka Labone, June 15, ka Labohlano, June 16, o tla be a shoele!” Ka June 16, Crystal o ne a sa shoa, ’me sepetlele se ile sa etsa kōpo ho Lekhotla le ka Holimo-limo la Motse oa New York bakeng sa matla a ho qobella litšelo.

Nyeoeng, e ileng ea luloa ka potlako sepetlele hoseng hoo, e ’ngoe ea lingaka e ile ea paka hore Crystal o ne a hloka litekanyetso tse peli tsa mali hang-hang ’me mohlomong o tla hloka bonyane litekanyetso tse leshome tse eketsehileng. E ile ea tsoela pele ho bolela hore haeba Crystal a leka ho hana litšelo tseo, e ne e tla mo tlamella betheng ka mahlaahlela a matsoho le maoto ho finyella tšebetso eo. Crystal o ile a bolella lingaka hore o ne a tla “hoeletsa le ho bontša ho se ananele” haeba li leka ho mo tšela mali le hore joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a talima ho tšeloa ho qobelletsoeng ha mali ho nyonyeha joaloka peto.

Ho sa tsotellehe likōpo tsa ’muelli oa hae tse tsoelang pele nyeoeng, Crystal o ile a haneloa monyetla oa ho ipuella ka pel’a lekhotla ho bonahatsa matla a hae a ho iketsetsa liqeto. Le hoja Crystal a ne a sa tsoa fumana moputso ho Lenaneo la Super Youth ka lebaka la ho ipabola ha hae lithutong le boeta-pele sekolong se phahameng seo a kenang ho sona, moahloli oa patlisiso ea bopaki o ile a hana ho mo lumella ho paka ka molao ka khotla ka ho hana mali ha hae. Sena se ile sa fella ka ho haneloa ha litokelo tsa Crystal tsa tsamaiso ea molao, boikhethelo ba se etsahalang ’meleng oa hae, boinotši ba botho, le tokoloho ea bolumeli.

Le hoja lekhotla la patlisiso ea bopaki le ne le ke ke la lumella Crystal ho paka ka molao ka khotla, lekhotla le ile la etela Crystal a le mong kamoreng ea hae ka ho ka etsang metsotso e 20. Ka mor’a ketelo eo moahloli oa patlisiso ea bopaki o ile a re Crystal “ka ho hlakileng o bohlale haholo” hape o “khona ho itlhalosa” ’me a hlalosa hore Crystal “ka sebele o ne a hlaphohetsoe kelellong” ebile “a khona ho ntša maikutlo a hae ka ho feletseng.” Ho sa tsotellehe ho hlokomela hona, lekhotla la patlisiso ea bopaki ka manganga le ile la hana ho fa Crystal monyetla oa ho iketsetsa qeto ka tlhokomelo ea hae ea lingaka.

Ka Sontaha hoseng, June 18, Crystal o ile a hloka tšebetso ea thipa ea tšohanyetso, eo a ileng a e amohela, empa a tsoela pele ho hana mali. Ho ile ha lahleha feela mali a etsang limililithara tse 50 ho isa ho 100 tšebetsong eo. Empa, lingaka li ne li bolela hore ho ka ’na ha hlokahala tšelo ea mali ea ka mor’a tšebetso eo ea thipa. Ngaka e ’ngoe e ile ea paka hore ha ho hlokahale tšelo. E ne e sebelitse mafu a tšoanang hangata ntle le mali lilemong tse 13 tse fetileng, ’me le ka mohla ho ne ho sa ka ha hlokahala litšelo tsa mali tsa ka mor’a tšebetso ea thipa.

Ka June 22, l989, lekhotla la patlisiso ea bopaki le ile la fa sepetlele taolo ea nakoana ea Crystal ka merero ea hore litšelo tsa mali li fanoe feela ha li “hlokahala ho sireletsa le ho boloka bophelo ba hae.” Bohlokomeli bona bo ile ba fela ha Crystal a lokolloa sepetlele. Le ka mohla Crystal ha aa ka a hloka mali, ’me ha ho na a ileng a tšeloa, empa hoa makatsa ho bona kamoo lekhotla le ileng la tšoara Crystal.

Ho tloha ha a lokolloa sepetlele, Crystal o ile a qetela sekolong se phahameng ka matšoao a holimo. Nakoana ka mor’a moo, e ile ea e-ba ’moleli oa nako e tletseng joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova. E ile ea e-ba motsamaisi oa baeti Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova e Jersey City ’me a ithaopela ho ba setho sa sehlopha se ahang le ho lokisa Liholo tsa ’Muso.

Empa, lingaka tsa Setsi sa Bongaka sa Presbyterian Columbia li ile tsa re haeba a sa tšeloe mali ka June 15, o tla be a shoele ka June 16 le hore ha a ka hana tšelo eo, o ne a tla tlangoa ka mahlaahlela a matsoho le maoto. Ha lingaka tse batlang litaelo tsa lekhotla tsa ho fana ka mali li bolela ka ho hlakileng hore haeba moahloli a sa lumellane le seo hang-hang, mokuli o tla shoa, ha li ke li hopole taba ea Crystal Moore.

Lisa Kosack

Bosiu ba pele boo Lisa a bo qetileng Sepetlele sa Bana ba Kulang sa Toronto bo ne bo le bobe ho feta toro e tšosang. O ile a kena ka hora ea bone motšehare oa mantsiboea ’me hang-hang a fuoa letoto la liteko. Ha aa ka a fihla kamoreng ea hae ho fihlela ha hora ea leshome le motso o mong e fetile ka metsotso e leshome le metso e mehlano bosiu boo. Ka khitla—koana, ha re re Lisa a phete se etsahetseng. “Ka khitla mooki o ile a kena ’me a re: ‘Ke tlameha ho u fa mali.’ Ke ile ka hoeletsa: ‘Nke ke ka amohela mali hobane ke e mong oa Lipaki tsa Jehova! Kea tšepa u tseba seo! Kea tšepa u tseba seo!’ O ile a re, ‘E, kea tseba,’ ’me hang-hang a hula IV ea ka ’me a e kenya hampe ho tšela mali. Ke ne ke lla ’me ke lla ke sa laolehe.”

Ke tšoaro e hlokang maikutlo e khopo hakaakang e ka fuoang ngoanana ea lilemo li 12 ea kulang le ea tšohileng har’a mpa ea bosiu sebakeng se sa tloaelehang! Batsoali ba Lisa ba ne ba mo isitse Sepetlele sa Bana ba Kulang sa Toronto ba tšepile hore ba tla fumana lingaka tse mosa le tse nang le tšebelisano-’moho. Ho e-na le hoo, morali oa bona o ne a fetisoa tlas’a tšelo e hlokofatsang ea ka khitla, ho sa tsotellehe bohato ba Lisa le batsoali ba hae ba hore mali kapa lihlahisoa tsa mali ke tlōlo ea molao oa Molimo ’me ha lia lokela ho sebelisoa.—Liketso 15:28, 29.

Hoseng ho latelang sepetlele se ile sa batla taelo ea lekhotla ea ho fana ka litšelo. Nyeoe e ile ea nka matsatsi a mahlano, e okametsoe ke Moahloli David R. Main. E ile ea tšoareloa ka kamoreng e sepetlele, Lisa a le teng matsatsi ao ’ohle a mahlano. Lisa o ne a tšoeroe ke kankere ea mali e amang ’moko e potlakang, boemo boo ka tloaelo bo bolaeang, le hoja lingaka li ile tsa paka hore tekanyetso ea phekolo e ne e le karolo ea 30 lekholong. Li ile tsa re ho fanoe ka litšelo tsa mali tse ’maloa le phekolo ea lik’hemik’hale e tsoetseng pele—phekolo e bohloko haholo le e liphello li qetang matla.

Ka letsatsi la bone la nyeoe, Lisa o ile a fana ka bopaki. E ’ngoe ea lipotso tse ileng tsa lebisoa ho eena ke hore na tšelo ea mali eo a e qobelletsoeng ka khitla e etsa hore a ikutloe joang. O ile a bolela hore ho etsa a ikutloe joaloka ntja e sebelisetsoang teko, hore o ne a utloa a betoa, le hore ho ba ngoana ea e-s’o fihlele lilemo tsa molao ho ne ho etsa hore batho ba bang ba nahane hore ba ka mo etsa ntho efe kapa efe. O ne a hloile ho bona mali a motho e mong a kena ho eena, a ipotsa hore na o tla tšoaroa ke AIDS kapa lefu la sebete kapa lefu le leng le tšoaetsanoang ka baka la ’ona. ’Me haholo-holo, o ne a amehile ka hore na Jehova o tla mo talima joang ha a tlōtse molao oa hae o khahlanong le ho kenya mali a motho e mong ’meleng oa hae. O ile a re ha ho ka etsahala hape, o ‘tla loana a rahe tšepe ea IV ’me a ntše IV eo ho sa tsotellehe hore na ho bohloko hakae, ’me a phunye mekotla eo ea mali masoba.’

’Muelli oa hae o ile a botsa, “Ho etsa u ikutloe joang, hore Mokhatlo oa Thuso ea Bana o batle hore taolo ea hao e nkoe ho batsoali ba hao ’me e fuoe oona?”

“Seo se nkhalefisa haholo; se etsa hore ke utloe hore o khopo hobane batsoali ba ka ha ba e-s’o nchape, esale ba nthata ’me kea ba rata, ha ke ne ke tšoeroe ke lefu la ’metso kapa sefuba kapa ntho leha e le efe, ba ne ba ntlhokomela. Bophelo ba bona bohle bo ne bo likoloha ho ’na, ’me joale hore feela ho be le motho e mong, hobane feela a sa lumellane le bona, a tle ’me a ntlose ho bona ke nahana hore ke bokhopo bo boholo, ’me ho nkutloisa bohloko haholo.”

“U batla ho shoa?”

“Che, ha ke kholoe ho na le motho ea ratang ho shoa, empa leha nka shoa ha ke na ho tšoha, hobane kea tseba hore ke na le tšepo ea bophelo bo sa feleng paradeiseng e lefatšeng.”

Ho ne ho e-na le mahlo a fokolang a ommeng ha Lisa ka sebete a tšohla lefu la hae le tlang, tšepo ea hae ho Jehova, le boikemisetso ba hae ba ho lula a mamela molao oa hae oa ho halalela ha mali.

’Muelli oa hae o ile a tsoela pele: “Lisa, na ho ka etsa phapang ho uena ho tseba hore lekhotla le u laela ho amohela litšelo?”

“Che, hobane ke ntse ke tla lula ke tšepahala ho Molimo oa ka le ho mamela melao ea hae, hobane Molimo o phahametse lekhotla leha e le lefe kapa motho leha e le ofe haholo.”

“Lisa, u ka rata hore moahloli a etse qeto efe nyeoeng ee?”

“Ha e le hantle, qeto eo nka ratang hore moahloli a e etse nyeoeng ena ke hore ke khutlisetsoe ho batsoali ba ka le hore ba be le taolo ho ’na hape e le hore ke thabe, hape e le hore nka ea hae ka ba tikolohong e thabileng.”

’Me ke eona qeto eo Moahloli Main a ileng a e etsa. Likaroloana tsa qeto ea hae lia latela.

“L. o boleletse lekhotla lena ka ho hlaka le ka tsela e kholisehileng hore, haeba ho etsoa teko ea ho mo tšela mali, o tla loantša tšelo eo ka matla ’ohle ao a ka bang le ’ona. O itse, ’me kea mo kholoa, o tla hoeletsa le ho loana le hore o tla ntša ente letsohong la hae ’me o tla leka ho senya mali a ka mokotlaneng o ka holimo ho bethe ea hae. Ke hana ho fana ka taelo e tla fetisa ngoana enoa phihlelong eo e bohloko.”

Mabapi le tšelo ea ka khitla e qobeletsoeng, o ile a re:

“Ke tlameha ho fumana a khetholotsoe motheong oa bolumeli ba hae le lilemo tsa hae ho latela s. 15(1). Maemong ana, ka ho fuoa tšelo ea mali, tokelo ea hae ea tšireletso ea botho ba hae ho latela s. 7 e tlōtsoe.”

Maikutlo a hae ka Lisa ka boeena aa thahasellisa:

“L. o motle, o bohlale haholo, o itlhalosa ka ho hlaka, o na le mekhoa, o na le maikutlo ’me, habohlokoahali, ke motho ea sebete. O na le bohlale le ho hōla ho fetang lilemo tsa hae ’me ke nahana hore e ka ba ho loketseng ho re o na le litšoaneleho tsohle tse lokileng tseo motsoali ofe kapa ofe a ka li batlang ngoaneng. O na le tumelo ea bolumeli e nahannoeng hantle, e tiileng le e hlakileng. Ponong ea ka, ha ho na tekanyetso ea keletso ho tsoa mohloling leha e le ofe kapa khatello ho tsoa ho batsoali ba hae kapa motho leha e le ofe, ho akarelletsa le taelo ea lekhotla lena, e ka sisinyang kapa ea fetola litumelo tsa hae tsa bolumeli. Ke lumela hore L. K. o lokela ho fuoa monyetla oa ho loantša lefu lena ka boitlhompho le boiketlo kelellong.”

“Kōpo e hlokomolohiloe.”

Lisa le lelapa labo ba ile ba tloha sepetlele letsatsing leo. Ka sebele Lisa o ile a loantša lefu la hae ka boitlhompho le boiketlo kelellong. O ile a shoella hae ka khotso, ka liatleng tse lerato tsa ’mè oa hae le ntate oa hae. Ka ho etsa joalo o ile a kena palong ea bacha ba bang ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba behang Molimo pele. E le phello ea hoo, hammoho le bona, o tla thabela phethahatso ea tšepiso ea Jesu: “Ea lahleheloang ke bophelo ba hae molemong oa ka o tla bo fumana.”—Mattheu 10:39, NW mongolo o botlaaseng ba leqephe.

Ernestine Gregory

Ha a le lilemo li 17, Ernestine o ile a fumanoa a e-na le kankere ea mali. Ka mor’a ho kena sepetlele, o ile a hana ho lumela tšebeliso ea lihlahisoa tsa mali bakeng sa ho tšehetsa phekolo ea lik’hemik’hale eo lingaka li neng li batla ho fana ka eona. Ka lebaka la ho hana ha Ernestine le tšehetso ea ’mè oa hae ea khetho ea phekolo ntle le mali, sepetlele se ile sa tlaleha taba eo ho ba boholong ba boiketlo Chicago, Illinois, U.S.A., ba ileng ba batla taelo ea lekhotla ea ho sebelisa mali. Ho ile ha hlophisoa nyeoe, moo lekhotla la patlisiso ea bopaki le ileng la utloa bopaki ba Ernestine, ngaka ea meriana, ngaka ea mafu a kelello, le ’muelli, haesita le batho ba bang ba amehang.

Ernestine o ile a bolella ngaka ea hae hore ha a batle mali. Hore ke qeto ea hae ea botho e theiloeng ho baleng ha hae Bibele. Hore tšelo eo eseng ea boikhethelo e fanoang ka taelo ea lekhotla e ntse e hlompholla molao oa Molimo ’me e fosahetse mahlong a hae, ho sa tsotellehe taolo ea lekhotla. Hore ha a khahlanong le phekolo ea bongaka ’me ha a batle ho shoa. Hore qeto ea hae e ne e se takatso ea lefu, e ne e se ho ipolaea; leha ho le joalo, o ne a sa tšabe lefu.

Stanley Yachnin, M.D., o ile a paka hore o ne a “hloletsoe ke ho hōla ha Ernestine, boikutlo ba hae ka boeena,” le ho tiea ha litumelo tsa hae tsa bolumeli. O ile a boela a re Ernestine o ne a utloisisa mofuta le liphello tsa ho kula ha hae. Ka lebaka la kutloisiso ea hae, Dr. Yachnin o ne a sa bone ho hlokahala ho bitsa ngaka ea mafu a kelello kapa setsebi sa kelello.

Leha ho le joalo, ho ile ha bitsoa e le ’ngoe, Ner Littner, M.D., ngaka ea mafu a kelello, eo ka mor’a ho buisana le Ernestine a neng a e-na le maikutlo a hore o na le ho hōla ha motho ea lipakeng tsa lilemo tsa 18 le 21. O ile a bolela hore Ernestine o ne a bonahatsa ho utloisisa liphello tsa ho amohela kapa ho hana litšelo tsa mali. O ile a re o ne a amohela seo, ese hobane a le tlas’a taolo ea e mong, empa hobane a lumela seo ka boeena. Dr. Littner o ile a re Ernestine o lokela ho lumelloa ho iketsetsa qeto tabeng ena.

Jane McAtee, ’muelli oa sepetlele, o ile a paka hore ka mor’a ho buisana le Ernestine, o ne a lumela hore Ernestine o utloisisa mofuta oa ho kula ha hae le hore o “bonahala a khona ho utloisisa qeto ea hae le ho amohela liphello tsa eona.”

Le lekhotla le ne le hloletsoe ke bopaki ba Ernestine. Lekhotla le ile la fumana hore Ernestine ke motho ea lilemo li 17 ea hōlileng, ea khonang ho etsa liqeto tsa phekolo ea bongaka tse hlaphohetsoeng; empa, ka ho makatsang, lekhotla le ile la fana ka taelo e lumellang litšelo tsa mali. Sepetlele lingaka tse peli li ne li le malala-a-laotsoe, thepa ea ho tšela mali e hlophisitsoe, ’me hang-hang ha qeto ea lekhotla e fihla, Ernestine o ile a qobelloa tšelo ho sa tsotellehe boipelaetso ba hae bo matla. Taelo ea lekhotla e ile ea ipiletsoa ka potlako empa ese kapele ho lekana ho sitisa sepetlele ho etsa tšelo e sa hlokahaleng.

Bakeng sa ho sitisa litšelo tse ling tse eketsehileng, taelo ea lekhotla la patlisiso ea bopaki e ile ea ipiletsoa lekhetlo la pele Lekhotleng la Boipiletso la Illinois. Qetong ea ba babeli khahlanong le a le mong, Lekhotla la Boipiletso le ile la bolela hore Ernestine a ke ke a qobelloa ho lumela litšelo tsa mali ntle ho thato ea hae. Lekhotla le ile la beha mabaka a hore tokelo ea Ernestine ea Tokiso ea Pele ea ponahatso e lokolohileng ea bolumeli hammoho le tokelo ea hae ea motheo ea boinotši e ne e sireletsa tokelo ea hae e le ngoana ea hōlileng empa a e-s’o fihlele lilemo tsa molao ea ho hana litšelo tsa mali ka mabaka a bolumeli.

Ba boholong ba boiketlo ba bana ba ile ba ipiletsa qetong ea Lekhotla la Boipiletso Lekhotleng le ka Holimo-limo la Illinois. Lekhotla le ka Holimo-limo la Illinois le ile la tiisa, la bolela hore le hoja Ernestine a e-s’o fihlele lilemo tsa molao, o ne a e-na le tokelo ea ho hana phekolo ea bongaka eo a neng a sa lumellane le eona. Lekhotla lena le ka holimo-limo le ile la theha qeto ea lona tokelong ea molao o theiloeng meetlong ea boikemisetso ba botho le taolo ea bana ba hōlileng empa ba e-s’o fihlele lilemo tsa molao. Tekanyetso e tla sebelisoa linyeoeng tsa bana ba hōlileng empa ba e-s’o fihlele lilemo tsa molao Illinois e ile ea akaretsoa ke Lekhotla le ka Holimo-limo la Illinois polelong e latelang:

“Haeba bopaki bo hlakile ’me bo kholisa hore motho ea e-s’o fihlele lilemo tsa molao o hōlile ho lekana ho hlokomela liphello tsa liketso tsa hae, le hore motho ea e-s’o fihlele lilemo tsa molao o hōlile ho lekana ho ka etsa kahlolo e bohlale ea motho e moholo, joale molao oa ngoana ea hōlileng empa a e-s’o fihlele lilemo tsa molao o mo lumella tokelo ea molao o theiloeng meetlong ho amohela kapa ho hana phekolo ea bongaka.”

Ernestine ha aa ka a fumana litšelo tse eketsehileng, ’me ha aa ka a bolaoa ke kankere ea hae ea mali. Ernestine o ile a ema a tiile ’me a beha Molimo pele, joaloka bacha ba bang ba boletsoeng pele. E mong le e mong o ile a amohela “matla a fetang a tloaelehileng.”—2 Ba-Korinthe 4:7.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Likotsi tsa Tšelo ea Mali

The New England Journal of Medicine, tokollo ea December 14, 1989, e ile ea tlaleha hore tekanyo e le ’ngoe ea mali e ka jara AIDS e lekaneng ho ka baka litšoaetso tse limilione li 1,75!

Ka 1987, ka mor’a hore ho tsejoe hore AIDS e ne e tšoaetsoa ka phepelo ea mali a fanoang ka ho rata, buka Autologous and Directed Blood Programs e ile ea bokolla: “Ena e ne e le ho se lumellane le se lebelletsoeng ho tšabehang ka ho fetisisa ha bongaka; hore mpho eo ea bohlokoa e fanang ka bophelo ea mali e ka ba kofuto ea lefu.”

Dr. Charles Huggins, motsamaisi oa litšebeletso tsa tšelo ea mali sepetlele se seng sa Massachusetts, U.S.A., o ile a re: “Ke ntho e kotsi ka ho fetisisa eo re e sebelisang bongakeng.”

Surgery Annual e ile ea phethela: “Ka ho hlakileng, tšelo e sireletsehileng ka ho fetisisa ke e sa etsoeng.”

Ka lebaka la hore ho na le ho tšoaroa ke kankere hape ho phahameng ka mor’a tšebetso ea thipa eo litšelo tsa mali li sebelisitsoeng, Dr. John S. Spratt o ile a re ho The American Journal of Surgery, tokollo ea September 1986: “Ho ka ’na ha hlokahala hore ngaka ea kankere e se sebelise mali.”

Makasine Emergency Medicine o ile oa re: “Tšebelisano ea rōna le Lipaki tsa Jehova e ka nkoa e bolela hore ha rea lokela ho itšetleha ka litšelo tsa mali, tse ka tlisang mathata a tsona, kamoo pele re neng re nahana.”

Makasine Pathologist o ile oa supa ho hana ha Lipaki tsa Jehova ho tšeloa mali ’me oa re: “Ho na le bopaki bo utloahalang ba ho tšehetsa taba ea bona, ho sa tsotellehe boipelaetso ba ba sebetsanang le ho boloka mali a sebelisoang litšelong bo khahlanong le hoo.”

Dr. Charles H. Baron, moprofesa oa molao Boston College Law School, o ile a re mabapi le ho hana litšelo tsa mali ha Lipaki tsa Jehova: “Sechaba sohle sa Maamerika se ruile molemo. Hase Lipaki tsa Jehova feela, empa bakuli ka kakaretso, kajeno ho ka etsahala hore ba se fuoe litšelo tsa mali tse sa hlokahaleng ka lebaka la mosebetsi oa Likomiti tsa Lipaki tsa Bohokahanyi le Lipetlele.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela