Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
Ngaka e Pheta Pale ea Eona
KE NE ke le ka phaposing ea ho ruta ha ke bolella sehlopha sa lingaka hore na mofu o bolailoe ke’ng. Mofu o ne a e-na le hlala e kholo, kahoo ke ile ka re: “Re ka etsa qeto ea hore mofu enoa o bolailoe ke lisele tse khubelu tse sa sebetseng hantle le liphio tse sa sebetseng hantle ka lebaka la ho tšela mali a mangata.”
Moprofesa e mong o ile a ema a halefile a re: “U leka ho re re tšetse mokuli mofuta o fosahetseng oa mali?” Ke ile ka araba ka re: “Ha se seo ke se bolelang.” Ke ile ka ba bontša sekrine se hlahisitseng likarolo tse nyenyane tsa phio ea mofu, eaba ke re: “Re bona lysis [disintegration] ea lisele tsa mali tse khubelu tse liphiong, kahoo re ka etsa qeto ea hore sena ke sona se entseng hore liphio li se ke tsa sebetsa.”a Ho ile ha lubeha, eaba ke qala ho omella ka hanong. Le hoja ke ne ke le ngaka e nyenyane lilemong ’me eena e le moprofesa, ke ile ka ipolella hore ha ke tl’o thola ka taba ena.
Ha tsena li etsahala, ke ne ke se Paki ea Jehova. Ke hlahetse Sendai, toropong e karolong e ka leboea ea Japane ka 1943. Kaha ntate oa ka e ne e le pathologist le ngaka ea mafu a kelello, le ’na ke ile ka ithutela bongaka. Ha ke le selemong sa bobeli sekolong sa bongaka ka 1970, ke ile ka nyala ngoananyana ea bitsoang Masuko.
Ke Ile ka Ithuta Pathology
Masuko o ile a sebetsa e le hore a thuse lelapa ha ’na ke qetela lithuto tsa ka sekolong. Ke ne ke rata bongaka haholo. Ke ne ke hlolloa ke tsela eo ’mele oa motho o bopiloeng hantle kateng, leha ho le joalo, ho ne ho se mohla ke nahanang hore ho na le ’Mopi. Ke ne ke nahana hore ho etsa lipatlisiso ka tsa bongaka ho tla etsa hore ke thabe bophelong. Ka mor’a hore ke be ngaka, ke ile ka tsoela pele ka lithuto tsa ka, eaba ke etsa pathology, e leng ho etsa lipatlisiso ka mefuta ea mafu, sesosa sa mafu ao le litla-morao tsa ’ona.
Ha ke hlahloba litopo tsa bakuli ba bolailoeng ke mofetše, ke ile ka qala ho ba le lipelaelo ka bohlokoa ba ho tšela mali. Bakuli ba tšoeroeng ke mofetše o seng o le kotsi ba ka felloa ke matla ka lebaka la ho lahleheloa ke mali a mangata. Kaha chemotherapy e etsa hore mokuli a haelloe ke mali, hangata lingaka li khothaletsa mokuli hore a tšele mali. Leha ho le joalo, ke ile ka belaela hore e ka ’na eaba ho tšela mali ke hona ho etsang hore mofetše o ate haholo. Ke ntho e tsebahalang mehleng ena hore ho tšela mali ho etsa hore ’mele o se ke oa itoanela khahlanong le mafu, ’me ntho ena e ka etsa hore hlala e hlahe hape, e ka ba ea fokotsa menyetla ea hore mokuli oa mofetše a phele.b
Ka 1975, ke ile ka thulana le boemo bona bo boletsoeng qalong. Moprofesa e ne e le eena ea ikarabellang mokuling enoa, ’na ke ne ke le setsebi feela sa hematology. Ke kahoo ho neng ho sa makatse hore ebe o ile a halefa hakaalo ha a utloa hore mofu o bolailoe ke ho tšela mali. Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ka litaba tsa ka ’me butle-butle o ile a theola maikutlo.
Bokuli le Lefu li Tla Fela
E ne e le ka eona nako ena ha mohats’a ka a eteloa ke ’mè ea seng a holile oa Paki ea Jehova. O ile a sebelisa lentsoe “Jehova” puisanong ea bona ’me mohats’a ka o ile a mo botsa hore na lentsoe leo le bolela’ng. Paki eena ha e mo araba e ile ea re: “Jehova ke lebitso la Molimo oa ’nete.” Haesale Masuko a bala Bibele ho tloha esale ngoana empa Bibele ea hae e ne e sebelisitse “MORENA” moo ho neng ho hlaha lebitso la Molimo. Joale o ne a se a tseba hore Molimo o na le lebitso!
Masuko o ile a qala ho ithuta Bibele le ’mè enoa oa Paki hang-hang. Ha ke fihla hae ke tsoa sepetlele ka bo hora ea pele mesong, mohats’a ka o ile a re ho ’na a thabile: “Bibele e re bokuli le lefu li tla felisoa!” Ke ile ka re ho eena: “E tla ba ntho e ntle hakaakang!” O ile a boela a re: “Kaha lefatše le lecha le atametse, ha ke batle u senye nako ea hao.” Ke ile ka koata hobane ke ne ke utloa eka o re ke tlohelle mosebetsi oa ka oa ho ba ngaka. Kahoo, lenyalo la rona le ile la qala ho ba le mathata.
Mohats’a ka ha aa ka a tela ho nkhothaletsa ho ithuta Bibele. O ne a lula a rapela Jehova hore a mo thuse ho fumana mangolo a loketseng, ebe o mpontša ’ona. Ke ile ka angoa pelo ka ho khetheha ke mantsoe a hlahang ho Moeklesia 2:22, 23 a reng: “Motho o ba le eng bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o boima le boiteko ba pelo ea hae boo ka bona a sebetsang ka thata tlas’a letsatsi? . . . Le nakong ea bosiu ho hang pelo ea hae ha e robale. Sena le sona ke lefeela-feela.” Lengolo lena le ne le hlalosa boemo ba ka hantle! Ke ne ke itela mosebetsing oa ka oa bongaka, ke sebetsa ka thata bosiu le motšehare, empa ke ne ke ntse ke sa thaba.
Hoseng ha Sontaha se seng ka July 1975, ha mohats’a ka a qeta ho tsamaea a ea Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova, le ’na ke ile ka etsa qeto ea ho ea. Mohats’a ka o ile a makala hampe ha a mpona, ’me Lipaki le tsona li ile tsa nkamohela ka mofuthu. Ho tloha ka nako eo, ke ne ke ea libokeng Sontaha se seng le se seng. Nako e ka etsang khoeli ka mor’a moo, Paki ea Jehova e ile ea ithuta Bibele le ’na. Ka mor’a likhoeli tse tharo Lipaki Tsa Jehova li etela mohats’a ka, o ile a kolobetsoa.
Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
Ke ile ka ithuta hore Bibele e re Bakreste ba ‘ile mali.’ (Liketso 15:28, 29; Genese 9:4) Kaha ke ne ke se ke ntse ke e-na le lipelaelo ka bohlokoa ba ho tšela mali, ha kea ka ka ba le bothata ba ho amohela tsela eo Molimo a ikutloang ka eona ka mali.c Ke ile ka re: ‘Haeba ho na le ’Mopi ’me ke seo a se buang, e tlameha ebe taba ena e nepahetse.’
Ke ile ka boela ka ithuta hore sebe seo re se futsitseng ho Adama ke sona se bakang bokuli le lefu. (Baroma 5:12) Ka nako eo, ke ne ke ntse ke etsa lipatlisiso ka arteriosclerosis. Ha re ntse re hola, methapo ea rona e ba thata hape e ba moqotetsane, ’me sena se etsa hore re be le mafu a kang lefu la pelo, cerebrovascular disorders, le mafu a liphio. Ke ile ka hlakeloa hore lebaka ke hobane re futsitse ho se phethahale. Ka mor’a moo, cheseho ea ka ea bongaka e ile ea fokotseha. Ke Jehova Molimo feela ea ka felisang lefu le ho kula.
Ka March 1976, likhoeli tse supileng ka mor’a hore ke qale ho ithuta Bibele, ke ile ka khaotsa lithuto tsa ka univesithing ea sepetlele. Ke ne ke tšoha hore nke ke ka hlola ke sebetsa ke le ngaka, empa ke ile ka fumana mosebetsi sepetleleng se seng. Ke kolobelitsoe ka May 1976. Ke ile ka bona hore ntho ea bohlokoa bophelong ba ka ke hore ke kenele tšebeletso ea nako e tletseng kapa ke be pula-maliboho, kahoo ke ile ka qala ka July 1977.
Ho Buella Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
Ka November 1979, ’na le Masuko re ile ra fallela phuthehong e Chiba Prefecture moo ho neng ho hlokahala bahoeletsi. Ke ile ka fumana mosebetsi sepetleleng seo nka sebetsang ka matsatsi a itseng feela. Letsatsi la pele feela ke le mosebetsing, sehlopha sa lingaka se ile sa nkatamela. Ba ile ba re ho ’na ka ho phehella: “Kaha u Paki ea Jehova, u tl’o etsa joang haeba mokuli oa hao a hloka ho tšeloa mali?”
Ke ile ka ba araba ka tlhompho ka re “ke tla latela seo Molimo a reng ke se etse tabeng ea mali”. Ke ile ka ba hlalosetsa hore ho na le mekhoa e meng ea phekolo e sa sebeliseng mali ’me ka ba tiisetsa hore ke tla etsa sohle se matleng a ka ho thusa mokuli. Ka mor’a nako e ka etsang hora re ntse re buisana ka taba ena, mookameli oa lingaka tse buoang bakuli o ile a re: “Kea utloisisa, empa haeba ho e-na le mokuli ea hlokang ho tšeloa mali o tla thusoa ke rona.” Mookameli enoa o ne a tsejoa e le motho ea sa utloisiseng empa ka mor’a puisano ena re ile ra ba metsoalle ’me o ne a hlompha tumelo ea ka haholo.
Teko ea ho Tšela Mali
Ha re ne re sebeletsa Chiba, ho ne ho hahoa ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova Japane toropong ea Ebina. Re ne re ea moo hanngoe ka beke le mohats’a ka ho thusa baithaopi ba Lipaki ba hahang mohaho o bitsoang Bethele ka tsa bongaka. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa, re ile ra fumana memo ea ho il’o sebeletsa Bethele e Ebina ka nako e tletseng. Ka March 1981 re ile ra lula matlong a nakoana moo ho neng ho lula baithaopi ba fetang 500. Hoseng ke ne ke thusa ho hloekisa libate le matloana a kahong ebe thapama ke thusana ka tsa bongaka.
E mong oa bakuli ba ka e ne e le Ilma Iszlaub, ea neng a tlile Japane a tsoa Australia e le moromuoa ka 1949. O ne a tšoeroe ke leukemia ’me lingaka li ne li mo boleletse hore o saletsoe ke likhoeli tse ’maloa feela a ntse a phela. Ilma o ile a hana ho lelefatsa nako ea bophelo ba hae ka ho tšela mali ’me o ile a sebelisa nako ea hae e setseng ka tsela e molemo a sebeletsa Bethele. Ka nako eo, meriana e thusang ho eketsa lisele tse khubelu tsa mali e kang erythropoietin e ne e e-s’o be teng. Ka linako tse ling hemoglobin e ne e e-ba tlaase hoo e ka etsang likrama tse tharo kapa tse ’nè! (Ha e nepahetse e ba 12 ho ea ho 15.) Empa ke ile ka etsa sohle se matleng a ka ho mo thusa. Ilma o ile a tsoela pele a tšepahala a itšetlehile ka Lentsoe la Molimo ho fihlela a hlokahala ka January 1988 e leng lilemo tse supileng hamorao!
Ka lilemo tse ngata baithaopi ba Lipaki Tsa Jehova lekaleng la Japane ba ne ba hloka ho etsa opereishene. Ka lebaka la bona, lingaka tse lipetleleng tse haufi li ne li etsa liopereishene li sa sebelise mali. Hangata ke ne ke kopuoa hore ke be teng ha liopereishene li etsoa, ’me ka linako tse ling ke ne ke bile ke thusa ho etsa liopereishene. Ke leboha lingaka tseo haholo kaha li ne li hlompha tumelo ea Lipaki Tsa Jehova ea ho se tšele mali. Ho sebetsa le bona ho ne ho mpha monyetla oa hore ke ba bolelle ka tumelo ea ka. E mong oa lingaka tseo o ile a qetella a kolobelitsoe ’me hona joale ke Paki.
Ntho e thabisang ke hore boiteko ba lingaka ba ho thusa Lipaki Tsa Jehova li sa tšele mali bo bile le litholoana tse ntle haholo ho tsa bongaka. Liopereishene tse entsoeng ho sa tšeloe mali ke bopaki ba hore ho na le melemo e mengata haholo ea ho qoba ho tšela mali. Lipatlisiso li bontša hore mokuli o fola kapele hape ha a be le mathata a mangata ka mor’a ho etsa opereishene.
Ke Tsoela Pele ho Ithuta ho Ngaka e Phahameng ka ho Fetisisa
Ke etsa hore ke lule ke le leseling ka lintlafatso tsa morao-rao tse entsoeng tsa bongaka. Leha ho le joalo, ke tsoela pele ho ithuta ho Jehova, ngaka e phahameng ka ho fetisisa. Ha a bone feela se bonahalang ponong ea batho, empa o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka rona. (1 Samuele 16:7) Kaha ke ngaka, ha ke thusa mokuli ke batla ho mo thusa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e hlokang, eseng ka bokuli ba hae feela. Sena se nthusa hore ke fe mokuli kalafo eo a e hlokang.
Ke tsoela pele ke sebeletsa Bethele ho thusa batho ba bang ho ithuta ka hore na Jehova o ikutloa joang ka mali. Ena ke e ’ngoe ea lintho tse nthabisang ka ho fetisisa. Ke rapella hore ngaka e phahameng ka ho fetisisa e leng Jehova, haufinyane a felise bokuli le lefu. Ena ke pale ea ntate Yasushi Aizawa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka ea Modern Blood Banking and Transfusion Practices ea Dr. Denise M. Harmening, e re: “delayed hemolytic transfusion reaction” e etsahala ho “mokuli ea ileng a fuoa mali, ho moimana kapa ho mokuli ea kileng a fuoa setho sa motho e mong.” Maemong a joalo, lithibela-mafu tse thusang mokuli hore a se ke a ba kotsing ka mor’a hore a tšele mali “ha li bonahale ho latela mekhoa e sebelisoang ea ho tšela mali.” Ho latela Dailey’s Notes on Blood, hemolysis “e ka bakoa le ke mali a manyenyane feela a sehlopha se fosahetseng . . . sa mali. Ha liphio tsa mokuli li sa sebetse, ’mele o ba le lichefo hobane liphio li sa hloekise litšila tse maling.”
b Journal of Clinical Oncology, August 1988, e ile ea re: “Bakuli ba mofetše ba tšeloang mali nakong eo ba etsoang opereishene hangata ba ba le menyetla e fokolang ea hore ba fole ho feta ba sa tšeloang mali.”
c E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka hore na Bibele e ruta eng ka mali, bala Bukana ea Mali e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng]
“Ke ile ka ba hlalosetsa hore ho na le mekhoa e meng ea phekolo e sa sebeliseng mali ’me ka ba tiisetsa hore ke tla etsa sohle se matleng a ka ho thusa mokuli”
[Ntlha e Qolotsoeng]
“Liopereishene tse entsoeng ho sa tšeloe mali ke bopaki ba hore ho na le melemo e mengata haholo ea ho qoba ho tšela mali”
[Litšoantšo]
Holimo: O fana ka puo ea phatlalatsa
Ka letsohong le letona: O na le mohats’a hae ’mè Masuko