Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 5/8 leq. 21
  • Hase Linohe Kapa Melimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hase Linohe Kapa Melimo
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “E sa Ntse e le Moroetsana!”
  • ‘U Tla Tlameha ho Tšeloa Mali’
  • “Jehova o ka Lehlakoreng la Ka”
  • “Ha re Linohe”
  • “Tsoela Pele U Sebeletsa Molimo oa Hao”
  • Ho Tobana le Boemo ba Tšohanyetso ba Phekolo ea Meriana
    Tsoha!—1996
  • Jehova o Hlohonolofalitse Boemo ba Bona bo Tiileng Bakeng sa Molao oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 5/8 leq. 21

Hase Linohe Kapa Melimo

JOALOKAHA HO BOLETSE MERCY UWASI, NIGERIA

LEHLABA le ka hare ho ’na le qalile thapameng ea letsatsi la Afrika Bophirimela le khanyang, ka March 1992. Ke ne ke ile le lelapa leso tšingoaneng ea rōna ho ea kotula cassava. Ha ke ntse ke le moo, lehlaba le ile la qala ho nkopela habohloko ka mpeng. Nakong eo re khutlelang hae, lehlaba le ne le totile haholo. Ke ne ke hlatsa; ke phefumoloha ka thata. Le hoja lehlaba lena le ne le nthatafaletsa ho ema kapa ho tsamaea, ’mè o ile a khona ho mpalamisa tekesi e ileng ea mpotlakisetsa sepetleleng sa sechaba se haufi le moo.

Ngaka e neng e le mosebetsing sepetlele e bile motho eo nkileng ka mo pakela ka tšepo ea Bibele. Ngaka e ile ea ntšoara mpeng; e ne e ruruhile. E ile ea botsa hore na ke ne ke tsoa mali, ’mè o ile a re e hobane e ne e le nako ea ka ea ho ilela khoeli.

Ngaka e ile ea re: “Ke likhoeli tse hlano morali oa hao e le moimana. Lebaka leo a tsoang mali ka lona ke hobane a lekile ho ntša mpa.”

’Mè o ile a araba: “Che, Ngaka! Hase ngoanana ea joalo.”

“Se ke ua bua joalo. Matsatsing ana banana ba thetsa batsoali ba bona. Ke moimana.”

Joale ke ile ka ipuella. Ke ile ka bolela hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ke hōliselitsoe lelapeng la Bokreste le hore letsoalo la ka le koetlisitsoeng ka Bibele le ne le ke ke la ntumella ho kenella boitšoarong bo bobe.

Ngaka ha e araba ’mè e ile ea re: “Mofumahali, ha re behelle bolumeli ka thōko ’me re talimane le boemo ba sebele. Kea u bolella hore ngoanana enoa ke moimana oa likhoeli tse hlano.”

’Mè o ile a re ho ’na: “Tsoha. Re tla ea sepetleleng se seng.” Ha re tsoa mohahong oo, ke ile ka lula mohloeng ’me ka lla hobane lehlaba le ne le totile le ho feta. ’Mè o ile a mpotlakisetsa hae ’me a bolella ntate seo ngaka e se boletseng.

Ba ile ba etsa qeto ea ho nkisa sepetleleng se seholoanyane le sa sejoale-joale, se fanang ka koetliso. Ha re le tseleng, ke ile ka rapela Jehova ho mpholosa hore batho ba se nyefole lebitso la hae le halalelang ka ho bolela hore ke bolailoe ke mpa eo ke neng ke leka ho e ntša. Ke ile ka re haeba ke e-shoa, ha ngaka eane e bona Lipaki tsa Jehova li tlil’o e pakela e tla re: ‘Na e ne e se e mong oa lōna ea tlileng mona e le moimana nakong e fetileng?’ Ke ile ka rapela hore e se eka nka tseba ho khutlela ho ngaka eo le ho e pakela hape.

“E sa Ntse e le Moroetsana!”

Sepetleleng se seholoanyane ho boetse ha hlaha khang e tšoanang le ea sepetleleng sa pele; lingaka li ne li nahana hore ke moimana. Lehlaba lena e ne e le le otlang pelo. Ke ne ke lla. Ngaka e ile ea kharuma, ea re: “Ke seo lōna bananyana le se etsang ka mehla. Lea ima, ebe joale le qala ho hoeletsa.”

Li ile tsa etsa liteko tse itseng. Ka nako e tšoanang li ile tsa qala ho ntlhoma lipotso. “U nyetsoe?”

Ke ile ka re: “Che.”

“U lilemo li kae?”

“Li leshome le metso e robeli.”

“U na le bahlankana ba bakae?”

“Ha ke na bona.”

Joale ngaka e khōlō e ile ea qala ho kharuma, “U bolela’ng? Na u rata ho mpolella hore u le lilemo li 18 ha u na mohlankana ho hang feela?” Joaloka sepetleleng sa pele, ke ile ka hlalosa boemo ba ka ba Bokreste. Ngaka e ile ea botsa hore na ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka re e. Ka mor’a moo, ha ea ka ea hlola e mpotsa potso e ’ngoe.

Liteko li ile tsa senola hore ha kea ima. ’Mè o ile a utloa e ’ngoe ea lingaka e re ho tse ling: “E sa ntse e le moroetsana!” Lingaka li ile tsa kōpa tšoarelo, tsa re: “U se re behe molato ka seo re se nahanneng. Eo ke phihlelo ea rōna ea ka mehla le bananyana.” Leha ho le joalo, seo e bile qalo feela ea liteko tsa ka.

‘U Tla Tlameha ho Tšeloa Mali’

Teko ea ultrasound e ile ea bontša kotola e itseng ka ho e ’ngoe ea litselana tsa mahe ho ea pōpelong. Kotola ena e ne e lekana le lamunu. Ho ne ho hlokahala hore ke buuoe.

Ka ntle ho tika-tiko ke ile ka li bolella hore nke ke ka tšeloa mali le hoja ke tla lumela metsoako e meng. Li ile tsa tsitlallela hore ho hlokahala mali.

Ngaka e ’ngoe ea seithuti e ile ea nkharuma ea re: “Seo u mpolellang sona ke seo e mong oa litho tsa lōna a mpoleletseng sona nakong e fetileng. Empa ha maemo a hae a mpefala, o ile a amohela tšelo ea mali.”

Ke ile ka araba: “Taba ea ka e fapane hobane e, ea ka ke e; ’me che, ea ka ke che. Le ka mohla nke ke ka sekisetsa botšepehi ba ka.”

Hamorao lingaka tse tharo li ile tsa tla betheng ea ka ho botsa ka boemo ba ka khahlanong le mali. Ke ile ka hlalosa hore Bibele e re Bakreste ba lokela ‘ho tela mali.’—Liketso 15:20.

Li ile tsa ipiletsa: “Empa u ke ke ua a noa ka molomo. A tla kena ka mothapo.”

Ke ile ka bolela hore ha ho tsotellehe hore na motho o oa noa ka molomo kapa mothapo, hoa tšoana.

Ka Moqebelo, March 14, beke hoba lehlaba le simolle, ngaka e khōlō e ile ea ntlhahloba. Ke eona e neng e tla mpuoa. Nakong eo ke ne ke ruruhile ho fihlela sefubeng.

E ile ea botsa, “Na u tsebisitsoe hore ho tla hlokahala hore u tšeloe mali?”

Ke ile ka araba, “Seo ke se boleletsoe, Ngaka, empa nke ke ka tšeloa mali.”

E ile ea tsoela pele: “E re nke ke u bolelle ntho e ’ngoe. U tlamehile ho a tšeloa. Ha u sa a tšeloe, u tla shoa. Ka ’Mantaha ha ke tla, haeba ho se na mali, nke ke ka u buoa. Ha u sa tšeloe mali ha ke u buoe.”

E ile ea bona buka pel’a bethe ea ka eaba ea botsa, “Na see ke Bibele ea hao?” Ke ile ka re che; e ne e le kopi ea ka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.a E ile ea re ke sebelise buka eo ho rapela hore ke se shoe. Ke ile ka hlalosa hore ha re bale lithapelo tsa rōna libukeng. Neng kapa neng ha re e-na le bothata, re rapela Jehova ho tsoa pelong.

Matsatsing a mabeli a latelang, lingaka le baoki li ile tsa tsoela pele ho nkhatella hore ke amohele tšelo ea mali. Li ile tsa mpolella hore ke sa le monyenyane hore nka shoa. Li ile tsa re: “Lumela ho tšeloa mali ’me u phele!”

“Jehova o ka Lehlakoreng la Ka”

Linakong tseo tsa tsieleho, ke ile ka bala Pesaleme ea 118, moo karolo ea eona e reng: “Maemong a ka a tsieleho ke ile ka bitsa Jah; Jah o ile a nkaraba ’me a mpeha sebakeng se seholo. Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšaba. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?”—Pesaleme ea 118:5, 6, NW.

Ka mor’a ho thuisa ka litemana tsena, tumelo ea ka ho Jehova e ile ea matlafatsoa. Hoseng ha letsatsi leo batsoali ba ka ba ile ba fihla sepetlele. Ke ile ka ba bontša pesaleme ena ’me le bona ba ikutloa ba matlafetse tumelong.

Nakong eo, ’Mè le Ntate ba ne ba sa tšehetse qeto ea ka feela hore ke se tšeloe mali empa ba ne ba boetse ba nthapella. Litho tsa phutheho ea heso li ne li tsoela pele ho nthapella le ho nkhothatsa ka Mangolo.

“Ha re Linohe”

Ka ’Mantaha, March 16, hoseng hoo ke neng ke tla buuoa, e ’ngoe ea lingaka e ile ea tla kamoreng ea ka ’me ea bona ke tšoere karete ea Medical Directive e hlalosang boemo ba ka ka tšelo ea mali. E ile ea re, “Ke’ng seo? Na u tiile ka seo u se bolelang?”

“E, nke ke ka tšeloa mali.”

E ile ea re: “Re tla lokela ho hlakola ho buuoa ha hao. U ke ke ua buuoa.”

Ngaka e ile ea letsetsa ’mè thelefono e le ka kamoreng ea ka. O ile a re: “O hōlile ka ho lekaneng ho iketsetsa qeto. Nke ke ka mo etsetsa qeto. O bolela hore letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele ha le mo lumelle ho tšeloa mali.”

Nakong eo e ile ea lahlela litlaleho tsa ka tafoleng ’me ea tsoa ka kamoreng. Ha kea ka utloa letho ka lihora tse hlano. Ke ne ke opeloa habohloko ke sa khone ho ja. Ho ne ho se na sepetlele se seng sebakeng seo.

Ka ho makala, ho ile ha fihla lempara le nkisang ka kamoreng ea ho buuoa. Ke ne ke tšoere karete ea “No Blood” ka thata. Tseleng e eang kamoreng ea ho buuoa ke ile ka bona lisebelisoa tsa ho buuoa hammoho le liphutheloana tsa mali. Ke ile ka qala ho lla habohloko, ke bolela hore nke ke ka tšeloa mali. E mong oa baoki o ile bolela hore ke lahlele karete eo fatše. O ile a bolela hore ha kea lokela ho kena le eona ka kamoreng ea ho buuoa. Ke ile ka bolela hore nke ke ka kena ke sa tšoara karete eo le hore ke batla ho e bontša ngaka e khōlō. Joale mooki o ile a hlotha karete ena ho ’na le ho kena le eona ka kamoreng ea ho buuoa ’me a e bontša ngaka e khōlō. Hang-hang ngaka e khōlō le lingaka tse ling tse hlano tse apereng liaparo tsa ho buoa li ile tsa tla moo ke leng teng.

Ngaka e khōlō e ne e halefile haholo. E ile ea bitsa ’mè, ea mo bontša mpa ea ka ’me ea re ho eena: “Bona, Mofumahali. Ha re tsebe seo re tla se fumana ka hare ho eena. Haeba ho e-na le linama tse ngata tseo re lokelang ho li seha, sena se tla etsa hore ho tsoe mali a mangata. Na u batla ho re a tsoe mali ho fihlela a shoa?”

’Mè o ile a e araba ka ho re: “Ngaka, kea tseba hore Jehova o tla ba le ngoanana enoa. ’Me o tla ba le uena hape. Uena etsa sohle seo u ka se khonang ’me u tlohelle tsohle ho Jehova.”

Eaba ngaka e re: “Ha re linohe kapa lingaka tsa litlama. Re phela ka seo re ithutileng sona. Nke ke ka mo buoa ntle ho mali.”

’Mè o ile a kōpa ngaka hore e etse sohle se matleng a eona. Qetellong e ile ea lumela ho buoa ntle ho mali. E ile ea mpotsa hore na ke tšohile. Ke ile ka araba: “Ha ke tšabe lefu. Kea tseba hore Jehova o na le ’na.”

“Tsoela Pele U Sebeletsa Molimo oa Hao”

Ho buuoa ho ile ha etsoa nakong ea hora. Li ile tsa mpuoa habonolo le ho ntša kotola, ’me basebetsi ba sepetlele ba ile ba makala.

Ka mor’a moo e ’ngoe ea lingaka e ile ea bolella ’Mè hore liithuti tsa bongaka li sa ntse li bua ka taba ea ka likamoreng tsa tsona tsa bolulo. Joale ha ’na le ’Mè re e-ea sepetleleng seo, re fumana kamohelo e khethehileng.

Matsatsi a mabeli ka mor’a ho buuoa, ngaka e khōlō e ile ea tla ka kamoreng eo ke robetseng ka ho eona ’me ea botsa hore na ke ikutloa joang, eaba e re: “U lokela ho tsoela pele u sebeletsa Molimo oa hao. Ka sebele o u thusitse.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela