Ho Tobana le Boemo ba Tšohanyetso ba Phekolo ea Meriana
“KE TLA bua ’nete feela; ntho eo u nang le eona ke hlahala e bolaeang. Haeba re sa e ntše ka nako, e tla lematsa litho tse ling tsa ’mele tsa bohlokoa. Ke ka lebaka lena ke khothaletsang hore u pongoe leoto.”
Mantsoe ao a ngaka a ile a mposela joaloka nkho ea metsi a batang, joalokaha re bua joalo mona Peru. Ke ne ke le lilemo li 21 feela. Khoeli pejana ho moo ke ne ke ile ka qala ho utloa ke opeloa lengoleng la ka le letšehali ’me ke ile ka fumana phekolo ea bohloko ba masapo. Leha ho le joalo, ka nako ea matsatsi a seng makae, ke ne ke sitoa le ho ema feela.
Nakong eo, ke ne ke sebeletsa ke le mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova Andes, Peru bohareng. Ka mor’a ho khutlela toropong ea motse oa heso ea Huancayo, ke ile ka tsamaea le ’Mè ho theohela motseng oa Lima o lebōpong la leoatle. Ha ke le moo, ka la 22 July, 1994, ke ile ka kena sepetleleng se setle ka ho fetisisa sa kankere ka har’a naha, moo ke ileng ka ithuta hore lefu la ka le ne le bitsoa osteosarcoma.
Taba e Amang Letsoalo
Hang-hang ke ile ka tsebisoa hore sepetlele seo se ne se sa etse tšebetso ea ho buoa kantle le ho sebelisa mali. Ngaka e ’ngoe e ile ea ba ea re: “Ho ka ba molemo hore u shoelle hae ho e-na le hore ke jare boikarabelo ka lefu la hao.” Empa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC [Hospital Liaison Committee]) ea sebakeng seo, e leng sehlopha sa Lipaki tsa Jehova tse khothaletsang tšebelisano pakeng tsa sepetlele le mokuli, e ile ea kenella ho nthusa. Ka lebaka leo, ngaka e khōlō e buoang ea sepetlele e ile ea lumella ngaka leha e le efe ho basebetsi ba hae ho etsa tšebetso ea ho buuoa haeba e ne e batla ho amohela phephetso eo. Ngaka e ’ngoe e ne e ikemiselitse, ’me kapele-pele ke ile ka lokisoa bakeng sa ho buuoa.
Pele ke buuoa ke ne ke e-na le baeti ba bangata. Moprista, ea neng a nkile Bibele, o ile a tla ho ’na ’me a bolela hore ho kula ha ka e ne e le kotlo e tsoang ho Molimo. O ile a mphehella ho amohela phekolo leha e le efe e neng e ka boloka bophelo ba ka. Ke ile ka mo bolella hore ke ne ke ikemiselitse ho mamela taelo ea Bibele ea ho ‘ila mali.’—Liketso 15:19, 20, 28, 29.
Baoki le bona ba ne ba kena ’me ba nkorotlela ka ho re: “Ke booatla bo bokaakang, ke booatla bo bokaakang!” Lihlopha tsa lingaka le tsona li ile tsa tla. Li ne li batla ho bona mohlankana enoa ea neng a hanne ho amohela tšelo ea mali bakeng sa mofuta oa phekolo ea ho buoa eo ba neng ba nka hore mali ke a bohlokoa haholo bakeng sa ho e etsa. Leha ho le joalo, liketelo tseo e neng e le tsa bohlokoa ho feta, e ne e le tsa Bakreste-’moho le ’na le beng ka ’na. Baoki ba ile ba hlolloa haholo ke liketelo tsena tse ngata tse khothatsang.
Phekolo e Atlehileng Kantle ho Mali
Metsotso e seng mekae feela pele ke robatsoa ka lithethefatsi, ke ile ka utloa e mong oa lingaka tse robatsang a re: “Nke ke ka jara boikarabelo ka se etsahalang!” Empa ngaka e ’ngoe e robatsang ka lithethefatsi, hammoho le ngaka e neng e mpuoa le batsamaisi ba sepetlele, ba ile ba hlompha kōpo ea ka ea ho se amohele mali. Ntho e latelang eo ke ileng ka e utloa ke ha ngaka e robatsang ka lithethefatsi e re: “Samuel, tsoha. Ho buuoa ha hao ho felile.”
Le hoja leoto la ka kaofela le ne le khaotsoe, ke ile ka qala ho utloa bohloko bo tšabehang moo le neng le le hona teng. Ke ne ke batla ho fokotsa bohloko ka ho ipikitla seropeng, seo ka ho hlakileng, se neng se se se le sieo. Ke ne ke e-ba le boikutlo bo sa tloaelehang bo tsejoang ka hore ke bohloko bo inahaneloang boo e seng ba sebele. Ka sebele ke ne ke utloa bohloko, ’me e ne e le bohloko bo otlang pelo, esita le hoja setho seo ho neng ho bonahala eka bohloko bo tsoa ho sona se ne se tlositsoe.
Ka mor’a moo, ke ile ka lokisetsoa hore ke tle ke fumane phekolo ea lik’hemik’hale. Liphello tse mpe tsa phekolo eo ke ho lahleheloa ke lisele tse khubelu le tse tšoeu tsa mali le li-platelet tsa mali, tseo e leng tsa bohlokoa haholo hore mali a etse mahloele. Sena se ile sa bolela hore sehlopha se secha sa lingaka se ne se tlameha ho tsebisoa ka ho hana ha ka ho amohela tšelo ea mali. HLC e ile ea boela ea buisana le ba ikarabellang, ’me lingaka li ile tsa lumela ho phekola kantle ho mali.
Liphello tse mpe tse tloaelehileng tsa phekolo ea lik’hemik’hale li ile tsa latela—ke ile ka hlotheha moriri ’me ka nyekeloa ke pelo, ka hlatsa le ho tepella maikutlo. Ke ile ka boela ka bolelloa hore ho tla ba le monyetla oa karolo ea 35 lekholong oa hore mali a rothele bokong. Ke ile ka ikutloa ke tlameha ho botsa ngaka e ’ngoe hore na ntho e tlang ho mpolaea ke eng—ke kankere kapa phekolo ea lik’hemik’hale.
Ka mor’a moo, lingaka li ile tsa re li ke ke tsa mpha phekolo ea bobeli ea lik’hemik’hale kantle le hore pele li hahe tekanyetso ea mali a ka ka ho ntšela mali. Ngaka e ’ngoe ea ile ea mpolella ka khalefo hore haeba e ne e ka khona, e ne e tla nthobatsa ebe joale e ntšela mali. Ke ile ka e bolella hore pele nka lumella seo ho etsahala, ke ne ke tla khaotsa phekolo ea lik’hemik’hale ka ho feletseng. Ngaka eo e ile ea bontša tlhompho bakeng sa boemo ba ka bo tiileng.
Ke ile ka lumela ho amohela erythropoietin bakeng sa ho eketsa tekanyetso ea mali a ka. Ha ke se ke e fuoe, tekanyetso ea mali a ka e ile ea phahama. Ka mor’a moo, ke ile ka fumantšoa phekolo ea lik’hemik’hale ka hore li kenngoe methapong ka nako e fetang matsatsi a ’maloa. Ke ne ke paqama moo ke ipotsa, ‘Ebe phekolo ee ke eona e tla mpakela hore mali a rothele bokong?’ Ka thabo ke ile ka qeta phekolo eo eohle kantle ho liphello tse kotsi.
Pele ke buuoa e ne e le leano la sepetlele seo ho khutlisa batho haeba ba ne ba sa amohele litšelo tsa mali. Empa leano lena le ile la fetoha. Ha e le hantle, letsatsi feela ka mor’a ho buuoa ha ka ngaka ea ka e buoang e ile ea buoa hape kantle le ho sebelisa mali, ’me lekhetlong lena mokuli e ne e se e mong oa Lipaki tsa Jehova! Hona joale lingaka tse ngata sepetleleng seno li sebelisana haufi-ufi le HLC, ’me li lumetse ho amohela bakuli ba batlang ho buuoa kantle le ho tšeloa mali.
Ho Iphaphatha le Mefokolo
Ho tloha ha ke sa le ngoana, ke ’nile ka rutoa litsela tsa Molimo. Ke lumela ka tieo hore sena se ile sa nthusa ho tšoarella litumelong tsa ka tse thehiloeng Bibeleng phekolong ena ea tšohanyetso. Leha ho le joalo, morao tjena ke ile ka tšoenyeha haholo ke hore ebe ha kea khona ho etsa ho hongata kamoo ke neng ke rata tšebeletsong ea Molimo. Ke ile ka bolela maikutlo a ka ho Malome, eo e leng moholo oa Mokreste. O ile a nkhopotsa hore moapostola Pauluse o ne a e-na le seo a neng a se bitsa ‘moutloa nameng ea hae’ le hore sena se ne se mo thibela ho sebeletsa Molimo ka ho feletseng kamoo a neng a batla. Empa Pauluse o ile a etsa seo a neng a se khona. (2 Bakorinthe 12:7-10) Litlhaloso tsa Malome li ile tsa nthusa haholo.
Haufinyane tjena ke ile ka kenngoa leoto la maiketsetso. Ke tšepa hore sena se tla ’nolofaletsa ho nehelana ka tšebeletso e pharaletseng haholoanyane ho Molimo oa rōna, Jehova. Kea leboha hore ebe ke ile ka boloka letsoalo le letle nakong ea phekolo ea ka ea tšohanyetso. Ke kholisehile hore haeba ke tsoela pele ke tšepahala, Jehova o tla mputsa ka ’mele o phetseng hantle le ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, moo bohloko le mahlomola li ke keng tsa hlola li e-ba teng.—Tšenolo 21:3, 4.—Joalokaha ho boletse Samuel Vila Ugarte.