Na Tokoloho ea Hao ea ho ba le Lekunutu e Kotsing?
Ka mongolli oa Tsoha! Japane
MONGOLI ea tsebahalang haholo oa mesoaso oa Japane le balateli ba 11 ba kena femeng e hatisang likoranta. Ba ntša banna ba bahlano kotsi ba sebelisa gase ea litima-mollo le likhele. Lebaka la tlhaselo? O bolela hore makasine oa lifoto oa feme eo o itšuntse hampe tokolohong ea hae ea ho ba le lekunutu.
Limakasine tse ikatlehisang ka ho itšunya tokolohong ea batho ea ho ba le lekunutu li atile haholo Japane. “Bahlankana ba nkang lifoto ha ba tsila-tsile ho hatakela tokoloho ea batho ba bang ea ho boloka litaba tsa bona e le lekunutu, ’me bahlophisi ba ba rorisa ka hore ba ‘na le sebete,’” ho bolela e mong ea nkang lifoto.
Ho ata ha li-computer le hona ho eketsa tšokelo tokolohong ea ho ba le litaba tse itseng e le lekunutu. Ho tlalehiloe hore mafapha a ’muso oa U.S. a na le lifaele tse 18 ho ea ho tse 20 tseo Maamerika le batho ba bangata ba nang le tokelo ea molao ea ho fumana boitsebiso ho tsona. Leha ho le joalo, ho na le ba bang ba utsoang boitsebiso molemong oa bona.
Ho bontšang sena ke tlaleho ea The Times
ea London ka motho e mong ea lilemo li 22 ea fihlileng lifaeleng tsa computer tse nang le boitsebiso ba lekunutu tsa Duke Edinburgh ’me a qetella ka ho ngola melaetsa ea hae. E mong ea utsoang boitsebiso o ile a nolofalloa ho fihla mochineng o hatisang boitsebiso ba computer ba letona la litaba tsa ka ntle ho naha la Iseraele ’me pampiring e ntšuoang ke mochine ha hlaha boitsebiso ka mela e tšehisang eo a e kenyelelitseng.
Ha se feela batho ba tsebahalang ba utloang tšokelo ena empa le baahi ba tloaelehileng ba e utloa. Ho ea ka tlhahlobo ea 1983 e entsoeng United States, batho ba etsang karolo ea 77 lekholong ba botsitsoeng ba boletse hore ba tšohile hore tokoloho ea bona ea ho ba le lekunutu e kotsing. Koranta ea Denmark Berlingske Tidende ea tlaleha: “Karolo ea 50 lekholong ea baahi ba Denmark e ikutloa e sa sireletseha haholo ka tsela eo lifaele tsa lekunutu le tsa sechaba li sebelisoang ka eona.” ’Me Japane, moo tokelo ea ho ba le tokoloho ea lekunutu e neng e sa hlomphuoe, ba bangata ba khathatsehile le ho tšaba hore ho hlaseloa ha tokoloho ea boitsebiso ba lekunutu e tla eketseha.
Sekolo sa Thuto ea Mahlahle sa Sechaba sa U.S. se bolela hore ho kenngoa ha boitsebiso ba botho mechineng e itšebetsang ha hoa lokela ho kena-kenana le ho thabela ha motho litokelo tsa botho. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba tšaba ho phela mokhatlong oa puso o laolang litaba tsa batho joaloka ha o hlalosoa bukeng ea George Orwell 1984.
Empa ho na le ntlha e ’ngoe tabeng ena ka ntle ho ea li-computer le litaba tsa motho. Masao Matsumura oa Mokhatlo oa Tsamaiso le Bohokahanyi Japane o e hlalosa e le “tšobotsi e ’ngoe ea setso e amang tokoloho ea ho ba le lekunutu, tokelo ea ho tlohela motho e mong a be mong.”
Kajeno, ekasita le ‘tšobotsi ena ea setso’ e kotsing. Ho ka etsahala hore u kile ua ikutloa u batla ho ‘tloheloa u be mong’ empa leha ho le joalo batho ba ’nile ba itšunya tokolohong ea hao ea lekunutu. U nka tokoloho ea hao ea ho ba le lekunutu joang? Na u nahana hore e lokela ho bouleloa ho feta lintho tse ling. Leha ho le joalo, pele a re hlahlobeng se boleloang ke tokoloho ea ho ba le lekunutu.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Bothata ba tokoloho ea ho ba le lekunutu e e-ba bo rarahaneng haholo ka baka la tsoelo pele ea boqapi ba mahlale mabapi le mechine e bolokang boitsebiso